Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Talima “Lintho Tse ka Morao”

U se ke Ua Talima “Lintho Tse ka Morao”

U se ke Ua Talima “Lintho Tse ka Morao”

“Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng ’me a talima lintho tse ka morao ea loketseng ’muso oa Molimo.”—LUKA 9:62.

U KA ARABA JOANG?

Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘hopola mosali oa Lota’?

Ke lintho life tse tharo tseo re sa lokelang ho tsepamisa likelello tsa rōna ho tsona?

Re ka tsamaisana le mokhatlo oa Jehova joang?

1. Jesu o ile a fana ka temoso efe, ’me ho hlaha potso efe?

“HOPOLANG mosali oa Lota.” (Luka 17:32) Temoso ena eo Jesu Kreste a ileng a fana ka eona lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, hona joale ke ea bohlokoa ho feta neng kapa neng. Empa Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a fana ka temoso ee e matla? Bajuda bao a neng a bua le bona ba ne ba sa hloke hore a ba hlalosetse ’ona. Ba ne ba tseba hore na ho etsahetse’ng ka mosali oa Lota. Ha a ne a baleha Sodoma le ba lelapa la hae, ha aa ka a mamela ’me o ile a hetla eaba o fetoha sefika sa letsoai.—Bala Genese 19:17, 26.

2. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha mosali oa Lota a ile a hetla, ’me ho ile ha etsahala’ng ka eena ka lebaka la ho se mamele?

2 Empa ke hobane’ng ha mosali oa Lota a ile a hetla? Na o ne a batla ho tseba hore na ho etsahala’ng? Na o ile a hetla hobane a ne a sa lumele seo a se boleletsoeng kapa hobane a ne a se na tumelo? Kapa o ile a hetla hobane a ne a labalabela lintho tsohle tseo a neng a li siile Sodoma? (Luka 17:31) Ho sa tsotellehe hore na o ile a hetla ka lebaka lefe, o ile a shoa ka lebaka la ho se mamele. Ak’u nahane feela! O ile a shoa hona letsatsing leo hammoho le baahi bao ba Sodoma le Gomora ba boitšoaro bo hlephileng. Hase feela Jesu a ileng a re: “Hopolang mosali oa Lota”!

3. Jesu o ile a bontša joang hore ka tsela ea tšoantšetso ha rea lokela ho hetla?

3 Le rōna re phela nakong eo e leng habohlokoa hore ka tsela ea tšoantšetso re se ke ra hetla. Jesu o ile a bontša bohlokoa ba taba ena ha a ne a araba monna ea neng a batla ho khutlela lelapeng la hae ho ea le salisa hantle pele e e-ba morutuoa oa hae. Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng ’me a talima lintho tse ka morao ea loketseng ’muso oa Molimo.” (Luka 9:62) Ha Jesu a mo araba ka tsela eo, na o ne a sa bontše kutloelo-bohloko kapa a sa nahanele? Che, hobane o ne a tseba hore monna eo o ne a mpa a batla lebaka la ho qoba boikarabelo feela. Jesu o ile a re ho lieha hoo ke ho talima “lintho tse ka morao.” Na hoa tsotelleha hore na motho ea lemang o hetla morao ka nakoana kapa hore o hlile o beha mohoma fatše ebe o talima morao? Ho sa tsotellehe hore na o etsa’ng seo se tla mo sitisa nthong eo a lokelang ho e etsa, ’me a ke ke a etsa mosebetsi oa hae hantle.

4. Re lokela ho tsepamisa mahlo a rōna hokae?

4 Ho e-na le ho nahana ka nako e fetileng, re lokela ho tsepamisa mahlo a rōna linthong tse tlang. Hlokomela kamoo sena se hlakisoang kateng ho Liproverbia 4:25 ha e re: “Ha e le mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba, e, mahlo a hao a khanyang a lokela ho talimisisa ka ho toba ka pel’a hao.”

5. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho talima lintho tse ka morao?

5 Re na le lebaka le utloahalang la hore re se ke ra nahana ka lintho tse fetileng. Lebaka leo ke lefe? Ana ke ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1) Hona joale ha ho tl’o timetsoa metse e ’meli feela e khopo, empa ho tl’o timetsoa tsamaiso eohle ea lintho ea lefatše. Re tla thusoa ke’ng hore re qobe se ileng sa etsahalla mosali oa Lota? Re lokela ho qala ka ho hlokomela hore na ke lintho life tse ka morao tseo re ka ’nang ra lekeha hore re li talime. (2 Bakor. 2:11) Joale a re ke re tšohleng hore na lintho tseo ke life ’me bone hore na re ka etsa joang hore re qobe ho tsepamisa likelello ho tsona.

