Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

“Mora oa ka . . . , tseba Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse ka pelo e feletseng.”—1 LIKRON. 28:9.

BATLA LIKARABO TSA LIPOTSO TSENA:

Pelo ea tšoantšetso ke eng?

Re ka hlahloba lipelo tsa rōna ka tsela efe?

Re ka etsa joang hore re sebeletse Jehova ka lipelo tse feletseng?

1, 2. (a) Ke setho sefe sa ’mele seo Lentsoe la Molimo le buang ka sona ka tsela ea tšoantšetso ho feta tse ling? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re utloisise hore na pelo ea tšoantšetso e bolela’ng?

HANGATA Lentsoe la Molimo le bua ka litho tsa ’mele oa motho ka tsela ea tšoantšetso. Ka mohlala, mopatriareka Jobo o ile a re: “[Ha ho] na pefo liatleng tsa ka.” Morena Solomone o ile a re: “Tlaleho e ntle e nontša masapo.” Jehova o ile a tiisetsa Ezekiele sena: “Ke entse hore phatla ea hao e be . . .  thata ho feta lejoe le thata.” Athe moapostola Pauluse o ile a bolelloa sena: “U hlahisa lintho tse ling tse sa tloaelehang litsebeng tsa rōna.”—Jobo 16:17; Liprov. 15:30; Ezek. 3:9; Lik. 17:20.

2 Ho na le setho se seng sa ’mele seo ka Bibeleng ho buuoang haholo ka sona ka tsela ea tšoantšetso ho feta tse ling. Ke setho seo Anna ea tšepahalang a ileng a bua ka sona ha a ne a rapela a re: “Pelo ea ka e thabela Jehova.” (1 Sam. 2:1) Ha e le hantle, bangoli ba Bibele ba bua ka pelo ka makhetlo a ka bang sekete ’me hangata ba bua ka eona ka tsela ea tšoantšetso. Ke habohlokoa haholo hore re utloisise hore na pelo e emelang kaha Bibele e re re lokela ho e sireletsa.—Bala Liproverbia 4:23.

PELO EA TŠOANTŠETSO KE ENG?

3. Re ka tseba joang hore na ha ho buuoa ka “pelo” ka Bibeleng ho boleloa’ng? Bontša.

3 Le hoja Lentsoe la Molimo le sa fane ka tlhaloso e fumanehang dikishinaring ea lentsoe “pelo,” le re thusa hore re utloisise hore na lentsoe leo le bolela’ng. Ka tsela efe? Ho tea mohlala, nahana ka lebota le letle le khabisitsoeng ka maqhetsoana a lejoe a sekete a manamisitsoeng leboteng a atamelane. E le hore motho a bone hore na maqhetsoana ao a lejoe a etsa paterone e joang, o lokela ho chechella morao a shebe lebota leo kaofela. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho sheba litlaleho tse ngata tseo ho tsona ho buuoang ka “pelo” ka Bibeleng e le hore re utloisise hore na e bolela’ng. Kahoo, pelo ea tšoantšetso ke eng?

4. (a) Lentsoe “pelo” le emela’ng? (b) Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 22:37 a bolela’ng?

4 Bangoli ba Bibele ba sebelisa lentsoe “pelo” ha ba hlalosa seo motho a leng sona ka hare. E akarelletsa litšobotsi tse kang litakatso tsa rōna, menahano, maikutlo, bokhoni, lintho tse re susumetsang hammoho le lipakane. (Bala Deuteronoma 15:7; Liproverbia 16:9; Liketso 2:26.) Joalokaha buka e ’ngoe e hlalosa, ke “seo motho a hlileng a leng sona ka hare.” Empa ka linako tse ling lentsoe “pelo” ha le bolele lintho tsena tse boletsoeng ka holimo. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Mat. 22:37) Mona lentsoe “pelo” le bolela maikutlo le litakatso tseo motho a hlileng a nang le tsona. Ka hore ebe Jesu o ile a qolla pelo, moea le kelello, o ne a hatisa hore re lokela ho bontša hore re rata Molimo ka tsela eo re ikutloang ka eona, ka tsela eo re phelang ka eona le ka tsela eo re sebelisang likelello tsa rōna ka eona. (Joh. 17:3; Baef. 6:6) Empa ha lentsoe “pelo” le sebelisoa le le leng, le emela seo motho a hlileng a leng sona ka hare.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO LEBELA LIPELO TSA RŌNA?

