Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Bonahatsa Khanya ea Jehova?

Na U Bonahatsa Khanya ea Jehova?

Na U Bonahatsa Khanya ea Jehova?

“Re bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone.”—2 BAKOR. 3:18.

U KA ARABA JOANG?

Le hoja re le baetsalibe, re ka tlotlisa Jehova joang?

Lithapelo tsa rōna le ho ba teng libokeng tsa Bokreste li re thusa joang hore re bonahatse khanya ea Molimo?

Ke’ng e ka re thusang hore re tsoele pele re tlotlisa Jehova?

1, 2. Ke hobane’ng ha batho ba ka khona ho etsisa litšobotsi tsa Jehova?

KAOFELA ha rōna re tšoana le batsoali ba rōna ka tsela e itseng. Kahoo, ha re makale ha re utloa motho e mong a re ho moshanyana, ‘U tšoana le ntat’ao hantle.’ Motho e mong a ka ’na a re ho ngoanana, ‘U nkhopotsa ’m’ao.’ Hangata bana ba etsisa batsoali ba bona. Empa ho thoe’ng ka rōna? Na re ka etsisa Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova? Le hoja re e-s’o ka re mo bona, re ka lemoha litšobotsi tsa hae tse babatsehang ka hore re ithute Lentsoe la hae, re hlokomele pōpo ea hae le ka hore re thuise ka Mangolo ’me haholo-holo ka mantsoe le ka liketso tsa Mora oa Molimo, e leng Jesu Kreste. (Joh. 1:18; Bar. 1:20) Re ka khona ho bonahatsa khanya ea Jehova.

2 Pele Molimo a bōpa Adama le Eva, o ne a kholisehile hore batho ba tla khona ho etsa thato ea hae, ho bonahatsa litšobotsi tsa hae le hore ba mo tlotlise. (Bala Genese 1:26, 27.) Kaha re Bakreste, re batla ho etsisa litšobotsi tsa Molimo oa rōna. Haeba re etsa joalo, re tla ba le tlotla ea ho bonahatsa khanya ea Molimo ho sa tsotellehe hore na setso sa rōna ke sefe, hore na re rutehile hakae le hore na re ba morabe ofe. Hobane’ng? Hobane “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Lik. 10:34, 35.

3. Bakreste ba ka ikutloa joang ha ba ntse ba sebeletsa Jehova?

3 Bakreste ba tlotsitsoeng ba bonahatsa khanya ea Jehova. Kahoo, moapostola Pauluse ea neng a tlotsitsoe ka moea o halalelang o ile a ngola a re: “Rōna kaofela, ha ka lifahleho tse koaholotsoeng lesira re ntse re bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone, re fetoleloa setšoantšong se tšoanang ho tloha khanyeng ho ea khanyeng.” (2 Bakor. 3:18) Ha moprofeta Moshe a ne a theoha Thabeng ea Sinai a nkile matlapa ao ho ’ona ho neng ho ngotsoe Melao e Leshome, sefahleho sa hae se ne se ntša mahlaseli kaha Jehova o ne a buile le eena. (Ex. 34:29, 30) Le hoja seo se etsahetseng ho Moshe se e-s’o ka se etsahala ho Bakreste, ’me lifahleho tsa bona li sa ntše mahlaseli, baa thaba ha ba bolella batho ba bang ka Jehova, litšobotsi tsa hae le hore na morero oa hae ke ofe ka batho. Joaloka liipone tsa lesenke tsa mehleng ea boholo-holo, batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona e lefatšeng, ba bonahatsa khanya ea Jehova bophelong ba bona esita le tšebeletsong ea bona. (2 Bakor. 4:1) Na u bonahatsa khanya ea Jehova ka boitšoaro ba hao bo bontšang hore u tšaba Molimo le ka ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso kamehla?

RE BATLA HO BONAHATSA KHANYA EA JEHOVA

4, 5. (a) Joaloka Pauluse, re thulana le bothata bofe? (b) Sebe se ’nile sa re ama joang?

4 Kaha re bahlanka ba Jehova, ka sebele re batla ho tlotlisa ’Mōpi oa rōna ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Leha ho le joalo, hangata ha re etse seo re batlang ho se etsa. Pauluse le eena o ile a thulana le bothata boo. (Bala Baroma 7:21-25.) Ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha re thulana le bothata boo, Pauluse o ile a ngola a re: “Etsoe bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Bar. 3:23) Kaha Adama o ile a etsa sebe, batho bohle ba tsoaloa e le makhoba a sebe se ba busang joaloka morena ea khopo.—Bar. 5:12; 6:12.