MATSATSING A HA HO NE HO LE MONATE

6. Ke hobane’ng ha re sa lokela hore kamehla re tšepe lintho tseo re li hopolang?

6 Phoso e ’ngoe eo re ka e etsang ke ea ho nahana hore bophelo bo ne bo le monate haholo nakong e fetileng. Hase kamehla likelello tsa rōna li hopolang lintho hantle. Re sa hlokomele, re ka ’na ra nahana hore mathata a rōna a nakong e fetileng a ne a se mabe hakaalo le hore re ne re thabile ho feta hona joale. Ho se hopole lintho hantle ka tsela ena ho ka etsa hore re hloloheloe linako tsa ha ho ne ho le monate. Empa Bibele ea re lemosa: “Se re: Ke ka’ng ha matsatsi a khale a bile molemo ho a kajeno? Leha u botsa taba e joalo, hase potso e hlalefileng.” (Moek. 7:10, Bibele ea Sesotho) Ke hobane’ng ha ho nahana ka tsela ee ho le kotsi?

7-9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Baiseraele ha ba ne ba le Egepeta? (b) Baiseraele ba ne ba e-na le mabaka afe a hore ba thabe? (c) Baiseraele ba ile ba qala ho korotla le ho belaella eng?

7 Nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele mehleng ea Moshe. Le hoja qalong Baiseraele ba ne ba nkoa e le baeti naheng ea Egepeta, ka mor’a mehla ea Josefa, Baegepeta ba ile ba ‘beha baokameli ba mosebetsi o qobelloang hore ba okamele Baiseraele ka morero oa ho ba hatella moroalong oo ba o jereng.’ (Ex. 1:11) Sechaba sa Molimo se ne se le makhatheng a ho felisoa kaha Faro o ne a batla ho fokotsa palo ea sona. (Ex. 1:15, 16, 22) Kahoo, ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a re ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.”—Ex. 3:7.

8 Nahana feela hore na Baiseraele ba ile ba thaba hakaakang ha ba ne ba tsoa naheng ea bokhoba ’me ba lokoloha! Ba ile ba bona matla a Jehova ka tsela e hlollang ha a ne a tlisetsa Faro oa moikhohomosi le sechaba sa hae Likotlo Tse Leshome. (Bala Exoda 6:1, 6, 7.) Ha e le hantle, qetellong Baegepeta ha baa ka ba lumella Baiseraele feela hore ba tsamaee, empa ba ile ba ba phehella hore ba tsamaee, ba ba fa khauta e ngata le silevera hoo ho ileng ha boleloa hore sechaba sa Molimo se ile “sa nkela Baegepeta sohle.” (Ex. 12:33-36) Baiseraele ba ile ba boela ba thaba ha ba bona Faro le lebotho la hae la sesole ba timetsoa Leoatleng le Lefubelu. (Ex. 14:30, 31) Ruri e tlameha ebe ho bona ha liketsahalo tseo tse thabisang li etsahala ho ne ho matlafatsa tumelo!

9 Leha ho le joalo, ntho e makatsang ke hore nakoana ka mor’a hore ba lokolloe ka mohlolo, batho bona bao ba ile ba qala ho korotla le ho belaela. Ba ne ba korotlela’ng? Ba ne ba korotlela lijo! Ba ne ba sa khotsofalle lijo tseo Jehova a neng a ba fa tsona ’me ba tletleba ba re: “Re hopotse hakaakang tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta, likomkomere le mahapu le liliki le lieiee le konofolo! Empa joale meea ea rōna e omeletse. Mahlo a rōna ha a bone letho haese manna.” (Num. 11:5, 6) Ka sebele, tsela eo ba neng ba talima lintho ka eona e ne e fosahetse hoo ba neng ba bile ba batla ho khutlela naheng ea bokhoba! (Num. 14:2-4) Baiseraele ba ile ba talima lintho tse ka morao eaba Jehova oa ba lahla.—Num. 11:10.

10. Mohlala oa Baiseraele o re ruta’ng?

10 Ke sefe seo re ithutang sona kajeno? Ha re thulana le mathata, a re se keng ra tsepamisa likelello linthong tsa nako e fetileng tseo re nahanang hore li ne li le molemo—mohlomong esita le lintho tsa pele re tseba ’nete. Le hoja e se phoso ho nahana ka seo re ithutileng sona linthong tse etsahetseng nakong e fetileng kapa ho nahana ka lintho tse monate tseo re ileng ra li thabela, re lokela ho talima lintho tse etsahetseng nakong e fetileng ka tsela e loketseng. Ho seng joalo, seo se ka etsa hore re se ke ra khotsofalla maemo ao re leng ho ’ona hona joale ebe re lekeha hore re boele re khutlele tseleng eo re neng re phela ka eona nakong e fetileng.—Bala 2 Petrose 2:20-22.

