Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebeletsa Molimo ea Fanang ka Tokoloho

Sebeletsa Molimo ea Fanang ka Tokoloho

Sebeletsa Molimo ea Fanang ka Tokoloho

“Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 JOH. 5:3.

NA U KA ARABA?

Satane o leka ho etsa hore melao ea Molimo e bonahale eka e boima joang?

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore na re khetha metsoalle ea mofuta ofe?

Ke’ng e tla re thusa hore re lule re tšepahala ho Molimo ea fanang ka tokoloho?

1. Jehova o talima tokoloho joang, ’me o ile a bontša seo joang ha a ne a sebetsana le Adama le Eva?

JEHOVA ke eena feela ea nang le bolokolohi bo feletseng. Leha ho le joalo, ha a bo sebelise hampe ka hore a laole ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bahlanka ba hae ba e etsang. Ho e-na le hoo, o ba file bolokolohi bo ba fang monyetla oa hore ba inahanele lintho le hore ba khotsofatse litakatso tsohle tsa bona tse loketseng. Ka mohlala, Molimo o ile a fa Adama le Eva taelo e le ’ngoe feela e ba thibelang ho ja tsa “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Gen. 2:17) Ruri ba ne ba e-na le tokoloho e khōlō ea hore ba etse thato ea ’Mōpi oa bona!

2. Ke hobane’ng ha batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lahleheloa ke bolokolohi boo Molimo a neng a ba file bona?

2 Ke hobane’ng ha Molimo a ile a fa batsoali ba rōna ba pele bolokolohi bo bongata hakaale? O ile a ba bōpa ka setšoantšo sa hae ’me a ba fa letsoalo, a lebeletse hore lerato leo ba mo ratang ka lona, hobane e le ’Mōpi oa bona le tla ba tataisa hore ba etse se nepahetseng. (Gen. 1:27; Bar. 2:15) Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba hlōleha ho ananela ’Mōpi oa bona ea babatsehang le bolokolohi boo a neng a ba file bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba khetha ho iketsetsa qeto ea hore na ke sefe se fosahetseng le hore na ke sefe se nepahetseng. Ho e-na le hore batsoali ba rōna ba pele ba fumane tokoloho e eketsehileng, qeto eo ba ileng ba e etsa e ile ea etsa hore e be makhoba a sebe hammoho le bana bao ba neng ba tla ba le bona, ’me ka lebaka la seo ba ile ba khola litholoana tse bosula.—Bar. 5:12.

3, 4. Satane o leka ho re qhekella joang mabapi le melao ea Jehova?

3 Haeba Satane o ile a khona ho susumetsa batho bao ba babeli ba phethahetseng—hammoho le libōpuoa tsa moea tse ngata—hore ba se ke ba ikokobelletsa bobusi ba Molimo, le rōna a ka re qhekella. Maqiti a hae a ntse a tšoana. O leka ho re qhekella ka hore re nahane hore melao ea Molimo e boima ebile e re amoha thabo. (1 Joh. 5:3) Batho ba bangata lefatšeng ba nahana ka tsela eo ’me haeba re qeta nako e ngata re e-na le bona, re ka ’na ra qetella re nahana joaloka bona. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 24, ea ileng a kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, o ile a re: “Ho tloaelana le batho ba babe ho ile ha ntšusumetsa haholo, haholo-holo kaha ke ne ke tšaba ho ba le maikutlo a fapaneng le a lithaka tsa ka.” Mohlomong le uena u ile ua susumetsoa ke lithaka ka tsela e tšoanang.

