Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale ea Bophelo

Ke Itšoareletse Seaparong sa Mojuda ka Lilemo Tse 70

Ke Itšoareletse Seaparong sa Mojuda ka Lilemo Tse 70

Jalokaha ho boletse Leonard Smith

Ha ke ne ke le lilemong tsa bocha ke ne ke rata litemana tse peli tsa Bibele. Kajeno, lilemo tse fetang 70 hamorao, ke ntse ke hopola nako eo ka eona ke ileng ka utloisisa ka botlalo se boleloang ke Zakaria 8:23, e buang ka “banna ba leshome” ba itšoareletseng ka “seaparo sa monna oa Mojuda.” Ba re ho Mojuda: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”

MONNA oa Mojuda o tšoantšetsa Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me “banna ba leshome” ba emela “linku tse ling” kapa “Bajonadabe,” kamoo ba neng ba bitsoa kateng nakong eo. * (Joh. 10:16) Ha ke utloisisa ’nete eo, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho tšehetsa sehlopha sa batlotsuoa ka botšepehi e le hore tšepo ea ka ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e phethahale.

Ke ne ke boetse ke rata papiso ea Jesu ea “linku” le “lipōli” haholo, e hlahang ho Matheu 25:31-46. “Linku” li tšoantšetsa batho bao Molimo a tla ba hauhela nakong ea bofelo hobane ba entse lintho tse molemo ho barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng. Kaha ke Mojonadabe e monyenyane, ke ile ka ipolella sena, ‘Len, haeba u batla hore Kreste a u nke u le nku, u lokela ho thusa barab’abo ba tlotsitsoeng le ho ikokobelletsa boeta-pele ba bona hobane Molimo o na le bona.’ Ho utloisisa lintho ka tsela eo ho ’nile ha ntataisa ka lilemo tse fetang 70.

‘SEBAKA SA KA SE HOKAE?’

’Mè o ile a kolobetsoa ka 1925 holong e haufi le Bethele eo ho neng ho tšoareloa liboka ho eona. Holo eo e ne e bitsoa London Tabernacle ’me e ne e sebelisoa ke barab’abo rōna ba sebakeng seo. Ke hlahile ka la 15 October, 1926. Ke kolobelitsoe ka March 1940, kopanong e neng e tšoaretsoe Dover lebōpong la Engelane. Ke hōtse ke rata ’nete ea Bibele. Kaha ’Mè e ne e le Mokreste ea tlotsitsoeng, ‘seaparo sa pele sa Mojuda’ seo ke ileng ka itšoarella ka sona ka tsela ea tšoantšetso e ne e le sa hae. Ka nako eo, Ntate le ausi oa ka ba ne ba sa sebeletse Jehova. Re ne re kopanela Phuthehong ea Gillingham e Engelane ka boroa-bochabela, ’me boholo ba litho tsa eona e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng. ’Mè o ile a beha mohlala o motle oa ho chesehela mosebetsi oa boboleli.

Ka September 1941, kopanong e neng e tšoaretsoe motseng oa Leicester, ho ile ha tšohloa tseko ea bobusi ba bokahohle puong e neng e e-na le sehlooho se reng “Botšepehi.” Puo eo e ile ea nthusa hore ke utloisise ka lekhetlo la pele hore rea ameha tsekong e pakeng tsa Jehova le Satane. Kahoo, re lokela ho ema ka lehlakoreng la Jehova ’me re lule re tšepahala ho eena kaha ke ’Musi oa Bokahohle.

Kopanong eo, ho ile ha buuoa haholo ka tšebeletso ea bopula-maliboho, ’me bacha ba ile ba khothaletsoa hore ba ipehele pakane ea ho kenela tšebeletso eo. Puo e neng e e-na le sehlooho se reng, “Sebaka sa Pula-maliboho Mokhatlong oa Jehova” e ile ea etsa hore ke ipotse, ‘Sebaka sa ka se hokae?’ Kopano eo e ile ea nkholisa hore kaha ke Mojonadabe, ke lokela ho thusa sehlopha sa batlotsuoa kahohle kamoo nka khonang kateng mosebetsing oa boboleli. Hona moo Leicester, ke ile ka tlatsa foromo ea kōpo ea hore ke be e mong oa bo-pula-maliboho.

HO BA PULA-MALIBOHO NAKONG EA NTOA

Ka la 1 December, 1941, ha ke ne ke le lilemo li 15, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng. Motho oa pele eo ke ileng ka sebetsa le eena mosebetsing oa bo-pula-maliboho ke ’Mè, empa ka mor’a nako e ka etsang selemo, o ile a tlameha ho tlohela tšebeletso ea bopula-maliboho ka lebaka la ho kula. Ka mor’a moo, ofisi ea lekala ea London e ile ea re ke sebetse ’moho le Ron Parkin, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala ea Puerto Rico.

