Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ema U Tiile ’me U Qobe Maraba a Satane!

Ema U Tiile ’me U Qobe Maraba a Satane!

Ema U Tiile ’me U Qobe Maraba a Satane!

‘Ema u tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’—BAEF. 6:11.

U KA ARABA JOANG?

Mohlanka oa Jehova a ka qoba ho tšoasoa ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang joang?

Ke eng e ka thusang Mokreste ea lenyalong hore a qobe ho oela lemeneng la bofebe?

Ke hobane’ng ha u lumela hore motho a ka rua molemo ka hore a eme a tiile khahlanong le ho rata lintho tse bonahalang le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate?

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Satane a se na mohau ho batlotsuoa hammoho le ba “linku tse ling”? (b) Ke maraba afe a Satane a tla tšohloa sehloohong see?

SATANE DIABOLOSE ha a na mohau, haholo-holo ho batho ba sebeletsang Jehova. Ha e le hantle, Satane o loantša masala a batlotsuoa. (Tšen. 12:17) Bakreste bao ba sebete, ba ’nile ba etella pele mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso mehleng ena, ’me ba senola hore Satane ke ’musi oa lefatše lena. Hape Diabolose ha a rate ba “linku tse ling” ba tšehetsang batlotsuoa le ba nang le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng—e leng tšepo eo Satane a seng a se na eona. (Joh. 10:16) Ha ho makatse hore ebe o halefile! Ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, ho hang Satane ha a re lakaletse katleho. Sepheo sa hae ke hore a re etse liphofu tsa hae.—1 Pet. 5:8.

2 E le hore a finyelle sepheo sa hae, Satane o ’nile a cheha maraba a fapa-fapaneng. Kaha o ‘foufalitse likelello’ tsa batho ba sa lumelang, ha ba amohele litaba tse molemo, ka lebaka leo ha ba khone ho hlokomela maraba ao. Leha ho le joalo, Diabolose o boetse o tšoasa le batho ba amohetseng molaetsa oa ’Muso. (2 Bakor. 4:3, 4) Sehloohong se fetileng re bontšitsoe kamoo re ka qobang maraba a mararo ao Satane a re chehelang ’ona kateng: e leng (1) ho se laole leleme, (2) tšabo le ho hatelloa ke batho (3) hammoho le ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo. A re ke re tšohleng kamoo re ka emang re tiile kateng khahlanong le maraba a mang a mabeli a Satane—e leng ho rata lintho tse bonahalang le ho lekeha ho etsa bofebe.

HO RATA LINTHO TSE BONAHALANG—LERABA LE BIPETSANG

3, 4. Matšoenyeho a tsamaiso ee ea lintho a ka ’na a etsa hore batho ba rate lintho tse bonahalang ka tsela efe?

3 Ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae, Jesu o ile a bua ka peō e jetsoeng har’a meutloa. O ile a bolela hore motho a ka ’na a utloa lentsoe “empa matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo a bipetsa lentsoe, ’me [a] fetoha ea sa beheng.” (Mat. 13:22) Ka sebele, ho rata lintho tse bonahalang ke le leng la maraba a sebelisoang ke sera sa rōna e leng Satane.

4 Ho na le lintho tse peli tseo ha li kopana li ka bipetsang lentsoe. E ’ngoe ea tsona ke “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho.” ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore u tšoenyehe. (2 Tim. 3:1) Ha theko ea lintho e ntse e phahama, le tlhokahalo ea mosebetsi e ntse e eketseha, ho ka ’na ha e-ba boima hore u fumane lintho tseo u li hlokang bophelong. U ka ’na ua boela ua tšoenyeha ka bokamoso, ua ipotsa, ‘Na ebe ke tla ba le chelete e lekaneng ka mor’a hore ke ee pensheneng?’ Ka lebaka la matšoenyeho ao, batho ba bangata ba ’nile ba lelekisa maruo, ba nahana hore ha ba e-na le chelete e ngata ba ke ke ba hloka letho.

