Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Bokella Lelapa la Hae

Jehova o Bokella Lelapa la Hae

Jehova o Bokella Lelapa la Hae

‘Ke le kōpa ka tieo hore le boloke bonngoe ba moea.’—BAEF. 4:1, 3.

U KA HLALOSA JOANG?

Morero oa tsamaiso ea Molimo ke ofe?

Re “boloka bonngoe ba moea” joang?

Ke’ng e tla re thusa hore re “bontšane mosa”?

1, 2. Morero oa Jehova ke ofe ka lefatše le ka batho?

LELAPA. Lentsoe leo le etsa hore u nahane ka eng? Lerato? Thabo? Ho sebetsa ’moho ka sepheo se le seng? Sebaka se sireletsehileng moo batho ba ka hōlelang teng, ba ithuta ba ba ba fanana malebela? Ho ka etsahala hore ebe u tla nahana joalo haeba u tsoa lelapeng la batho ba tsotellanang. Jehova ke Mothehi oa lelapa. (Baef. 3:14, 15) O ne a batla hore libōpuoa tsa hae tse leholimong le tse lefatšeng, li phele li sireletsehile, li tšepana li bile li le bonngoeng.

2 Ka mor’a hore batho ba etse sebe, e ne e se e se karolo ea lelapa la Molimo la bokahohleng, leha ho le joalo, seo ha sea ka sa nyopisa morero oa Jehova. O tla tiisa hore bana ba Adama le Eva ba tlala lefatše la Paradeise. (Gen. 1:28; Esa. 45:18) O entse litokisetso tsohle tsa hore a phethahatse morero ona. Re bolelloa ka tse ling tsa litokisetso tsena lengolong la Bibele la Baefese, leo moko-taba oa lona e leng bonngoe. A re ke re tšohleng litemana tse ling lengolong leo ’me re bone hore na ke sefe seo re ka se etsang ho tšehetsa morero oa Jehova oa ho etsa hore pōpo ea hae e be bonngoeng.

TSAMAISO EA MOLIMO LE SEO E SE PHETHANG

3. Tsamaiso ea Molimo eo ho buuoang ka eona ho Baefese 1:10 ke eng, hona mokhahlelo oa eona oa pele o qalile neng?

3 Moshe o ile a bolella Baiseraele a re: “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.” (Deut. 6:4) Liketso tsa Jehova le morero oa hae lia lumellana. Kahoo, “tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng,” Molimo o ile a theha “tsamaiso”—e leng tokisetso ea ho momahanya libōpuoa tsa hae tsohle tse leholimong le tse lefatšeng. (Bala Baefese 1:8-10.) Tsamaiso ena e tla phethahatsa morero oa eona ka mekhahlelo e ’meli. Mokhahlelong oa pele, Molimo o lokisetsa phutheho ea batlotsuoa hore e tle e phele leholimong moo e tla tsoela pele e sebetsa e etelletsoe pele ke Jesu Kreste. Mokhahlelo ona o ile oa qala ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Jehova a ne a qala ho bokella batho ba neng ba tla busa le Kreste leholimong. (Lik. 2:1-4) Kaha ho boletsoe hore batlotsuoa ba lokile ’me ba loketse ho phela ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Kreste, baa tseba hore ba nketsoe ka lapeng e le “bana ba Molimo.”—Bar. 3:23, 24; 5:1; 8:15-17.

4, 5. Mokhahlelo oa bobeli oa tsamaiso ea Molimo ke ofe?

4 Mokhahlelo oa bobeli o lokisetsa batho ba tla phela Paradeiseng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Kreste oa Bomesia. Karolo ea pele ea sehlopha sena ke ba “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 13-17; 21:1-5) Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ba tla ba le batho ba libilione ba tla tsosoa bafung. (Tšen. 20:12, 13) Nahana feela hore na tsoho e tla re fa menyetla e mengata hakaakang ea ho bontša hore re momahane! Qetellong ea lilemo tse sekete, “lintho tse lefatšeng” li tla lekoa ka lekhetlo la ho qetela. Batho ba tla tšepahala ba tla nkeloa ka lapeng e le “bana ba Molimo” ba lefatšeng.—Bar. 8:21; Tšen. 20:7, 8.