Re ile ra romeloa litoropong tse lebōpong la leoatle tsa Broadstairs le Ramsgate seterekeng sa Kent, moo re ileng ra hira kamore. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba thusoa ka lisheleng tse 40 (hoo e ka bang R63 kajeno) ka khoeli. Kahoo, ha re qeta ho lefa rente, re ne re salloa ke chelete e nyenyane haholo ’me hangata re ne re sa tsebe hore na re tla fumana lijo tse ling hokae. Empa kamehla Jehova o ne a re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang.

Re ne re tsamaea ka libaesekele haholo, re li khanna li jareletse re tobane le moea o matla o tsoang North Sea. Re ne re boetse re tlameha ho mamella litlhaselo tsa moeeng le liqhomane tsa Jeremane tsa V-1 tse neng li fofela tlaase holim’a motse oa Kent ha ho ne ho hlaseloa London. Ka lekhetlo le leng ke ile ka tlameha ho qhoma baesekeleng ea ka eaba ke itahlela ka forong ha bomo e ne e feta holim’a hlooho ea ka ’me e phatlohela tšimong e haufinyane. Leha ho le joalo, re ile ra thabela lilemo tseo re li qetileng re le bo-pula-maliboho, Kent.

KE BA “MOHLANKANA EA SEBETSANG BETHELE”

Kamehla ’Mè o ne a sa ome mathe ha a bua ka Bethele. O ne a ee a re: “Nka thaba haholo ha u ka ba mohlankana ea sebetsang Bethele.” Kahoo, nahana feela hore na ke ile ka thaba ka ba ka makala hakaakang ka January 1946, ha ke ne ke memeloa hore ke ee Bethele ea London ke e’o etsa tsoho-la-monna ka libeke tse tharo! Ha libeke tseo li fela, mohlanka oa lekala, Pryce Hughes, o ile a nkōpa hore ke lule Bethele. Koetliso eo ke ileng ka e fumana moo e ile ea nthusa bophelong bohle ba ka.

Ka nako eo, litho tsa lelapa la Bethele ea London e ne e ka ba batho ba 30, boholo ba bona e le barab’abo rōna ba bacha ba masoha ’me ho ne ho boetse ho e-na le barab’abo rōna ba bangata ba batlotsuoa, ba neng ba akha Pryce Hughes, Edgar Clay le Jack Barr, eo e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang. Ruri e bile tlotla hore ke thuse barab’abo Kreste ke sa le mocha ha ke ne ke sebetsa ke okametsoe moeeng ke “litšiea” tseo!—Bagal. 2:9.

Ka letsatsi le leng ha ke ne ke le Bethele, mor’abo rōna e mong o ile a mpolella hore ho na le morali’abo rōna ea batlang ho mpona monyakong o ka pele. Ke ile ka makala ha ke fumana hore e ne e le ’Mè ’me o ne a khoaetse sephutheloana. O ile a bolela hore a ke ke a kena kaha ha a batle ho ntšitisa mosebetsing, empa a mpha sephutheloana seo eaba oa tsamaea. Sephutheloana seo se ne se tšetse jase e mofuthu. Ketso eo ea hae e bontšang lerato e ile ea nkhopotsa ha Anna a ne a tlisetsa mora oa hae e monyenyane Samuele seaparo ha a ntse a sebeletsa tabernakeleng.—1 Sam. 2:18, 19.

NKE KE KA LEBALA GILEADE

Ka 1947, ke ile ka ba har’a litho tse hlano tsa lelapa la Bethele tse ileng tsa memeloa hore li ee Sekolong sa Gileade se United States, ’me selemong se latelang re ile ra ba sehlopheng sa bo11. Ha re fihla moo sekolo se neng se le hona teng, karolong e ka leboea ea New York, ho ne ho bata haholo. Ruri ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ne ke e-na le jase eane e mofuthu eo ’Mè a neng a ntliselitse eona!

