Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nalane ea Rōna

“Letsatsi le Leng le le Leng ke Ithuta ho Rata Mosebetsi oa ka oa ho Rekisa Libuka le ho Feta”

“Letsatsi le Leng le le Leng ke Ithuta ho Rata Mosebetsi oa ka oa ho Rekisa Libuka le ho Feta”

KA 1886, ho ile ha ntšoa libuka tse lekholo tsa Millennial Dawn, Moqolo I, Ntlong ea Bibele e neng e le Allegheny, Pennsylvania, U.S.A., tsa isoa motseng oa Chicago, Illinois. Charles Taze Russell o ne a nahanne hore o tla aba moqolo ona o mocha mabenkeleng a rekisang libuka. E ’ngoe ea lifeme tse khōlō tsa United States tse abang libuka tsa bolumeli e ne e lumetse ho aba libuka tsa Millennial Dawn ka tumellano ea hore e tla lefshoa ha libuka tseo li se li rekisitsoe. Empa libeke tse peli hamorao, libuka tseo kaofela li ile tsa khutlisetsoa Ntlong ea Bibele.

Ho utloahala eka moevangeli e mong ea tsebahalang o ile a halefa ha a bona buka ea Millennial Dawn e bapalitsoe hammoho le libuka tsa hae. Ka bohale o ile a bolela hore haeba buka eo ea Millennial Dawn e sa tlosoe lishelefong, eena hammoho le metsoalle ea hae ea baevangeli ba tummeng ba ne ba tla nka libuka tsa bona ba e’o li rekisa sebakeng se seng ’me ba ne ba ke ke ba hlola ba hoebisana le mong’a lebenkele leo. Ka lekhonono, mong’a lebenkele leo o ile a khutlisa libuka tseo. Ho ekelletsa moo, libuka tsa Millennial Dawn li ne li se li bapalitsoe likoranteng. Empa batho ba neng ba le khahlanong le libuka tseo, ba ile ba etsa bonnete ba hore litumellano tsa ho bapatsa libuka tseo lia felisoa. Joale libuka tsee tse ncha li ne li tla fihla ho batho ba batlang ’nete joang?

Batho ba neng ba rekisa libuka, e leng tsela eo ba neng ba bitsoa ka eona pele, ke bona ba ileng ba e loana. * Ka 1881, Zion’s Watch Tower e ile ea bolela hore ho hlokahala baboleli ba 1 000 ba neng ba ka tsamaisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng kamehla. Le hoja batho bao ba rekisang libuka ba ne ba le makholo a seng makae feela, ba ile ba hasa peō ea ’nete e hatisitsoeng libukeng libakeng tse ngata. Ka 1897, ho ne ho se ho tsamaisitsoe libuka tsa Millennial Dawn tse ka bang milione, ’me tse ngata li ne li tsamaisitsoe ke batho bao ba rekisang libuka. Ba bangata ba bona ba ne ba iphelisa ka chelete e nyenyane ea ho koahela litšenyehelo eo ba neng ba e fumana ha motho a ne a etsa peeletso ea Molula-Qhooa kapa ha ba ne ba tsamaisitse libuka.

Batho baa ba sebete ba rekisang libuka e ne e le bo-mang? Ba bang ba qalile esale bacha, ba bang ba se ba hōlile. Ba bangata e ne e le masoha kapa banyalani ba se nang bana, empa malapa a mangata le ’ona a ne a etsa mosebetsi ona. Batho ba neng ba rekisa libuka kamehla ba ne ba sebetsa letsatsi lohle, ’me ba neng ba thusa ba ne ba sebetsa hora e le ’ngoe kapa tse peli ka letsatsi. Hase batho bohle ba neng ba phetse hantle hore ba ka etsa mosebetsi oa ho rekisa libuka kapa bao maemo a bona a neng a ba lumella hore ba ka etsa mosebetsi ona. Empa kopanong ea setereke ea 1906, batho ba neng ba ka khona ho etsa mosebetsi ona ba ile ba bolelloa hore ho ne ho sa hlokahale hore e be “barutehi, kapa ba be le talenta kapa hore e be likheleke.”

Hoo e ka bang k’honthinenteng e ’ngoe le e ’ngoe, batho ba tloaelehileng ba ile ba phetha mosebetsi o babatsehang. Mora e mong oabo rōna o hakanya hore ka lilemo tse supileng o ile a tsamaisa libuka tse 15 000. Leha ho le joalo, o ile a re, “Ha kea ka ka kenela mosebetsi ona oa ho rekisa libuka hore feela ke be morekisi, empa ho e-na le hoo, hore ke pakele Jehova ke be ke pakele ’nete ea hae.” Kae kapa kae moo barekisi bana ba libuka ba neng ba ea teng, peō ea ’nete e ne e mela ’me lihlopha tsa Liithuti Tsa Bibele li ne li ata.