5. ‘Matla a maruo’ e ka ba a thetsang ka tsela efe?

5 Jesu o ile a bua ka ntho e ’ngoe hape—e leng “matla a thetsang a maruo.” Ha matla ao a kopana le matšoenyeho, a ka bipetsa lentsoe. Bibele ea lumela hore ‘chelete ke tšireletso.’ (Moek. 7:12) Leha ho le joalo, hase bohlale hore motho a lelekise maruo. Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba sebetsa ka thata e le hore ba rue, ba tšoasoa ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang le ho feta. Ba bang ba se ba bile ba fetohile makhoba a maruo.—Mat. 6:24.

6, 7. (a) Ho rata lintho tse bonahalang ho ka ’na ha beha motho kotsing joang mosebetsing? (b) Ke lintho life tseo Mokreste a lokelang ho nahana ka tsona ha a fuoa monyetla oa hore a sebetse ka mor’a lihora tsa mosebetsi?

6 U ka ’na ua qala ho rata ho rua u sa hlokomele. Nahana ka mohlala ona. Mohiri oa hao o tla ho uena ’me o re: “Ke u tšoaretse litaba tse monate! K’hamphani ea rōna e fumane konteraka ea ho etsa mosebetsi o moholo. Sena se bolela hore u tla tlameha ho sebetsa lihora tse itseng ka mor’a mosebetsi ka likhoeli tse ’maloa. Leha ho le joalo, kea u tiisetsa hore u ke ke ua ikoahlaea ka lebaka la moputso oo u tla u fumana.” U ne u tla etsa’ng ha u etsetsoa tšepiso e joalo? Ke ’nete hore boikarabelo ba ho hlokomela ba lelapa la hao ka lintho tseo ba li hlokang ke ba bohlokoa, empa hase bona feela boikarabelo boo u nang le bona. (1 Tim. 5:8) Ho na le lintho tse ling tse ’maloa tseo u lokelang ho nahana ka tsona. U tla sebetsa nako e kae ka mor’a lihora tsa mosebetsi? Na mosebetsi oa hao oa boipheliso o tla kena-kenana le mesebetsi ea hao ea Bokreste, e akarelletsang ho ba teng libokeng tsa phutheho le Borapeli ba lōna ba Lelapa ba mantsiboea?

7 Ha u etsa qeto, ke’ng eo u tla e nka e le ntho ea bohlokoa—hore na u tla fumana chelete e kae ha u sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi kapa hore na ho tla ama bomoea ba hao joang? Na ho labalabela ho fumana chelete e ngata ho tla etsa hore u khaotse ho etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba hao? Na ua hlokomela hore na ho rata lintho tse bonahalang ho ka u ama joang haeba u ka hlokomoloha bomoea ba hao hammoho le ba lelapa la hao? Haeba sena ke se etsahalang ho uena hona joale, u ka ema u tiile joang e le hore u se ke ua bipetsoa ke lerato la lintho tse bonahalang?—Bala 1 Timothea 6:9, 10.

8. Ke mehlala efe ea Mangolo e ka re thusang hore re hlahlobe tsela eo re phelang ka eona?

8 E le hore u se ke ua bipetsoa ke ho rata lintho tse bonahalang, u lokela ho lula u ntse u hlahloba tsela eo u phelang ka eona. Le ka mohla u se ke ua tšoana le Esau, ea ileng a bontša ka liketso hore o nyelisa lintho tsa moea! (Gen. 25:34; Baheb. 12:16) Hape, u se ke ua tšoana le monna oa morui eo Jesu a ileng a re ho eena a rekise lintho tsa hae, a fe mafutsana ’me ka mor’a moo a mo latele. Ho e-na le hore a etse joalo, monna eo o ile “a tloha a saretsoe, kaha o ne a e-na le matlotlo a mangata.” (Mat. 19:21, 22) Kaha monna eo o ne a tšoasitsoe ke maruo, o ile a lahleheloa ke tokelo ea bohlokoa ea hore a latele motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela! U hlokomele hore u se ke ua lahleheloa ke tokelo ea hore u be morutuoa oa Jesu Kreste.

