Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale ea Bophelo

Ke ne ke Rata Batho ba Hōlileng ba Bohlale

Ke ne ke Rata Batho ba Hōlileng ba Bohlale

Joalokaha ho boletse Elva Gjerde

Lilemo tse ka bang 70 tse fetileng, moeti ea neng a etetse lapeng o ile a etsa tlhahiso ho Ntate e ileng ea fetola tsela eo ke neng ke phela ka eona ka ho feletseng. Ho tloha letsatsing leo la bohlokoa, ho boetse ho na le batho ba bang ba ’maloa ba ileng ba nthusa haholo bophelong. Batho bana e ile ea e-ba metsoalle ea ka ea bohlokoa haholo. E-re ke hlalose.

KE HLAHETSE Sydney, Australia, ka 1932, ’me batsoali ba ka ba ne ba lumela ho Molimo empa ba ne ba sa kene kereke. ’Mè o ile a nthuta hore Molimo o ne a lula a nchebile e le hore a tle a mphe kotlo haeba ke sa mamele. Sena se ile sa etsa hore ke tšabe Molimo. Leha ho le joalo, ke ne ke tsota Bibele. Ha ’Mangoane a ne a re etela mafelong a beke, o ne a mphetela lipale tse ngata tsa Bibele tse monate. Ke ne ke lula ke lebeletse ka tjantjello hore ’Mangoane a re etele hape.

Ha ke ne ke sa le mocha ea lilemo li ka tlaase ho 20, Ntate o ne a bala libuka tseo ’Mè a neng a li fumane ho nkhono e mong eo e neng e le Paki ea Jehova. O ile a khahloa ke seo a neng a se bala libukeng tseo tsa Bokreste hoo a ileng a lumela ho ithuta Bibele le Lipaki. Mantsiboeeng a mang ha Ntate a ntse a khanneloa thuto ea Bibele, o ile a nkhaoletsa ke ba mametse. Ntate o ne a batla hore ke il’o robala empa moeti o ile a re, “Ke hobane’ng ha u sa tlohele Elva a lule fatše a mamele?” Ka lebaka la tlhahiso eo, bophelo ba ka bo ile ba qala ho fetoha ’me ke ile ka qala ho ba motsoalle oa Molimo, e leng Jehova.

Nakoana ka mor’a moo, ’na le Ntate re ile ra qala ho ea libokeng tsa Bokreste. Lintho tseo a ileng a ithuta tsona li ile tsa mo susumelletsa hore a etse liphetoho bophelong ba hae. O ile a ba a khona le ho laola bohale ba hae. Sena se ile sa susumelletsa ’Mè le moholoane oa ka Frank, hore ba qale ho ea libokeng. * Bone ba rōna re ile ra tsoela pele ’me qetellong re ile ra kolobetsoa, ra ba Lipaki Tsa Jehova. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka ba le setsoalle le batho ba bangata ba hōlileng ’me ba ile ba nthusa ha ke ntse ke hōla.

HA KE NE KE KHETHA MOSEBETSI OO KE NENG KE TLA O ETSA

Ha ke ne ke sa le mocha, ke ne ke rata ho tloaelana le batho ba hōlileng phuthehong ea heso. E mong oa bona e ne e le Alice Place, e leng morali’abo rōna ea hōlileng eo e leng eena motho oa pele ea ileng a etela lapeng. Ke ile ka mo nka joaloka nkhono oa ka. Alice o ile a nkoetlisa mosebetsing oa boboleli ’me a nkhothalletsa hore ke hahamalle ho kolobetsoa. Ke ile ka finyella pakane eo ha ke le lilemo li 15.

