Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ba ne ba Khannoa ke Moea o Halalelang’

‘Ba ne ba Khannoa ke Moea o Halalelang’

‘Ba ne ba Khannoa ke Moea o Halalelang’

“Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 PET. 1:21.

NAHANA KA LINTLHA TSENA

Molimo o ile a fetisetsa molaetsa oa hae ho bangoli ba Bibele ka moea o halalelang joang?

Ke bopaki bofe bo bontšang hore Bibele e bululetsoe ke Molimo?

Ke sefe seo u ka se etsang letsatsi le letsatsi e le hore u lule u ananela Lentsoe la Molimo?

1. Ke hobane’ng ha re hloka Lentsoe la Molimo le bululetsoeng?

RE TSOA hokae? Ke hobane’ng ha re le moo lefatšeng? Ho tla etsahala’ng ka rōna? Ke hobane’ng ha lefatše le le tjee? Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa? Lefatšeng lohle batho ba botsa lipotso tsena. Re ne re tla tseba likarabo tsa lipotso tsee le tse ling tsa bohlokoa joang haeba re ne re se na Lentsoe la Molimo le bululetsoeng? Haeba re ne re se na Mangolo a Halalelang, re ne re tla ithuta bophelo ka lintho tseo re neng re tla li etsa le tse neng li tla re hlahela. Haeba re ne re ithuta bophelo ka tsela eo, na re ne re tla ke re ikutloe ka tsela eo mopesaleme a ileng a ikutloa ka eona ka “molao oa Jehova”?—Bala Pesaleme ea 19:7.

2. Ke’ng e tla re thusa hore re lule re ananela hore Bibele ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo?

2 Leha ho le joalo, ka masoabi batho ba bang ba itumeletse hore lerato leo ba neng ba rata Bibele ka lona pele le tape. (Bapisa le Tšenolo 2:4.) Ha ba sa tsamaea ka tsela e thabisang Jehova. (Esa. 30:21) Seo ha sea lokela ho etsahala ho rōna. Re lokela ho loanela hore re lule re ananela Bibele le lithuto tsa eona. Bibele ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho ’Mōpi oa rōna ea lerato. (Jak. 1:17) Ke eng e tla re thusa hore re ananele “lentsoe la Molimo” haholo? Ntho e tla re thusa ke hore re nahane kamoo bangoli ba Bibele ba ileng ba tataisoa kateng hore ba ngole Mangolo. Seo se akarelletsa hore re hopole bopaki bo bongata bo bontšang hore Bibele e bululetsoe. Ha re etsa joalo, seo se tla re susumelletsa hore re bale Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi re be re sebelise keletso ea lona.—Baheb. 4:12.

BA ILE “BA KHANNOA KE MOEA O HALALELANG” JOANG?

3. Baprofeta le bangoli ba Bibele ba ile “ba khannoa ke moea o halalelang” joang?

3 Ka lilemo tse 1 610—ho qala ka 1513 B.C.E. ho fihlela ka 98 C.E.—banna ba 40 ba sa tšoaneng ba ile ba ngola Bibele. Ba bang e ne e le baprofeta ba neng “ba khannoa ke moea o halalelang.” (Bala 2 Petrose 1:20, 21.) Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “ho khannoa” e bolela “ho jara kapa ho nka ntho ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng,” ’me e ka “fetoleloa ka litsela tse sa tšoaneng e le: ho susumetsoa, ho qhojoa, ho itumella ho tsamaisoa.” * Liketso 27:15 e sebelisa poleloana eo ha e hlalosa sekepe se ileng sa nkoa ke moea eaba oa se tsamaisa kapa o se isa nģ’a e ’ngoe. Baprofeta le bangoli ba Bibele ba ile “ba khannoa ke moea o halalelang” kaha Molimo o ile a bua le bona, a ba susumetsa a ba a ba tataisa ka matla a hae a sebetsang. Ka lebaka leo, ha baa ka ba ngola maikutlo a bona empa ba ile ba ngola menahano ea Molimo. Ka linako tse ling baprofeta le bangoli ba bululetsoeng ba ne ba bile ba sa tsebe hore na lintho tseo ba neng ba li profeta kapa tseo ba neng ba li ngola li ne li bolela’ng. (Dan. 12:8, 9) Ka sebele, “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo” ’me ha le na maikutlo a batho.—2 Tim. 3:16.