9, 10. Mangolo a re’ng ka lintho tse bonahalang?

9 E le hore u se ke ua tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tse bonahalang, mamela keletso ena ea Jesu: “Le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”—Mat. 6:31, 32; Luka 21:34, 35.

10 Ho e-na le hore u be lehlatsipa la matla a thetsang a maruo, loanela ho ba le maikutlo a tšoanang le a mongoli oa Bibele e leng Agure, ea ileng a ngola a re: “U se ke ua etsa hore ke futsanehe haholo kapa ke rue haholo. Mphe feela seo ke se hlokang.” (Liprov. 30:8, Contemporary English Version) Ho hlakile hore Agure o ne a utloisisa hore chelete e ka fana ka tšireletso le hore maruo a ka thetsa. Hlokomela hore matšoenyeho a tsamaiso ena hammoho le matla a thetsang a maruo, li ka senya kamano ea motho le Jehova. Ho tšoenyeha ho sa hlokahale ka lintho tse bonahalang ho ka u senyetsa nako, ha u khathatsa ha ba ha etsa hore u felloe ke takatso ea ho phehella lintho tse amanang le ’Muso. Kahoo, ikemisetse hore u se ke ua tšoasoa ke leraba la Satane la ho rata lintho tse bonahalang!—Bala Baheberu 13:5.

BOFEBE—LEMENA LE PATILOENG KA BOHLALE

11, 12. Mokreste a ka ’na a oela bofebeng joang moo a sebetsang teng?

11 Litsomi tse batlang ho tšoasa phoofolo e matla, li ka ’na tsa cheka lemena tseleng eo phoofolo eo e atisang ho tsamaea ho eona. Hangata lemena leo le patoa ka hore le koaheloe ka lithupa le mobu. E ’ngoe ea lintho tseo Satane a atlehang haholo ho leka batho ka tsona e tšoana le leraba leo. Ke sebe sa boitšoaro bo bobe. (Liprov. 22:14; 23:27) Bakreste ba bangata ba ’nile ba oela lerabeng leo ka hore ba ipehe maemong ao ho ’ona ho ka bang bonolo hore ba oele boitšoarong bo bobe. Bakreste ba bang ba lenyalong ba ’nile ba etsa bofebe ka mor’a hore ba be le maikutlo a lerato ho motho eo eseng molekane oa bona.

12 Motho a ka ’na a ba le maikutlo a lerato a sa lokelang ho motho eo a sebetsang le eena. Ha e le hantle, patlisiso e ’ngoe e ile ea bontša hore palo e fetang halofo ea basali ba etsang bofebe le hoo e ka bang banna ba bararo ho ba bane ba febang, ba ’nile ba oela boitšoarong bo bobe le motho eo ba sebetsang le eena. Na mosebetsi oa hao oa boipheliso o hloka hore u be ’moho le batho ba bong bo fapaneng? Haeba ho joalo, u na le kamano efe le bona? Na u behile meeli ea hore le etse lintho tsa mosebetsi feela ’me le felle moo? Ka mohlala, ha morali’abo rōna a lula a qoqa le motho oa monna eo a sebetsang le eena, a ka ’na a etsa monna eo motšepuoa oa hae, a ba a mo bolella le mathata a hae a lenyalo. Boemong bo bong, ka mor’a hore monna oa Mokreste a etse setsoalle le motho oa mosali eo a sebetsang le eena, monna eo oa Mokreste a ka ’na a re: “O hlompha maikutlo a ka ebile oa ’mamela ha ke bua. Hape, oa nkananela. Ekare mosali oa ka a ka be a ntšoara ka tsela ena!” Na ua hlokomela hore na Bakreste ba boemong bo joalo ba kotsing e kae ea hore ba etse bofebe?

