Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale ea Bophelo

“Sephiri” Seo re Ithutileng Sona Tšebeletsong ea Rōna e Halalelang

“Sephiri” Seo re Ithutileng Sona Tšebeletsong ea Rōna e Halalelang

Joalokaha ho boletse Olivier Randriamora

“Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa . . . Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafil. 4:12, 13.

MANTSOE ana a moapostola Pauluse a ’nile a re khothatsa haholo ’na le mohats’aka Oly. Joaloka Pauluse, re ithutile “sephiri” seo ka hore re tšepe Jehova ka botlalo ha re ntse re Mo sebeletsa mona Madagascar.

Ha Lipaki Tsa Jehova li ne li qala ho ithuta Bibele le ’mè oa Oly ka 1982, ’na le Oly re ne re se ntse re lebeletsane. Le ’na ke ile ka lumela ho ithuta Bibele ’me hamorao Oly le eena o ile a ithuta. Re ile ra nyalana ka 1983, ra kolobetsoa ka 1985, ’me hang-hang ra ba bo-pula-maliboho ba thusang. Ka July 1986, re ile ra ba bo-pula-maliboho ba kamehla.

Ka September 1987, re ile ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Sebaka sa pele seo re ileng ra sebetsa ho sona re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ke motsana o monyenyane karolong ea Madagascar e ka boroa-bophirimela, ’me sebakeng seo ho ne ho se na phutheho. Madagascar ho na le merabe e meholo e ka bang 18 hammoho le lihlotšoana tse ngata, kahoo, meetlo le mekhoa ea batho e fapane haholo. Puo ea molao ke Semalagasy, empa e buuoa ka litsela tse ikhethang tse sa tšoaneng. Kahoo, re ile ra qala ho ithuta puo ka tsela eo e buuoang ka eona sebakeng seo re neng re le bo-pula-maliboho ho sona ’me seo se ile sa re thusa hore batho ba sebakeng seo ba re amohele.

Qalong, ke ne ke fana ka puo ea phatlalatsa Sontaha se seng le se seng ’me Oly e ne e le eena feela momameli ’me ha ke qeta ho fana ka puo o ne a opa liatla. E ne e le ’na le eena feela ba bang teng sebokeng seo. Re ne re boetse re beha lipuo tsohle tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me Oly o ne a beha puo le mong’a ntlo eo a inahanelang eena. Ruri re ile ra thaba haholo ha ka mosa molebeli oa potoloho a ne a etsa tlhahiso ea hore re fetole tsela eo re tšoarang liboka ka eona!

Kaha tsela ea ho tsamaisa poso e ne e sa tsitsa, hase kamehla re neng re fumana chelete ea rōna ea ho koahela litšenyehelo tsa khoeli le khoeli. Kahoo, re ile ra tseba hore na ho haelloa ke lijo ke ntho e joang. Ka lekhetlo le leng, re ne re se na chelete e lekaneng ho lefella bese ea ho ea kopanong ea potoloho e neng e tla tšoareloa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 130. Re ile ra hopola keletso eo Paki e ’ngoe e kileng ea re fa eona, e ile ea re: “Le bolelle Jehova mathata a lōna. Etsoe mosebetsi ona oo le o etsang, ke oa hae.” Kahoo, re ile ra rapela ’me ka mor’a moo ra etsa qeto ea ho tsamaea ka maoto. Leha ho le joalo, pele re tloha, mor’a e mong oabo rōna o ile a fihla re sa mo lebella ’me a re fa mpho ea chelete—e ne e lekane hantle hore re lefelle bese!

MOSEBETSI OA POTOLOHO

Ka February 1991, ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho ba molebeli oa potoloho. Ka nako eo, sehlopha sa rōna se senyenyane se ne se se se hōlile, re ne re le bahoeletsi ba 9, ba 3 e le ba kolobelitsoeng ’me ka karolelano ke batho ba 50 ba neng ba e-ba teng libokeng. Ka mor’a ho koetlisoa re ile ra sebetsa potolohong e motse-moholo Antananarivo. Ka 1993, re ile ra fuoa kabelo ea ho ea sebetsa karolong e ka bochabela ea naha. Maemo a bophelo sebakeng seo a ne a fapane hōle le a toropong.

