Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Tla Tšoha Mang?”

“Ke Tla Tšoha Mang?”

“Ke Tla Tšoha Mang?”

“Le hoja ntoa e ka tsoha khahlanong le ’na, le nakong eo ke tla ba le tšepo.”—PES. 27:3.

HO EA KA LITEMANA TSE LATELANG, KE’NG E KA U THUSANG HORE U BE SEBETE?

Pesaleme ea 27:1

Pesaleme ea 27:4

Pesaleme ea 27:11

1. Pesaleme ea 27 e tla re thusa hore re utloisise eng?

KE HOBANE’NG ha mosebetsi oa rōna oa boboleli o ntse o eketseha ho sa tsotellehe maemo a lefatše a ntseng a mpefala? Ke hobane’ng ha re thabela ho sebelisa nako le matla a rōna mosebetsing oa boboleli le hoja maemo a moruo a ntse a mpefala? Re ka etsa joang hore re lule re le sebete le hoja batho ba bang ba tšohile bokamoso? Pina e bululetsoeng ea Morena Davida, e tlalehiloeng Pesalemeng ea 27, e re fa likarabo tsa lipotso tseo.

2. Ho tšoha ho ka etsa hore motho a ikutloe joang, empa re kholisehile ka eng?

2 Davida o qala pesaleme ena ka mantsoe ana: “Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka. Ke tla tšaba mang? Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka. Ke tla tšoha mang?” (Pes. 27:1) Ho tšoha ho ka etsa hore motho a ikutloe a fokola hoo a ke keng a khona ho etsa letho. Empa motho ea tšabang Jehova ha aa lokela ho ferekanngoa ke tšabo. (1 Pet. 3:14) Haeba re etsa Jehova qhobosheane ea rōna, re ‘tla lula re sireletsehile ’me re ke ke ra khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.’ (Liprov. 1:33; 3:25) Hobane’ng?

“JEHOVA KE LESELI LA KA LE POLOKO EA KA”

3. Jehova ke leseli la rōna ka tsela efe, empa ke sefe seo re lokelang ho se etsa?

3 Mokhabo puo oa thehello o sebelisitsoeng mona o reng “Jehova ke leseli la ka,” o re hlokomelisa taba ea hore Jehova o re lokolla lefifing la moea ebile o re ruta ’nete. (Pes. 27:1) Leseli la sebele le ka re thusa hore re bone kotsi kapa ntho e ka re sitisang tseleng, empa ha le e tlose. Re lokela ho ba bohlale ha re nka bohato ka seo re se bonang. Ka tsela e tšoanang, Jehova o re senolela hore na lintho tse etsahalang lefatšeng li bolela’ng. O re hlokomelisa likotsi tsa tsamaiso ena ea lintho. Melao-motheo ea Bibele eo a re fang eona e re thusa kamehla, empa re lokela ho sebelisa seo re ithutang sona. Haeba re etsa joalo, re tla etsa lintho ka bohlale ho feta lira tsa rōna kapa mesuoe ea rōna.—Pes. 119:98, 99, 130.

4. (a) Ke hobane’ng ha Davida a ne a ka bua ka kholiseho a re: “Jehova ke . . . poloko ea ka”? (b) Ke neng moo ka ho khetheha Jehova e tla ba poloko ea rōna?

4 Mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 27:1 a bontša hore e ka ’na eaba Davida o ile a hopola kamoo ka makhetlo Jehova a ’nileng a mo pholosa kateng nakong e fetileng. Ka mohlala, Jehova o ile a mo pholosa “marōng a tau le marōng a bere.” Jehova o ile a boela a mo thusa hore a hlōle Goliathe oa senatla. Hamorao, Morena Saule o ile a leka ho hlaba Davida ka lerumo, empa lekhetlong le leng le le leng Jehova o ile a mo pholosa. (1 Sam. 17:37, 49, 50; 18:11, 12; 19:10) Ha ho makatse hore ebe Davida o ile a bua mantsoe ana ka kholiseho: “Jehova ke . . . poloko ea ka”! Jehova e tla boela e be poloko ea bahlanka ba hae joalokaha e ile ea e-ba poloko ea Davida. Ka tsela efe? Ka hore a pholose barapeli ba hae “matšoenyehong a maholo” a tlang.—Tšen. 7:14; 2 Pet. 2:9.