5 Mekhahlelo eo e ’meli ea tsamaiso ea Molimo e ntse e tsoela pele kajeno—e leng oa leholimong le oa lefatšeng. Empa re ka tšehetsa tsamaiso ea Molimo joang hona joale re le batho ka bomong?

‘BOLOKANG BONNGOE BA MOEA’

6. Mangolo a bontša joang hore Bakreste ba lokela ho bokana hammoho le ba bang?

6 Mangolo a bontša hore Bakreste ba lokela ho bokana hammoho. (1 Bakor. 14:23; Baheb. 10:24, 25) Seo hase bolele feela ho ba sebakeng se le seng joalokaha batho ba etsa ha ba le ’marakeng kapa ba le mabaleng a lipapali. Bonngoe ba ’nete ha bo felle moo feela. Re ba le bonngoe bo joalo haeba re mamela tataiso ea Jehova re bile re lumela hore re bōptjoe ke moea oa Molimo o halalelang.

7. “Ho boloka bonngoe ba moea” ho bolela’ng?

7 Le hoja Jehova a boletse hore bara ba hae ba batlotsuoa ba lokile le hore metsoalle ea hae ea linku tse ling e lokile ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Kreste, ho tla ’ne ho be le ho se utloane ha re ntse re phela tsamaisong ena ea lintho. (Bar. 5:9; Jak. 2:23) Ho seng joalo, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore re fuoe keletso ena e bululetsoeng ea hore re tsoele pele re ‘mamellana.’ Re ka khona joang hore re be bonngoeng le balumeli-’moho le rōna? Ho hlokahala hore re be le ‘boikokobetso bo feletseng kelellong le bonolo.’ Ho feta moo, Pauluse o re khothalletsa hore re loanele “ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Bala Baefese 4:1-3.) Ho sebelisa keletso ena ho akarelletsa hore re lumelle moea oa Molimo hore o re susumetse o be o hlahise tholoana ea oona ka hare ho rōna. Tholoana eo e thusa batho hore ba lokise liqabang ho fapana le mesebetsi ea nama eo kamehla e bakang likarohano.

8. Mesebetsi ea nama e baka likarohano ka tsela efe?

8 Hlokomela kamoo “mesebetsi ea nama” e bakang likarohano kateng. (Bala Bagalata 5:19-21.) Bohlola bo arohanya motho ea bo etsang le Jehova hammoho le phutheho, ’me bofebe bo ka arohanya bana le batsoali ba bona ka sehlōhō ba boela ba etsa hore balekane ba seng molato ba arohane le balekane ba bona. Ho se hloeke ho ama bonngoe ba motho le Molimo hammoho le batho ba mo ratang. Motho ea kileng a leka ho khomaretsa lintho tse peli hammoho, oa tseba hore mahlakore ka bobeli a lokela ho hloekisoa pele e le hore a ka khomarelana hantle. Ho etsa lintho tse bontšang ho tella ke sesupo sa hore motho ha a hlomphe melao ea Molimo e lokileng. Mesebetsi e meng ea nama le eona e baka likarohano pakeng tsa batho esita le pakeng tsa batho le Molimo. Jehova o hloile liketso tse joalo.

9. Re ka itlhahloba joang ho bona hore na ehlile re leka “ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso” kapa che?

9 Kahoo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Ha e le hantle, ke ikemiselitse hakae ho leka “ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso”? Ke etsa’ng ha mathata a hlaha? Na ke tletleba ho batho ba bangata ke tšepile hore metsoalle ea ka e tla ntšehetsa? Na ke lebeletse hore baholo ba ntšebeletse litaba ho e-na le hore ’na ke etse boiteko ba ho bōpa khotso le batho ba bang? Hape, haeba ke tseba hore ho na le bothata pakeng tsa ka le motho e mong, na kea mo qoba e le hore re tle re se ke ra buisana ka bothata boo?’ Na ho etsa lintho tse joalo ho tla bontša hore re etsa lintho tumellanong le morero oa Jehova oa ho boela a bokella lintho tsohle ho Kreste?

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re phelisane ka khotso le bara le barali babo rōna? (b) Ke lintho life tse ka etsang hore re phelisane ka khotso le hore Jehova a re hlohonolofatse?

10 Jesu o ile a re: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao. Lokisa litaba kapele.” (Mat. 5:23-25) Jakobo o ile a ngola hore “litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” (Jak. 3:17, 18) Kahoo, re ke ke ra khona ho tsoela pele re etsa se nepahetseng haeba ho se na khotso pakeng tsa rōna le ba bang.