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho sebeletsa Jehova ka lipelo tse feletseng?

5 Mabapi le pelo, Morena Davida o ile a re ho Solomone: “Mora oa ka . . . , tseba Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng; etsoe Jehova o phenya lipelo tsohle, ’me o lemoha tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano.” (1 Likron. 28:9) Ka sebele, Jehova ke Mohlahlobi oa lipelo tsohle, ho akarelletsa le tsa rōna. (Liprov. 17:3; 21:2) Hape, seo a se fumanang ka lipelong tsa rōna se ama kamano ea rōna le eena haholo ebile se ama le bokamoso ba rōna. Kahoo, re na le lebaka le letle la ho latela keletso ea Davida e bululetsoeng ka hore re etse sohle se matleng a rōna ho sebeletsa Jehova ka lipelo tse feletseng.

6. Re lokela ho hlokomela eng mabapi le boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Jehova?

6 Mesebetsi eo re e etsang ka cheseho re le batho ba Jehova, e bontša hore ka sebele re na le takatso e matla ea ho sebeletsa Molimo ka lipelo tse feletseng. Ka nako e tšoanang, rea hlokomela hore khatello e matla ea lefatše le khopo la Satane le tšekamelo ea rōna ea boetsalibe, ke lintho tse matla tse ka re sitisang hore re sebeletse Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna. (Jer. 17:9; Baef. 2:2) Kahoo, e le hore re tiise hore boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Molimo bo lula bo le matla, re lokela ho hlahloba lipelo tsa rōna kamehla. Re ka etsa seo joang?

7. Ke eng e bontšang hore na lipelo tsa rōna ke tsa mofuta ofe?

7 Ho hlakile hore seo re leng sona ka hare ha se bonahale—feela joalokaha bokahare kapa khubu ea sefate e sa bonahale. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a ile a bolela Thutong ea Thabeng, litholoana li bontša hore na sefate seo li tsoang ho sona ke sa mofuta ofe, kahoo, lintho tseo re li etsang li bontša hore na lipelo tsa rōna ke tsa mofuta ofe. (Mat. 7:17-20) A re ke re tšohleng o mong oa mesebetsi eo.

TSELA E ’NGOE EO RE KA HLAHLOBANG LIPELO TSA RŌNA KA EONA

8. Mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:33 a amana joang le se ka lipelong tsa rōna?

8 Pejana hona thutong eo, Jesu o ile a bolella bamameli ba hae hore na ke lintho life tseo ba neng ba li etsa tse neng li tla bontša takatso eo ba neng ba e-na le eona ea ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. O ile a re: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mat. 6:33) Ka sebele, ho latela hore na ke sefe se tlang pele bophelong ba rōna, re bontša hore na takatso ea rōna ke efe, re nahana’ng le hore na ke eng eo re e rerang botebong ba lipelo tsa rōna. Kahoo, tsela e ’ngoe eo re ka hlahlobang ka eona hore na re sebeletsa Molimo ka lipelo tse feletseng kapa che, ke ka hore re hlahlobe hore na ke sefe se tlang pele bophelong ba rōna.

9. Ke memo efe eo Jesu a ileng a e fa banna ba bang, ’me seo ba ileng ba se etsa se ile sa bontša’ng?

9 Nakoana ka mor’a hore Jesu a khothalletse barutuoa ba hae hore ba ‘’ne ba batle ’muso pele,’ ho ile ha etsahala ntho e ileng ea bontša hore ka sebele lintho tse tlang pele bophelong ba motho ke tsona tse bontšang hore na pelo ea hae ke ea mofuta ofe. Mongoli oa Kosepele e leng Luka o qala taba eo ka hore a bolele hore Jesu o ile “a reteletsa sefahleho sa hae ka tieo ho ea Jerusalema” le hoja a ne a tseba hantle hore na qetellong ke sefe se neng se tla etsahala ho eena ha a le moo. Ha Jesu le baapostola ba hae “ba ntse ba tsamaea tseleng,” o ile a kopana le banna ba bang bao a ileng a ba fa memo e reng: “E-ba molateli oa ka.” Banna bao ba ne ba ikemiselitse ho amohela memo ea Jesu—empa hona le lintho tseo ba neng ba batla ho li etsa pele. Monna e mong o ile a re: “Ntumelle pele hore ke tlohe ke e’o pata Ntate.” E mong eena a re: “Ke tla u latela, Morena; empa ntumelle pele hore ke re ba ntlo ea ka ba sale hantle.” (Luka 9:51, 57-61) Ka sebele re bona phapang e khōlō pakeng tsa Jesu ea neng a ikemiselitse ka matla ho etsa thato ea Molimo le banna bao ba sa kang ba bontša boikemisetso bo tiileng ba ho etsa seo Jesu a neng a ba kōpa sona! Ba ile ba etelletsa lintho tse batloang ke bona pele, ’me seo se ile sa bontša hore ba ne ba sa ikemisetsa ho sebeletsa Molimo ka pelo e feletseng.