4 Ka masoabi, ka linako tse ling tšusumetso e mpe e tsoa ho batho ba ka phuthehong ea Bokreste. Mocha e mong oa Paki o re: “Ke tseba bacha ba bang ba neng ba ratana le batho bao e seng Bakreste. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore ha ke ne ke qeta nako e ngata ke e-na le bona ba ne ba ntšusumetsa hanyane ka hanyane. Ke ile ka qala ho fokola moeeng. Ke ne ke se ke sa thabele lijo tsa moea tse fanoang libokeng, ’me ke ne ke e-ea tšimong seoelo. Ena ke eona ntho e ileng ea mpontša hore ke lokela ho khaotsa setsoalle sa ka le batho bao, ’me ke ile ka fela ka se khaotsa!” Na ua hlokomela hore na metsoalle ea hao e ka u susumetsa hakae? Nahana ka mohlala ona oa Bibele o sa siuoang ke nako.—Bar. 15:4.

O ILE A HAPA LIPELO TSA BONA

5, 6. Absalome o ile a qhekella batho ba bang joang, hona na leqheka la hae le ile la atleha?

5 Bibele e na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba susumetsa ba bang hampe. Mohlala o mong o joalo ke mora oa Morena Davida e leng Absalome. Absalome o ne a le sebōpeho se setle ka tsela e ikhethang. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, joaloka Satane, o ile a itumella hore a be meharo ’me a rate maemo kaha o ile a tsoela borena ba ntata’e pelo le hoja a ne a se na tokelo ea ho ba morena. * E le ha a leka ho inkela borena ka bolotsana, Absalome o ile a iketsa eka o tsotella sechaba sa habo sa Baiseraele ’me ka masene a fana ka maikutlo a hore morena eena ha a se tsotelle. Ka sebele, feela joalokaha Diabolose a ile a etsa serapeng sa Edene, Absalome o ile a iketsa eka o tsotella batho ba bang, empa ka nako e tšoanang ka bokhopo a senya ntate oa hae lebitso.—2 Sam. 15:1-5.

6 Na leqheka leo le bohlale la Absalome le ile la atleha? Ka tsela e itseng le ile la atleha, hobane tlaleho ea Bibele e re: “Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.” (2 Sam. 15:6) Leha ho le joalo, qetellong Absalome o ile a oa ka lebaka la boikhohomoso ba hae. Ka bomalimabe o ile a shoa hammoho le batho ba likete bao a neng a ba qhekelletse.—2 Sam. 18:7, 14-17.

7. Re ka ithuta’ng tlalehong e buang ka Absalome? (Sheba setšoantšo se leqepheng la 14.)

7 Ke hobane’ng ha Baiseraele bao ba ile ba qhekelloa habonolo hakaalo? Mohlomong ke hobane ba ne ba batla lintho tseo Absalome a neng a ba tšepisa tsona. Kapa mohlomong ba ile ba thetsoa ke sebōpeho sa hae. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, re kholisehile ka sena: Ba ne ba sa tšepahale ho Jehova le ho morena eo a neng a mo khethile. Kajeno, Satane o ntse a tsoela pele ho sebelisa “bo-Absalome” ho leka ho hapa lipelo tsa bahlanka ba Jehova. Ba ka ’na ba re, ‘Melao ea Jehova e boima haholo. Ak’u shebe batho ba sa sebeletseng Jehova. Ba thabela bophelo!’ Na u tla hlokomela hore lintho tseo ke mashano a matala, ’me u lule u tšepahala ho Molimo? Na u tla hlokomela hore ke ‘molao o phethahetseng’ oa Jehova feela, e leng molao oa Kreste, o ka etsang hore u be le tokoloho ea ’nete? (Jak. 1:25) Haeba ho joalo, ananela molao oo ’me le ka mohla u se ua lekeha hore u sebelise bolokolohi ba hao ba Bokreste hampe.—Bala 1 Petrose 2:16.

