Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale ea Bophelo

Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae

Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae

Joalokaha ho boletse Max Lloyd

Bosiung bo bong ka 1955, ’na le moromuoa-’moho le ’na re ne re le kabelong ea rōna Paraguay, Amerika Boroa. Ntlo eo re neng re le ka ho eona e ile ea likaliketsoa ke sehlopha sa mahoohoo se halefileng; se ne se ntse se hoelehetsa se re: “Molimo oa rōna ke molimo ea nyoretsoeng mali, o batla ho noa mali a melata.” Ho ne ho tlile joang hore re be sebakeng seo re le melata?

LITABA li ile tsa qala moo ke hōletseng teng Australia lilemong tse fetileng, moo Jehova a ileng a qala ho nthuta ho etsa thato ea hae. Ka 1938 Paki e ’ngoe e ile ea fa Ntate buka ea Lira. Ntate le ’Mè ba ne ba se ntse ba sa khotsofala ka lebaka la moruti oa kereke ea bona ea neng a bolela hore likarolo tse ling tsa Bibele ke litšōmo. Hoo e ka bang selemo hamorao, batsoali ba ka ba ile ba kolobetsoa e le ho bontša boinehelo ba bona ho Jehova. Ho tloha ka nako eo, ho etsa thato ea Jehova e ile ea e-ba eona ntho ea bohlokoa haholo lelapeng leso. Ausi e leng Lesley, ea neng a mpheta ka lilemo tse hlano, o ile a kolobetsoa ka mor’a batsoali ba ka, ’me ’na ke ile ka kolobetsoa ka 1940, ke le lilemo li robong.

Nakoana ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qale, mosebetsi oa ho hatisa le ho aba lingoliloeng tsa Bibele tsa Lipaki Tsa Jehova o ile oa thibeloa Australia. Kahoo, ha ke sa le monyenyane ke ile ka ithuta ho hlalosa lintho tseo ke li lumelang ke sebelisa Bibele feela. Ke ile ka itloaetsa hore ha ke e-ea sekolong ke nke Bibele ea ka e le hore nka hlalosetsa ba bang hore na ke hobane’ng ha ke ne ke sa etsetse folakha salute kapa ke sa tšehetse ntoa.—Ex. 20:4, 5; Mat. 4:10; Joh. 17:16; 1 Joh. 5:21.

Bana ba bangata sekolong ba ne ba nqoaea hobane ba ne ba re ke “sehloela sa Majeremane.” Mehleng eo ho ne ho bontšoa libaesekopo sekolong. Pele baesekopo e qala, motho e mong le e mong o ne a lokela ho ema ’me a bine pina ea sechaba. Ha ke ne ke sa eme, bashanyana ba babeli kapa ba bararo ba ne ba ee ba leke ho nkemisa setulong ba ntse ba nkhula ka moriri. Qetellong ke ile ka lelekoa sekolong hobane ke ne ke tšoareletse tumelong ea ka e thehiloeng Bibeleng. Leha ho le joalo, ke ile ka khona ho ntšetsa lithuto tsa ka pele ka thuto ka ngollano ke ntse ke le lapeng.

QETELLONG KE FIHLELA PAKANE EA KA

Ke ne ke ipehetse pakane ea hore ke tla qala ho ba pula-maliboho oa kamehla ha ke e-ba lilemo li 14. Kahoo, ke ile ka nyahama ha batsoali ba ka ba ne ba bolela hore ke tlameha hore ke batle mosebetsi pele. Ba ile ba tsitlella tabeng ea hore ke patalle bolulo le litšenyehelo tse ling tsa ha ke ntse ke lula moo lapeng, ’me ba ntšepisa hore ha ke se ke le lilemo li 18 ke tla qala ho bula-maliboho. Sena se ile sa etsa hore hangata re buisane ka hore na ke lokela ho sebelisa chelete eo ke neng ke e amohela joang. Ke ne ke ba bolella hore ke batla ho boloka chelete eo hore ke tle ke e sebelise ha ke se ke le pula-maliboho empa bona ba ne ba e nka.