5 Sebe ke eng? Ke ntho efe kapa efe e khahlanong le botho, litsela, melao le thato ea Jehova. Sebe se senya kamano ea motho le Molimo. Feela joalokaha motho ea fulang metsu a ka ’na a fula motsu empa a se ke a nepa, sebe se etsa hore re se ke ra nepa. Re ka etsa sebe ka boomo kapa ka phoso. (Num. 15:27-31) Sebe se metse ka metso ka hare ho batho ’me se ba arola le ’Mōpi oa bona. (Pes. 51:5; Esa. 59:2; Bakol. 1:21) Batho ba bangata ba phela ka tsela e ba arolang ho Molimo, ka lebaka leo ba hloloa ke monyetla oa bohlokoa oa ho bonahatsa khanya ea Molimo. Ka sebele, ha ho na ntho e tlisetsang batho liphello tse bohloko ho feta sebe.

6. Le hoja re le baetsalibe, re ka tlotlisa Molimo joang?

6 Le hoja re le baetsalibe, Jehova o ’nile a bontša hore ke “Molimo ea fanang ka tšepo.” (Bar. 15:13) O fane ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste e le hore a felise sebe ka ho feletseng. Ha re bontša tumelo sehlabelong seo, ha re sa le “makhoba a sebe,” empa re boemong ba ho bonahatsa khanya ea Jehova. (Bar. 5:19; 6:6; Joh. 3:16) Ha re lula re e-na le kamano ena e ntle le Molimo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa hona joale ’me nakong e tlang re tla phethahala re be re fumane bophelo bo sa feleng. Le hoja re ntse re le baetsalibe, ruri rea thaba hore ebe Molimo o re nka re le batho ba ka bonahatsang khanya ea hae!

HO BONAHATSA KHANYA EA MOLIMO

7. Ke eng eo re lokelang ho e lumela e le hore re tsebe ho bonahatsa khanya ea Molimo?

7 Kaha re baetsalibe, kaofela ha rōna re na le mefokolo. E le hore re khone ho bonahatsa khanya ea Molimo, re lokela ho tseba hore na bofokoli ba rōna ke bofe. (2 Likron. 6:36) Re lokela ho lumela hore re na le bofokoli boo ’me re bo loantše e le hore re tle re tsebe ho tlotlisa Molimo. Ka mohlala, haeba re e-na le bofokoli ba ho etsa sebe se tlotlollang sa ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, re lokela ho lumela hore ho hlokahala hore re thusoe moeeng ’me re nke bohato ba hore re fumane thuso e joalo. (Jak. 5:14, 15) Bona e tla be e le bohato ba pele ba hore re phele bophelo bo tlotlisang Molimo. Kaha re barapeli ba Jehova, re lokela ho tsoela pele re itlhahloba ho bona hore na re mamela melao ea hae e lokileng kapa che. (Liprov. 28:18; 1 Bakor. 10:12) Ho sa tsotellehe hore na bofokoli ba rōna ke bofe, re lokela ho tsoela pele re bo loantša e le hore re tsebe ho bonahatsa khanya ea Molimo.

8. Le hoja re sa phethahala, ke sefe seo re lokelang ho se etsa?

8 Jesu ke eena feela motho eo kamehla a ileng a etsa lintho tse khahlisang Molimo a ba a bonahatsa khanya ea Hae ka ho phethahetseng. Le hoja re sa phethahala joalokaha Jesu a ne a phethahetse, re lokela ho etsa boiteko ba ho latela mohlala oa hae. (1 Pet. 2:21) Jehova o hlokomela boiteko ba rōna le hore na re se re tsoetse pele hakae, ebile o hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ho mo tlotlisa.

9. Bibele e phetha karolo efe ho thusa Bakreste ba batlang ho etsa thato ea Molimo?

9 Bibele e ka re thusa hore re utloisise hore na re ka etsa joang e le hore re tsoele pele ho bonahatsa khanya ea Molimo. Re lokela ho ithuta Bibele ka botebo re be re nahanisise ka seo re ithutang sona. (Pes. 1:1-3) Haeba re bala Mangolo kamehla seo se tla re thusa hore kamano ea rōna le Molimo e ntlafale. (Bala Jakobo 1:22-25.) Seo re ithutang sona Bibeleng se matlafatsa tumelo ea rōna. Se boetse se re fa matla a hore re qobe ho etsa sebe se tebileng e le hore re khahlise Jehova.—Pes. 119:11, 47, 48.

