Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepa Jehova Molimo oa “Linako le Mehla”

Tšepa Jehova Molimo oa “Linako le Mehla”

Tšepa Jehova Molimo oa “Linako le Mehla”

“O fetola linako le mehla, o tlosa marena le ho emisa marena.”—DAN. 2:21.

U KA ARABA JOANG?

Pōpo hammoho le boprofeta bo ’nileng ba phethahala li bontša joang hore Jehova ke ’Moloki e Moholo oa Nako?

Ha re utloisisa hore Jehova ke Molimo oa “linako le mehla,” seo se tla re susumelletsa hore re etse’ng?

Ke hobane’ng ha kemiso ea Jehova ea nako e sa laoloe ke liketsahalo tsa lefatše le merero ea batho?

1, 2. Ke’ng e bontšang hore Jehova o utloisisa nako hantle?

NAKO e telele le pele a bōpa batho, Jehova Molimo o ile a lokisetsa mokhoa oa ho lekanyetsa nako. Ka letsatsi la bone la pōpo, Molimo o ile a re: “Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo ho etsa karohano pakeng tsa motšehare le bosiu; ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo.” (Gen. 1:14, 19, 26) Ha e le hantle, ke sona se ileng sa etsahala tumellanong le thato ea Jehova.

2 Leha ho le joalo, ho fihlela joale, bo-rasaense ba ntse ba sitoa ho hlalosa hore na nako ke eng. Encyclopedia e ’ngoe e re: “Nako ke e ’ngoe ea lintho tseo batho ba sa li utloisiseng ka ho fetisisa. Ha ho na motho ea ka bolelang hore na ha e le hantle nako ke eng.” Leha ho le joalo, Jehova o utloisisa hantle hore na nako ke eng. Etsoe ke “’Mōpi oa maholimo, . . . ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona.” Hape Jehova ke “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.” (Esa. 45:18; 46:10) E le hore re be le tumelo e matla ho eena le Lentsoeng la hae, Bibele, a re ke re tšohleng kamoo pōpo le boprofeta bo phethahetseng li bontšang kateng hore Jehova ke ’Moloki e Moholo oa Nako.

PŌPO E ETSA HORE RE BE LE TUMELO E MATLA HO ’MOLOKI E MOHOLO OA NAKO

3. Re na le mehlala efe ea lintho tse bolokang nako ka tsela e nepahetseng?

3 Lintho tse ngata tseo Molimo a li bōpileng, tse nyenyane le tse khōlō li boloka nako ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, liathomo li thothomela ka morethetho o sa fetoheng. Lioache tse khethehileng tse sebelisang liathomo ho lekanyetsa nako li ke ke tsa fosa nako leha e le ka motsotsoana feela esita le ka mor’a lilemo tse limilione tse 80. Lipolanete le linaleli li tsamaea ka tsela eo re ka tsebang esale pele hore na li tla ba hokae sepakapakeng. Ho tseba esale pele hore na li tla ba hokae ho thusitse batho hore ba tsebe linako tsa selemo le hore ha ba hahlaula ba fumane tsela ea moo ba eang teng. Jehova o na le “matla a maholo” kaha o bōpile liathomo le linaleli, ’me re tšoanela ho mo rorisa.—Bala Esaia 40:26.