Ha nako ea hore ke qale ho bula-maliboho e fihla, batsoali ba ka ba ile ba lula fatše le ’na ba ntlhalosetsa hore ba kentse chelete eo ke neng ke ntse ke ba fa eona bankeng. Ba ile ba mpha eona kaofela hore ke tsebe ho reka liaparo le lintho tse ling tseo ke neng ke li hloka mosebetsing oa bopula-maliboho. Ba ne ba nthuta hore ke lokela ho itlhokomela eseng ke lebelle hore ke hlokomeloe ke batho ba bang. Ha ke nahana ka taba eo, kea hlokomela hore koetliso eo e ne e le ea bohlokoa ka ho fetisisa.

Ha re ntse re hōla le Lesley, hangata bo-pula-maliboho ba ne ba ee ba lule lapeng, ’me re ne re thabela ho sebetsa le bona tšimong. Mafelong a beke re ne re e-ea ka ntlo le ntlo, re fana ka bopaki seterateng re bile re khanna lithuto tsa Bibele. Mehleng eo, pakane ea mohoeletsi oa phutheho e ne e le hore a sebetse lihora tse 60 ka khoeli. ’Mè o ne a atisa ho finyella pakane eo, ’me seo se ile sa re behela mohlala o motle haholo ’na le Lesley.

HO BULA-MALIBOHO TASMANIA

Kabelo ea ka ea pele ha ke le pula-maliboho e ile ea e-ba ho ea sebetsa sehlekehlekeng sa Tasmania se Australia, moo ke ileng ka sebetsa le ausi oa ka le mohats’ae. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo ba ile ba ntšiea ba ea Sekolong sa Gileade, sehlopheng sa bo15. Ke ne ke le lihlong haholo ’me ho ne ho se mohla nkileng ka tloha lapeng. Batho ba bang ba ne ba nahana hore ke tla lula Tasmania likhoeli tse tharo feela haeba ho thoe ke lutse. Leha ho le joalo, ka 1950, ka mor’a selemo ke le moo, ke ile ka khethoa hore ke be mohlanka oa phutheho eo hona joale a seng a bitsoa mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. Hamorao, ke ile ka khethoa ho ba pula-maliboho ea khethehileng ’me ke ile ka sebetsa le mora e mong oabo rōna e mocha.

Re ile ra ea sebetsa motsaneng o mong o neng o le ka thōko, moo ho nang le merafo ea koporo, ’me sebakeng seo ho ne ho se na Lipaki. Re ile ra fihla sebakeng seo mantsiboea ’me re ne re tsamaea ka bese. Bosiung ba pele re ile ra robala hoteleng e ’ngoe ea khale. Letsatsing le latelang re ile ra paka ka ntlo le ntlo ’me re ile ra botsa beng ba matlo bao re neng re buisana le bona hore na ba tseba moo re ka fumanang bolulo teng. Ha e se e le mantsiboea, motho e mong o ile a re bolella hore ntlo ea moruti e haufi le kereke ea Presbitheri e ne e se na motho ea lulang ho eona, a re re buisane le modiakone oa moo ka eona. E ne e le motho ea nang le botsoalle ’me o ile a re lumella hore re lule ntlong eo. Ho ne ho bonahala e le ntho e makatsang hore re tsoe ntlong ea moruti letsatsi le leng le le leng re il’o bolella batho litaba tse molemo.

Tšimo eo e ne e beha litholoana tse ntle. Re ile ra buisana hamonate le batho ba bangata ’me ra qalisa lithuto tsa Bibele tse ngata. Ha baeta-pele ba kereke ba lulang motse-moholo ba utloa hore Lipaki Tsa Jehova li ne li lula ntlong ea moruti, ba ile ba laela modiakone hore a re leleke hang-hang. Re ile ra boela ra hloka bolulo!

Letsatsi le latelang re ile ra etsa mosebetsi oa boboleli ho fihlela motšehare oa mantsiboea, eaba ka mor’a moo re batla moo re tla sunya lihlooho teng bosiung boo. Sebaka se betere seo re ileng ra se fumana ke lebala la lipapali, karolong e ruletsoeng. Re ile ra pata lisutuk’heise tsa rōna moo eaba re qala ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ho ne ho ntse ho fifala empa re ile ra etsa qeto ea ho etela malapa a mang a seng makae e le hore re qetele seterata seo re neng re ntse re se sebetsa. Lelapeng le leng mong’a ntlo o ile a re a ka re fa bolulo ntlong e nyenyane e nang le likamore tse peli e neng e le ka mor’a ntlo ea hae!