4-6. Jehova o ile a fetisetsa molaetsa oa hae ho bangoli ba Bibele joang? Etsa mohlala.

4 Leha ho le joalo, Molimo o ile a fetisetsa molaetsa oa hae ho bangoli ba Bibele ka moea o halalelang joang? Na ba ile ba fuoa mantsoe ao ba neng ba lokela ho a ngola kapa lintho tseo ba ka li ngolang ka mantsoe a bona? Nahana kamoo rakhoebo a ka ’nang a ngola lengolo kateng. Haeba e le habohlokoa hore ho sebelisoe mantsoe a itseng ka ho khetheha, rakhoebo o ngola lengolo ka boeena kapa o bitsetsa mongoli oa hae seo a lokelang ho se ngola. Mongoli oa le thaepa, empa rakhoebo ke eena ea le saenang. Ka linako tse ling o fa mongoli oa hae moko-taba oa seo a lokelang ho se ngola feela, ebe mongoli o ngola lengolo leo ka tsela ea hae kapa a sebelisa mantsoe a hae. Rakhoebo a ka ’na a bala lengolo leo ebe o re mongoli a etse liphetoho moo ho hlokahalang. Qetellong, rakhoebo ke eena ea saenang lengolo ’me le nkoa le tsoa ho eena.

5 Ka ho tšoanang, likarolo tse ling tsa Bibele li ile tsa ngoloa “ka monoana oa Molimo.” (Ex. 31:18) Ha ho ne ho hlokahala hore taba e ngoloe ka mantsoe a itseng ka ho khetheha, Jehova o ne a bitsetsa mongoli seo a neng a lokela ho se ngola. Ka mohlala, Exoda 34:27 e re: “Jehova a tsoela pele ho re ho Moshe: ‘Ingolle mantsoe ana, hobane ke tumellanong le mantsoe ana ke hlabang selekane le uena le Iseraele.’” Ka ho tšoanang, Jehova o ile a re ho moprofeta Jeremia: “Ingolle mantsoe ’ohle ao ke tla u bolella ’ona bukeng.”—Jer. 30:2.

6 Leha ho le joalo, ka linako tse ling ka mohlolo bangoli ba Bibele ba ne ba bolelloa seo ba neng ba lokela ho se ngola empa ba sa fuoe mantsoe a tobileng, ’me sena se ne se ba fa monyetla oa hore ba khethe mantsoe ao ba batlang ho a sebelisa. Moeklesia 12:10 e re: “Mokelli o ile a batla ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngoloa ha mantsoe a nepahetseng a ’nete.” Mongoli oa Kosepele e leng Luka, o ile a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, a li ngola ka tatellano e hlophisehileng.’ (Luka 1:3) Moea oa Molimo o ile oa tiisa hore ho se phethahale ha motho ha ho fetole molaetsa oa hae.

7. Bohlale ba Molimo bo ile ba bonahala joang ha a ne a sebelisa batho hore ba ngole Bibele?

7 Molimo o bontšitse bohlale bo boholo ka hore ebe o ile a sebelisa batho hore ba ngole Bibele. Mantsoe ha a fetise molaetsa feela empa a boetse a fetisa le maikutlo. Ho ka be ho bile joang haeba Jehova a ne a ile a sebelisa mangeloi hore a ngole Bibele? Na a ka be a ile a hlalosa maikutlo ao batho ba nang le ’ona, a kang ho tšoha, ho utloa bohloko le ho soetseha ka tsela eo batho ba neng ba tla a hlalosa ka eona? Kaha Molimo o ile a lumella batho ba sa phethahalang hore ba ikhethele mantsoe ha ba ngola molaetsa oa hae, molaetsa oo o re ama lipelo!