10. Thapelo e ka re thusa joang hore re sebeletse Jehova ka botlalo?

10 E le hore re bonahatse khanya ea Molimo, ho hlokahala hore re boele re ‘phehelle thapelong.’ (Bar. 12:12) Re lokela ho rapela hore Jehova a re thuse hore re mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. E le hore re finyelle seo, re lokela ho kōpa Molimo hore a re fe moea o halalelang, tumelo e eketsehileng, matla a hore re hlōle liteko le hore re khone ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15; Mat. 6:13; Luka 11:13; 17:5) Feela joalokaha ngoana a tšepa ntate oa hae, le rōna re lokela ho tšepa Ntate oa rōna ea leholimong e leng Jehova. Haeba re kōpa hore a re thuse hore re mo sebeletse ka botlalo, re ka kholiseha hore o tla fela a etse joalo. E se e ka le ka mohla re ke ke ra nka hore rea mo khathatsa! Ho e-na le hoo, ha re rapela re lokela ho mo rorisa, re mo lebohe, re kōpe hore a re tataise haholo-holo ha re thulana le liteko re be re kōpe hore a re thuse hore re mo sebeletse ka tsela e tla tlotlisa lebitso la hae le halalelang.—Pes. 86:12; Jak. 1:5-7.

11. Liboka tsa phutheho li re thusa joang hore re bonahatse khanya ea Molimo?

11 Molimo o file “lekhoba le tšepahalang le le masene” boikarabelo ba ho hlokomela linku tsa hae tsa bohlokoa. (Mat. 24:45-47; Pes. 100:3) Lekhoba le tšepahalang le batla ho re thusa kaofela hore re bonahatse khanya ea Jehova. Tsela e ’ngoe eo lekhoba le e sebelisang ho etsa sena ke liboka tsa rōna. Liboka li re thusa hore re etse liphetoho bophelong ba rōna le hore re ntlafatse litšobotsi tsa rōna tsa Bokreste, feela joalokaha serōki se ka lokisa liaparo tsa rōna e le hore re shebahale hantle. (Baheb. 10:24, 25) Kahoo, e se eka re ka fihla libokeng ka nako, kaha haeba re tloaetse ho fihla ka mor’a nako, re ka fetoa ke lintlha tse ling tse reretsoeng ho re ruisa molemo.

A RE ETSISENG MOLIMO

12. Re ka etsisa Molimo joang?

12 Haeba re batla ho bonahatsa khanya ea Jehova, re lokela ‘ho ba baetsisi ba Molimo.’ (Baef. 5:1) Tsela e ’ngoe eo re ka etsisang Jehova ka eona ke ka hore re talime lintho ka tsela eo a li talimang ka eona. Ha re leka ho etsa lintho ka tsela ea rōna eseng ka tsela eo Molimo a e batlang, rea mo hlompholla ’me seo se ka re kenya khathatsong. Kaha batho bao re phelang har’a bona ba susumetsoa ke ea khopo, e leng Satane Diabolose, re lokela ho etsa boiteko bo matla ba hore re hloee seo Jehova a se hloileng ’me re rate seo a se ratang. (Pes. 97:10; 1 Joh. 5:19) Re lokela ho kholiseha hore tsela e nepahetseng feela ea ho sebeletsa Molimo ke ka hore re etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea hae.—Bala 1 Bakorinthe 10:31.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho hloea sebe, hona see se tla re susumelletsa ho etsa’ng?

13 Jehova o hloile sebe, le rōna re lokela ho se hloea. Haeba re hloile sebe, re tla etsa sohle se matleng a rōna ho qoba ntho efe kapa efe e ka re susumelletsang hore re etse sebe. Ka mohlala, re lokela ho itebela hore re se ke ra inehella bokoenehi, e leng sebe se ka etsang hore re se ke ra tšoaneleha ho tlotlisa Molimo. (Deut. 13:6-9) Kahoo, a re qobeng bakoenehi kapa motho ofe kapa ofe ea ipolelang hore ke mor’abo rōna empa a hlompholla Molimo. Re lokela ho etsa joalo le haeba motho eo e le setho sa lelapa. (1 Bakor. 5:11) Ha re rue molemo haeba re leka ho bontša hore bakoenehi le batho ba bang ba tšoaeang mokhatlo oa Jehova phoso ba fositse. Ha e le hantle, ho hang ha rea lokela ho bala boitsebiso ba bakoenehi ebang ke bo ngotsoeng kapa ke bo hlahang Inthaneteng, kaha seo se ka senya kamano ea rōna le Jehova.—Bala Esaia 5:20; Matheu 7:6.

14. Ha re ntse re etsa boiteko ba ho bonahatsa khanya ea Molimo, ke tšobotsi efe e ka sehloohong eo re lokelang ho e bonahatsa, hona hobane’ng?

14 Ho bontša lerato ke tsela e ka sehloohong ea ho etsisa Ntate oa rōna ea leholimong. Re lokela ho bontša lerato joaloka eena. (1 Joh. 4:16-19) Ha e le hantle, lerato le renang har’a rōna le bontša hore re barutuoa ba Jesu le hore re bahlanka ba Jehova. (Joh. 13:34, 35) Kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba thata hore re bontše lerato, empa re lokela ho leka ho bontša lerato ka linako tsohle. Ha re etsa boiteko ba ho bontša lerato le litšobotsi tse ling tsa Bokreste, seo se tla re thusa hore re qobe ho etsa libe le lintho tse ling tse sa bontšeng mosa.—2 Pet. 1:5-7.