11 Ho tea mohlala, ho hakanngoa hore linaheng tse thefutsoeng ke ntoa, ho ne ho ka lengoa mobu o mong o etsang karolo ea 35 lekholong haeba batho ba ne ba sa tšoha liqhomane tsa fatše. Ha seqhomane sa fatše se phatloha, balemi ba tlohela masimo a sa lengoa, batho ha ba be le mokhoa oa ho iphelisa ’me metse e meholo e hloka batho ba e fepelang ka lijo. Ka tsela e tšoanang, haeba re e-na le mekhoa e ka senyang khotso ea rōna le bara le barali babo rōna, seo se ka etsa hore re se ke ra hōla moeeng. Empa haeba re potlakela ho tšoarela ba bang re bile re ba etsetsa lintho tse molemo ho ka rena khotso har’a rōna ’me Jehova a ka re hlohonolofatsa.

12. Baholo ba ka re thusa joang hore re be bonngoeng?

12 Ho feta moo, “limpho tseo e leng banna” li ka thusa hore ho be le bonngoe ka phuthehong. Re li filoe hore li re thuse ho ‘fihlela bonngoe tumelong.’ (Baef. 4:8, 13) Ha baholo ba sebetsa le rōna tšebeletsong e halalelang, ’me ba re fa keletso e thehiloeng Lentsoeng la Molimo, ba re thusa hore re tsoele pele re apara botho bo bocha. (Baef. 4:22-24) Na u nka keletso ea bona e le tsela eo ka eona Jehova a u lokisetsang ho ea phela lefatšeng le lecha le tla busoa ke Mora oa hae? Baholo, na le leka ho khutlisetsa ba bang tseleng ka sepheo seo?—Bagal. 6:1.

“LE BONTŠANE MOSA”

13. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba re sa mamele keletso e ho Baefese 4:25-32?

13 Baefese 4:25-29 e bontša hore na ke boitšoaro bofe boo ka ho khetheha re lokelang ho bo qoba. Bo akarelletsa ho bua leshano, ho halefa kapa ho ba botsoa, le ho bua lipolelo tse bolileng ho e-na le ho bua tse molemo le tse hahang. Haeba motho a ne a ke ke a mamela keletso ena, o ne a tla soabisa moea oa Molimo kaha moea o halalelang ke matla a etsang hore ho be le bonngoe. (Baef. 4:30) E le hore ho be le khotso le bonngoe, re boetse re lokela ho mamela keletso ea Pauluse e latelang: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle. Empa le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.”—Baef. 4:31, 32.

14. (a) Mantsoe a reng, ‘le bontše mosa’ a fana ka maikutlo afe? (b) Ke sefe se tla re thusa hore re be mosa?

14 Mantsoe a reng, ‘le bontše mosa’ a fana ka maikutlo a hore ho ka etsahala hore ebe ka tsela e itseng ha rea ka ra ba mosa ’me ho ka ’na ha hlokahala hore re ntlafatse boemo boo. Ruri e ka ba hantle hore re ithute ho nahanela maikutlo a batho ba bang ’me re a etelletse pele ho a rōna! (Bafil. 2:4) Mohlomong ntho eo re nahanang ho e bua e ka qabola batho ba bang kapa ea etsa hore re bonahale re le bohlale, empa na e tla be e le ntho e bontšang mosa? Ho nahanisisa ka taba ena esale pele ho tla re thusa hore re ‘bontše mosa.’

HO ITHUTA HO BA LE LERATO LE TLHOMPHO KA LAPENG

15. Baefese 5:28 e thusa banna joang hore ba utloisise tsela eo ba lokelang ho etsisa Kreste ka eona?

15 Bibele e bapisa kamano eo Kreste a nang le eona le phutheho le eo monna a nang le eona le mosali oa hae. Mohlala oa Kreste o thusa monna hore a utloisise hore o lokela ho tataisa mosali oa hae, ho mo rata le ho mo hlokomela, ’me o boetse o thusa mosali hore a utloisise hore o lokela ho ikokobelletsa monna oa hae. (Baef. 5:22-33) Ha Pauluse a ne a ngola a re: “Ka tsela ena banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona,” o ne a bua ka “tsela” efe? (Baef. 5:28) Mantsoeng a hae a etellang ao pele o ile a bua ka tsela eo “Kreste le eena a [ileng] a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona, . . . ka ho e hlatsoa ka metsi ka lentsoe.” Ka sebele, e le hore monna a etse lintho tumellanong le morero oa Jehova oa ho bokella lintho tsohle ho Kreste, o lokela ho lula a itokiselitse hore a fepe lelapa la hae moeeng.