10. (a) Balateli ba Kreste ba ile ba etsa joang ha a ne a ba mema? (b) Jesu o ile a etsa papiso efe e khutšoanyane?

10 Ho fapana le batho bao, bao e ka beng e bile barutuoa ba Jesu, re amohetse memo ea Jesu ea hore re be balateli ba hae ’me hona joale re sebeletsa Jehova letsatsi le leng le le leng. Ka tsela ena re bontša hore na re ikutloa joang ka Jehova ka lipelong tsa rōna. Leha ho le joalo, le hoja re le litho tsa phutheho tse mafolofolo, re ntse re lokela ho hlokomela hore lipelo tsa rōna li ntse li ka ba kotsing. Kotsi eo ke efe? Puisanong eo ea hae le banna bao, Jesu o ile a totobatsa kotsi eo ha a ne a re: “Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng ’me a talima lintho tse ka morao ea loketseng ’muso oa Molimo.” (Luka 9:62) Re ka ithuta’ng papisong eo?

NA RE ‘KHOMARELA SE MOLEMO’?

11. Ho etsahetse’ng ka mosebetsi oa motho ea neng a lema tšimo papisong ea Jesu, ’me ke hobane’ng ha seo se ile sa etsahala?

11 E le hore seo re ithutang sona papisong ena ea Jesu e khutšoanyane se re hlakele hantle, a re ke re hlahlobeng lintlha tse ling tse amanang le eona. Mosebetsi o maphathaphathe o ntse a lema tšimong. Leha ho le joalo, ha a ntse a lema o lula a ntse a nahana ka lapeng ha hae moo litho tsa lelapa la hae li leng hona teng, moo metsoalle ea hae e leng teng, moo ho jeoang ho bileng ho nang le ’mino, moo ho tšehoang le moo batho ba lutseng moriting. O labalabela ho ba moo. Ka mor’a hore mosebetsi eo a leme sebaka se selelele, takatso eo a nang le eona ea lintho tseo tse monate e ba matla hoo a hetlang ho talima “lintho tse ka morao.” Le hoja ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata oo a lokelang ho o etsa pele tšimo eo e jaloa, mosebetsi eo o sitoa ho etsa mosebetsi oa hae hantle. Ho hlakile hore mong’a hae ha a thabe kaha o hlōlehile ho mamella mosebetsing oa hae.

12. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa motho ea lemang tšimo papisong ea Jesu le Bakreste ba bang kajeno?

12 Joale ak’u nahane ka ntho e tšoanang e ka etsahalang kajeno. Molemi a ka tšoantšetsa Mokreste e mong le mong eo ho bonahalang eka o etsa lintho hantle empa ha e le hantle bomoea ba hae bo le kotsing. Ho tea mohlala, a re ke re nahaneng ka mor’abo rōna ea phathahaneng tšebeletsong. Leha ho le joalo, le hoja a e-ba teng libokeng le tšebeletsong ea tšimo, o lula a nahana ka lintho tsa lefatše tseo a li ratang. Botebong ba pelo ea hae, o lakatsa ho ba le tsona. Ka mor’a hore a sebeletse Molimo ka lilemo tse ngata, takatso ea hae ea ho batla lintho tsa lefatše e ba matla hoo a hetlang ho talima “lintho tse ka morao.” Le hoja ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa tšebeletsong, ha a ‘tšoare ka thata lentsoe la bophelo,’ ka hona ha a sa sebeletsa Molimo joalokaha a ne a mo sebeletsa pele. (Bafil. 2:16) Jehova, e leng “Mong’a kotulo,” ha a thabe ha motho a hlōleha ho mamella mosebetsing oa hae ka tsela eo.—Luka 10:2.

13. Ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle ho akarelletsa’ng?

13 Seo re ithutang sona mona se hlakile. Ke hantle ha re kenya letsoho kamehla mesebetsing e molemo le e khotsofatsang e kang ho ba teng libokeng tsa phutheho le tšebeletsong ea tšimo. Empa ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng ha ho felle moo feela. (2 Likron. 25:1, 2, 27) Haeba botebong ba pelo Mokreste a tsoela pele ho rata “lintho tse ka morao”—e leng lintho tsa lefatše—o kotsing ea ho lahleheloa ke kamano ea hae e ntle le Molimo. (Luka 17:32) Ke feela haeba re ‘nyonya se khopo ’me re khomarela se molemo’ e le kannete re tla be re ‘loketse ’muso oa Molimo.’ (Bar. 12:9; Luka 9:62) Ka hona, kaofela ha rōna re lokela ho tiisa hore ha ho ntho efe kapa efe e le lefatšeng la Satane e lokelang ho re sitisa ho sebeletsa Molimo ka lipelo tsa rōna tsohle, ho sa tsotellehe hore na e bonahala e le molemo kapa e le monate hakae.—2 Bakor. 11:14; bala Bafilipi 3:13, 14.

LULA U FALIMEHILE!

14, 15. (a) Satane o leka ho fokotsa cheseho eo re sebeletsang Jehova ka eona joang? (b) Ke papiso efe e bontšang hore na mokhoa oo Satane a o sebelisang o kotsi hakae?

14 Lerato leo re ratang Jehova ka lona le ile la re susumelletsa hore re inehele ho eena. Ho tloha ka nako eo, ka lilemo tse ngata boholo ba rōna re ’nile ra bontša hore re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ka lipelo tse feletseng. Leha ho le joalo, Satane ha aa tela. O ntse a batla ho khelosa lipelo tsa rōna. (Baef. 6:12) Ke ’nete hore a ka ’na a hlokomela hore re ke ke ra lahla Jehova ka ho panya ha leihlo. Ka hona, ka bolotsana o sebelisa “tsamaiso ena ea lintho” ho leka ho etsa hore butle-butle re se ke ra hlola re sebeletsa Molimo ka cheseho. (Bala Mareka 4:18, 19.) Ke hobane’ng ha mokhoa oo o sebelisoang ke Satane o atleha hakaale?

15 E le ho araba potso eo, a re re u ne u ntse u bala buka ka lebone le nang le khanya e matla a li-watt tse 100, ebe lebone leo lea tima. Ha u se u lutse lefifing, hang-hang ua hlokomela hore na ho etsahetse’ng ebe u ntša tleloubu e cheleng u kenya e ncha. Khanya e ba teng hape. Bosiung bo latelang, u bala ka khanya ea lebone lona leo. Leha ho le joalo, u sa tsebe, motho e mong o ile a ntša tleloubu eo e ncha e nang le li-watt tse 100 eaba o kenya ea li-watt tse 95. Na u ne u ka khona ho hlokomela phapang? Mohlomong u ne u ke ke ua e hlokomela. Joale haeba letsatsing le latelang teng motho a ne a ka kenya tleloubu ea li-watt tse 90 na u ne u tla e hlokomela? Mohlomong u ne u ntse u ke ke ua e hlokomela. Hobane’ng? Hobane khanya ea lebone e ’nile ea fokotseha butle-butle hoo u sa kang ua e hlokomela. Ka ho tšoanang, tšusumetso ea lefatše la Satane e ka etsa hore cheseho ea rōna e fokotsehe butle-butle. Ha seo se etsahala, ho joalokaha eka Satane o atlehile ho fokotsa cheseho eo re neng re sebeletsa Jehova ka eona ea li-watt tse 100. Haeba Mokreste a sa falimeha, a ka ’na a se ke a hlokomela phetoho eo e etsahalang butle-butle.—Mat. 24:42; 1 Pet. 5:8.

THAPELO KE EA BOHLOKOA

16. Re ka itšireletsa joang maqiting a Satane?

16 Re ka etsa joang hore re itšireletse maqiting a joalo a Satane re be re sebeletse Jehova ka lipelo tse feletseng? (2 Bakor. 2:11) Thapelo ke ea bohlokoa. Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba ‘eme ba tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’ O ile a ba phehella a re: ‘Ka thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli tsoelang pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.’—Baef. 6:11, 18; 1 Pet. 4:7.