LULA U HOPOLA BOPAKI

8. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Bibele ha e tšoane le libuka tse ling tsa bolumeli?

8 Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Bibele e re thusa hore re tsebe Molimo ho feta buka leha e le efe ea bolumeli. Ka mohlala, libuka tsa Bohindu li bua ka mekete ea bona ea bolumeli, lifilosofi, litšōmo le melao ea boitšoaro. Libuka tsa Bobuddha li hlalosa melao eo baitlami ba banna le ba basali ba lokelang ho e latela. Li boetse li hlalosa lithuto tsa Bobuddha le lithuto tse ileng tsa rutoa ke Buddha. Buddha ha aa ka a bolela hore eena ka boeena e ne e le molimo ’me ha aa ka a bua hakaalo ka Molimo. Libuka tsa Boconfucius li bua ka lintho tse etsahetseng nakong e fetileng, melao ea boitšoaro, boselamose le lipina. Ho boetse ho na le buka ea Boislamo e rutang hore ho na le Molimo a le mong ea tsebang bokamoso le ea bileng a bo laolang, empa ha e bolele hore lebitso la Molimo ke Jehova, e leng lebitso le hlahang ka makhetlo a likete ka Bibeleng.

9, 10. Re ka ithuta’ng ka Molimo Bibeleng?

9 Le hoja libuka tse ngata tse ka sehloohong tsa bolumeli li sa bue hakaalo ka Molimo, Bibele e re thusa hore re tsebe Jehova Molimo hammoho le mesebetsi ea hae. E re thusa hore re utloisise litšobotsi tse ngata tsa botho ba hae tse sa tšoaneng. Bibele ha e hlalose feela hore Molimo o matla ’ohle, o bohlale ebile o na le toka empa e boetse e hlalosa hore oa re rata. (Bala Johanne 3:16; 1 Johanne 4:19.) Ho feta moo, Bibele e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:34, 35) Ka tsela e itseng, taba ea hore Bibele ea fumaneha e bontša hore seo ke ’nete. Litsebi tsa puo li bolela hore lipuong tse 6 700 tse buuoang lefatšeng kajeno, tse ka bang 100 tsa tsona li buuoa ke karolo ea 90 lekholong ea baahi ba lefatše. Ho ntse ho le joalo, Bibele e fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 2 400. Hoo e ka bang motho e mong le e mong lefatšeng a ka khona ho fumana bonyane likarolo tse ling tsa eona.

10 Jesu o ile a re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) ‘Ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang Jehova ke Molimo.’ Kahoo, nahana ka lintho tsohle tseo a li finyeletseng! (Pes. 90:2) Bibele ke eona feela e re bolellang ka mesebetsi eo Molimo a e entseng nakong e fetileng le eo a ntseng a e etsa hona joale le eo a tla e etsa nakong e tlang. Mangolo a re ruta hore na Molimo o thabisoa ke’ng le hore na ha a thabisoe ke’ng, ’me a boetse a re bontša kamoo re ka atamelang ho eena kateng. (Jak. 4:8) E se eka re ke ke ra lahla Jehova hobane re shebane le lintho tse batloang ke rōna kapa re amehile ka matšoenyeho a rōna.