13. Mokreste a ka ’na a ba le maikutlo a lerato a sa lokelang joang ho motho e mong ka phuthehong?

13 Mokreste a ka ’na a ba le maikutlo a lerato a sa lokelang ho motho e mong ka phuthehong. Nahana ka mohlala ona oa se hlileng se etsahetseng. Daniel le mosali oa hae Sarah, * e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Daniel o re, “Ke ne ke le moholo ea amohelang kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e fuoa ka phuthehong.” Daniel o ne a khannela bahlankana ba bahlano thuto ea Bibele ’me ba bararo ba bona ba ile ba kolobetsoa. Bara bana babo rōna ba bacha ba sa tsoa kolobetsoa ba ne ba hloka thuso. Ha Daniel a ne a phathahane ka mesebetsi ea hae e fapa-fapaneng ea phutheho, hangata Sarah o ne a thusa bahlankana bao. Ho e-s’o ee kae sena se ile sa fetoha tloaelo: Ha ho ne ho e-na le ntho e ba tšoenyang, Sarah o ne a ba khothatsa. Sarah o ne a hloka motho ea mo tsotellang, ’me bahlankana bana ba ne ba mo tsotella. Ho ne ho chehiloe leraba le kotsi. Daniel o re: “Mosali oa ka o ile a qeta likhoeli tse ngata a ntse a thusa batho bana ’me sena se ile sa etsa hore a khathale moeeng le maikutlong. Ha sena se kopana le taba ea hore ke ne ke mo hlokomolohile, se ile sa baka mathata a maholo. Mosali oa ka o ile a etsa bofebe le e mong oa batho bana bao nkileng ka ithuta Bibele le bona. O ile a fokola moeeng ke ntse ke le haufi le eena, empa ke ne ke phathahane ka mesebetsi ea ka ea phutheho hoo ke sa kang ka hlokomela.” U ka qoba koluoa e joalo joang?

14, 15. Ke lintho life tse ka thusang Bakreste ba lenyalong hore ba qobe ho oela lemeneng la bofebe?

14 E le hore u qobe ho oela lemeneng la bofebe, nahanisisa ka hore na boitlamo ba lenyalo bo bolela’ng. Jesu o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:6) Le ka mohla u se ke ua nahana hore mesebetsi eo u e etsang ea puso ea Molimo e bohlokoa ho feta molekane oa hao. Ho feta moo, u lokela ho hlokomela hore ho ba hōle le molekane oa hao khafetsa u etsa lintho tse sa hlokahaleng ho ka bontša hore lenyalo la hao le na le mathata ’me ho ka ’na ha etsa hore u oele molekong u be u qetelle u entse sebe se tebileng.

15 Leha ho le joalo, haeba u le moholo, ke mang ea lokelang ho hlokomela mohlape? Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.” (1 Pet. 5:2) Ke ’nete hore ha ua lokela ho hlokomoloha litho tsa phutheho. Leha ho le joalo, ha u phetha boikarabelo ba hao ba bolisa ha ua lokela ho hlokomoloha boikarabelo ba hao ba ho ba monna. Ho tla be ho se na thuso—ebile ho le kotsi—hore u shebane le ho fepa phutheho moeeng empa molekane oa hao eena a “lapile.” Daniel o re, “Ha ua lokela ho phathahana haholo ka mesebetsi ea phutheho hoo u hlokomolohang lelapa la hao.”

16, 17. (a) Ke bohato bofe boo Bakreste ba lenyalong ba ka bo nkang ha ba le mosebetsing ho bontša ka ho hlaka hore ha baa ikemisetsa ho ba le maikutlo a lerato ho motho e mong eo e seng molekane oa bona? (b) Fana ka mohlala oa boitsebiso bo hlahang limakasineng tsa rōna bo ka thusang Bakreste hore ba qobe bofebe.

