Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Solomone e ka ba mohlala o re lemosang ka tsela efe?

Molimo o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone a ba a mo sebelisa. Leha ho le joalo, nakong ea puso ea hae, Solomone o ile a khaotsa ho mamela keletso ea Molimo. O ile a nyala morali oa Faro oa mohetene, a inkela basali ba bangata, ’me a lumella basali ba bahetene hore ba mo khelosetse borapeling ba bohata butle-butle. Re lokela ho qoba hore butle-butle re be le mekhoa e mebe. (Deut. 7:1-4; 17:17; 1 Mar. 11:4-8)—12/15, leqepheng la 10-12.

Ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto ea hore Sara e ne e le mosali ea tšabang Molimo ebile e le mosali oa bohlokoa?

Ha Molimo a ne a laela Abrahama hore a tlohe Ure, seo se ne se bolela hore o ne a tla siea ba lelapa labo, metsoalle le ho tlohela tsela eo a neng a phela ka eona ’me a ee sebakeng seo a sa se tsebeng. Leha ho le joalo, Sara o ile a lumela ho tsamaea, a tšepile hore Molimo o tla mo hlohonolofatsa. O ne a hlompha Abrahama a bile a bonahatsa litšobotsi tse ntle.—1/1, leqepheng la 8.

Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Abrahama a etse sehlabelo ka mora oa hae eo a mo ratang?

Ke habohlokoa ho hopola hore ha e le hantle Molimo ha aa ka a lumella Abrahama hore a etse sehlabelo ka Isaka. Ketsahalo ena e ne e le tsela e bontšang kamoo Molimo a neng a tla itela kateng ha a etsa sehlabelo ka Mora oa hae, Jesu.—1/1, leqepheng la 23.

Ke’ng e bontšang hore ho tloha lekholong la pele la lilemo, haesale ho e-na le Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng lefatšeng?

Papisong ea Jesu ea “koro” le “mofoka,” “peō e ntle” ke “bara ba ’muso.” (Mat. 13:24-30, 38) Mofoka o ne o tla hōla hammoho le koro ho fihlela nakong ea kotulo. Kahoo, le hoja re ke ke ra bolela ka tieo hore na ke bo-mang bao e neng e le ba sehlopha sa koro, e tlameha ebe haesale ho e-na le ba bang ho fihlela mehleng ena ea rōna.—1/15, leqepheng la 7.

Ke liketsahalo life tse tla lebisa ka ho toba ho Armagedone?

Lichaba li tla etsa phatlalatso e khōlō ea “Khotso le tšireletseho!” (1 Bathes. 5:3) Mebuso e tla hlasela bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:15-18) Barapeli ba ’nete ba tla hlaseloa. Joale bofelo bo tla tla.—2/1, leqepheng la 9.

Re ka etsa’ng e le hore re hlōle tšekamelo ea ho ba mohono?

Mehato e ka re thusang ke ena: Loanela ho ba le lerato le ho rata barab’eno, tloaelana le batho ba tšabang Molimo, leka ho etsa se molemo le ho ‘thaba le batho ba thabileng.’ (Bar. 12:15)—2/15, leqepheng la 16-17.

Ke batho bafe ba buang puo ea Senahuatl, ’me ke’ng e etsoang ho ba thusa?

Senahuatl e ne e le puo ea Maaztec a boholo-holo, ’me e ntse e buuoa ke batho ba Mexico ba ka bang limilione tse 1,5. Lipaki li bolela litaba tse molemo ka Senahuatl, ’me ho na le lingoliloeng tse ling tsa rōna tse fumanehang ka puo eo.—3/1, leqepheng la 13-14.

Ha re fana ka keletso, ke melao-motheo efe eo re lokelang ho e hopola?

Utloisisa hantle hore na boemo ke bofe. U se ke ua potlakela ho araba. Ka boikokobetso sebelisa Lentsoe la Molimo. Haeba ho khoneha, sebelisa laebrari ea hao ea lingoliloeng tsa mokhatlo. Qoba ho etsetsa batho ba bang liqeto.—3/15, leqepheng la 7-9.

Jesu o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba ee limaele tse peli. (Mat. 5:41) O ne a bolela’ng?

Baroma ba neng ba hapile Iseraele ka nako eo, ba ne ba ka qobella motho hore a etse mosebetsi o itseng. Ha Jesu a ne a khothalletsa bamameli ba hae hore ba ee limaele tse peli, o ne a bolela hore ba ne ba lokela ho etsa mesebetsi e lumeletsoeng ke molao eo ba boholong ba neng ba ka ’na ba ba laela hore ba e etse, empa ba ne ba lokela ho e etsa ba sa hlonama.—4/1, leqepheng la 9.