11. Ke bohlale bofe bo boholo le bo ka tšeptjoang bo fumanehang ka Bibeleng?

11 Bohlale bo boholo bo fumanehang ka Bibeleng le bo ka tšeptjoang bo boetse bo bontša hore ke buka e tsoang Mohloling o phahametseng batho. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?” (1 Bakor. 2:16) Temana eo e thehiloe ho seo moprofeta Esaia a ileng a se botsa batho ba mehleng ea hae ha a ne a re: “Ke mang ea lekantseng boholo ba moea oa Jehova, ’me ke mang eo joaloka moeletsi oa hae a ka mo tsebisang letho?” (Esa. 40:13) Karabo ke hore ho ne ho se motho ea ka etsang joalo. Ke kahoo ha re sebelisa keletso ea Mangolo mabapi le lenyalo, ho hōlisa bana, boithabiso, ho khetha metsoalle, ho sebetsa ka thata, ho tšepahala le boitšoaro, re kholang litholoana tse molemo ka ho fetisisa! Ha ho mohla re fumanang keletso e fosahetseng ka Bibeleng. Ka lehlakoreng le leng, batho ha ba na bohlale bo lekaneng hore ba ka re fa keletso e sebetsang kamehla. (Jer. 10:23) Kamehla ba lula ba ntlafatsa ba bile ba nchafatsa keletso ea bona ha ba hlokomela hore keletso eo ba neng ba fane ka eona nakong e fetileng e ne e e-na le liphoso. Bibele e re: ‘Menahano ea batho e joaloka pululo.’—Pes. 94:11.

12. Ke sefe seo batho ba ileng ba se etsa ho leka ho felisa Bibele?

12 Bopaki bo bong bo bontšang hore Molimo oa ’nete ke eena Mongoli oa Bibele ke seo histori e se senolang ka boiteko boo batho ba ileng ba bo etsa ho leka ho felisa molaetsa oa eona. Ka 168 B.C.E., Morena Antiochus IV oa Syria, o ile a leka ho fumana libuka tsa Molao tse bululetsoeng e le hore a li chese. Ka 303 C.E., Moemphera oa Roma e leng Diocletian, o ile a ntša taelo ea hore libaka tseo Bakreste ba neng ba kopanela ho tsona li heletsoe le hore Mangolo a bona a chesoe. Tšenyo eo e ile ea tsoela pele ka lilemo tse leshome. Ka mor’a lekholo la bo11 la lilemo, bapapa ba ile ba etella pele letšolo la ho thibela tsebo ea Bibele hore e ate, ka hore ba be khahlanong le hore Mangolo a fetoleloe ka lipuo tse buuoang ke batho ba tloaelehileng. Ho sa tsotellehe boiteko boo ba Satane le mahlahana a hae, Bibele e ’nile ea pholoha ho fihlela kajeno. Jehova ha aa ka a lumella mang kapa mang hore a felise mpho ena eo a e fileng batho.

BOPAKI BO ILENG BA KHOLISA BATHO BA BANGATA

13. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Bibele e bululetsoe?

13 Ho na le bopaki bo bong bo bontšang hore Bibele e bululetsoe: ho lumellana ha eona, ho nepahala ha eona litabeng tsa saense, boprofeta ba eona bo phethahetseng, ho tšepahala ha eona, matla a eona a ho fetola bophelo ba batho, ho nepahala ha eona litabeng tsa histori le ho fana ka likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tse hlahang serapeng sa 1. Nahana ka se ileng sa thusa batho ba bang hore ba hlokomele hore Bibele e tsoa ho Molimo.

14-16. (a) Ke’ng e ileng ea kholisa Momosleme, Mohindu le motho ea neng a se na bonnete ba hore na Molimo o teng, hore Bibele e tsoa ho Molimo? (b) Ke bopaki bofe ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo boo u ratang ho bo sebelisa tšebeletsong ea tšimo?

14 Anwar * o hōlisitsoe e le Momosleme naheng e ’ngoe ea Bochabela bo Hare. Nakong eo a neng a ntse a lula ka nakoana Amerika Leboea, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo etela. Anwar o re: “Ka nako eo ke ne ke e-na le maikutlo a fosahetseng ka malumeli a Bokreste ka lebaka la Lintoa tsa Bolumeli le Lekhotla le Otlang Bakhelohi. Leha ho le joalo, kaha ke ne ke le motho ea bohelehele ka tlhaho, ke ile ka lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.” Ka mor’a nakoana, Anwar o ile a khutlela ha habo ’me ha aa ka a hlola a kopana le Lipaki. Lilemo hamorao, o ile a fallela Europe, ’me ha a fihla moo eaba o qalella ho ithuta Bibele hape ’me a fihlela qeto ena: “Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, ho lumellana ha Mangolo a Halalelang, ho se ikhanyetse ha Bibele le lerato leo barapeli ba Jehova ba nang le lona li ile tsa nkholisa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.” Anwar o ile a kolobetsoa ka 1998.