16. Litholoana e ba life ha batsoali ba phethahatsa boikarabelo ba bona ba Mangolo ka lapeng?

16 E ka ba hantle hore batsoali ba hopole hore mosebetsi oo ba o etsang ba o filoe ke Jehova. Ka masoabi, batho ba bangata lefatšeng kajeno ke “ba se nang lerato la tlhaho.” (2 Tim. 3:1, 3) Bo-ntate ba bangata ba baleha boikarabelo ba bona ’me sena se ama bana ba bona habohloko. Empa Pauluse o ile a eletsa bo-ntate ba Bakreste a re: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Bana ba qala ho ithuta lerato le ho hlompha bolaoli ka lapeng. Batsoali ba atlehileng ho ruta bana ba bona lintho tseo, ba entse lintho tumellanong le tsamaiso ea Jehova. Haeba re etsa hore malapeng a rōna ho rene lerato ’me re tlosa bohale, khalefo le puo e nyefolang, re ruta bana ba rōna thuto ea bohlokoa mabapi le hore na ba ka bontša lerato ba ba ba hlompha bolaoli ka tsela efe. Sena se tla thusa bana hore ba lokele ho ea phela lefatšeng le lecha la Molimo.

17. Re hloka eng e le hore re tsebe ho hlōla Diabolose?

17 Re lokela ho hlokomela hore Diabolose, e leng eena ea ileng a qala ho senya khotso leholimong le lefatšeng, o tla ba khahlanong le boiteko ba rōna ba ho etsa thato ea Molimo. Ha ho pelaelo hore batho ba etsa thato ea Satane ha lipalo tsa batho ba hlalanang li ntse li phahama, batho ba lula ’moho ba sa nyalana le ha ba amohela hore batho ba bong bo tšoanang ba nyalane. Ha re etse lintho ka tsela eo batho ba mehleng ea kajeno ba li etsang ka eona ebile ha re nahane joaloka bona. Re latela mohlala oa Kreste. (Baef. 4:17-21) Kahoo, re eletsoa hore re ‘apare lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo’ e le hore re atlehe ho hlōla Diabolose le bademona ba hae.—Bala Baefese 6:10-13.

“LE TSOELE PELE HO TSAMAEA LERATONG”

18. Ke ntho efe ea bohlokoa e ka re thusang hore re be le bonngoe ba Bokreste?

18 Ntho ea bohlokoa e ka re thusang hore re be le bonngoe ba Bokreste ke lerato. Ha re rata ‘Morena oa rōna a le mong,’ le ‘Molimo oa rōna a le mong,’ re bile re ratana, re tla be re ikemiselitse “ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:3-6) Jesu o ile a rapella lerato le joalo ha a ne a re: “Ha ke etse kōpo malebana le bana feela, empa hape ke etsa kōpo malebana le ba behang tumelo ho ’na ka lentsoe la bona; e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa, e le hore lerato leo u nthatileng ka lona le ka ba ho bona ’me ’na ke be bonngoeng le bona.”—Joh. 17:20, 21, 26.

19. U ikemiselitse ho etsa’ng?

19 Haeba ho e-na le mokhoa o itseng oo ho leng thata hore re o tlohele, lerato le lokela ho re susumetsa hore re rapele joaloka mopesaleme re re: “Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.” (Pes. 86:11) E se eka re ka ikemisetsa hore re hanyetse boiteko ba Diabolose ba ho re arohanya le Ntate oa rōna hammoho le batho bao a ba amohelang. A re ikitlaetseng hore re “be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me [re] tsoele pele ho tsamaea leratong”—ka lapeng, tšebeletsong ea boboleli le ka phuthehong.—Baef. 5:1, 2.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ha a siea mpho ea hae aletareng, oa tsamaea ’me o il’o etsa khotso le mor’abo

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Batsoali, rutang bana ba lōna ho bontša tlhompho