16 Makasineng ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! ho ’nile ha fanoa ka likeletso tse molemo tse ka thusang Bakreste ba lenyalong hore ba qobe ho oela lerabeng la bofebe. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa September 15, 2006, o ile oa fana ka keletso ena: “Ha u le mosebetsing le libakeng tse ling, hlokomela maemo a ka ’nang a u atametsa haufi haholo le motho e mong. Ka mohlala, ho sebetsa haufi le motho oa bong bosele ka mor’a lihora tsa mosebetsi, e ka ’na ea e-ba teko. Haeba u lenyalong, u lokela ho totobatsa ka lipolelo le ka liketso hore ha u kene litabeng tsa ho ratana. Ha ho pelaelo hore joaloka motho ea inehetseng ho Molimo, u ke ke ua rata ho imemela mahlo ka ho bonya kapa ka ho apara le ho itlhopha ka mokhoa o sa hlompheheng. . . . Ho beha lifoto tsa molekane oa hao oa lenyalo le tsa bana ba hao sebakeng se bonahalang mosebetsing, ho tla hopotsa uena le ba bang hore lelapa la hao ke la bohlokoa ho uena. Ikemisetse hore u ke ke ua khothalletsa, kapa hona ho mamella mekhoa ea motho e mong ea ho u hohella litabeng tsa lerato.”

17 Sehlooho se neng se re “Ho Tšepahala Lenyalong—Ha e le Hantle ho Bolela’ng?” se Tsoheng! ea April 2009, se ile sa fana ka temoso mabapi le ho nahana ka ho kopanela liphate le motho e mong eo e seng molekane oa hao. Sehlooho seo se ile sa bontša hore ha u lula u nahana ka ho kopanela liphate le motho e mong, seo se ka etsa hore u be kotsing ea ho etsa bofebe. (Jak. 1:14, 15) Haeba u lenyalong, e ka ba hantle hore uena le molekane oa hao le lule le tšohla boitsebiso boo nako le nako. Lenyalo ke tokisetso e entsoeng ke Jehova, ’me lea halalela. Ho ipha nako ea hore uena le molekane oa hao le buisane ka lenyalo la lōna, ke tsela e ntle ea ho bontša hore u ananela lintho tse halalelang.—Gen. 2:21-24.

18, 19. (a) Litholoana tsa bofebe ke life? (b) Ho tšepahala lenyalong ho ka re tsoela molemo joang?

18 Haeba u iphumana u le tekong ea ho ba le maikutlo a lerato a sa lokelang ho motho eo e seng molekane oa hao, nahanisisa ka litholoana tse bosula tsa bohlola le bofebe. (Liprov. 7:22, 23; Bagal. 6:7) Batho ba etsang boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ha ba khahlise Jehova ebile ba ikutloisa bohloko ba bile ba utloisa le balekane ba bona bohloko. (Bala Malakia 2:13, 14.) Ka lehlakoreng le leng, e ka ba hantle hore u nahane ka melemo eo batho ba bolokang boitšoaro bo hloekileng ba e fumanang. Hase feela hore ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa felang, empa ba boetse ba thabela bophelo bo molemo ka ho fetisisa hona joale ba bile ba na le matsoalo a hloekileng.—Bala Liproverbia 3:1, 2.

19 Mopesaleme o ile a bina a re: “Ba ratang molao oa [Molimo] ba na le khotso e ngata, ha ho khopiso ho bona.” (Pes. 119:165) Kahoo, ratang ’nete ’me “le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale” mehleng ena e khopo. (Baef. 5:15, 16) Re tsamaea tseleng e tletseng maraba ao Satane a a chehetseng ho tšoasa barapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, re hlomeletsoe hantle e le hore re ka itšireletsa. Jehova o re file seo re se hlokang e le hore re ka ‘ema re tiile’ ’me re ‘time metsu eohle e tukang ea ea khopo’!—Baef. 6:11, 16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Mabitso a fetotsoe.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lintho tse bonahalang li ka bipetsa motho moeeng. U se ke ua lumella hore seo se etsahale ho uena

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho bonya le motho—kapa ho lumela ha motho a bonya le uena—ho ka etsa hore u etse bofebe