Nke ke ka lebala likhoeli tse tšeletseng tseo ke li qetileng ke le Gileade. Ho tsoakana le liithuti-’moho le ’na tse tsoang linaheng tse 16 tse sa tšoaneng, ho ile ha etsa hore ke tsebe lintho tse ngata. Ntle le koetliso eo ke ileng ka e fumana Sekolong sa Gileade e ileng ea matlafatsa kamano ea ka le Jehova, ke ile ka boela ka rua molemo setsoalleng seo ke ileng ka ba le sona le Bakreste ba hōlileng moeeng. E mong oa liithuti-’moho le ’na, Lloyd Barry; e mong oa matichere, Albert Schroeder le John Booth, molebeli oa Kingdom Farm (moo Sekolo sa Gileade se neng se le teng) hamorao e ile ea ba litho tsa Sehlopha se Busang. Ke ananela haholo keletso e lerato eo bara bana babo rōna ba ileng ba mpha eona le mohlala o motle oa bona oa ho tšepahala ho Jehova le mokhatlo oa hae.

KE BA MOPOTOLOHI ’ME HAMORAO KE KHUTLELA BETHELE

Ha ke tloha Gileade ke ile ka fuoa mosebetsi oa potoloho seterekeng sa Ohio, U.S.A. Ke ne ke le lilemo li 21 feela, empa barab’abo rōna ba ne ba ananela cheseho ea ka ea bocha. Potolohong eo, ke ile ka ithuta lintho tse ngata ho banna ba baholo ba nang le boiphihlelo.

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ke ile ka kōptjoa hore ke khutlele Bethele ea Brooklyn ho ea fuoa koetliso e ’ngoe. Nakong eo, ke ile ka tseba litšiea tse kang Milton Henschel, Karl Klein, Nathan Knorr, T. J. (Bud) Sullivan le Lyman Swingle, ’me kaofela ha bona e ile ea e-ba litho tsa Sehlopha se Busang. Ke ile ka matlafala haholo ha ke ne ke bona tsela eo ba sebetsang ka eona hammoho le mekhoa ea bona ea Bokreste. Ke ile ka tšepa mokhatlo oa Jehova haholo. Ka mor’a moo, ke ile ka khutlisetsoa Europe hore ke e’o tsoela pele ka tšebeletso.

’Mè o hlokahetse ka February 1950. Ka mor’a lepato ke ile ka bua le Ntate le ausi oa ka Dora ke sa hlathe koana le koana. Ke ile ka ba botsa hore na ba rera ho etsa’ng ka ’nete ha e le moo ’Mè a se a hlokahetse le ’na ke se ke tlohile lapeng. Ba ne ba tseba mora e mong oabo rōna oa motlotsuoa ea bitsoang Harry Browning ba bile ba mo hlompha, ’me ba ile ba lumela ho ithuta ’nete le eena. Ntate le Dora ba ile ba kolobetsoa pele selemo se fela. Hamorao Ntate o ile a khethoa hore e be mohlanka Phuthehong ea Gillingham. Ka mor’a lefu la Ntate, Dora o ile a nyaloa ke moholo ea tšepahalang ea bitsoang Roy Moreton, ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 2010.

KE THUSA FORA

Ha ke le sekolong sa sechaba, ke ile ka ithuta Sefora, Sejeremane le Selatine, ’me lipuong tseo tse tharo Sefora e ne e le sona se nthatafallang haholo. Kahoo, ke ile ka ferekana ha ke ne ke kōptjoa hore ke e’o thusa Bethele ea Paris, Fora. Ha ke le moo, ke ile ka ba le tlotla ea ho sebetsa le mohlanka oa lekala, mor’abo rōna ea hōlileng oa motlotsuoa ea bitsoang Henri Geiger. Ka linako tse ling ho ne ho nyolosetsa mosebetsing ’me ha ho pelaelo hore ke ile ka etsa liphoso tse ngata, empa ke ile ka ithuta lintho tse ngata mabapi le ho sebelisana le batho.

Ho feta moo, ka 1951 ho ile ha etsoa litlhophiso tsa hore ho tšoaroe kopano ea machaba ea pele ka mor’a ntoa Paris, ’me ke ile ka ba har’a ba neng ba etsa litlhophiso. Molebeli e monyenyane ea tsamaeang ea bitsoang Léopold Jontès, o ile a tla Bethele ho tla nthusa. Hamorao Mor’eso Léopold o ile a khethoa hore e be molebeli oa lekala. Kopano e ile ea tšoareloa Palais des sports, haufi le Eiffel Tower. Ho ne ho tlile batho ba tsoang linaheng tse 28. Letsatsing la ho qetela, Lipaki tsa Fora tse 6 000 li ile tsa thaba haholo ha li ne li bona hore lenane la ba bileng teng e bile 10 456!

Ha ke sa tsoa fihla Fora ke ne ke sa tsebe Sefora hantle. Ho hobe le ho feta ke hore ke ile ka etsa phoso e khōlō ea hore ke tla bua Sefora feela mohlang ke seng ke se tseba hantle. Empa ha u sa etse liphoso, ha ho mohla u tla thusoa ’me ha u tsoele pele.

