Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lumela Hore Jehova a U Tataisetse Tokolohong ea ’Nete

Lumela Hore Jehova a U Tataisetse Tokolohong ea ’Nete

Lumela Hore Jehova a U Tataisetse Tokolohong ea ’Nete

“[Nyarela] ka molaong o phethahetseng oa tokoloho.”—JAK. 1:25.

NA U KA HLALOSA?

Ke molao ofe o etsang hore batho ba be le tokoloho ea ’nete, hona ke bo-mang bao molao oo o ba tsoelang molemo?

Ke eng e ka re thusang hore re fumane tokoloho ea ’nete?

Batho ba tseleng e isang bophelong bo sa feleng ba tla fumana tokoloho efe?

1, 2. (a) Ho etsahala’ng ka bolokolohi ba batho, hona hobane’ng? (b) Ke tokoloho efe eo bahlanka ba Jehova ba tla e fumana?

RE PHELA nakong eo meharo, tlōlo ea molao le pefo, li ntseng li eketseha. (2 Tim. 3:1-5) E le hore mebuso e sebetsane le boemo bona, e etsa melao e mengata, e eketsa sepolesa ebile e kenya lik’hamera ho beha batho leihlo. Linaheng tse ling, batho ba leka ho matlafatsa tšireletso malapeng a bona ka hore ba kenye liloko tse ngata, lialamo esita le fense ea motlakase. Batho ba bang ha ba batle ho ea ka ntle bosiu ebile ha ba lumelle bana ba bona hore ba bapalle ka ntle ho se na motho ea ba behileng leihlo—e bang ke bosiu kapa ke motšehare. Ho hlakile hore bolokolohi ba batho bo ntse bo fokotseha, ’me ho bonahala eka boemo bona bo tla ’ne bo tsoele pele.

2 Khale koana serapeng sa Edene, Satane o ile a bolela hore batho ba ka fumana bolokolohi ba ’nete haeba ba ka ikarola ho Jehova. Ruri seo e ne e le leshano le letala! Ka sebele, ha batho ba tsoela pele ho iphapanyetsa melao eo Molimo a e behileng, sechaba ka kakaretso se kena mathateng le ho feta. Maemo ana a ntseng a mpefala a ama le bahlanka ba Jehova. Leha ho le joalo, re na le tšepo ea hore batho ba tla lokoloha bokhobeng ba sebe le ho bola ’me ba thabele seo Bibele e reng ke “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Ha e le hantle, Jehova o se a qalile ho lokisetsa bahlanka ba hae tokoloho eo. Ka tsela efe?

3. Jehova o file balateli ba Kreste molao ofe, ’me re tla tšohla lipotso life?

3 Karabo e fumanoa ho seo mongoli oa Bibele e leng Jakobo, a reng ke ‘molao o phethahetseng oa tokoloho.’ (Bala Jakobo 1:25.) Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela poleloana ena ka hore ke “molao o etsang hore re lokolohe” (The New English Bible) le ‘molao o phethehileng, e leng oa tokoloho’ (Bibele ea Sesotho). Hangata, batho ba amahanya molao le lithibelo, eseng le tokoloho. Kahoo, ‘molao o phethahetseng oa tokoloho’ ke eng? Hona molao oo o etsa hore re lokolohe ka tsela efe?

MOLAO O RE LOKOLLANG

4. ‘Molao o phethahetseng oa tokoloho’ ke eng, hona ke bo-mang bao o ba tsoelang molemo?

4 ‘Molao o phethahetseng oa tokoloho’ ha o tšoane le Molao oa Moshe kaha Molao oa Moshe o ne o bonahatsa litlōlo ’me o ile oa phethahatsoa ho Kreste. (Mat. 5:17; Bagal. 3:19) Joale Jakobo o ne a bua ka molao ofe? O ne a nahanne ka “molao oa Kreste,” oo hape ho thoeng ke “molao oa tumelo” le “molao oa batho ba lokolohileng.” (Bagal. 6:2; Bar. 3:27; Jak. 2:12) Kahoo, ‘molao o phethahetseng’ o akarelletsa lintho tsohle tseo Jehova a batlang hore re li etse. O tsoela Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le “linku tse ling” molemo.—Joh. 10:16.