MOSEBETSI OA POTOLOHO LE HO EA GILEADE

Ka mor’a likhoeli tse ka bang robeli ke ntse ke sebetsa sebakeng sena, ke ile ka fumana lengolo le tsoang lekaleng la Australia le mphang mosebetsi oa ho ba molebeli oa potoloho. Sena se ile sa ntšosa kaha ke ne ke le lilemo li 20 feela. Ka mor’a ho koetlisoa ka libeke tse seng kae, ke ile ka qala ho etela liphutheho ho li khothatsa. Boholo ba batho liphuthehong tseo ke neng ke li etela ba ne ba le baholo ho ’na, leha ho le joalo ba ne ba sa nkhelle fatše, empa ba ne ba hlompha mosebetsi oo ke neng ke o etsa.

Ruri ke ile ka thulana le maemo a fapa-fapaneng ha ke ntse ke etela liphutheho! Beke e ’ngoe ke ne ke tsamaea ka bese, e ’ngoe ka likoloi tsa baeti tse tsamaeang seporong kapa ka ’motokara, e ’ngoe ke tsamaea ka sethuthuthu, ke tšehelitse sutuk’heisi le mokotla oa tšimo. Ho fihlela malapeng a Lipaki e ne e le ntho e thabisang haholo. Mora e mong oabo rōna eo e neng e le mohlanka oa phutheho o ne a labalabela hore ke e’o fihlela ha hae haholo le hoja ntlo ea hae e ne e e-s’o fele. Bekeng eo ke ile ka lokisetsoa hore ke robale ka bateng, empa kaofela ha rōna re ile ra matlafatsoa haholo moeeng!

Ke ile ka boela ka makala haholo ka 1953 ha ke ne ke fuoa foromo ea ho kōpa ho amoheloa sehlopheng sa bo22 sa Sekolo sa Gileade. Le hoja ke ne ke thabile, ke ne ke boetse ke tšohile. Taba ke hore ka mor’a hore ausi oa ka le mohats’a hae ba fumane mangolo Sekolong sa Gileade ka la 30 July, 1950, ba ile ba romeloa Pakistan. Ka mor’a moo, nakong e ka tlaase ho selemo Lesley o ile a kula eaba o hlokahalla Pakistan. Ke ne ke ipotsa hore na batsoali ba ka ba ne ba tla ikutloa joang ka hore ke ee naheng e ’ngoe nakoana feela ka mor’a hore seo se etsahale. Leha ho le joalo, ba ile ba re: “Tsamaea u il’o sebeletsa Jehova hohle moo a u isang teng.” Leo e ne e le lekhetlo la ho qetela ke bona Ntate. O ile a hlokahala hamorao ka 1957.

Ho e-s’o ee kae, ke ile ka palama sekepe le Maaustralia a mang a mahlano, ho nka leeto la libeke tse tšeletseng ho ea New York City. Ha re le leetong lena re ile ra bala Bibele, ra ithuta ra ba ra pakela batho ba neng ba palame sekepe le rōna. Pele re e-ea moo sekolo se neng se tšoareloa teng e leng South Lansing, New York, re ile ra ea kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium ka July 1953. Batho ba neng ba le teng kopanong eo ba ne ba le 165 829!

Batho ba neng ba le sehlopheng sa rōna sa Sekolo sa Gileade ba 120, ba ne ba e-tsoa likarolong tsohle tsa lefatše. Re ile ra tsebisoa hore na re il’o sebetsa linaheng life letsatsing la ho fuoa mangolo. Re ile ra potlakela pokellong ea libuka ea Gileade ho ea ithuta ka linaha tseo re neng re abetsoe ho ea sebetsa ho tsona. Ke ile ka fumana hore naha ea Paraguay eo ke neng ke abetsoe ho ea sebetsa ho eona e ne e atisa ho ba le meferefere ea lipolotiki. Nakoana ka mor’a hore ke fihle naheng eo, ke ile ka botsa baromuoa ba bang hore na ke “mokete” oa eng o neng o tšoeroe bosiu kaha ke ile ka utloa lerata ka ntle. Ba ile ba tšeha eaba ba re: “Joale u fihlile ha habo meferefere ea lipolotiki. Sheba ka ntle.” Hukung e ’ngoe le e ’ngoe ea seterata ho ne ho eme masole!