E le hore re fihle liphuthehong le lihlopheng tse ka thōko, re ne re tsamaea ka maoto ’me ka linako tse ling re ne re tsamaea sebaka se fetang lik’hilomithara tse 145 lithabeng tse nang le meru e teteaneng. Re ne re nka thōtō e fokolang ka hohle kamoo re neng re ka khona kateng. Kamehla ha puo ea molebeli oa potoloho e ne e tsamaea le li-slide, joalokaha ho ne ho etsahala ka linako tse ling mehleng eo, thōtō ea rōna e ne e e-ba boima haholo. Oly o ne a nka mochine o bontšang li-slide ’me ’na ke ne ke nka beteri ea koloi ea matla a li-volt tse 12.

Hangata re ne re tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 40 ka letsatsi e le hore re fihle phuthehong e latelang. Ha re le tseleng re e-ea phuthehong e ’ngoe re ne re e-hloa lithaba re bile re li theoha, re tšela linoka re bile re qhafutsa liretseng. Ka linako tse ling re ne re robala ka thōko ho tsela, empa hangata re ne re leka ho kōpa marobalo motseng o haufi. Ka linako tse ling re ne re kōpa marobalo ha batho bao re sa ba tsebeng ho hang. Ha re se re fumane moo re ka robalang teng re ne re qalella ho pheha lijo. Oly o ne a ee a alime pitsa ebe o ea nōkeng kapa letšeng le haufi ho ea kha metsi. Ha a ntse a ile, ke ne ke alima selepe ebe ke ratha patsi. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e nka nako e telele. Ka linako tse ling re ne re reka khoho e ntseng e phela eo re neng re tlameha ho e hlaba re be re e hlothe masiba.

Ha re qeta ho ja re ne re kha metsi a mang ao re tla itlhatsoa ka ’ona. Ka linako tse ling re ne re robala kamoo ho pheheloang ka teng. Ha pula e ne e na, re ne re ee re tlamehe ho roballa leboteng e le hore re se ke ra koloba ha marulelo a nela.

Kamehla re ne re etsa bonnete ba hore re pakela batho ba re fileng marobalo. Ha re fihla phuthehong eo re e etetseng, bara le barali babo rōna ba ne ba re tšoara ka mosa ba bile ba re amohela ka mofuthu haholo. Ba ne ba ananela ketelo ea rōna haholo ’me seo se ne se etsa hore re lebale ka mathata ao re thulaneng le ’ona tseleng.

Ha re ne re fihletse malapeng a Lipaki, re ne re thabela ho ba thusa ka mosebetsi oa lelapa. Sena se ne se etsa hore ba khone ho sebetsa le rōna tšimong. Re ne re sa lebella hore batho ba re amohetseng ba re fe lijo tse khethehileng kapa lintho tsa maemo tseo ba ke keng ba li khona.

HO ETELA LIHLOPHA TSE KA THŌKO

Re ne re thabela ho etela lihlopha tse ka thōko moo re neng re fumana barab’abo rōna ba re hlophiselitse mosebetsi o mongata. Hangata re ne re sa be le nako ea hore re “phomole hanyenyane.” (Mar. 6:31) Sebakeng se seng, banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba memela batho bohle ba 40 bao ba neng ba ithuta Bibele le bona lapeng ha bona e le hore re ka kopanela le bona ha ba khanna lithuto tseo. Oly o ile a sebetsa le morali’abo rōna ba khanna lithuto tse ka bang 20 ’me ’na ke ile ka sebetsa le mor’abo rōna ra khanna tse ling tse 20. E ne e re ha seithuti se seng se qeta ho tsamaea, hang-hang ho ne ho kena se seng. Hamorao re ile ra khefutsa ka lithuto tsa Bibele e le hore ho tšoaroe liboka tsa phutheho, ’me ka mor’a moo re ile ra tsoela pele ka ho khanna lithuto. Ho ne ho etsahala hore re qete mosebetsi oa letsatsi leo le le lelele ka mor’a hora ea borobeli bosiu!