15. Lerato le ama likamano tsa rōna le batho ba bang joang?

15 Lerato le re susumelletsa ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo. (Bar. 13:8-10) Ka mohlala, ha re rata balekane ba rōna seo se tla re thusa hore re boloke liphate tsa lenyalo li sa silafala. Ha re rata baholo ebile re hlompha mosebetsi oa bona, seo se tla re thusa hore re ba mamele re be re ikokobeletse tataiso ea bona. Bana ba ratang batsoali ba bona baa ba hlompha ebile ha ba ba bue hampe. Haeba re rata batho ba bang re ke ke ra ba khella fatše kapa ra bua le bona ka tsela e sa bontšeng tlhompho. (Jak. 3:9) Baholo ba ratang linku tsa Molimo ba tla li tšoara ka bonolo.—Lik. 20:28, 29.

16. Ha re bontša lerato seo se tla re thusa joang tšebeletsong ea rōna ea boboleli?

16 Re boetse re lokela ho bontša lerato ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Kaha re rata Jehova haholo, re ke ke ra nyahama ha batho ba sa re mamele kapa ba sa thahaselle litaba tse molemo. Ho e-na le hoo, re tla tsoela pele re bolela litaba tse molemo. Lerato le tla re susumelletsa hore re lokisetse hantle ha re e-ea tšebeletsong ea boboleli re be re loanele hore re atlehe. Haeba re rata Molimo le moahelani oa rōna e le kannete, re ke ke ra nka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e le moroalo kapa mosebetsi oo re o etsang feela ho phetha molao. Ho e-na le hoo, re tla o nka e le tlotla e khōlō ’me re o etse re thabile.—Mat. 10:7.

TSOELA PELE HO TLOTLISA JEHOVA

17. Ke hobane’ng ha ho hlokomela hore ha re khone ho bonahatsa khanya ea Molimo ka botlalo ho re tsoela molemo?

17 Batho ba bangata lefatšeng ha ba hlokomele hore na sebe se tebile hakae, empa rōna rea hlokomela. Sena se etsa hore re hlokomele hore re lokela ho loantša tšekamelo ea rōna ea boetsalibe. Ha re hlokomela hore re baetsalibe, seo se tla re thusa hore re koetlise matsoalo a rōna e le hore a ka re susumelletsa ho etsa lintho tse nepahetseng ha re tleloa ke monahano le takatso ea ho etsa sebe. (Bar. 7:22, 23) Ke ’nete hore e ka ’na eaba rea fokola, empa Molimo o tla re fa matla a hore re etse se nepahetseng boemong bofe kapa bofe.—2 Bakor. 12:10.

18, 19. (a) Ke’ng e re thusang hore re atlehe ho loantša meea e khopo? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

18 E le hore re tlotlise Jehova, re boetse re lokela ho loantša meea e khopo. Lihlomo tsa rōna tsa moea tseo re li filoeng ke Molimo li re thusa hore re atlehe ho etsa sena. (Baef. 6:11-13) Satane ha a khaotse ho leka ho amoha Jehova tlotla e Mo lokelang. Diabolose o boetse o etsa sohle se matleng a hae ho senya kamano ea rōna le Jehova. Empa Satane o utloa bohloko hakaakang ha rōna hammoho le batho ba limilione ba sa phethahalang re lula re tšepahala ho Molimo ’me re Mo tlotlisa! Kahoo, a re tsoeleng pele re tlotlisa Jehova joaloka libōpuoa tsa moea tse leholimong tse ileng tsa hooa tsa re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—Tšen. 4:11.

19 E se eka re ka ikemisetsa ho tsoela pele re tlotlisa Jehova ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng. E tlameha ebe oa thaba hore ebe batho ba bangata hakana ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho mo etsisa le ho bonahatsa khanya ea hae. (Liprov. 27:11) E se eka re ka ba le maikutlo a tšoanang le a Davida ea ileng a bina a re: “Kea u roka, Jehova Molimo oa ka, ka pelo ea ka eohle, ke tla tlotlisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pes. 86:12) Ruri re labalabela letsatsi leo ka lona re tla bonahatsa khanya ea Jehova ka ho phethahala re be re mo rorise ka ho sa feleng! Batho ba mamelang Molimo ba tla thabela sena. Na hona joale u bonahatsa khanya ea Jehova Molimo u e-na le tšepo ea hore u tla e bonahatsa ka ho sa feleng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Na u bonahatsa khanya ea Jehova ka litsela tsee?