4. Taba ea hore ebe lintho tse phelang li laoloa ke nako e bontša joang hore Jehova o bohlale?

4 Lintho tse phelang li laoloa ke nako. Limela le liphoofolo tse ngata li bonahala li laoloa ke nako e ka hare ho tsona. Ke ka lebaka leo ka tlhaho linonyana tse ngata li tsebang nako eo li lokelang ho fallela sebakeng se seng ka eona. (Jer. 8:7) Batho le bona ba laoloa ke nako. Ka mohlala, ’mele ea rōna e khona ho re bolella ha e le bosiu le ha e le motšehare. Haeba re e-ea naheng e ’ngoe ka sefofane moo nako ea teng e fapaneng le ea moo re tsoang teng, ho ka ’na ha nka matsatsi a ’maloa hore ’mele ea rōna e tloaele nako ea sebakeng seo. Kahoo, linthong tseo Jehova a li bōpileng ho na le mehlala e mengata e pakang hore ke Molimo oa “linako le mehla” le hore o bohlale ebile o na le matla a maholo. (Bala Pesaleme ea 104:24.) Hape, kaha Jehova o na le bohlale le matla a sa lekanyetsoang, re ka ba le tumelo ea hore o khona ho phethahatsa merero oa hae!

BOPROFETA BO PHETHAHALANG KA NAKO BO MATLAFATSA TUMELO EA RŌNA

5. (a) Ke ka tsela efe feela re ka tsebang bokamoso ba batho? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a khona ho bolela lintho tse tla etsahala esale pele le hore na li tla etsahala neng?

5 Pōpo e re ruta lintho tse ngata ka “litšobotsi tsa [Jehova] tse sa bonahaleng,” empa e ntse e sa fane ka likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse kang e reng, Batho ba lebeletse bokamoso bo joang? (Bar. 1:20) E le hore re fumane karabo ea potso eo, re lokela ho batla seo Molimo a se senotseng ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. Ha re e hlahloba, re fumana boprofeta bo ’nileng ba phethahala hantle ka nako! Jehova a ka khona ho senola lintho tse e-s’o ka li etsahala hobane o khona ho bona esale pele lintho tse tla etsahala nakong e tlang. Ho feta moo, lintho tseo Mangolo a li bolelang esale pele li etsahala hantle ka nako hobane Jehova Molimo a ka laola lintho hore li etsahale ho latela morero oa hae le nako eo a e behileng.

6. Ke’ng e bontšang hore Jehova o batla hore re utloisise ho phethahala ha boprofeta ba Bibele?

6 Jehova o batla hore barapeli ba hae ba utloisise boprofeta ba Mangolo le hore ba rue molemo ho bona. Le hoja Molimo a sa talime nako joaloka rōna, ha a re bolella hore ntho e itseng e tla etsahala ka nako e itseng, o re hlalosetsa lintho ka tsela eo re e utloisisang. (Bala Pesaleme ea 90:4.) Ka mohlala, buka ea Tšenolo e bua ka “mangeloi a mane” a “lokiselitsoeng hora le letsatsi le khoeli le selemo”—e leng tsela ea ho bala nako eo re e utloisisang. (Tšen. 9:14, 15) Ha re bona kamoo boprofeta bo ileng ba phethahala ka nako e tobileng kateng, seo se lokela ho re susumelletsa hore re be le tumelo ho Molimo oa “linako le mehla” le Lentsoeng la hae. A re ke re tšohleng mehlala e ’maloa.

7. Ho phethahala ha boprofeta ba Jeremia bo mabapi le Jerusalema le Juda, ho bontša joang hore Jehova ke ’Moloki e Moholo oa Nako?

7 A re qaleng ka ho hlahloba se ileng sa etsahala lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. “Selemong sa bone sa Jojakime mora oa Josiase, morena oa Juda,” lentsoe la ’Moloki e Moholo oa Nako le ile “la hlaha ho Jeremia malebana le sechaba sohle sa Juda.” (Jer. 25:1) Jehova o ile a bolela esale pele hore Jerusalema e ne e tla timetsoa ’me Bajuda ba ne ba tla tlosoa naheng ea Juda ba isoe Babylona. Ha ba le moo, ba ne ba tla “sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.” Lebotho la Bababylona li ile la timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E., ’me Bajuda ba neng ba le Juda ba ile ba fela ba isoa Babylona. Empa ke’ng e neng e tla etsahala qetellong ea lilemo tse 70? Jeremia o ile a profeta a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tumellanong le ho phethahala ha lilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna, ’me ke tla tiisa lentsoe la ka le molemo ho lōna ka ho le khutlisetsa sebakeng sena.’” (Jer. 25:11, 12; 29:10) Boprofeta bona bo ile ba phethahala hantle ka nako—ka 537 B.C.E. ka mor’a hore Bamede le Bapersia ba lokolle Bajuda Babylona.