Ke ile ka boela ka tloaela banyalani ba bang ba hōlileng, e leng Percy le Madge [Margaret] Dunham. Setsoalle seo re neng re e-na le sona se ile sa e-ba le tšusumetso e khōlō bokamosong ba ka. Ke ne ke rata thuto ea lipalo haholo ’me ke ne ke batla ho ba tichere ea thuto eo. Percy le Madge e ne e le baromuoa naheng ea Latvia lilemong tsa bo-1930. Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma Europe, ba ile ba koptjoa ho ea sebeletsa Bethele ea Australia, motseng oa Sydney. Percy le Madge ba ne ba ntsotella haholo. Ba ile ba mphetela liphihlelo tse ngata tse thabisang tseo ba bileng le tsona mosebetsing oa bona oa boromuoa. Ke ile ka hlokomela hore ho ruta Bibele ho ne ho tla nkhotsofatsa haholo ho feta ho ruta thuto ea lipalo. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho ba moromuoa.

Percy le Madge ba ile ba nkhothalletsa hore ke itokisetse tšebeletso ea boromuoa ka hore ke be pula-maliboho. Kahoo, ka 1948, ha ke ne ke le lilemo li 16, ke ile ka sebetsa hammoho le sehlopha sa bacha ba leshome ba neng ba bula maliboho ba thabile phuthehong ea heso ea Hurstville, motseng oa Sydney.

Nakong ea lilemo tse ’nè, ke ile ka bula maliboho metseng e meng e mene—kaofela ha eona e ne e le New South Wales le Queensland. E mong oa liithuti tsa ka tsa pele tsa Bibele e ne e le Betty Law (eo hona joale e seng e le Betty Remnant). Betty, e leng ngoanana ea neng a e-na le lerato haholo, o ne a mpheta ka lilemo tse peli. Hamorao ke ile ka bula maliboho le eena motseng oa Cowra, o leng bohōle ba lik’hilomithara tse 230 ka bophirimela ho Sydney. Le hoja re ile ra bula maliboho hammoho ka nako e khutšoanyane feela, ’na le Betty re ’nile ra ba metsoalle ho fihlela kajeno.

Ka mor’a hore ke fumane kabelo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng, ke ile ka fallela Narrandera—e leng motse o bohōle ba lik’hilomithara tse 220 ka boroa bophirimela ho Cowra. Motho e mocha eo ke ileng ka sebetsa le eena ke Joy Lennox (hona joale ke Joy Hunter), e leng pula-maliboho ea chesehang eo le eena a neng a mpheta ka lilemo tse peli. E ne e le rōna feela Lipaki motseng oo. ’Na le Joy re ile ra lula le banyalani ba bang ba neng ba e-na le kamohelo e mofuthu ea baeti, e leng Ray le Esther Irons. Banyalani bana hammoho le mora oa bona le barali ba bona ba bararo ba ne ba thahasella ’nete. Har’a beke, Ray le mor’a hae ba ne ba sebetsa polasing ea linku le koro e neng e le ka thōko ho motse, ’me Esther le barali ba hae ba ne ba tsamaisa khoebo ea ntlo ea baeti ea sebakeng seo. Sontaha se seng le se seng, ’na le Joy re ne re phehela lelapa la ha Irons hammoho le banna ba ka bang 12 ba neng ba sebetsa seporong sa terene ba hirile ntlong ea ba ha Irons ea baeti—banna bana ba ne ba ja haholo. Mosebetsi ona oa ho pheha o ne o lefa karolo e ’ngoe ea rente ea rōna. Ka mor’a hore re hleke, re ne re fa ba lelapa la ha Irons lijo tsa moea tse monate—e leng thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke. Ray, Esther le bana ba bona ba bane ba ile ba amohela ’nete ’me ea e-ba bona litho tsa pele tsa Phutheho ea Narrandera.