KETSAHALO EO NKE KENG KA E LEBALA

Ka lekhetlo le leng ke ile ka tsamaea le molebeli oa potoloho ha a ne a etela phutheho e ’ngoe e ka thōko le ho ea bontša filimi ea The New World Society in Action. Re ile ra tsamaea lihora tse robeli kapa tse robong. Pele re ile ra tsamaea ka terene, hamorao ra tsamaea ka kariki e huloang ke lipere, ’me qetellong ra tsamaea ka kariki e huloang ke likhomo. Re ne re nkile jenereithara le mochine o bontšang li-slide. Qetellong re ile ra fihla moo re neng re e-ea teng, ’me letsatsing le hlahlamang re ile ra etela mapolasi a sebakeng seo re mema batho bohle hore ba tl’o shebella filimi mantsiboeeng a letsatsi leo. Ho ile ha tla batho ba 15.

Ha filimi e se e e-na le metsotso e ka bang 20 e qalile, re ile ra bolelloa hore re kene ka tlung ka potlako. Re ile ra phamola mochine oa li-slide eaba re kena ka tlung. Ka mor’a moo re ile ra utloa mantsoe a banna ba hoelehelitseng, ba ntse ba thunya ba bile ba hooa ba re: “Molimo oa rōna ke molimo ea nyoretsoeng mali, o batla ho noa mali a melata.” Ho ne ho e-na le melata e ’meli feela sebakeng seo, ’me ke ne ke le e mong oa melata eo! Batho ba neng ba tlile ho tla shebella filimi eo ba ile ba thiba sehlopha seo sa mahoohoo hore se se ke sa kena ka tlung. Leha ho le joalo, bahanyetsi bao ba ile ba khutla hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng, ba thunya ba bile ba re bolella hore ba tla re tšoara ha re khutlela toropong hamorao letsatsing leo.

Barab’abo rōna ba ile ba ikopanya le mookameli oa sepolesa oa sebakeng seo, ’me motšehare oa mantsiboea o ile a tla le lipere tse peli eaba o re isa toropong. Ha re le tseleng e eang toropong, ha re ne re atamela moo ho nang le lifate tse teteaneng o ne a ntša sethunya ebe o re etella pele ho bona hore na ha ho na kotsi ka pele. Ke ile ka hlokomela hore pere e molemo, kahoo hamorao ke ile ka ithekela eona.

HO FIHLA BAROMUOA BA BANG

Mosebetsi oa boboleli o ile oa ’na oa atleha le hoja baruti ba ne ba e-ba khahlanong le oona nako le nako. Ka 1955, baromuoa ba bang ba bacha ba bahlano ba ile ba fihla, ’me har’a bona ho ne ho e-na le morali’abo rōna e mocha oa Mocanada ea bitsoang Elsie Swanson, ea ileng a fumana lengolo sehlopheng sa bo25 sa Sekolo sa Gileade. Re ile ra ba ’moho le eena ofising ea lekala ka nakoana pele a romeloa toropong e ’ngoe. O ne a iteletse ho sebeletsa Jehova le hoja batsoali ba hae ba ne ba sa mo thuse hakaalo kaha ha baa ka ba amohela ’nete. Ka la 31 December, 1957, ’na le Elsie re ile ra nyalana ’me re ile ra ea lula re le bang lehaeng la baromuoa le karolong e ka boroa ea Paraguay.

Lehaeng la rōna ho ne ho se na metsi ka tlung empa ho ne ho e-na le seliba ka mor’a ntlo. Ka lebaka leo, re ne re se na shaoara ka tlung, ntloana ea ka tlung, mochine o hlatsoang liaparo kapa foriji. Re ne re tlameha ho reka lijo letsatsi le leng le le leng e le hore li se ke tsa senyeha. Leha ho le joalo, ho iphelela ka tsela e bonolo esita le kamano e mofuthu eo re neng re e-na le eona le bara le barali babo rōna e ile ea etsa hore eo e be nako e monate ka ho fetisisa bophelong ba rōna.