8. Ke mehlala efe e bontšang hore ho se hlomphe melao ea Jehova ha ho tlise thabo?

8 Ka ho khetheha, Satane o batla ho qhekella bacha. Ha mora e mong oabo rōna ea seng a le lilemo li ka bang 30 a bua ka lilemo tsa ha e ne e sa le mocha, o ile a re: “Ke ne ke nka melao ea Jehova e le boima haholo, ke sa e nke e ntšireletsa.” Ka lebaka leo, o ile a etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Empa sena ha sea ka sa mo tlisetsa thabo. O ile a re, “Ke ile ka ikutloa ke le molato ka ba ka ikoahlaea ka lilemo tse ngata.” Ha morali e mong oabo rōna a bua ka lilemo tsa ha e ne e sa le mocha, o re: “Ka mor’a hore u kopanele boitšoarong bo bobe, u ikutloa u soabile ebile u se na thuso. Esita le hona joale ka mor’a lilemo tse 19, ke ntse ke tleloa ke menahano e utloisang bohloko.” Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ha ke nahana hore boitšoaro ba ka bo ile ba utloisa batho bao ke ba ratang bohloko seo se ile sa nkama habohloko kelellong, moeeng le maikutlong. Ho lahleheloa ke kamohelo ea Jehova ho utloisa bohloko haholo.” Satane ha a batle hore u nahane ka litholoana tseo tse mpe tsa sebe.

9. (a) Ke lipotso life tse ka re thusang hore re hlahlobe maikutlo ao re nang le ’ona ka melao le melao-motheo ea Jehova? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsebe Molimo hantle?

9 Ka masoabi bacha ba bangata ba Bakreste—esita le batho ba bang ba baholo—ba ile ba ithuta habohloko hore ho se mamele melao ea Molimo ho hlahisa litholoana tse bosula! (Bagal. 6:7, 8) Kahoo, ipotse: ‘Na kea hlokomela hore maqiti a Satane a hlile a khopo? Na ke nka Jehova e le Motsoalle oa ka ea haufi ka ho fetisisa, ea lulang a bua ’nete le ea batlang hore lintho li ntsamaele hantle? Na ke kholisehile ka hohle-hohle hore le ka mohla a ke ke a nkhanela ka lintho tse tla ntsoela molemo le tse tla etsa hore ke thabe haholo?’ (Bala Esaia 48:17, 18.) Haeba u tseba Jehova hantle, karabo ea hao lipotsong tsena e tla ba, e. U lokela ho mo tseba hantle u be u hlokomele hore melao le melao-motheo ea Bibele e bontša hore oa u rata, e seng hore o batla ho u hlokisa bolokolohi.—Pes. 25:14.

RAPELLA HORE U BE LE PELO E BOHLALE LE E MAMELANG

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa boiteko ba ho etsisa Morena Solomone ha e ne e sa le mohlankana?

10 Ha Solomone e sa le mohlankana, ka boikokobetso o ile a rapela a re: “Ke sa le moshanyana. Ha ke tsebe ho tsoa le ho kena.” Ka mor’a moo, o ile a rapella hore a be le pelo e bohlale le e mamelang. (1 Mar. 3:7-9, 12) Jehova o ile a araba kōpo eo e tiileng, ’me o tla u etsetsa se tšoanang, ho sa tsotellehe hore na u moholo kapa u monyenyane. Ho hlakile hore Jehova a ke ke a u fa bohlale le kutloisiso ka mohlolo. Empa o tla u fa bohlale haeba u ithuta Lentsoe la hae ka matla, u rapella moea o halalelang ebile u sebelisa ka botlalo lijo tsa moea tseo a fanang ka tsona a sebelisa phutheho ea Bokreste. (Jak. 1:5) Ka sebele, Jehova o sebelisa mokhoa ona ho etsa hore esita le bahlanka ba hae ba bacha ba hlalefe ho feta batho bohle ba hlokomolohang melao ea hae, esita le bao ho boleloang hore ke “ba bohlale le ba nang le kelello” ba lefatše lena.—Luka 10:21; bala Pesaleme ea 119:98-100.

11-13. (a) Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ho Pesaleme ea 26:4, Liproverbia 13:20 le 1 Bakorinthe 15:33? (b) U ka sebelisa melao-motheo ee ea Mangolo joang?