8, 9. Boprofeta ba Daniele bo mabapi le ho tla ha Mesia le ho thehoa ha ’Muso leholimong, bo bontša joang hore Jehova ke Molimo oa “linako le mehla”?

8 Nahana ka boprofeta bo bong bo amang batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo. Hoo e ka bang lilemo tse peli pele Bajuda ba tloha Babylona, Molimo o ile a sebelisa moprofeta Daniele hore a bolele esale pele hore Mesia o ne a tla hlaha lilemo tse 483 ka mor’a hore ho fanoe ka taelo ea hore Jerusalema e tsosolosoe. Morena oa Medo-Persia o ile a fana ka taelo eo ka selemo sa 455 B.C.E. Hantle ka mor’a lilemo tse 483—ka selemo sa 29 C.E.—Jesu oa Nazaretha o ile a tlotsoa ka moea o halalelang ha a ne a kolobetsoa ’me kahoo ea e-ba Mesia. *Neh. 2:1, 5-8; Dan. 9:24, 25; Luka 3:1, 2, 21, 22.

9 Hona joale ak’u hlokomele seo Mangolo a ileng a se bolela esale pele ka ’Muso. Bibele e ile ea bontša hore Kreste e ne e tla ba Morena leholimong ka 1914. Ka mohlala, Bibele e ile ea fana ka “pontšo” ea ho ba teng ha Jesu ’me ea bolela hore ka nako eo ho ne ho tla ba le matšoenyeho lefatšeng kaha Satane o ne a tla lelekoa leholimong. (Mat. 24:3-14; Tšen. 12:9, 12) Ho feta moo, boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela nako e tobileng—e leng selemo sa 1914—ha “linako tse behiloeng tsa lichaba li [ne li tla] phethahala” ’me Jesu e ne e tla ba Morena leholimong.—Luka 21:24; Dan. 4:10-17. *

10. Ke lintho life tseo ho seng pelaelo hore li tla etsahala ka nako e behiloeng?

10 Haufinyane “matšoenyeho a maholo,” ao Jesu a buileng ka ’ona esale pele a tla tla. Ka mor’a moo ho tla latela Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete. Ha ho pelaelo hore lintho tsena li tla etsahala hantle ka nako e behiloeng. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Jehova o ne a se a ntse a behile ‘letsatsi le hora’ ea hore na lintho tsena li tla etsahala neng.—Mat. 24:21, 36; Tšen. 20:6.

‘ITHEKELENG NAKO E LOKETSENG’

11. Ho tseba hore re phela nakong ea bofelo ho lokela ho re susumelletsa hore re etse’ng?

11 Kaha rea hlokomela hore Kreste e se e le Morena le hore re phela “nakong ea bofelo,” ke sefe seo re lokelang ho se etsa? (Dan. 12:4) Batho ba bangata baa bona hore maemo a lefatše a ntse a mpefala, leha ho le joalo ba sitoa ho hlokomela hore lintho tsena tse etsahalang li phethahatsa boprofeta ba Bibele bo mabapi le mehla ea bofelo. Ba ka ’na ba lebella hore ka nako e ’ngoe tsamaiso ena e tla fela kapa ba nahana hore batho ba tla atleha ho tlisa “khotso le tšireletseho.” (1 Bathes. 5:3) Empa ho thoe’ng ka rōna? Na rea lumela hore re phela haufi haholo le mehla ea bofelo ba lefatše la Satane? Haeba re lumela, re tla sebelisa nako eo re nang le eona ho sebeletsa Molimo oa “linako le mehla” ’me re thuse batho ba bang hore ba mo tsebe. (2 Tim. 3:1) Re lokela ho ithekela nako e loketseng, ka mantsoe a mang, re etse liqeto tse bohlale mabapi le tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona.—Bala Baefese 5:15-17.