5. Ke hobane’ng ha molao oa tokoloho o se boima?

5 Ho fapana le melao ea linaha tse ngata, ‘molao o phethahetseng’ ha oa rarahana ebile ha o boima, empa o entsoe ka litaelo tse bonolo le melao ea motheo. (1 Joh. 5:3) Jesu o ile a re: “Joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:29, 30) Ho phaella moo, ha ho hlokahale hore ‘molao o phethahetseng’ o be le lethathamo le le lelele la lithibelo kapa likotlo kaha mokokotlo oa oona ke lerato ebile o ngotsoe lipelong le likelellong tsa batho eseng matlapeng a lejoe.—Bala Baheberu 8:6, 10.

KAMOO ‘MOLAO O PHETHAHETSENG’ O RE LOKOLLANG KATENG

6, 7. Melao ea Jehova e joang, ’me molao oa tokoloho o re lumella hore re etse’ng?

6 Melao eo Jehova a e behileng e tsoela batho ba hae molemo ebile ea ba sireletsa. Ka mohlala, nahana ka melao ea tlhaho e laolang matla le lintho tse bōpiloeng, e kang matla a khoheli. Batho ha ba tletlebe ka hore melao eo ea ba hatella. Ho e-na le hoo, baa e ananela kaha baa hlokomela hore melao ea tlhaho ea hlokahala molemong oa bona. Ka tsela e tšoanang, melao ea Jehova eo re ithutang eona “molaong o phethahetseng” oa Kreste, e re tsoela molemo.

7 Molao oa tokoloho ha o re sireletse feela, empa o boetse o re lumella hore re khotsofatse litakatso tsohle tsa rōna tse loketseng re sa intše kotsi kapa re sa hatakele litokelo tsa batho ba bang kapa tokoloho ea bona. Kahoo, e le hore re be le tokoloho ea ’nete—re khone ho etsa lintho tseo re li labalabelang—ho hlokahala hore re loanele ho ba le litakatso tse nepahetseng, tse lumellanang le lintho tseo Jehova a batlang hore re li etse. Ka mantsoe a mang, re lokela ho ithuta ho rata seo Jehova a se ratang le ho hloea seo a se hloileng, e leng seo molao oa tokoloho o re thusang hore re se etse.—Amose 5:15.

8, 9. Ke melemo efe e fumanoang ke batho ba khomarelang melao ea tokoloho? Fana ka mohlala.

8 Kaha ha rea phethahala, ha ho bonolo hore re hlōle litakatso tse fosahetseng. Leha ho le joalo, ha re khomarela molao oa tokoloho ka botšepehi, le hona joale re ka thabela ho ba le tokoloho. Ho tea mohlala: Motho e mong ea neng a sa tsoa qala ho ithuta Bibele ea bitsoang Jay, o ne a lemaletse ho tsuba koae. Ha a ne a ithuta hore mokhoa oo oa hae ha o khahlise Molimo, o ile a tlameha ho etsa qeto ea hore na ke sefe seo a lokelang ho se etsa. Na o ne a tla tsoela pele a laoloa ke litakatso tsa hae kapa o ne a tla mamela Jehova? O ile a etsa qeto e bohlale ea ho sebeletsa Molimo le hoja a ne a e-na le takatso e matla ea ho tsuba. O ile a ikutloa joang ka mor’a hore a hlōle mokhoa oo? Hamorao o ile a re: “Ke ile ka utloa ke lokolohile ke bile ke thabile haholo.”