Ha re ne re etela sehlopha se seng, kaofela ha rōna re ile ra tloha hoo e ka bang ka hora ea borobeli hoseng ho ea motseng o haufi. Re ne re apere liaparo tsa khale. Ka mor’a hore re tsamaee sebaka se selelele ka morung, re ile ra fihla moo re neng re il’o sebetsa tšimo teng har’a motšehare. Re ile ra apara liaparo tse hloekileng ’me hang-hang ra qala ho bolela ka ntlo le ntlo. Matlo a sebakeng seo a ne a fokola empa bahoeletsi ba ne ba le bangata. Kahoo, re ile ra qeta tšimo eo eohle ka metsotso e ka bang 30. Ka mor’a moo re ile ra leba motseng o latelang. Ha re qeta ho etsa mosebetsi oa boboleli motseng oo, re ile ra tlameha ho nka leeto le lelelele ho khutlela hae. Qalong sena se ile sa re nyaha-nyahamisa. Re ne re nkile nako e ngata re bile re entse boiteko bo matla ho fihla sebakeng seo, empa re ile ra sebetsa ka ntlo le ntlo nako e ka etsang hora feela. Leha ho le joalo, Lipaki tsa sebakeng seo ha li’a ka tsa tletleba. Li ile tsa lula li cheseha.

Sehlopha se seng se ka thōko motseng oa Taviranambo se ne se lula haufi le tlhōrō ea thaba. Ha re fihla sebakeng seo re ile ra fumana lelapa la Paki le neng le e-na le ntlo e nang le kamore e le ’ngoe. Haufinyane ho ne ho e-na le ntlonyana e nyenyane eo ho neng ho kopaneloa ho eona. Hang-hang motho eo re tlileng ha hae o ile a qala ho hoelehetsa a re, “Barab’abo rōna!” Lentsoe le ile la arabela le e-tsoa thabeng e haufi la re, “Re mametse!” Motho eo re tlileng ha hae o ile a hoelehetsa hape a re, “Molebeli oa potoloho o fihlile!” Karabo ea re, “Ke rōna bao!” Kamoo ho bonahalang kateng, molaetsa o ile oa fetisetsoa le ho ba bang ba lulang hōlenyana. Ho e-s’o ee kae batho ba ile ba qala ho fihla ’me ha seboka se qala ho ne ho se ho e-na le batho ba fetang 100.

MATHATA A LIPALANGOANG

Ka 1996 re ile ra kōptjoa ho ea sebetsa potolohong e haufi le Antananarivo, lihlabeng tse bohareng ba naha. Potoloho ena le eona e ne e e-na le mathata a ikhethang. E ne e se kamehla ho bang le lipalangoang tse eang libakeng tse ka mathōko. Ka nako e ’ngoe re ne re lokela ho etela sehlopa se Beankàna motseng oa (Besakay), lik’hilomithara tse ka bang 240 ho tloha Antananarivo. Re ile ra palama teraka e nyenyane e neng e ea sebakeng seo ka mor’a hore re buisane le mokhanni oa eona. Ka terakeng eo ho ne ho e-na le bapalami ba bang ba 30, ba bang ba ne ba paqame ka holim’a hlooho ea teraka, ba bang ba itšoarelelitse karolong e ka morao ea tereka.

Joalokaha e le ntho e etsahalang hangata, ho e-s’o ee kae tereka e ile ea robeha ’me re ile ra tsoela pele leetong la rōna re tsamaea ka maoto. Ha re se re tsamaile lihora tse ’maloa ho ile ha fihla teraka e ’ngoe e khōlō. E ne e se ntse e palamisitse batho ba bangata ebile e laetse thepa e ngata, leha ho le joalo mokhanni o ile a ema. Re ile ra palama ’me ra khotsofalla hore re tla ema ka maoto. Hamorao re ile ra fihla nōkeng, empa borokho bo nōkeng eo bo ne bo ntse bo lokisoa. Re ile ra boela ra tsamaea ka maoto ’me qetellong ra fihla motsaneng o mong moo ho neng ho lula bo-pula-maliboho ba khethehileng. Le hoja re ne re sa lokisetsa ho etela motsana oo, re ile ra sebetsa le bona tšimong ha re ntse re emetse hore borokho bo lokisoe le hore re fumane sepalangoang seo re ka ntšetsang leeto la rōna pele ka sona.