Ka 1963, nakoana ka mor’a hore re fihle Australia moo re neng re etetse ’Mè, o ile a hlaseloa ke lefu la pelo. Ho bonahala lefu lena le ile la mo hlasela hobane o ile a thaba haholo ka mor’a ho bona mora oa hae eo a neng a qetetse ho mo bona lilemong tse leshome tse fetileng. Ha nako ea hore re khutlele kabelong ea rōna Paraguay e ntse e atamela, re ne re tlameha ho etsa qeto e boima ka ho fetisisa bophelong ba rōna. Taba e ne e le hore na re tla siea ’Mè a le sepetlele re tšepile hore ho na le motho ea tla mo hlokomela ebe rōna re khutlela kabelong ea rōna Paraguay, eo re neng re e rata haholo. Ka mor’a hore re rapele haholo ka taba eo, re ile ra etsa qeto ea hore re lule Australia re hlokomele ’Mè. Re ile ra khona ho mo hlokomela le ho tsoela pele re le tšebeletsong ea nako e tletseng ho fihlela ha a ne a hlokahala ka 1966.

Ka lilemo tse ngata ke ile ka ba le tlotla ea ho ba molebeli oa potoloho le oa setereke Australia, le ho ba morupeli Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso sa baholo. Joale re ile ra tlameha ho etsa phetoho e ’ngoe hape bophelong ba rōna. Ke ile ka koptjoa ho sebeletsa ke le setho sa Komiti ea pele ea Lekala, Australia. Ka mor’a moo, ha ho ne ho lokisetsoa hore ho hahoe ofisi e ncha ea lekala, ke ile ka khethoa hore ke be molula-setulo oa komiti ea kaho. Re ile ra khona ho haha lekala le letle ka thuso ea basebetsi ba bangata ba nang le boiphihlelo le tšebelisano ’moho.

Ke ile ka boela ka abeloa hore ke sebetse Lefapheng la Tšebeletso, le sebetsanang le ho hlokomela mosebetsi oa boboleli o etsoang ka har’a naha. Hape ke ile ka ba le tlotla ea ho ba molebeli ea etelang makala ’me ke ile ka etela makala a fapa-fapaneng lefatšeng lohle ke a thusa le ho a khothatsa. Ntho e ileng ea ’matlafatsa tumelo haholo, ke ho etela linaheng tse ling tseo ho neng ho e-na le batho ba ileng ba qeta lilemo tse ngata—esita le tse mashome—ba le lichankaneng le likampong tsa mahloriso hobane ba ile ba mamela Jehova ka botšepehi.

KABELO EO RE LENG HO EONA HONA JOALE

Ka 2001, ha re ne re khutla leetong la ho etela makala ’me re khathetse haholo, ke ile ka fumana lengolo le re kōpang hore re ee Brooklyn, New York, ho ea sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala ea United States e neng e sa tsoa thehoa. ’Na le Elsie re ile ra nahana ka taba eo ra ba ra e rapella, ’me re ile ra amohela kabelo eo re thabile. Ka mor’a lilemo tse fetang 11, re ntse re le Brooklyn.

Ke thabile haholo hore ebe ke na le mosali ea thabelang ho etsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse. Hona joale ’na le Elsie re lilemo li 81, ’me re sa ntse re phela hantle. Re lebeletse ka tjantjello e khōlō ho thabela ho rutoa ke Jehova ka ho sa feleng hammoho le ho fumana litlhohonolofatso tseo a tla li fa batho ba tsoelang pele ba etsa thato ea hae.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Beke e ’ngoe ke ne ke tsamaea ka bese, e ’ngoe ka likoloi tsa baeti tse tsamaeang seporong kapa ka ’motokara, e ’ngoe ke tsamaea ka sethuthuthu, ke tšehelitse sutuk’heisi le mokotla oa tšimo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Re lebeletse ka tjantjello e khōlō ho thabela ho rutoa ke Jehova ka ho sa feleng

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ka letsohong le letšehali: Ha ke ne ke le mosebetsing oa potoloho Australia

Ka letsohong le letona: Ke na le batsoali ba ka

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ka letsatsi la rōna la lechato ka la 31 December, 1957