15 Asha ea lilemo li 16 o tsoa lelapeng la Mahindu a popota. O re: “Ke ne ke rapela feela ha ke ne ke le tempeleng kapa ha ke ne ke e-na le mathata, empa ha lintho li ne li ntsamaela hantle ke ne ke sa nahane ka Molimo.” O tsoela pele ka ho re: “Leha ho le joalo, bophelo ba ka bo ile ba fetoha mohlang Lipaki Tsa Jehova li neng li nketela.” Asha o ile a ithuta Bibele, a tseba Molimo ’me ea e-ba Motsoalle oa hae. Ke’ng e ileng ea mo kholisa hore Bibele e bululetsoe ke Molimo? O re: “Bibele e ile ea araba lipotso tsohle tseo ke neng ke e-na le tsona. E ile ea nthusa hore ke lumele ho Molimo leha ke sa mo bone—ke hore, leha ke ne ke sa ee tempeleng ho ea khumamela setšoantšo.”

16 Paula o hōlisitsoe e le Mok’hatholike, empa ha a se a le moholo, o ne a se a se na bonnete ba hore na Molimo o teng kapa che. Empa ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe. O re: “Ke ile ka kopana le motsoalle eo e neng e le khale ke mo qetetse. E ne e le mehleng ea mahipi. Ha ke hlokomela kamoo a neng a fetohile kateng—a se a kutile moriri le litelu a bile a thabile—ke ile ka ’motsa, ‘Ho etsahetse’ng ka uena, u n’u nts’u le kae?’ O ile a re o ne a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ’me o ile a mpakela.” Kaha Paula o ile a bona tsela eo ka eona Bibele e neng e fetotse motsoalle oa hae, o ile a rata molaetsa oa eona a ba a qala ho lumela hore e bululetsoe ke Molimo.

“LENTSOE LA HAO KE LEBONE LA LEOTO LA KA”

17. Ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka lona ho ka u thusa joang?

17 Bibele ke mpho e babatsehang eo Jehova a re fileng eona a sebelisa moea oa hae o halalelang. U lokela ho thabela ho e bala letsatsi le letsatsi, ’me u tla e rata u be u rate le Mongoli oa eona haholo. (Pes. 1:1, 2) U lokela ho rapela pele u bala Bibele, u kōpe Molimo hore a u fe moea oa hae e le hore u ka utloisisa seo u se balang. (Luka 11:13) Ka Bibeleng re fumana menahano ea Molimo, kahoo ha u ntse u thuisa ka seo e se buang, u tla ithuta ho nahana ka tsela eo Molimo a nahanang ka eona.

18. Ke hobane’ng ha u batla ho tsoela pele u ithuta Bibele?

18 Ha u ntse u tsoela pele u e-ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete, sebelisa seo u ithutang sona. (Bala Pesaleme ea 119:105.) Ho bala Bibele ho ka tšoana le ho icheba ka seiponeng. Kahoo, haeba u hlokomela hore ho hlokahala hore u etse liphetoho, u lokela ho li etsa. (Jak. 1:23-25) Sebelisa Lentsoe la Molimo joaloka sabole ho sireletsa lintho tseo u li lumelang le ho tlosa lithuto tsa bohata lipelong tsa batho ba bonolo. (Baef. 6:17) Ha u sebelisa Bibele, u lokela ho leboha hore ebe baprofeta le bangoli ba eona ba ile “ba khannoa ke moea o halalelang.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 A Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature.

^ ser. 14 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Bala Bibele letsatsi le letsatsi, ’me u tla rata Mongoli oa eona haholo

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lengolo le nkoa le tsoa ho motho ea le saenneng