Ka 1951, ke ile ka ea kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova, Sydney. Ha ke le kopanong eo ke ile ka ea sebokeng se khethehileng sa bo-pula-maliboho ba neng ba rata mosebetsi oa boromuoa. Batho ba neng ba tlile sebokeng seo se neng se tšoaretsoe ka tenteng e khōlō ba ne ba feta 300. Nathan Knorr ea neng a tsoa Bethele ea Brooklyn o ile a bua le sehlopha seo ’me a bolela hore ho ne ho potlakile hore libata tse molemo li isoe likarolong tse hōle tsa lefatše. Re ile ra mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a e bua. Hamorao, bo-pula-maliboho ba bangata ba neng ba le teng sebokeng seo ba ile ba qala mosebetsi oa boboleli South Pacific le libakeng tse ling. Ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ile ka ba har’a Maaustralia a 17 a ileng a memeloa ho ea sehlopheng sa bo19 ea Sekolo sa Gileade ka 1952. Ke ne ke le lilemo li 20 feela ’me takatso ea ka ea ho ba moromuoa e ne e phethahala!

HA HO NE HO HLOKAHALA HORE KE THUSOE

Sekolo sa Gileade se ile sa eketsa tsebo ea ka ea Bibele sa ba sa matlafatsa tumelo ea ka. Se ile sa boela sa nthusa hore ke ntlafatse botho ba ka. Ke ne ke le monyenyane ’me ke nahana lintho tse ke keng tsa etsahala. Ke ne ke batla hore ke etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho phethahetseng, ke bile ke lebeletse hore batho ba bang le bona ba phethahale. Ho na le lintho tseo ke neng ke nahana hore li fosahetse empa li sa fosahala. Ka mohlala, ke ile ka tšoha haholo ha ke ne ke bona Mor’abo rōna Knorr a bapala bolo le sehlopha sa bacha ba bang ba sebeletsang Bethele.

E tlameha ebe barupeli ba bohlale ba Sekolo sa Gileade ba ile ba hlokomela hore ke ne ke hula ka thata. Ba ne ba le mosa ’me ba ile ba nthusa hore ke fetole tsela eo ke neng ke nahana ka eona. Butle-butle ke ile ka qala ho hlokomela hore Jehova ke Molimo ea lerato le ea ananelang seo re se etsang, le hore hase Molimo ea thata le ea sa khotsofaleng. Ba bang ba liithuti-’moho le ’na le bona ba ile ba nthusa. Ke hopola e mong a re: “Elva, Jehova ha aa lula holimo mane ebe o ntse a shapa batho ka sephali. Ak’u tlohele ho itšoara ka thata hakana!” Mantsoe a hae a tobileng a ile a nkama pelo.

Ka mor’a ho phethela lithuto Sekolong sa Gileade, ’na le liithuti-’moho le ’na tse ’nè re ile ra romeloa naheng ea Namibia, Afrika. Ka mor’a nakoana, re ne re se re khanna lithuto tsa Bibele tse 80, ha li kopana. Ke ne ke rata naha ea Namibia hammoho le bophelo ba ho ba moromuoa, empa ke ne ke ratana le eo e neng e le seithuti-’moho le ’na Sekolong sa Gileade ea neng a rometsoe naheng ea Switzerland. Ka mor’a ho qeta selemo ke le Namibia, ke ile ka ea ho eena Switzerland. Ka mor’a hore re nyalane, ke ile ka tsamaea le monna oa ka ha a ne a sebeletsa e le molebeli oa potoloho.

HA KE NE KE THULANA LE BOTHATA

Ka mor’a ho sebetsa lilemo tse hlano re thabile mosebetsing oa potoloho, re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele ea Switzerland. Ha re le lelapeng la Bethele, ke ne ke thabela ho ba har’a bara le baralib’abo rōna ba bangata ba hōlileng ba nkang lintho tsa moea ka botebo.

Ka mor’a nakoana e seng kae, ke ile ka hlaheloa ke ntho e bohloko haholo. Ke ile ka fumana hore monna oa ka o ne a sa tšepahale lenyalong la rōna le hore o ne a sa tšepahale ho Jehova. Kahoo, o ile a ntahla. Ke ne ke ferekane! Ha ke tsebe hore na nkabe ke ile ka mamella boemo boo joang haeba e ne e se ka thuso le lerato la metsoalle ea ka e hōlileng ea lelapeng la Bethele. Ha ke ne ke hloka motho eo nka buang le eena ba ne ba ’mamela ’me ba ne ba re ke phomole ha ke ne ke hloka ho phomola. Mantsoe a bona a khothatsang le liketso tsa bona tse mosa li ile tsa nthusa ha ke ne ke utloile bohloko haholo ’me tsa nthusa hore ke be le kamano e haufi le Jehova.