11 E le hore re hlokomele hore na ke habohlokoa hakae hore re ithute Bibele re be re thuise ka seo re se balang e le hore re tsebe Jehova hantle, re lokela ho nahana ka mangolo a latelang. Lengolo ka leng le na le molao-motheo oa bohlokoa mabapi le ho khetha metsoalle: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pes. 26:4) “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liprov. 13:20) “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakor. 15:33.

12 Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona litemaneng tseo? (1) Jehova o batla hore re khethe metsoalle. O batla ho re sireletsa boitšoarong le moeeng. (2) Metsoalle e ka re susumetsa hantle kapa hampe; eo ke ’nete eo re ke keng ra e qoba. Tsela eo litemana tseo li ngotsoeng ka eona e bontša hore Jehova o ipiletsa lipelong tsa rōna. Ka tsela efe? Hlokomela hore litemana tseo kaofela ha li fane ka melao e kang, “u se ke ua . . . ” Ho e-na le hoo, li mpa feela li hlalosa litaba kamoo li leng kateng. Ha e le hantle, Jehova o re ho rōna: ‘’Nete ke ena. U tla etsa joang? Pelo ea hao e joang?’

13 Kahoo, kaha litemana tsena tse tharo li bua litaba kamoo li leng kateng, ha li siuoe ke nako ebile li ka sebelisoa maemong a sa tšoaneng. Ka mohlala, ipotse lipotso tse kang tsena: Nka qoba ho etsa setsoalle le batho “ba patang seo ba leng sona” joang? Nka ’na ka kopana le batho ba joalo maemong afe? (Liprov. 3:32; 6:12) “Batho ba bohlale” bao Jehova a batlang hore ke etse setsoalle le bona ke bo-mang? Batho “ba hlokang kelello” bao a batlang hore ke ba qobe ke bo-mang? (Pes. 111:10; 112:1; Liprov. 1:7) Ke “mekhoa [efe] e metle” eo ke tla e senya haeba ke khetha metsoalle e mebe? Na ke tla kopana le metsoalle e mebe lefatšeng feela? (2 Pet. 2:1-3) U ka araba lipotso tsee joang?

14. Le ka ntlafatsa Borapeli ba lōna ba Lelapa joang?

14 Ka tsela eo u sa tsoa beha mabaka ka eona ka litemana tsena tse tharo, u ka bala mangolo a mang e le hore u utloisise tsela eo Molimo a nahanang ka eona ka litaba tse ling tsa bohlokoa tse u amang kapa tse amang lelapa la hao kapa leno? * Batsoali, e ka ba hantle hore le nahane ka ho tšohla lihlooho tse kang tseo nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Ha le ntse le etsa sena, le hopole hore sepheo sa lōna ke ho thusa litho tsa lelapa hore li utloisise hore melao ea Molimo le melao-metheo ea hae e bontša kamoo a re ratang kateng. (Pes. 119:72) Ka sebele, thuto eo e lokela ho etsa hore lelapa le be le kamano e haufi le Jehova le be le momahane.

15. U ka tseba joang hore na u na le pelo e bohlale le e mamelang kapa che?

15 U tla tseba joang hore na u na le pelo e bohlale le e mamelang kapa che? Tsela e ’ngoe ke ka hore u hlahlobe hore na monahano oa hao o tšoana le oa batho ba tšepahalang ba boholo-holo, ba kang Morena Davida, ea ileng a ngola a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” (Pes. 40:8) Ka tsela e tšoanang, mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.” (Pes. 119:97) Ha ho itlele habonolo feela hore motho a be le lerato le joalo. Ho e-na le hoo, motho o ba le lerato le joalo haeba a ithuta Bibele ka matla, a rapela, a thuisa le ha a hlokomela hore ho mamela melao ea Jehova ho etsa hore a hlohonolofatsoe haholo.—Pes. 34:8.

LOANELA HORE U BE LE TOKOLOHO EA BOKRESTE!