9 Jay o ile a iponela ka boeena hore tokoloho ea lefatše, e khothalletsang batho hore ba ‘behe kelello nameng,’ ha e le hantle e ba etsa makhoba, athe tokoloho eo Jehova a fanang ka eona e bolelang “ho beha kelello moeeng,” e etsa hore batho ba lokolohe ebile e fana ka “bophelo le khotso.” (Bar. 8:5, 6) Jay o ile a thusoa ke’ng hore a hlōle mokhoa oa hae o neng o mo entse lekhoba? E ne e se ka matla a hae; e ne e le ka matla a tsoang ho Molimo. O ile a re: “Ke ile ka ithuta Bibele kamehla, ka rapella moea o halalelang, ka ba ka amohela thuso eo phutheho ea Bokreste e ileng ea mpha eona ka lerato.” Le rōna re ka thusoa ke litokisetso tsena ha re ntse re batla tokoloho ea ’nete. A re ke re boneng hore na re ka etsa sena joang.

NYARELA KA LENTSOENG LA MOLIMO

10. Ho “nyarela” ka molaong oa Molimo ho bolela’ng?

10 Jakobo 1:25 e re: “Ea nyarelang ka molaong o phethahetseng oa tokoloho le ea phehellang ho oona . . . o tla thaba ho o etseng ha hae.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “nyarela” le bolela “ho inama e le hore motho a shebisise ntho hantle,” e leng se bolelang hore motho o etsa boiteko bo matla. Ka sebele, haeba re batla hore molao oa tokoloho o ame lipelo le likelello tsa rōna re lokela ho phetha boikarabelo ba rōna ka hore re khothalle ho ithuta Bibele ’me re thuise ka seo re se balang.—1 Tim. 4:15.

11, 12. (a) Jesu o ile a bontša joang hore re lokela ho etsa hore ’nete e laole tsela eo re phelang ka eona? (b) Joalokaha ho bontšitsoe ka holimo, ke kotsi efe eo ka ho khetheha bacha ba lokelang ho e qoba?

11 Ka nako e tšoanang re lokela ho ‘phehella,’ kapa re mamelle ha re sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba rōna, ’me ka tsela eo re tla be re etsa hore ’nete e laole tsela eo re phelang ka eona. Jesu o ile a bua se tšoanang ho batho ba neng ba lumela ho eena ha a ne a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Buka e ’ngoe e re mona ho “tseba” ho boetse ho bolela ho ananela “seo motho a se ‘tsebang’ hobane a se nka e le sa bohlokoa.” Kahoo, re “tseba” ’nete hantle haeba re etsa hore e be eona e laolang tsela eo re phelang ka eona. Ka tsela eo re ka bolela hore “lentsoe la Molimo” lea ‘sebetsa’ ho rōna, le fetola botho ba rōna e le hore re bonahatse litšobotsi tsa Ntate oa rōna ea leholimong haholoanyane.—1 Bathes. 2:13.

12 Ak’u ipotse, ‘Na ke hlile ke tseba ’nete? Na ke eona e laolang tsela eo ke phelang ka eona? Kapa na ke sa ntse ke khalla “tokoloho” eo lefatše le fanang ka eona?’ Ha morali e mong oabo rōna ea hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste a nahana ka nakong ea ha a sa le mocha o re: “Ha u hōlela ka phuthehong, ho ka boleloa hore ua tseba hore Jehova o teng. Empa ’na ke ne ke hlile ke sa mo tsebe. Ha ho mohla nkileng ka ithuta ho hloea seo a se hloileng. Ke ne ke sa lumele hore oa tsotella hore na ke etsang. Hape ke ne ke sa ithuta ho kōpa thuso ho eena ha ke thulana le mathata. Ke ne ke tšepile kutloisiso ea ka, ’me kea tseba hore seo e ne e le booatla hobane ke ne ke sa tsebe letho.” Ka lehlohonolo, hamorao morali eo oabo rōna o ile a hlokomela hore monahano oa hae o ne o fosahetse ’me o ile a etsa liphetoho tse khōlō. O ile a ba a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.