HOPOLA NAKO E ’NGOE LE E ’NGOE EO JEHOVA A ILENG A U THUSA KA EONA

5, 6. (a) Lintho tseo re li hopolang li ka re thusa joang hore re be sebete? (b) Litlaleho tse buang ka tsela eo Jehova a ileng a sebelisana le bahlanka ba hae li re thusa joang hore re be sebete?

5 Ntho ea bohlokoa e ka re thusang hore re be sebete e bontšoa ho Pesaleme ea 27:2, 3. (E bale.) Davida o ile a hopola linako tseo ka tsona Jehova a ileng a mo pholosa. (1 Sam. 17:34-37) Ho hopola linako tseo ho ile ha mo thusa hore a be sebete e le hore a thulane le maemo a mabe ka ho fetisisa. Na le uena u ba sebete ka tsela e tšoanang ha u hopola linako tseo Jehova a ileng a u thusa ka tsona? Ka mohlala, na u kile ua rapella bothata bo itseng ka matla eaba u bona kamoo Jehova a ileng a u fa bohlale kapa matla a hore u bo mamelle? Kapa na u hopola kamoo Jehova a ileng a u thusa kateng ho tlosa lintho tse neng li tla u sitisa ho thabela tšebeletso ea hao kapa kamoo a ileng a u bulela monyako o moholo o isang tšebetsong? (1 Bakor. 16:9) Ho hopola lintho tseo ho u thusa joang hona joale? Na ho hopola lintho tseo ha ho u kholise hore Jehova a ka u thusa hore u hlōle litšitiso kapa u mamelle esita le mathata a boima?—Bar. 5:3-5.

6 Re ne re tla etsa’ng haeba ’muso o matla o ne o ka loha leano la ho felisa mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova kaofela? Batho ba bangata mehleng ena ba ile ba leka ho etsa seo empa ba ile ba hlōleha. Ha re hopola kamoo Jehova a ’nileng a thusa bahlanka ba hae kateng nakong e fetileng, seo se tla re thusa hore re be sebete e le hore re tle re mamelle eng kapa eng e ka etsahalang nakong e tlang.—Dan. 3:28.

ANANELA BORAPELI BO HLOEKILENG

7, 8. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 27:4, ke’ng eo Davida a ileng a e kōpa ho Jehova? (b) Tempele ea moea ea Jehova ke’ng, hona borapeli bo etsoa joang tempeleng eo?

7 Ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re be sebete ke hore re rate borapeli ba ’nete. (Bala Pesaleme ea 27:4.) Mehleng ea Davida, ‘ntlo ea Jehova’ e ne e le tabernakele. Ke Davida ea ileng a lokisetsa hore ho etsoe moralo oa tempele e majabajaba e neng e tla hahoa ke mor’a hae Solomone. Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a bontša hore ho ne ho tla ba le nako eo ka eona ho ke keng ha hlokahala hore batho ba ee tempeleng ho ea rapela Jehova. (Joh. 4:21-23) Jehova o entse tokisetso ea hore re khone ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang. O amohela borapeli ba rōna haeba re bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ho Baheberu khaolo ea 8 ho ea ho ea 10, moapostola Pauluse o ile a bontša hore tokisetso ena ke tempele e khōlō ea moea “e sa etsoang ka matsoho,” eo re ka rapelang Molimo ho eona. Pauluse o ile a hlalosa hore tempele ena e ile ea e-ba teng ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me a inehela ho etsa thato ea Jehova ka 29 C.E. (Baheb. 10:10) Re rapela joang tempeleng eo? Ka ho rapela “ka lipelo tsa ’nete ka kholiseho e feletseng ea tumelo”; ka ho phatlalatsa tšepo eo re nang le eona re sa thekesele, ka ho nahanelana, ho susumeletsana le ho khothatsa balumeli-’moho le rōna ha re le libokeng tsa rōna tsa phutheho le nakong ea borapeli ba lelapa. (Baheb. 10:22-25) Ho ananela tokisetso ea borapeli ba ’nete hoa re matlafatsa matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko.