Ka mor’a beke ho ile ha e-ba le koloi e fetang ’me re ile ra tsoela pele ka leeto la rōna. ’Mileng ho ne ho e-na le likoti tse khōlō haholo. Hangata re ne re tlameha ho thusa ho sututsa koloi ho e ntša seretseng se fihlang mangoleng, ’me hangata re ne re therekela re bile re oela seretseng. Re ile ra fihla motsaneng oo re neng re e-ea ho oona esale ka malungoalungoana. Ha re tloha ’mileng o moholo moo re neng re theohile teng, re ile ra tsamaea ka maoto. Re ile ra tlameha ho feta har’a masimo a raese ’me metsi a teng a seretse a ne a re khutla thekeng.

Re ne re qala ho etela sebaka seo, kahoo re ile ra etsa qeto ea hore re pakele batho ba bang ba neng ba ntse ba sebetsa masimong ao a raese ’me ka mor’a moo re ile ra kōpa hore ba re bolelle hore na Lipaki tsa sebakeng seo li lula hokae. Re ile ra thaba haholo ha re fumana hore batho bao ba neng ba ntse ba sebetsa masimong ao e ne e le barab’abo rōna!

HO KHOTHALLETSA BA BANG HORE BA BE TŠEBELETSONG EA NAKO E TLETSENG

Ha lilemo li ntse li feta, re ile ra thaba haholo ha re bona litholoana tsa hore ebe re ile ra khothalletsa ba bang hore ba be tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha re ne re etetse phutheho e ’ngoe e neng e e-na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba robong, re ile ra khothalletsa e mong le e mong oa bo-pula-maliboho bao hore a ipehele pakane ea hore a thuse bonyane mohoeletsi a le mong hore e be pula-maliboho. Ha re etela phutheho eo ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, bo-pula-maliboho ba ne ba se ba le 22. Baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba ne ba khothallelitse bo-ntate ba bona bao e neng e le baholo hore e be bo-pula-maliboho. Bara bana babo rōna le bona ba ile ba khothalletsa moholo e mong hore le eena e be pula-maliboho. Nakoana ka mor’a moo, moholo eo e mong o ile a khethoa hore a sebeletse e le pula-maliboho ea khethehileng. Hamorao, moholo eo hammoho le mohats’ae ba ile ba qalisa mosebetsing oa potoloho. Baholo ba bang ba babeli bona ho ile ha etsahala’ng ka bona? E mong ke molebeli oa potoloho ha e mong e le moithaopi ea sebetsang kahong ea Liholo Tsa ’Muso.

Re leboha Jehova letsatsi le letsatsi hore ebe o ile a re thusa, kaha rea hlokomela hore ha ho letho leo re ka le etsang ka matla a rōna feela. Ke ’nete hore ka linako tse ling rea khathala ebile rea kula, empa rea thaba ha re nahana ka litholoana tsa tšebeletso ea rōna. Jehova o etsa hore mosebetsi oa hae o tsoele pele. Re thabela hore ebe ho na le karolonyana eo re e phethang mosebetsing ona oa hae, ’me hona joale re sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka sebele, re ithutile “sephiri” ka hore re tšepe Jehova, ‘ea re fang bonatla.’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Re ithutile “sephiri” ka hore re tšepe Jehova

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Madagascar, e bitsoang Sehlekehleke se Seholo se Sefubelu, ke sehlekehleke sa bone ho tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. Mobu oa teng o mofubelu ’me ho na le mefuta e mengata ea lihloliloeng tse ikhethang sehlekehlekeng sena

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Re thabela ho kenya letsoho mosebetsing oa ho khanna lithuto tsa Bibele

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Bothata bo boholo ka ho fetisisa boo re ileng ra thulana le bona e ne e le ba lipalangoang