MOEA O HALALELANG O KA U THUSA HORE U LOKOLOHE

13. Moea o halalelang oa Molimo o re thusa joang hore re lokolohe?

13 Lengolo la 2 Bakorinthe 3:17, le re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” Moea o halalelang o re thusa joang hore re lokolohe? E ’ngoe ea lintho tseo o li etsang ke hore o hlahisa ka hare ho rōna litšobotsi tse hlokahalang e le hore re lokolohe—e leng “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagal. 5:22, 23) Haeba batho ba se na litšobotsi tseo, haholo-holo lerato, ha ho na sechaba se ka bang le tokoloho ea ’nete—’me boemo bo teng lefatšeng kajeno bo totobatsa seo. Ntho e thahasellisang ke hore ka mor’a hore moapostola Pauluse a thathamise litšobotsi tseo tsa tholoana ea moea, o ile a phaella ka ho re: “Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.” O ne a bolela’ng? O ne a bolela hore tholoana ea moea oa Molimo e ke ke ea thibeloa ke molao ofe kapa ofe hore e hōle. (Bagal. 5:18) Molao o joalo o ne o tla ba le molemo ofe? Thato ea Jehova ke hore re loanele ho lula re e-na le litšobotsi tse kang tsa Kreste le hore re li bonahatse re sa thibeloe ke letho.

14. Moea oa lefatše o etsa hore batho ba inehellang oona e be makhoba ka litsela life?

14 Batho ba nkehileng ke moea oa lefatše ba bileng ba khotsofatsang litakatso tsa bona tsa nama ba ka ’na ba nahana hore ba lokolohile. (Bala 2 Petrose 2:18, 19.) Empa ’nete ke hore ha baa lokoloha. Ho hlokahala hore ba fuoe melao e mengata ho laola litakatso tsa bona le boitšoaro ba bona. Pauluse o re: “Molao ha o kenngoe tšebetsong bakeng sa motho ea lokileng, empa o kenngoa tšebetsong bakeng sa batho ba sa eeng ka molao le ba sa laoleheng.” (1 Tim. 1:9, 10) Hape ke makhoba a sebe, ba laoloa ke “lintho tse ratoang ke nama,” eo e leng monghali ea khopo. (Baef. 2:1-3) Ho ka boleloa hore batho ba joalo, ba tšoana le likokoanyana tse kenang ka sekotlolong sa mahe a linotši. Ka lebaka la ho susumetsoa ke takatso ea tsona, li iphumana li tšoasehile.—Jak. 1:14, 15.

HO BA LE TOKOLOHO KA PHUTHEHONG EA BOKRESTE

15, 16. Ke melemo efe eo re ’nileng ra e fumana ho tloha haesale re e-ba litho tsa phutheho ea Bokreste, ’me ke tokoloho efe eo re nang le eona ka phuthehong?

15 Ha u ne u qala ho kopanela le phutheho ea Bokreste, e ne e se hore u ba setho sa mokhatlo o itseng oa boithabiso. Ho e-na le hoo, u ile ua tla ka phuthehong hobane Jehova o ile a u hula. (Joh. 6:44) O ile a susumetsoa ke’ng hore a u hule? Na o ile a u bona u le motho ea lokileng ea tšabang Molimo? U ka ’na ua re, “Che ha ho joalo!” Joale, Molimo o ile a bona’ng ho uena? O ile a bona hore u tla ikemisetsa ho mamela molao oa hae le ho latela tataiso ea hae. Ho tloha haesale u e-ba setho sa phutheho, Jehova o ’nile a u hlokomela ka hore a u rute Lentsoe la hae. O ile a u lokolla lithutong tsa bohata tsa bolumeli le litumela-khoela tsa bona a ba a u ruta hore u be le botho bo kang ba Kreste. (Bala Baefese 4:22-24.) Ka lebaka leo, u na le tlotla ea ho ba har’a batho bao e leng bona feela lefatšeng bao ka nepo ho ka boleloang hore ke “batho ba lokolohileng.”—Jak. 2:12.