8 Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang lefatšeng lohle, ba eketsa nako eo ba e qetang mosebetsing oa boboleli, ba ithuta lipuo tse ling ebile ba fallela libakeng tseo ho tsona ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata. Lintho tseo ba li etsang li bontša hore joaloka mopesaleme ho na le ntho e le ’ngoe eo ba e kōpang ho Jehova. Ba batla ho fumana thabo ea Jehova le ho etsa tšebeletso e halalelang ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng.—Bala Pesaleme ea 27:6.

TŠEPA MOLIMO

9, 10. Tiisetso e ho Pesaleme ea 27:10 e bolela’ng?

9 Davida o ile a bontša ka ho hlaka hore o tšepa Jehova ha a ne a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pes. 27:10) Ho latela liketsahalo tse tlalehiloeng ho 1 Samuele khaolo ea 22, re ka fihlela qeto ea hore batsoali ba Davida ha baa ka ba mo lahla. Leha ho le joalo, batho ba bangata kajeno ba ’nile ba lahloa ke ba malapa a bo bona. Ho ntse ho le joalo, batho bao ba bangata ba lahliloeng ke ba malapa a bo bona ba ’nile ba fumana thuso le tšireletseho ka phuthehong e mofuthu ea Bokreste.

10 Kaha Jehova o loketse ho thusa bahlanka ba hae ha batho ba bang ba ba lahla, na a ke ke a boela a ba thusa ha ba le matšoenyehong a mofuta ofe kapa ofe? Ka mohlala, haeba re tšoenyehile ka hore na re tla hlokomela malapa a rōna ka lintho tseo a li hlokang joang, na re ke ke ra kholiseha hore Jehova o tla re thusa? (Baheb. 13:5, 6) O utloisisa maemo le litlhoko tsa bahlanka ba hae bohle ba tšepahalang.

11. Tšepo eo re nang le eona ho Jehova e ka ama batho ba bang joang? Fana ka mohlala.

11 Nahana ka se ileng sa etsahala ho Victoria, e leng seithuti sa Bibele se lulang Liberia. Ha a ntse a tsoela pele ’me a itokisetsa ho kolobetsoa, monna ea neng a lula le eena o ile a mo siea le bana ba bararo. Le hoja a ne a se na moo a lulang a bile a sa sebetse, o ile a tsoela pele hantle moeeng. Ka mor’a hore Victoria a kolobetsoe, morali oa hae ea lilemo li 13 o ile a thola sepache se tletseng chelete. E le hore ba se ke ba lekeha, ba ile ba etsa qeto ea hore ba se ke ba bala chelete eo. Ho e-na le hoo, ka potlako ba ile ba ikopanya le mong’a sepache seo oa lesole. O ile a ba bolella hore haeba batho bohle ba ne ba tšepahala joaloka Lipaki Tsa Jehova, mathata a ne a tla fokotseha lefatšeng lohle ’me batho ba ne ba tla phela ka khotso. Victoria o ile a bontša lesole leo tšepiso ea Jehova ea lefatše le lecha ka Bibeleng. Kaha lesole leo le ile la khahloa ke botšepehi ba Victoria, le ile la mo fa karolo e ngatanyana ea chelete eo. Ka sebele, kaha Lipaki Tsa Jehova li na le tšepo e tiileng ea hore Jehova o tla li hlokomela, li na le botumo bo botle ka lebaka la botšepehi ba tsona.

12. Haeba re tsoela pele re sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na re lahleheloa ke mosebetsi kapa chelete, seo se bontša’ng? Fana ka mohlala.