Ke ile ka etsa qeto ea hore ke hlōle bothata boo ka ho ngolisa sekolong se neng se ruta batho ba tsoang linaheng tse ling Sefora. Ke ne ke e-ea sekolong mantsiboeeng ao ho neng ho se na liboka ka oona. Ke ile ka qala ho rata puo ea Sefora, ’me lerato leo le ’nile la hōla ha lilemo li ntse li feta. Molemo oa sena o ile oa bonahala ka hore ke ’nile ka khona ho thusa lekala la Fora ka mosebetsi oa phetolelo. Ha nako e ntse e ea ke ile ka ba mofetoleli, ke fetolela ho tloha Senyesemaneng ho ea Seforeng. E bile tlotla ho thusa hore lijo tsa moea tse matlafatsang tse lokisetsoang ke sehlopha sa lekhoba, li abeloe barab’abo rōna ba buang Sefora lefatšeng lohle.—Mat. 24:45-47.

KEA NYALA EBILE KE FUOA LIKABELO TSE LING

Ka 1956, ke ile ka nyala pula-maliboho oa Moswiss ea bitsoang Esther, eo ke neng ke ile ka kopana le eena lilemong tse ’maloa tse fetileng. Re ile ra chatela Holong ea ’Muso e haufi le Bethele ea London (eo khale e neng e bitsoa London Tabernacle, moo ’Mè a ileng a kolobetsoa teng). Mor’abo rōna Hughes o ile a fana ka puo ea rōna ea lenyalo. ’Mè oa Esther o ne a le teng, ’me le eena e ne e le motlotsuoa. Lenyalo la ka ha lea ka la mpha feela molekane ea ratehang le ea tšepahalang, empa le ile la mpha le mohoehali ea matla moeeng, eo ke ileng ka thabela setsoalle sa bohlokoa le eena ka nako e telele ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 2000.

Ka mor’a lechato la rōna, ’na le Esther re ile ra lula ka ntle ho Bethele. Ha ke ntse ke tsoela pele ka mosebetsi oa ho fetolela oa Bethele, Esther o ne a sebetsa e le pula-maliboho ea khethehileng metseng ea toropo ea Paris. O ile a thusa batho ba bangata hore e be bahlanka ba Jehova. Ka 1964 ho ile ha thoe re e’o lula Bethele. Ka mor’a moo, ka 1976 ha ho ne ho thehoa Likomiti Tsa Makala, ke ile ka khethoa ho ba setho. Ka lilemo tsena tsohle kamehla Esther o ’nile a ntšehetsa ka lerato.

“LE KE KE LA BA LE ’NA KAMEHLA”

Nako le nako ke ’nile ka ba le tlotla ea ho khutlela ntlo-khōlō ea lefatše e New York. Maetong ao, ke ile ka fumana likeletso tse molemo ho litho tse sa tšoaneng tsa Sehlopha se Busang. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha ke ne ke bolela hore ke tšoenyehile ka hore mosebetsi o itseng o se ke oa siuoa ke nako, Mor’abo rōna Knorr o ile a bososela eaba o re: “Se k’a tšoenyeha. Sebetsa!” Ka makhetlo a mangata ho tloha nakong eo, ha mosebetsi o phaellana, ho e-na le hore ke tšoenyehe, ke kena khabong ’me hangata ke phetha mesebetsi eo ka nako.

Pelenyana ho lefu la hae, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le ke ke la ba le ’na kamehla.” (Mat 26:11) Le rōna linku tse ling rea hlokomela hore hase kamehla re tla ba le barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng lefatšeng. Ka lebaka leo, ke nka hore ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa hore ebe ka lilemo tse fetang 70 ke ile ka sebetsa haufi haholo le batlotsuoa ba bangata—ka thabo ke itšoareletse seaparong sa Mojuda.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 U ka sheba lentsoe lena “Jonadabe,” bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 83, 165 le 166.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Mor’abo rōna Knorr o ile a bososela eaba o re: “Se k’a tšoenyeha. Sebetsa!”

[Litšoantšo tse leqepheng la 19]

(Ka ho le letšehali) ’Mè le Ntate

(Ka ho le letona) Ka jareteng ea Sekolo sa Gileade ka 1948, ke apere jase e mofuthu eo ’Mè a ileng a mpha eona

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ke fetolela puo ea Mor’abo rōna Lloyd Barry ha ho ne ho neheloa lekala la Fora ka 1997

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

(Ka ho le letšehali) ’Na le Esther letsatsing la rōna la lechato

(Ka ho le letona) Re tšimong hammoho