16. Ke’ng eo re lokelang ho e hlokomela haeba re batla ho hlōla ntoeng ea ho loanela ho ba le tokoloho ea ’nete?

16 Ho tloha khale, linaha li ’nile tsa loana lintoa tse sehlōhō e le hore li fumane tokoloho. U lokela ho ikemisetsa le ho feta hore u loanele ho boloka tokoloho eo u nang le eona hobane u le Mokreste! Hlokomela hore lira tsa hao hase Satane, lefatše le moea oa lona o kotsi feela. U boetse u lokela ho loana le ho se phethahale hammoho le pelo e bolotsana. (Jer. 17:9; Baef. 2:3) Leha ho le joalo, Jehova a ka u thusa hore u hlōle. Ho feta moo, tlhōlo e ’ngoe le e ’ngoe—e bang e khōlō kapa e nyenyane—bonyane e tla ba le melemo e ’meli. Oa pele, u tla thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Oa bobeli, ha u bona kamoo matla a Molimo a ‘molao o phethahetseng oa tokoloho,’ a lokollang batho kateng, u tla ikemisetsa le ho feta hore u lule ‘tseleng e moqotetsane’ e isang bophelong bo sa feleng. Ha nako e ntse e e-ea, u tla thabela tokoloho e ngata eo Jehova a tla e fa bahlanka ba hae ba tšepahalang.—Jak. 1:25; Mat. 7:13, 14.

17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahamisoa ke ho se phethahale ha rōna, hona Jehova a ka re thusa joang?

17 Ke ’nete hore ka linako tse ling kaofela ha rōna re etsa liphoso. (Moek. 7:20) Ha seo se etsahala, u se ke ua ikutloa u se na thuso kapa ua nyahama ho tlōla. Haeba u etsa phoso, etsa seo u lokelang ho se etsa ho e lokisa, esita le haeba seo se bolela hore u kōpe thuso ho baholo. Jakobo o ile a ngola a re: “Thapelo [ea bona] ea tumelo, e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.” (Jak. 5:15) Le ka mohla u se ke ua lebala hore Molimo o mohau e le kannete le hore o ile a u hulela ka phuthehong hobane a ile a hlokomela bokhoni boo u nang le bona. (Bala Pesaleme ea 103:8, 9.) Kahoo, haeba u sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng, kamehla o tla u thusa.—1 Likron. 28:9.

18. Re ka etsa lintho tumellanong le thapelo ea Jesu e ho Johanne 17:15 joang?

18 Ha Jesu a ne a rapela a e-na le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 bosiung ba ho qetela a e-na le bona, o ile a bua mantsoe ana ao re ke keng ra a lebala: “U ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Joh. 17:15) Jesu o ne a sa ameha ka baapostola ba hae feela empa o ne a boetse a amehile ka balateli ba hae kaofela. Ka lebaka leo, re ka kholiseha hore Jehova o tla arabela thapelo ea Jesu ka hore a re lebele linakong tsena tse mahlonoko. “[Jehova] ke thebe bakeng sa ba tsamaeang ka botšepehi . . . o tla lebela tsela ea ba tšepahalang ba hae.” (Liprov. 2:7, 8) Ke ’nete hore ho tsamaea ka botšepehi ho na le mathata, empa ke eona feela tsela e isang bophelong bo sa feleng le tokolohong ea ’nete. (Bar. 8:21) U se ke ua lumella mang kapa mang hore a u khelose tseleng ena!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Absalome o ne a se a hlahile ha Molimo a ne a tšepisa Davida hore o ne a tla mo fa “peō” e neng e tla ba morena. Ka lebaka leo, e tlameha ebe Absalome o ne a tseba hore Jehova o ne a sa mo khetha hore e be mohlahlami oa Davida.—2 Sam. 3:3; 7:12.

^ ser. 14 Mohlala o motle oa mangolo ao le ka a tšohlang ke 1 Bakorinthe 13:4-8, moo Pauluse a buang ka lerato le Pesaleme ea 19:7-11, e buang ka litlhohonolofatso tse ngata tse bang teng haeba re mamela melao ea Jehova.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 14]

Re ka hlokomela bo-Absalome ba kajeno joang ’me re ka itebela khahlanong le bona joang?