17. Lithapelo tsa Jesu li re ruta’ng?

17 E le hore re eme re tiile khahlanong le Satane, re tla be re le bohlale haeba re etsisa mokhoa oa Jesu oa ho rapela, o ileng oa bontša takatso ea hae e matla ea ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng. Ka mohlala, hlokomela tlaleho ea Luka e mabapi le tsela eo Jesu a ileng a rapela ka eona bosiung ba pele ho lefu la hae, e reng: “Ha a e-ba bohlokong bo otlang pelo a tsoela pele ho rapela ka tieo haholo.” (Luka 22:44) Jesu o ne a ile a rapela ka tieo pele, empa lekhetlong lena leo a neng a tobane le teko e matla ka ho fetisisa bophelong ba hae, o ile a rapela “ka tieo haholo”—’me thapelo ea hae e ile ea arajoa. Mohlala oa Jesu o bontša hore lithapelo tse ling li ka ba matla ho feta tse ling. Ka lebaka leo, ha liteko tsa rōna li ntse li e-ba boima le ha maqiti a Satane a ntse a e-ba bolotsana le ho feta, re lokela ho rapela “ka tieo haholo” hore Jehova a re sireletse.

18. (a) Ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa eona mabapi le thapelo, hona hobane’ng? (b) Ke lintho life tse amang lipelo tsa rōna, ’me li li ama ka litsela life? (Sheba  lebokose le leqepheng la 16.)

18 Lithapelo tse joalo li ka re ama joang? Pauluse o ile a re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna.” (Bafil. 4:6, 7) Ka sebele, re lokela ho rapela ka tieo le kamehla e le hore re sebeletse Jehova ka lipelo tse feletseng. (Luka 6:12) Kahoo ipotse, ‘Na ke rapela ka tieo ebile ke rapela kamehla?’ (Mat. 7:7; Bar. 12:12) Karabo ea hao e senola hore na u batla ho sebeletsa Molimo ka pelo eohle kapa che.

19. U tla etsa’ng e le hore u sebeletse Jehova ka pelo e feletseng?

19 Joalokaha re se re bone, lintho tse tlang pele bophelong ba rōna li ka bontša hore na ha e le hantle lipelo tsa rōna ke tsa mofuta ofe. Re batla ho tiisa hore lintho tseo re li siileng morao kapa maqheka a Satane a bolotsana ha li fokolise boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng. (Bala Luka 21:19, 34-36.) Ka lebaka leo, joaloka Davida, re tsoela pele re rapela Jehova ka tieo re re: “Momahanya pelo ea ka.”—Pes. 86:11.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 16]

LINTHO TSE THARO TSE AMANG LIPELO TSA RŌNA

Feela joalokaha re ka nka mehato ea ho hlokomela lipelo tsa rōna tsa sebele, re nka mehato ea ho etsa hore lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li lule li phela hantle. Nahana ka mehato ena ea bohlokoa e meraro:

1 Phepo: Lipelo tsa rōna tsa sebele li hloka hore li fumane phepo e lekaneng. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho tiisa hore re fumana lijo tsa moea tse matlafatsang tse lekaneng ka hore re ithute kamehla, re thuise ’me re be teng libokeng kamehla.—Pes. 1:1, 2; Liprov. 15:28; Baheb. 10:24, 25.

 2 Ho ikoetlisa: E le hore lipelo tsa rōna tsa sebele li phele hantle, ka linako tse ling ho hlokahala hore li pompe ka matla. Ka tsela e tšoanang, ho etsa mosebetsi oa boboleli ka cheseho—mohlomong ka hore re eketse mosebetsi oo re o etsang—ho etsa hore lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li lule li le boemong bo botle.—Luka 13:24; Bafil. 3:12.

3 Tikoloho: Tikoloho eo re phelang ho eona le eo re sebetsang ho eona, moo batho ba sa tšabeng Molimo, e ka etsa hore lipelo tsa rōna tsa sebele le tsa tšoantšetso li be tlas’a khatello e khōlō. Leha ho le joalo, re ka fokotsa khatello e joalo ka hore re be le balumeli-’moho le rōna ba re tsotellang e le kannete le ba sebeletsang Molimo ka lipelo tse feletseng hangata kamoo ho ka khonehang kateng.—Pes. 119:63; Liprov. 13:20.