Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Itebeleng Tomosong ea Bafarisi”

“Itebeleng Tomosong ea Bafarisi”

“Itebeleng Tomosong ea Bafarisi”

Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae, a re: “Itebeleng tomosong ea Bafarisi, e leng boikaketsi.” (Luka 12:1) Tlaleho e tšoanang le ena ea mantsoe a Jesu e hlakisa hore o ne a nyatsa ‘thuto’ ea Bafarisi.—Mat. 16:12.

Ka linako tse ling Bibele e tšoantša ho bola le ‘tomoso.’ Ha ho pelaelo hore lithuto tsa Bafarisi le menahano ea bona li ne li etsa hore batho ba etse lintho tse fosahetseng. Ke hobane’ng ha lithuto tsa Bafarisi li ne li le kotsi?

1 Bafarisi ba ne ba ikhohomosa ka hore ba lokile, ’me ba khesa batho ba maemo a tlaase.

Ho itokafatsa hona ho hlahella ho e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu. O ile a re: “Mofarisi a ema ’me a qala ho rapella lintho tsena ka pelong, ‘Molimo, kea u leboha ka hore ebe ha ke joaloka batho ba bang kaofela, bahanyapetsi, ba sa lokang, bafebi, kapa esita le joaloka ’mokelli enoa oa lekhetho. Ke itima lijo habeli ka beke, ke fana ka karolo ea leshome ea lintho tsohle tseo ke li fumanang.’ Empa ’mokelli oa lekhetho a eme hōjana o ne a sa rate le ho phahamisetsa mahlo a hae nģ’a leholimong, empa a ’na a ikotla sefuba, a re, ‘Molimo, e-ba mosa ho ’na moetsalibe.’”—Luka 18:11-13.

Jesu o ile a babatsa boikokobetso ba ’mokelli oa lekhetho, a re: “Kea le bolella, Monna enoa o ile a theohela lapeng la hae e le ea lokileng ho feta monna eane [oa Mofarisi]; hobane e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, empa ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Luka 18:14) Le hoja babokelli ba lekhetho ba ne ba tumme ka ho se tšepahale, Jesu o ne a batla ho thusa ba neng ba mo mamela. Bonyane babokelli ba lekhetho ba babeli—e leng Matheu le Zakiase—e ile ea e-ba balateli ba hae.

Ho thoe’ng haeba re ne re ka nahana hore re molemo ho feta batho ba bang ka lebaka la bokhoni ba rōna boo re bo filoeng ke Molimo kapa litokelo tseo re nang le tsona kapa ka lebaka la ho hlōleha ha ba bang le bofokoli ba bona? Re lokela ho khaotsa ho nahana joalo, hobane Mangolo a re: “Lerato lea mamella; lerato le mosa ’me ha ho motho eo le mo honohelang. Ha ho mohla lerato le ithorisang, kapa le ikhantšang, kapa le bang le mekhoa e mebe; ha le na boithati, ha le khopehe kapele. Lerato ha le boloke tlaleho ea liphoso; ha le thabele libe tsa batho ba bang, empa le thabela ’nete.”—1 Bakor. 13:4-6, The New English Bible.

Re lokela ho ba le maikutlo a tšoanang le a moapostola Pauluse. Ka mor’a hore a bolele hore “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe,” Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Ke ’na ea ka pele-pele ho bona.”—1 Tim. 1:15.

Lipotso tsa ho thuisa:

Na kea hlokomela hore ke moetsalibe le hore ke tla pholoha ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova? Kapa ke ikutloa ke phahametse batho ba bang hobane ke e-na le lilemo tse ngata ke sebeletsa Jehova, ke e-na le boikarabelo ka mokhatlong oa Molimo, kapa hobane ke e-na le bokhoni ba tlhaho?

2 Bafarisi ba ne ba batla ho khahla batho ba bang ka ho iketsa ba lokileng ka pel’a batho. Ba ne ba rata ho hlahella le ho bitsoa ka litlotla tse ba rorisang.