12 Hape, nahana kamoo e tlamehang ebe Thomas, eo e leng mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa Sierra Leone, a ileng a ikutloa kateng. O ile a qala ho sebetsa e le mosuoe sekolong se mahareng, empa ha aa ka a fumana moputso oa hae nako e ka etsang selemo ha lipampiri tsa hae li ntse li lokisoa. Ke’ng eo Thomas a neng a lokela ho e etsa pele a ka fumana moputso oa hae hammoho le chelete e neng e saletse morao? O ne a lokela ho ba le puisano le motsamaisi oa sekolo—eo e neng e le moruti. Moruti eo o ile a bolela hore lintho tseo Lipaki Tsa Jehova li li lumelang ha li lumellane le tsamaiso ea sekolo. O ile a re Thomas o tlameha ho khetha pakeng tsa mosebetsi oa hae le litumelo tsa hae tse thehiloeng Bibeleng. Thomas o ile a tlohela mosebetsi oo ’me seo se ne se bolela hore o ne a ke ke a fumana chelete ea hae ea moputso oa nako e ka etsang selemo, ’me o ile a fumana mosebetsi o mong oa ho lokisa liea-le-moea le liselefouno. Mehlala e mengata e bontša hore haeba re tšepa Jehova ha rea lokela ho tšoha hore re tla haelloa ke lintho tseo re li hlokang. Kaha Jehova o bōpile lintho tsohle ’me haesale a ntse a sireletsa bahlanka ba hae, rea tseba hore o tla re hlokomela.

13. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o tsoela pele joang linaheng tseo batho ba hulang ha boima?

13 Linaheng tse ngata moo maemo a bophelo a leng boima, hangata baboleli ba ’Muso baa cheseha. Hobane’ng? Ofisi e ’ngoe ea lekala e ile ea ngola ea re: “Batho ba bangata ba amohelang thuto ea Bibele ha ba sebetse ’me ka lebaka leo ba ba le nako e ngata ea ho ithuta motšehare. Barab’abo rōna le bona ba na le nako e ngata ea ho bolela litaba tse molemo. Ha ho hlokahale hore batho ba bolelloe hore re phela matsatsing a ho qetela, haholo-holo ba lulang libakeng tseo ho huloang ka thata ho tsona kaha ba bona maemo ao ba phelang ho ’ona.” Moromuoa e mong ea nang le lilemo tse fetang 12 a sebeletsa naheng eo ho eona ka karolelano mohoeletsi e mong le e mong a khannang lithuto tse tharo tsa Bibele, o ile a ngola a re: “Kaha bahoeletsi ba bangata ba phela bophelo bo itekanetseng ebile ha ho na lintho tse ngata tse ba sitisang, boholo ba bona ba na le nako e ngata ea ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho khanna lithuto tsa Bibele.”

14. Molimo o tla sireletsa bongata bo boholo ka litsela life?

14 Jehova o tšepisitse hore o tla thusa bahlanka ba hae, a ba sireletse ’meleng le moeeng a be a ba pholose e le sehlopha, ’me rea lumela hore o tla fela a phethahatse seo. (Pes. 37:28; 91:1-3) E tlameha ebe batho ba tla pholoha “matšoenyehong a maholo” e tla ba bongata bo boholo e le kannete. (Tšen. 7:9, 14) Kahoo, bongata boo bo tla sireletsoa e le sehlopha hore bo se ke ba timetsoa matsatsing a ho qetela. Bo tla fuoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bo e hlokang e le hore bo mamelle liteko bo be bo sireletse kamano ea bona le Jehova. Karolong ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo, Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae.

“NTHUPELE, JEHOVA, KA TSELA EA HAO”

15, 16. Ha re mamela tataiso ea Molimo, seo se re tsoela molemo joang? Fana ka mohlala.