12. Re ka ithuta’ng ho seo Jesu a ileng a se bua mabapi le mehla ea Noe?

12 Ho ‘ithekela nako e loketseng’ ha ho bonolo lefatšeng lena le nang le litšitiso tse ngata. Jesu o ile a lemosa batho a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” Ho ne ho le joang matsatsing a Noe? Ho ne ho ile ha boleloa esale pele hore lefatše leo la mehleng ea Noe le ne le tla felisoa. Ha nako eo e fihla, batho ba khopo ba ne ba tla khangoa ke metsi a moroallo oa lefatše lohle. E le “’moleli oa ho loka,” ka botšepehi Noe o ile a phatlalatsa molaetsa oa Molimo ho batho ba mehleng ea hae. (Mat. 24:37; 2 Pet. 2:5) Empa ba ne “ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, . . . ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” Kahoo, Jesu o ile a lemosa balateli ba hae a re: “Le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” (Mat. 24:38, 39, 44) Re tlameha ho bontša hore re tšoana le Noe, eseng le batho ba mehleng ea hae. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re itokisitse?

13, 14. Ha re ntse re emetse ho tla ha Mor’a motho, ke’ng eo re lokelang ho e hopola ka Jehova e tla re thusa hore re Mo sebeletse ka botšepehi?

13 Le hoja Mor’a motho a tla ka hora eo re sa e nahaneng, re lokela ho lula re hopola hore Jehova ke ’Moloki e Moholo oa Nako. Ho sa tsotellehe se ka ’nang sa etsahala lefatšeng kapa hore na batho ba rera ho etsa’ng, Jehova a ka etsa qeto ea hore na lintho li tla etsahala neng le hore na liphello e tla ba life. (Bala Daniele 2:21.) Ha e le hantle, Liproverbia 21:1 e re: “Pelo ea morena e joaloka melapo ea metsi letsohong la Jehova. O e retelletsa hohle moo a ratang.”

14 Jehova a ka laola liketsahalo e le hore a finyelle morero oa hae le ho o phethahatsa ka nako. Boholo ba liphetoho tsa bohlokoa tse etsahetseng lefatšeng li ’nile tsa phethahatsa boprofeta, haholo-holo ba ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Nahana ka se ileng sa etsahala ka mor’a hore Soviet Union e oe. Ke batho ba seng bakae feela ba neng ba ka nahana hore liphetoho tseo tse khōlō lipolotiking li ne li ka etsahala kapele hakaalo. Leha ho le joalo, ka lebaka la liphetoho tseo, hona joale litaba tse molemo li boleloa le linaheng tse ngata tseo pele mosebetsi oa rōna o neng o thibetsoe ho tsona. Kahoo, e se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna hore re ithekele nako e loketseng e le hore re sebeletse Molimo oa “linako le mehla” ka botšepehi.

BONTŠA HORE UA LUMELA HORE JEHOVA O PHETHAHATSA MORERO OA HAE KA NAKO E LOKETSENG

15. Re ka bontša tumelo joang ha ho e-ba le liphetoho mokhatlong oa Jehova?

15 E le hore re tsoele pele ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso matsatsing ana a ho qetela, re lokela ho lumela hore Jehova o phethahatsa morero oa hae ka nako e loketseng. Maemo a lefatše a ntseng a fetoha a ka etsa hore ho be le liphetoho tseleng eo mosebetsi oa ho etsa barutuoa o etsoang ka eona. Ka linako tse ling mokhatlo oa Jehova o ka ’na oa etsa liphetoho tse itseng ho re thusa hore re bolele litaba tse molemo ka tsela e tla atleha haholo. Re bontša hore re na le tumelo ho Molimo oa “linako le mehla” ka hore re latele liphetoho tse joalo ka botlalo ha re ntse re sebetsa ka botšepehi re etelletsoe pele ke Mora oa hae, e leng “hlooho ea phutheho.”—Baef. 5:23.