Empa Jesu o ile a lemosa a re: “Mesebetsi eohle eo ba e etsang ba e etsa hore ba bonoe ke batho; kaha ba atolosa mabokosana a tšetseng mangolo ao ba a roalang e le litšireletso, le ho hōlisa mephetho e litjellane ea liaparo tsa bona. Ba rata sebaka se hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane le litulo tse ka pele ka lisynagogeng, le litumeliso limmarakeng le ho bitsoa Rabi ke batho.” (Mat. 23:5-7) Bapisa maikutlo a bona le a Jesu. Le hoja Jesu e ne e le Mora oa Molimo ea phethahetseng, o ne a ikokobelitse. Ha monna e mong a ne a mo bitsa “ea molemo,” Jesu o ile a re: “Ke hobane’ng ha u mpitsa ea molemo? Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” (Mar. 10:18) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae, kahoo a behela balateli ba hae mohlala oa boikokobetso.—Joh. 13:1-15.

Mokreste oa ’nete o lokela ho sebeletsa balumeli-’moho le eena. (Bagal. 5:13) Sena se lokela ho etsoa haholo-holo ke ba batlang ho tšoanelehela ho ba balebeli ka phuthehong. Ho loketse ho “hahamalla boemo ba molebeli,” empa motho o lokela ho hahamalla pakane ena hobane a batla ho thusa batho ba bang. Molebeli hase motho oa bohlokoa ho feta batho ba bang ebile ha a laole batho ba bang. Ba sebeletsang e le balebeli e lokela ho ba ba ‘ikokobelitseng pelong,’ joalokaha Jesu a ne a ikokobelitse.—1 Tim. 3:1, 6; Mat. 11:29.

Lipotso tsa ho thuisa:

Na ke na le mokhoa oa ho rata ba ikarabellang ka phuthehong, mohlomong e le ka tšepo ea hore ke tla hlahella kapa ke fumane boikarabelo bo eketsehileng? Na ke rata likarolo tsa tšebeletso ea Molimo tseo ho bonahalang li etsa hore ho lebisoe tlhokomelo ho ’na kapa ke rorisoe? Na ka sebele ke batla ho hlahella ka pel’a batho ba bang?

3 Litaelo le lineano tsa Bafarisi li ne li thatafaletsa batho ba maemo a tlaase ho phetha Molao.

Molao oa Moshe o ne o bontša Baiseraele hore na ba rapele Jehova joang. Leha ho le joalo, o ne o sa qaqisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mohlala, Molao o ne o thibela batho hore ba sebetse ka Sabatha, empa o ne o sa qaqisa hore na ke mesebetsi efe e lokelang ho etsoa le e sa lokelang ho etsoa. (Ex. 20:10) Bafarisi ba ne ba iketselitse melao, litlhaloso le lineano tse hlalosang hore na ho etsoe eng le hore na ho se ke ha etsoa eng ka Sabatha. Le hoja Jesu a ile a hlokomoloha litaelo tse hatellang tsa Bafarisi, o ne a boloka Molao oa Moshe. (Mat. 5:17, 18; 23:23) O ne a hlokomela se fetang se boleloang ke Molao. Jesu o ne a utloisisa se boleloang ke Molao, ’me o ne a tseba hore Molimo o ne a batla hore batho ba bontše mohau le qenehelo. O ne a nahanela batho ba bang, esita le ha balateli ba hae ba ne ba mo soetsa. Ka mohlala, le hoja a ile a khothalletsa baapostola ba hae ba bararo hore ba lule ba falimehile le hore ba lule ba lebetse bosiung boo a tšoeroeng ka bona, ba ile ba robala ka makhetlo. Leha ho le joalo, ka mosa o ile a re ho bona: “Moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”—Mar. 14:34-42.

Lipotso tsa ho thuisa:

Na ke rata ho beha litaelo tse hatellang le tse thata? Na kamehla ke batla hore batho ba bang ba etse lintho tseo ke nahanang hore li nepahetse? Na ke lebeletse hore batho ba bang ba etse lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsa?

Nahana ka phapang pakeng tsa lithuto tsa Jesu le tsa Bafarisi. Na u hlokomela litsela tseo u ka ntlafatsang ka tsona? Haeba ho joalo, e ka ba hantle hore u etse qeto ea hore u ntlafatse.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Bafarisi ba ne ba roala mabokosana a tšetseng mangolo.—Mat. 23:2, 5

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Ho fapana le Bafarisi ba baikhohomosi, baholo ba Bakreste ba ikokobelitseng ba sebeletsa batho ba bang

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Na joaloka Jesu, u nahanela batho ba bang mabapi le lintho tseo u lebeletseng hore ba li etse?