Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hlokomela Maraba a Diabolose!

Hlokomela Maraba a Diabolose!

Hlokomela Maraba a Diabolose!

‘Tsoang lerabeng la Diabolose.’—2 TIM. 2:26.

U KA ARABA JOANG?

U lokela ho itlhahloba joang haeba u e-na le tloaelo ea ho tšoaea ba bang liphoso ho sa hlokahale?

U ka ithuta’ng mohlaleng oa Pilato le Petrose mabapi le hore u se ke ua inehella tšabo le ho hatelloa ke batho?

U ka qoba ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo joang?

1, 2. Sehloohong see re tla tšohla maraba afe a Diabolose?

DIABOLOSE o tsoma bahlanka ba Jehova. Sepheo sa hae hase ho ba bolaea joalokaha setsomi se tsomang liphoofolo tse khōlō se batla ho li bolaea. Ho e-na le hoo, sepheo sa Diabolose se ka sehloohong ke hore a tšoase motho a ntse a phela e le hore a tle a mo sebelise kamoo a batlang kateng.—Bala 2 Timothea 2:24-26.

2 E le hore setsomi se tšoase phoofolo e ntse e phela, se ka ’na sa sebelisa leraba la mofuta o itseng. Se ka ’na sa leka ho etsa hore phoofolo e tsoe moo e ipatileng teng e le hore se tle se e tšoase ka sekhoketsane. Kapa se ka ’na sa sebelisa leraba le patiloeng le nang le moo le khoephetsoang teng le ka tšoasang phoofolo e sa lebella. Diabolose le eena o sebelisa maraba a joalo hore a tšoase bahlanka ba Molimo ba ntse ba phela. Haeba re sa batle hore a re tšoase, re lokela ho lula re falimehile ’me re ele hloko lintho tse re bontšang hore a mang a maraba a Satane a haufi. Sehloohong sena ho tla tšohloa hore na re ka itebela joang marabeng a mararo ao Diabolose a ’nileng a atleha ho a sebelisa. Maraba ao ke (1) ho se laole leleme, (2) tšabo le ho hatelloa ke batho (3) hammoho le ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa maraba a mang a mabeli a Satane.

TIMA MOLLO OA HO SE LAOLE LELEME

3, 4. Haeba re sitoa ho laola maleme a rōna seo se ka hlahisa litholoana life? Fana ka mohlala.

3 Ha setsomi se batla ho ntša liphoofolo moo li ipatileng teng, se ka ’na sa chesa hlaha karolong e itseng ebe se tšoasa liphoofolo ha li leka ho baleha. Ka tsela ea tšoantšetso, Diabolose a ka rata ho chesa hlaha ka phuthehong ea Bokreste. Haeba a atleha, a ka etsa hore litho tsa phutheho li tsoe sebakeng seo se sireletsehileng ’me li oele litleneng tsa hae. Re ka ’na ra tšehetsa morero oa hae joang re sa hlokomele ebe ka tsela eo re oela lerabeng la hae?

4 Morutuoa Jakobo o ile a tšoantša leleme le mollo. (Bala Jakobo 3:6-8.) Haeba re sitoa ho laola leleme, re ka chesa hlaha ka phuthehong ka tsela ea tšoantšetso. See se ka etsahala joang? Nahana ka sena: A re re ho etsoa tsebiso sebokeng sa phutheho ea hore morali e mong oabo rōna o khethiloe ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ka mor’a seboka, bahoeletsi ba babeli ba buisana ka taba eo. E mong o thabetse taba ena ebile o lakaletsa pula-maliboho enoa e mocha katleho. Mohoeletsi e mong eena o belaella sepheo sa pula-maliboho eo ebile o fana ka maikutlo a hore morali eo oabo rōna o mpa feela a batla ho ba motho ea hlaheletseng ka phuthehong. Ke mohoeletsi ofe ho baa ba babeli eo u ka ratang hore e be motsoalle oa hao? Ho totobetse hore na ke ofe eo lipuo tsa hae li ka chesang hlaha ka phuthehong.