16 Nahana ka sena: Ha u e-na le batho ba ratang Jehova ka lipelo tsa bona tsohle, na u ee u ikutloe u tšohile? Na u lula u hetla? Ha u ntse u qoqa le bara le barali beno Holong ea ’Muso, na u lula u tšoere lintho tsa hao ka thata e le hore li tle li se ke tsa nyamela? Che ha ho joalo! Ua lokoloha ebile ua phutholoha. Na u ne u tla ikutloa ka tsela eo ha u le har’a batho ba bang feela kapa sebakeng se seng? Ho hlakile hore u ne u ke ke ua ikutloa joalo! Ho feta moo, tokoloho eo re nang le eona ha re le har’a batho ba Molimo, ke pontšo e nyenyane feela ea tokoloho eo re tla ba le eona nakong e tlang.

“TOKOLOHO E KHANYANG EA BANA BA MOLIMO”

17. “Ho senoloa ha bara ba Molimo” ho tla thusa batho hore ba lokolohe joang?

17 Ha Pauluse a bua ka tokoloho eo Jehova a e lokiselitseng bahlanka ba hae ba tla phela lefatšeng, o ile a ngola a re: “Etsoe tebello e nang le tabatabelo ea pōpo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo.” O ile a phaella ka ho re: “Pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:19-21) “Pōpo” ke batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba tla rua molemo ha “ho senoloa” bara ba Molimo ba tlotsitsoeng ka moea. Ho senoloa hoo ho tla qala ha “bara” bana ba tsoselitsoeng ho ea phela leholimong ba sebetsa le Kreste ho tlosa bobe lefatšeng le ho pholosa “bongata bo boholo” hore bo e’o phela tsamaisong e ncha ea lintho.—Tšen. 7:9, 14.

18. Batho ba tla lula ba ntse ba fumana tokoloho joang, ’me qetellong ba tla fumana tokoloho efe?

18 Joale batho ba pholositsoeng ba tla fumana tokoloho e ncha ka hohle-hohle—ba tla lokoloha tšusumetsong ea Satane le bademona. (Tšen. 20:1-3) Ruri re tla be re utloe le litsebeng! Ka mor’a moo, ba 144 000 bao e tla ba marena le baprista hammoho le Kreste, ba tla tsoela pele ho sebelisa sehlabelo sa thekollo ho tsoela batho molemo ho fihlela batho ba se ba se na sebe ba bile ba phethahetse. (Tšen. 5:9, 10) Kaha batho ba tla be ba bontšitse hore baa tšepahala ha ba lekoa, ba tla fumana tokoloho e phethahetseng eo Jehova a ba tšepisitseng eona—e leng “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” Nahana feela! Ho ke ke ha hlola ho e-ba thata hore u etse se nepahetseng mahlong a Molimo kaha ’mele oohle oa hao o tla be o phethahetse ’me u tla khona ho etsisa litšobotsi tsa Molimo ka tsela e phethahetseng.

19. Ke eng eo re lokelang ho tsoela pele re e etsa kajeno e le hore re tle re fumane tokoloho ea ’nete?

19 Na u labalabela “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo”? Haeba ho joalo, lumela hore pelo le kelello ea hao li susumetsoe ke ‘molao o phethahetseng oa tokoloho.’ Ka sebele, u lokela ho khothalla ho ithuta Mangolo. Etsa hore ’nete e laole tsela eo u phelang ka eona. Rapella moea o halalelang. Etsa hore phutheho ea Bokreste e u tsoele molemo u be u rue molemo lijong tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona. U se ke ua lumela hore Satane a u thetse hore u nahane hore melao ea Molimo e boima haholo, joalokaha a ile a thetsa Eva. Le hoja Diabolose a ka ba bohlale haholo, re ka khona ho mo hlōla, “kaha re tseba merero ea hae.” Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.—2 Bakor. 2:11.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Na ke sa ntse ke khalla “tokoloho” eo lefatše le fanang ka eona?

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Na ’nete e laola tsela eo ke phelang ka eona?