BOITELO BOO RE ILENG RA BO ETSA NAKONG E FETILENG

11. Batho ba bang ba talima boitelo boo ba bo entseng nakong e fetileng joang?

11 Ka masoabi, ha batho ba bang ba nahana ka boitelo boo ba bo entseng nakong e fetileng, ba nka hore ba bapetse ka menyetla. Mohlomong u ne u e-na le monyetla oa hore u fumane thuto e phahameng, u hlahelle ka mahetla kapa hore u ikemele licheleteng, empa u ile ua etsa qeto ea hore u se ke ua hahamalla lintho tseo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba tlohetse mesebetsi e lefang chelete e ngata khoebong, boithabisong, thutong kapa lipapaling. Joale ho se ho fetile nako empa bofelo bo ntse bo e-s’o fihle. Na u lula u nahana ka hore na ho ka be ho etsahetse’ng haeba u ne u sa etsa boitelo bo joalo?

12. Pauluse o ne a ikutloa joang ka lintho tseo a neng a li tetse?

12 Moapostola Pauluse o ile a tela lintho tse ngata e le hore e ka ba molateli oa Kreste. (Bafil. 3:4-6) O ile a ikutloa joang ka lintho tseo a neng a li tetse? O re: “Lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste.” Hobane’ng? O tsoela pele ka ho re: “Ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.” * (Bafil. 3:7, 8) Feela joalokaha motho ea lahlang matlakala kapa lithōle a sa ikoahlaee hamorao, Pauluse le eena ha aa ka a ikoahlaea ka lebaka la menyetla ea lefatše eo a ileng a e tlohela. O ne a se a sa e nke e le ea bohlokoa.

13, 14. Re ka latela mohlala oa Pauluse joang?

13 Re lokela ho etsa’ng haeba re lula re nahana ka menyetla eo re e furaletseng nakong e fetileng? Re lokela ho latela mohlala o behiloeng ke Pauluse. Ka tsela efe? Nahana hore na seo u nang le sona hona joale ke sa bohlokoa hakae. U na le kamano ea bohlokoa le Jehova ebile u na le botumo ba ho tšepahala ho eena. (Baheb. 6:10) Na ho na le lintho tse bonahalang tseo lefatše le ka fanang ka tsona tseo e leng tsa bohlokoa ho feta litlhohonolofatso tsa moea tseo re li fumanang hona joale le tseo re tla li fumana nakong e tlang?—Bala Mareka 10:28-30.

14 Pauluse o boetse o bua ka ntho e tla re thusa hore re tsoele pele re tšepahala. O re o ile a “lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele.” (Bafil. 3:13) Hlokomela hore Pauluse o totobatsa lintho tse peli tseo re lokelang ho li etsa. Ea pele, re lokela ho lebala ka lintho tseo re li tetseng, re se ke ra itšenyetsa matla le nako ea bohlokoa re tšoenyehile ho tlola ka tsona. Ea bobeli, joaloka semathi se habileng kholeng, re lokela ho hahamalla pele, re tsepamisitse likelello linthong tse ka pele.

15. Re rua molemo ofe ha re nahanisisa ka mehlala ea bahlanka ba Molimo ba tšepahalang?

15 Ha re nahanisisa ka mehlala ea bahlanka ba Molimo ba tšepahalang—ebang ke ba nakong e fetileng kapa ba kajeno—re ka susumelletseha le ho feta hore re tsoele pele ho e-na le hore re talime lintho tse ka morao. Ka mohlala, haeba Abrahama le Sara ba ne ba ile ba lula ba nahana ka Ure, “ba ka be ba bile le monyetla oa ho khutla.” (Baheb. 11:13-15) Empa ha baa ka ba khutla. Qalong Moshe o ile a tela lintho tse ngata Egepeta ho feta tse ileng tsa teloa ke Moiseraele ofe kapa ofe hamorao. Leha ho le joalo, ha ho na tlaleho e bontšang hore o ile a hopola lintho tseo. Ho e-na le hoo, tlaleho ea Bibele e re bolella hore “o ile a nka nyeliso ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta; kaha o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.”—Baheb. 11:26.

LINTHO TSE MPE TSE ETSAHETSENG NAKONG E FETILENG

16. Lintho tse etsahetseng nakong e fetileng li ka ’na tsa re ama joang?

16 Leha ho le joalo, hase lintho tsohle tse etsahetseng nakong e fetileng tse ka bonahalang li le monate. Mohlomong rea sithabela ha re nahana ka libe kapa liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng. (Pes. 51:3) E ka ’na eaba re ntse re utloa bohloko ha re nahana ka khalemelo e matla eo re ileng ra e fuoa. (Baheb. 12:11) Mohlomong re lula re nahana ka nako eo re neng re tšoaroa ka ho hloka toka ka eona kapa ka seo re neng re nahana hore ke ho hloka toka. (Pes. 55:2) Ke eng eo re ka e etsang ho tiisa hore ha re lumelle lintho tse joalo ho etsa hore re tsepamise likelello linthong tse ka morao? Nahana ka mehlala e meraro.

17. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re ke “motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle”? (b) Pauluse o ile a thusoa ke’ng hore a se ke a sithabetsoa ke ho nahana ka liphoso tsa hae?

17 Liphoso tsa nako e fetileng. Moapostola Pauluse o ile a bolela hore ke “motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle.” (Baef. 3:8) Ke hobane’ng ha a ne a ikutloa joalo? O re: “Hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakor. 15:9) U nahana hore Pauluse o ile a ikutloa joang ha a ne a kopana le batho bao a kileng a ba hlorisa? Ho e-na le hore a lumelle maikutlo ao a sithabetsang hore a mo nyahamise, Pauluse o ile a tsepamisa kelello moseng o sa tšoanelang oo a ileng a o bontšoa. (1 Tim. 1:12-16) Kananelo eo a neng a e-na le eona e ile ea mo susumelletsa hore a tsoele pele tšebeletsong ea hae. Tsela ea boetsalibe eo Pauluse a neng a phela ka eona e ne e le har’a lintho tseo a neng a ikemiselitse ho li lebala. Haeba le rōna re nahanisisa ka mohau oo Jehova a re bontšitseng oona, seo se tla re thusa hore re se ke ra tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tse etsahetseng nakong e fetileng tseo re ke keng ra li fetola. Re ka sebelisa matla a rōna ho phetha mosebetsi oo re o filoeng hona joale.

18. (a) Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re utloisoa bohloko ke keletso eo re ileng ra e fuoa? (b) Re ka mamela mantsoe a Solomone a mabapi le ho amohela keletso joang?

18 Keletso e utloisang bohloko. Ho thoe’ng haeba re utloisoa bohloko ke keletso e matla eo re ileng ra e fuoa? Sena se ke ke sa re utloisa bohloko feela empa se ka boetse sa re fokolisa—sa etsa hore re ‘felloe ke matla.’ (Baheb. 12:5) Ebang re “nyenyefatsa” taeo ka hore re se ke ra e amohela kapa re “felloa ke matla” hobane re ile ra e amohela eaba hamorao ha re sa e mamela—ha e le hantle, ha re lumelle keletso eo hore e re tsoele molemo le hore e re fetole. Ruri ho ne ho tla ba molemo ho mamela mantsoe a Solomone a reng: “Tšoara taeo; u se ke ua e tlohela. E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.” (Liprov. 4:13) Joaloka mokhanni ea hlomphang matšoao a tsela, a re amoheleng keletso, re e sebelise ’me re hahamalle pele.—Liprov. 4:26, 27; bala Baheberu 12:12, 13.

19. Re ka etsisa tumelo ea Habakuke le Jeremia joang?

19 Ho hloka toka kapa se bonahalang eka ke ho hloka toka. Ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa joaloka moprofeta Habakuke, ea ileng a hoeletsa ho Jehova ka lebaka la ho hloka toka, a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a lumeletse hore ho etsahale lintho tse ling tse bontšang ho hloka toka. (Hab. 1:2, 3) Ruri ke habohlokoa hore re etsise tumelo ea moprofeta eo, ea ileng a re: “Empa leha ho le joalo, ha e le ’na, ke tla ithabela ho Jehova; ke tla inyakallela ho Molimo oa poloko ea ka.” (Hab. 3:18) Joaloka Jeremia oa boholo-holo, haeba re lula re ‘letile’ re e-na le tumelo e matla ho Jehova, Molimo oa toka, re ka kholiseha hore lintho tsohle li tla lokisoa ka nako e tšoanetseng.—Lillo 3:19-24.

20. Re ka bontša joang hore re ‘hopola mosali oa Lota’?

20 Re phela nakong e thabisang. Ho na le liketsahalo tse babatsehang tse etsahalang hona joale ’me tse ngata li sa ntse li tlil’o etsahala. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka lula a tsamaisana le mokhatlo oa Jehova. A re mameleng keletso ea Mangolo ea hore re talime pele ’me re se ke ra talima lintho tse ka morao. Ka tsela eo re tla be re bontša hore re ‘hopola mosali oa Lota’!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Lentsoe le fetoletsoeng e le “lithōle” le boetse le bolela lintho tse “fuoang lintja,” “bolokoe” kapa “mantle.” Setsebi se seng sa Bibele se bolela hore Pauluse o sebelisitse lentsoe lena le bolelang “ho ikemisetsa ho furalla ntho e se nang thuso le e nyonyehang eo ho hang motho a sa e batleng.”

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]