15 E le hore re lule re le sebete, ho hlokahala hore Molimo a tsoele pele a re rupela ka tsela ea hae. Boipiletso bona ba Davida bo bontša hore sena sea hlokahala: “Nthupele, Jehova, ka tsela ea hao, u ntsamaise tseleng ea ho loka ka lebaka la lira tsa ka.” (Pes. 27:11) Haeba re etsa lintho tumellanong le thapelo ena, re tla ela hloko tataiso efe kapa efe e thehiloeng Bibeleng eo re e fumanang mokhatlong oa Jehova ’me re e sebelise hang-hang. Batho ba bangata ba ileng ba fokotsa likoloto tse sa hlokahaleng, ba ka paka hore ho sebelisa keletso e bohlale ea hore ba nolofatse bophelo ba bona ho ba tsoetse molemo nakong eo ho neng ho e-na le mathata a moruo morao tjena. Ho e-na le hore ba ikimetse ka lintho tseo ba ke keng ba khona ho li lefella, ba lokolohile hore ba ka eketsa tšebeletso ea bona. E ka ba hantle hore kaofela ha rōna re ipotse, ‘Na ke sebelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e balang Bibeleng le ka har’a lingoliloeng tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene hang-hang, esita le haeba seo se hloka hore ke itele?’—Mat. 24:45.

16 Haeba re lumela hore Jehova a re rupele a be a re tataisetse tseleng ea ho loka, ho ke ke ha hlokahala hore re tšohe. Ha pula-maliboho e mong oa United States a ne a etsa kōpo ea mosebetsi o neng o tla mo thusa hore eena le ba lelapa la hae kaofela ba tsoele pele ba etsa tšebeletso ea nako e tletseng, mookameli oa hae o ile a mo bolella hore a ke ke a fumana mosebetsi oo haeba a se na lengolo la thuto e phahameng la univesithi. Haeba see se ne se etsahetse ho uena, na u ne u tla ikoahlaea ka hore ebe u ile ua hahamalla tšebeletso ea nako e tletseng ho e-na le hore u hahamalle thuto e phahameng? Ka mor’a libeke tse peli, mookameli eo o ile a felloa ke mosebetsi, ’me mookameli e mong o ile a botsa mor’abo rōna hore na lipakane tsa hae ke life. Mor’abo rōna o ile a mo bolella hore eena le mosali oa hae ke Lipaki Tsa Jehova tse etsang mosebetsi oa boboleli ka linako tsohle ’me ba batla ho tsoela pele ka mosebetsi oo. Le pele mor’abo rōna a qeta, mookameli o ile a re: “Ke hlokometse hore ha u tšoane le batho ba bang! Ha Ntate a ne a le makhatheng a lefu, balumeli-’moho le uena ba babeli ba ne ba tla ’me ba mo balla Bibele letsatsi le leng le le leng. Ke ile ka etsa qeto ea hore haeba nka ba le monyetla oa ho thusa e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke tla mo thusa.” Letsatsing le hlahlamang, mora eo oabo rōna o ile a fuoa mosebetsi oo mookameli oa hae oa pele a ileng a hana ho mo fa oona. Ka sebele haeba re etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba rōna, Jehova o phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla re hlokomela ka lintho tseo re li hlokang nameng.—Mat. 6:33.

HO HLOKAHALA HORE RE BE LE TUMELO LE TŠEPO

17. Ke’ng e tla re thusa hore re se ke ra tšoha se tla etsahala nakong e tlang?

17 Davida o bontša bohlokoa ba hore re be le tumelo le tšepo ka hore a re: “Haeba ke ne ke sa ka ka ba le tumelo ha ke bona molemo oa Jehova naheng ea ba phelang—!” (Pes. 27:13) Ho ka be ho etsahetse’ng ka rōna haeba re ne re se na tšepo eo re e filoeng ke Molimo le haeba re ne re sa ananele lintho tse tšohliloeng Pesalemeng ea 27? Kahoo, mehleng ena ea bofelo ho hlokahala hore re rapele Jehova hore a re fe matla a be a re thuse hore re pholohe Armagedone.—Bala Pesaleme ea 27:14.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Davida o ile a matlafatsoa ke ho hopola linako tseo Jehova a ileng a mo pholosa ka tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Na re nka mathata a moruo e le monyetla oa hore re eketse tšebeletso ea rōna?