Ke ile ka boela ka hopola mantsoe a ileng a buuoa lilemo pejana ke batho ba hōlileng ba bohlale ba neng ba ile ba feta litekong. Mantsoe ao a akarelletsa a ileng a buuoa ke Madge Dunham. O kile a re ho ’na: “Elva, ha u sebeletsa Jehova, u tla thulana le liteko tse ngata, empa liteko tse boima haholo li ka ’na tsa hlaha ho batho ba leng haufi le uena. Ha liteko tseo li hlaha, atamela ho Jehova. Hopola hore u sebeletsa eena, eseng batho ba sa phethahalang!” Keletso ea Madge e ile ea nthusa hore ke mamelle liteko tse ngata tse boima. Ke ile ka ikemisetsa hore nke ke ka lumella liphoso tsa monna oa ka hore li nkarohanye le Jehova.

Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela Australia e le hore ke e’o bula maliboho haufi le ba lelapa leso. Nakong eo ke neng ke le leetong la ho ea hae ka sekepe, ke ile ka ba le puisano e thahasellisang ea Bibele le batho bao ke neng ke palame le bona. Har’a bona ho ne ho e-na le monna e mong oa Norway ea thōtseng, e leng Arne Gjerde. O ile a rata seo re neng re buisana ka sona. Hamorao Arne o ile a etela ’na le lelapa leso, Sydney. O ile a tsoela pele moeeng ka potlako ’me a amohela ’nete. Ka 1963, ’na le Arne re ile ra nyalana, ’me lilemo tse peli hamorao re ile ra ba le ngoana oa moshanyana, e leng Gary.

HA KE NE KE THULANA LE BOTHATA BO BONG HAPE

’Na, Arne le Gary, re ne re le lelapa le thabileng re bile re khotsofetse. Nakoana hamorao, Arne o ile a atolosa ntlo ea rōna e le hore re ka lula le batsoali ba ka ba neng ba se ba hōlile. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse tšeletseng re nyalane, Arne o ile a bolelloa hore o na le kankere ea boko. Letsatsi le leng le le leng ke ne ke mo etela sepetlele ha a ne a ntse a fumana phekolo ea radiation. O ile a hlaphoheloa ka nakoana; empa boemo ba hae bo ile ba mpefala ’me a otloa ke seterouku. Lingaka li ile tsa mpolella hore o tla phela libeke tse seng kae feela. Leha ho le joalo, Arne o ile a hlaphoheloa. Qetellong o ile a khutlela hae, ’me ke ile ka mo oka ho fihlela bophelo ba hae bo ntlafala. Ha nako e ntse e-ea, o ile a boela a khona ho tsamaea ’me a tsoela pele ho sebeletsa e le moholo oa phutheho. Ntho e ileng ea mo thusa hore a hlaphoheloe ke hore o ne a lula a thabile a bile a rata ho soasoa ’me seo se ile sa ’nolofalletsa hore ke mo hlokomele.

Lilemo hamorao, ka 1986, Arne o ile a boela a kula haholo. Ka nako eo batsoali ba ka ba ne ba se ba hlokahetse, kahoo re ile ra fallela sebakeng se setle sa Blue Mountains, se ka thōko ho Sydney, moo re ileng ra ba haufi le metsoalle ea rōna. Hamorao, Gary o ile a nyala morali’abo rōna ea ratehang e leng Karin, ’me ba ile ba etsa tlhahiso ea hore re lule ntlong e le ’ngoe le bona. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, kaofela ha rōna re ile ra fallela ntlong e haufinyane le moo re neng re lula teng le Arne.

