Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Toro ea ka e Phethahetse”

“Toro ea ka e Phethahetse”

“Toro ea ka e Phethahetse”

Lilemong tse 15 tse fetileng, Emilia o ne a sebetsa e le pula-maliboho oa kamehla. Leha ho le joalo, o ile a tlameha ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng. Hangata lilemong tsa morao tjena o ’nile a nahana ka nako eo e neng e le monate haholo bophelong ba hae, ’me o ne a boetse a batla ho eketsa tšebeletso ea hae.

Leha ho le joalo, mosebetsi oa Emilia oa boipheliso o ne o mo jella nako e ngata haholo, ka lebaka leo o ne a sa thaba. Ka lekhetlo le leng ha a e-na le basebetsi-’moho le eena o ile a ingamangama a re: “E ka re nka fokoletsoa lihora tseo ke li sebetsang!” Mookameli oa hae o ile a utloa ka taba ena eaba oa mo botsa hore na e hlile o tiile. Emilia o ile a mo bolella hore e hlile o tiile. Leha ho le joalo, e le hore sena se etsahale ho ne ho tla hlokahala hore mookameli oa k’hamphani eohle a se chaelle monoana, kaha molao oa k’hamphani e ne e le hore basebetsi bohle ba lokela ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing. Morali’abo rōna o ile a itokisetsa ho kopana le mookameli ’me o ile a rapela hore a be le khutso le sebete.

Nakong ea puisano ea bona, ka masene empa e le ka sebete, Emilia o ile a kōpa hore a fokoletsoe lihora tseo a li sebetsang. O ile a hlalosetsa mookameli hore o sebelisa nako eo a seng mosebetsing ka eona ho thusa batho ba bang, a re: “Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke thusa batho hore ba ithute Bibele. Matsatsing ana batho ba bangata ha ba sa na boitšoaro bo botle. Ha ba tsebe phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng ’me ba hloka bohlale bo tsoang Bibeleng e le hore ba ka etsa liqeto tse bohlale. Ke batla ho tsoela pele ke etsa mosebetsi o motle mona k’hamphaning, empa nka rata ho fokoletsoa lihora tseo ke li sebetsang e le hore ke be le nako e lekaneng hore ke thuse batho.”

Mookameli oa k’hamphani o ile a mamela ka hloko ’me a bolela hore ka nako e ’ngoe le eena o kile a nahana ka ho etsa mosebetsi oa ho thusa batho ba hlokang. Ka mor’a moo o ile a re: “Ho latela mabaka ao u mpehetseng ’ona, ke bona eka ke tlameha ho lumellana le kōpo ea hao. Empa na ua hlokomela hore u tla amohela chelete e nyenyane?” Emilia o ile a bolela hore oa hlokomela le hore ha ho hlokahala o tla nolofatsa bophelo ba hae. O ile a phaella ka ho re: “Sepheo sa ka se seholo ke hore ke etsetse batho ntho e tla ba khotsofatsa e le kannete.” Mookameli oa k’hamphani o ile a re ho eena: “Ke tsota batho ba sebelisang nako ea bona ka boitelo ho thusa batho ba bang.”

Ha ho na motho ea sebeletsang k’hamphani eo ea kileng a fuoa monyetla o joalo. Hona joale, Emilia o lumeletsoe hore a sebetse matsatsi a mane feela ka beke. O ile a makala haholo ha a fumana hore o ne a nyolletsoe moputso, o ne a ntse a fumana moputso o lekanang le oa pele! O re: “Toro ea ka e phethahetse, joale ke tla boela ke be pula-maliboho oa kamehla!”

Na u kile ua nahana ka ho etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore u ka ba pula-maliboho kapa ua boela ua bula-maliboho hape?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]

Mookameli oa k’hamphani o ile a re ho eena: “Ke tsota batho ba sebelisang nako ea bona ka boitelo ho thusa batho ba bang”