Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lefu la ba tšepahalang ba Molimo ke la “bohlokoa mahlong a Jehova” joang?

▪ Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a bina a re: “Lefu la ba tšepahalang ba hae ke la bohlokoa mahlong a Jehova.” (Pes. 116:15) Bophelo ba morapeli e mong le e mong oa ’nete oa Jehova ke ba bohlokoa haholo ho eena. Leha ho le joalo, mantsoe a qotsitsoeng ho Pesaleme ea 116 a bolela ho fetang feela lefu la motho.

Ha Mokreste a hlokahetse, motho ea fanang ka puo ea lepato kapa ea ho ikhopotsa mofu ha aa lokela ho sebelisa Pesaleme ea 116:15 ho motho ea hlokahetseng, le hoja Mokreste eo a hlokahetse e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. Hobane’ng? Hobane mantsoe a mopesaleme a na le moelelo o pharaletseng. Sena se bolela hore Molimo a ke ke a lumella batho bohle ba hae ba tšepahalang hore ba shoe, kaha o ba nka e le ba bohlokoa.—Sheba Pesaleme ea 72:14; 116:8.

Pesaleme ea 116:15 e re tiisetsa hore Jehova a ke ke a lumella hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba timetsoe ka ho feletseng lefatšeng e le sehlopha. Ha e le hantle, histori ea rōna ea mehleng ena e bontša hore re ’nile ra mamella liteko tse matla le mahloriso, ’me seo se bontša ka ho hlaka hore le ka mohla Molimo a ke ke a lumella hore re felisoe.

Jehova a ke ke a lumella hore re timetsoe re le sehlopha kaha o matla oohle ebile morero oa hae o tla fela o phethahale. Haeba Molimo a ne a ka lumella seo, ho ne ho tla bonahala eka lira tsa hae li matla ho mo feta—e leng ntho e ke keng ea etsahala! Morero oa Jehova oa hore lefatšeng ho lule batho ba tšepahalang ho eena o ne o ke ke oa phethahala—e leng se neng se ke ke sa etsahala hore morero oo o hlōlehe ho phethahala. (Esa. 45:18; 55:10, 11) Jehova o ne a ke ke a etsetsoa tšebeletso e halalelang lefatšeng haeba ho ne ho ke ke ha e-ba le batho ba tla sala ba mo rapela mabaleng a lefatšeng a tempele ea hae e khōlō ea moea! Ho ne ho ke ke ha e-ba le batho ba tla theha “lefatše le lecha”—e leng sechaba se lokileng se tla phela lefatšeng tlas’a “leholimo le lecha.” (Tšen. 21:1) Ho feta moo, Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e ne e ke ke ea e-ba teng haeba e ne e se na bafo lefatšeng.—Tšen. 20:4, 5.

Haeba Molimo a ne a ka lumella lira tsa hae hore li felise sehlopha sohle sa batho ba hae ba lefatšeng, boemo ba hae le botumo ba hae bo ne bo tla belaelloa. Haeba batho ba Jehova ba ne ba ka felisoa kaofela lefatšeng seo se ne se tla thunthetsa boemo ba hae joaloka ’Musi oa Bokahohle. Ho feta moo, kaha Jehova oa itlhompha ebile o hlompha le lebitso la hae le halalelang, a ke ke a lumella ba tšepahalang ba hae hore ba felisoe e le sehlopha. Hape ak’u nahane ka sena: Molimo eo ho eena “ho se nang ho hloka toka” le ka mohla a ke ke a hloleha ho sireletsa sehlopha sa batho ba ’nileng ba mo sebeletsa ka botšepehi. (Deut. 32:4; Gen. 18:25) Ho feta moo, haeba Molimo a ne a ka lumella hore bahlanka ba hae ba felisoe e le sehlopha, seo se ne se tla ba khahlanong le Lentsoe la hae ha le re: “Jehova a ke ke a tlohela sechaba sa hae ka lebaka la lebitso la hae le leholo.” (1 Sam. 12:22) Ka sebele, “Jehova a ke ke a furalla batho ba hae, kapa a tlohela lefa la hae.”—Pes. 94:14.

Ruri hoa re khothatsa ho tseba hore le ka mohla batho ba Jehova ba ke ke ba felisoa lefatšeng! Kahoo, e se eka re ka lula re tšepahala ho Molimo, re e-na le tšepo ea hore tšepiso ena ea hae e tla phethahala: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na.”—Esa. 54:17.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Le ka mohla Molimo a ke ke a lumella hore batho ba hae ba felisoe