16. Ke hobane’ng ha re ka lumela hore Jehova o tla re thusa ka nako e nepahetseng?

16 Jehova o batla hore re mo rapele ka bolokolohi re kholisehile ka ho feletseng hore o tla re fa “thuso ka nako e nepahetseng.” (Baheb. 4:16) Sena se bontša kamoo a re ratang le kamoo a re tsotellang kateng re le batho ka bomong. (Mat. 6:8; 10:29-31) Re bontša hore re na le tumelo ho Jehova Molimo ka hore kamehla re rapelle hore a re thuse ’me re etse lintho tse lumellanang le lithapelo tsa rōna re be re latele tataiso ea hae. Ho feta moo, re lokela ho hopola ho rapella balumeli-’moho le rōna.

17, 18. (a) Ke bohato bofe boo haufinyane Jehova a tla bo nka khahlanong le lira tsa hae? (b) Re lokela ho qoba leraba lefe?

17 Ena hase nako ea ho “thekesela ka ho hloka tumelo”; ke nako ea ho ba matla tumelong. (Bar. 4:20) Lira tsa Molimo—e leng Satane le bao a ba susumetsang—li leka ho thibela mosebetsi oo Jesu a o fileng balateli ba Hae, ho akarelletsa le rōna. (Mat. 28:19, 20) Ho sa tsotellehe litlhaselo tsa Diabolose, rea tseba hore Jehova ke “Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi oa batho ba mefuta eohle, haholo-holo oa ba tšepahalang.” O “tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—1 Tim. 4:10; 2 Pet. 2:9.

18 Haufinyane, Jehova o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Ha re tsebe hantle hore na sena se tla etsahala neng le hore na se tla etsahala joang, empa rea tseba hore Kreste o tla felisa lira tsa Molimo hantle ka nako e nepahetseng. Ka mor’a moo, motho e mong le e mong o tla tseba hore Jehova o na le tokelo ea ho busa bokahohleng. Kahoo, ruri ho hloleha ho lemoha “linako le mehla” eo re phelang ho eona, e ne e tla ba phoso e khōlō! E se eka le ka mohla re ke ke ra oela lerabeng la ho nahana hore “lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.”—1 Bathes. 5:1; 2 Pet. 3:3, 4.

“LETELA MOLIMO”

19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho letela Jehova?

19 Ha Jehova Molimo a ne a bōpa batho, o ne a batla hore ba phele ka ho sa feleng e le hore ba tle ba tsoele pele ba ithuta ka eena le ka lintho tse ntle tseo a li bōpileng. Moeklesia 3:11 e re: “[Jehova] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.”

20 Ruri re lokela ho thabela hore ebe Jehova ha aa fetola seo a neng a se rerile ka batho! (Mal. 3:6) Bibele e bolela hore ho Molimo “ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” (Jak. 1:17) Liriti li lula li fetoha ka lebaka la ho potoloha ha lefatše, empa Jehova ha a angoe ke ho feta ha nako. Jehova ke “Morena oa bosafeleng.” (1 Tim. 1:17) Ka lebaka leo, a re ‘leteleng Molimo oa poloko ea rōna.’ (Mik. 7:7) Ka sebele, “e-bang sebete, ’me e se eka lipelo tsa lōna li ka ba matla lōna bohle ba letetseng Jehova.”—Pes. 31:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Sheba buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! leqepheng la 186-195.

^ ser. 9 Sheba buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! leqepheng la 94-97.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Daniele o ne a e-na le tumelo ea hore boprofeta ba Molimo bo tla phethahala

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Na u sebelisa nako ka bohlale hore u etse thato ea Jehova?