Baruti ba ne ba soma barekisi bana ba libuka, ba ba bitsa hore ke barekisi ba libuka feela tjee. Ka 1892 Molula-Qhooa oa Senyesemane o ile oa re: “Batho ba ’maloa ba [ba] tseba e le baemeli ba sebele ba Morena, kapa ba hlokomela seriti seo Morena a se bonang boikokobetsong le boitelong ba bona.” Ka sebele, bophelo ba barekisi ba libuka e ne e se “ba ho hlaba khobe ka lemao,” joalokaha e mong oa bona a ile a bolela. Lieta tse thata le libaesekele e ne e le tsona lintho tse ka sehloohong tseo barekisi bana ba libuka ba neng ba tsamaea ka tsona. Libakeng tseo ho tsona batho ba neng ba se na chelete, barekisi bana ba libuka ba ne ba fa batho libuka ebe bona ba ba fa lijo. Ka mor’a ho qeta letsatsi ba le tšimong, baboleli bana ba ne ba khutlela litenteng le likamoreng tseo ba neng ba li hirile ba khathetse empa ba thabile. Hamorao ho ile ha sebelisoa Koloi ea Barekisi ba Libuka, e leng koloi e neng e fetotsoe ntlo, e neng e boloka nako le chelete. *

Ho qala ka Kopano ea Setereke e neng e tšoaretsoe Chicago, ka 1893, lenaneong ho ile ha ba le karolo eo ka ho khetheha e neng e bua ka mosebetsi oa ho rekisa libuka. E ne e akarelletsa liphihlelo tse neng li fanoa ka cheseho tseo Barekisi ba Libuka ba bileng le tsona, e fana ka litlhahiso tsa hore na ho ka sebelisoa mekhoa efe ha ho etsoa mosebetsi oa boboleli e bile e fana ka likeletso tse neng li ka thusa ba bang. Ka lekhetlo le leng Mor’abo rōna Russell o ile a khothalletsa baboleli ba litaba tse molemo ba sebetsang ka thata hore ba je hantle hoseng, pele nako ea lijo tsa motšehare e fihla ba noe lebese, ’me ha ho chesa ba noe seno-mapholi.

Ha e mong oa barekisi ba libuka a ne a batla motho ea ka sebetsang le eena kapa ea ka etsang mosebetsi oa boboleli le eena, o ne a kenya lelente le lesehla. Barekisi ba bacha ba ne ba tsamaea le ba neng ba e-na le boiphihlelo. Ka sebele ho ne ho hlokahala hore ba bacha ba koetlisoe, kaha ha morekisi e mong e mocha oa libuka a ne a li buella, ka lebaka la ho tšoha o ile a re, “Ha u batle libuka tsena, akere?” Ho thabisang ke hore mong’a ntlo o ile a li nka ’me hamorao e ile ea e-ba morali’abo rōna.

Mora e mong oabo rōna o ile a ipotsa, ‘Na ke lokela ho tsoela pele ka bophelo ba ka bo hlamatsehang ’me ke ’ne ke fane ka monehelo oa $1 000 (U.S.) ka selemo ho tšehetsa mosebetsi oo, kapa ke lokela ho ba morekisi oa libuka?’ O ile a bolelloa hore Morena o tla ananela eng kapa eng eo a khethang ho e etsa, empa ho fa Morena nako ea hae ka ho toba ho ne ho tla mo tlisetsa mahlohonolo a mangata. Mary Hinds o ne a nka mosebetsi oa ho rekisa libuka e le “tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsetsa batho ba bangata lintho tse molemo.” Hape Alberta Crosby ea lihlong o ile a re, “Letsatsi le leng le le leng ke ithuta ho rata mosebetsi oa ka oa ho rekisa libuka le ho feta.”

Kajeno, litloholo tse ngata tsa barekisi bana ba libuka ba chesehang esita le litloholo tsa bona tsa moea, li ntse li tšoere lefa la tsona la moea ka tieo. Haeba ha ho e-s’o ka ho e-ba le morekisi oa libuka kapa pula-maliboho lelokong la heno, e ka ba hantle hore u qale moetlo oo lelapeng la hao. Le uena u tla ithuta ho rata mosebetsi oa nako e tletseng oa ho bolela litaba tse molemo letsatsi le letsatsi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ka mor’a 1931, lebitso lena “barekisi ba libuka” le ile la nkeloa sebaka ke “pula-maliboho.”

^ ser. 8 Boitsebiso bo mabapi le likoloi tsena tse neng li fetotsoe matlo bo tla hlaha makasineng e ’ngoe ka moso.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]

Ho ne ho sa hlokahale hore e be “barutehi, kapa ba be le talenta kapa hore e be likheleke”

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Morekisi oa Libuka A. W. Osei oa Ghana, hoo e ka bang ka 1930

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

Ka holimo: Barekisi ba Libuka e leng Edith Keen le Gertrude Morris ba Engelane, hoo e ka bang ka 1918; ka tlaase: Stanley Cossaboom le Henry Nonkes ba United States, le mabokose a se nang letho a neng a tšetse libuka tseo ba li tsamaisitseng