Arne o ne a se a sa tsohe liphateng likhoeling tse 18 tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, ’me o ne a hloka motho ea tla lula a mo hlokometse kamehla. Kaha likhoeling tseo ho ne ho hlokahala hore ke lule ke le ka tlung boholo ba nako, ke ne ke qeta lihora tse peli letsatsi le letsatsi ke ithuta Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Nakong eo ke neng ke ithuta, ke ile ka fumana keletso e bohlale ea hore na nka mamella boemo boo ke leng ho bona joang. Ke ile ka boela ka eteloa ke batho ba hōlileng ba phuthehong ea heso—ba bang ba bona ba ne ba ’nile ba mamella liteko tse tšoanang le tsa ka. Ba ile ba nkhothatsa haholo! Arne o ile a hlokahala ka April 2003, a e-na le tšepo ea tsoho.

MOTHO EA ILENG A NTHUSA HAHOLO

Ha ke ne ke sa le mocha, ke ne ke nahana lintho tse ke keng tsa etsahala. Empa ke ile ka hlokomela hore hangata ho etsahala lintho tseo re sa li lebellang bophelong. Ke ’nile ka fumana mahlohonolo a mangata empa hape ka boela ka mamella liteko tse peli tse bohloko haholo. Ke ile ka lahleheloa ke molekane oa ka oa pele ka lebaka la hore ha aa ka a tšepahala lenyalong la rōna le ho Jehova. Ke ile ka boela ka lahleheloa ke molekane oa ka oa bobeli ka lebaka la ho kula. Litekong tsohle tseo ke ileng ka thulana le tsona, ke ile ka tataisoa le ho khothatsoa ka litsela tse sa tšoaneng. Le kajeno ke ntse ke thusoa ke Jehova Molimo, e leng “Moholo-holo oa Matsatsi”. (Dan. 7:9) Keletso ea hae e fetotse bophelo ba ka ’me e nthusitse hore ke be le liphihlelo tse thabisang mosebetsing oa boromuoa. Ha mathata a ne a hlaha, ‘mosa oa Jehova o lerato o ile oa ntšehetsa ’me matšeliso a hae a ile a hlabolla moea oa ka.’ (Pes. 94:18, 19) Lelapa leso le ’nile la ntšehetsa le ho mpontša lerato hammoho le ‘metsoalle ea ’nete e tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.’ (Liprov. 17:17) Ba bangata ba metsoalle ea ka e ne le batho ba hōlileng ba bohlale.

Mopatriareka Jobo o ile a botsa a re: “Na ha ho na bohlale har’a ba hōlileng le kutloisiso boleleleng ba matsatsi?” (Jobo 12:12) Ha ke nahana ka lintho tse etsahetseng bophelong ba ka, kea lumela hore ho joalo. Keletso ea batho ba hōlileng e nthusitse, khothatso ea bona e ntšehelitse, le setsoalle sa bona se ntlafalitse bophelo ba ka. Ke thabela hore e be ke ile ka etsa setsoalle le bona.

Hona joale ke lilemo li 80, ’me le ’na ke se ke hōlile. Lintho tse etsahetseng bophelong ba ka li nthusitse hore ke nahanele batho ba hōlileng haholo. Ke ntse ke rata ho ba etela le ho ba thusa. Empa ke boetse ke rata ho ba le bacha. Ke rata mafolofolo ao ba nang le ’ona ’me cheseho ea bona ea nkhothatsa. Ke thabela ho thusa bacha haholo ha ba kōpa tataiso ho ’na le ha ba hloka hore ke ba thuse.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Moholoane oa Elva, e leng Frank Lambert, e ile ea e-ba pula-maliboho ea chesehang motseng o mong oa mahaeng, naheng ea Australia. Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1983 (ea Senyesemane) leqepheng la 110-112, e bua ka le leng la maeto a hae a boboleli a thabisang.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ha ke ne ke bula maliboho le Joy Lennox, Narrandera

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Elva le litho tsa lelapa la Bethele ea Switzerland ka 1960

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ha ke ne ke hlokomela Arne nakong eo a neng a kula