5. E le hore re time hlaha ea ho se laole leleme, e ka ba hantle hore re itlhahlobe ka tsela efe?

5 Re ka tima hlaha e bakoang ke ho se laole leleme joang? Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Mat. 12:34) Kahoo, bohato ba pele boo re lokelang ho bo nka ke hore re hlahlobe lipelo tsa rōna. Na re qoba maikutlo a fosahetseng a ka etsang hore re bue lintho tse ka utloisang batho ba bang bohloko? Ka mohlala, ha re utloa hore mor’abo rōna o hahamalla litokelo tse itseng tsa tšebeletso, na re lumela hore o etsa seo ka sepheo se setle kapa re nahana hore o etsa seo ka lebaka la boithati? Haeba re e-na le mokhoa oa ho nahana hore batho ba bang ba sebeletsa Jehova ka lebaka la boithati, e ka ba hantle ho hopola hore Diabolose o ile a belaella lebaka leo mohlanka ea tšepahalang oa Molimo e leng Jobo, a neng a sebeletsa Molimo ka lona. (Jobo 1:9-11) Ho e-na le hore re belaelle lintho tseo mor’abo rōna a li etsang, e ka ba hantle hore re ipotse hore na ke hobane’ng ha re mo tšoaea phoso. Na re hlile re na le lebaka le utloahalang la ho mo tšoaea phoso? Kapa na ebe lipelo tsa rōna li susumelitsoe ke moea o renang matsatsing aa a ho qetela oa ho hloka lerato?—2 Tim. 3:1-4.

6, 7. (a) Re ka ’na ra tšoaea batho bang liphoso ka mabaka afe? (b) Re lokela ho etsa’ng haeba re hlapaoloa?

6 Nahana ka mabaka a mang a ka etsang hore re tšoaee batho ba bang liphoso. Lebaka le leng e ka ’na ea e-ba hore re batla hore lintho tseo re li finyeletseng li hlahelle. Ha e le hantle, re ka ’na ra leka ho bontša hore re molemo ho feta batho ba bang ka hore re ba tšoaee liphoso. Kapa e ka ’na eaba re leka ho ikemela ha re sitiloe ho etsa se nepahetseng. Ho sa tsotellehe hore na re susumetsoa ke boikhohomoso, mōna kapa ho se itšepe, seo se ka baka tšenyo.

7 E ka ’na eaba re ikutloa eka re na le lebaka le utloahalang la ho bua ka motho e mong re mo tšoaea phoso. Mohlomong le eena ha aa ka a laola leleme ha a bua ka rōna. Haeba ho joalo, ho iphetetsa ho ke ke ha re thusa ka letho. Ho etsa joalo ho senya lintho le ho feta, ’me ke ho phetha thato ea Diabolose eseng ea Molimo. (2 Tim. 2:26) E ka ba hantle hore re etsise Jesu tabeng ena. Ha a ne a ntse a hlapaoloa, “ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.” Ho e-na le hoo, o ile “a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:21-23) Jesu o ne a tšepile hore Jehova o tla lokisa lintho ka tsela ea Hae le ka nako ea hae. Re lokela ho tšepa Molimo ka tsela e tšoanang. Ha re sebelisa maleme a rōna ho folisa, re boloka “tlamo e kopanyang ea khotso” ka phuthehong ea habo rōna.—Bala Baefese 4:1-3.

QOBA LERABA LA TŠABO LE LA HO HATELLOA KE BATHO

8, 9. Ke hobane’ng ha Pilato a ile a ahlolela Jesu lefu?

8 Ha phoofolo e tšoasitsoe ke leraba ha e khone ho ea moo e batlang. Ka tsela e tšoanang, motho ea inehellang tšabo kapa ho hatelloa ke batho, ka tsela e itseng ha a khone ho etsa lintho tseo a batlang ho li etsa. (Bala Liproverbia 29:25.) A re ke re nahaneng ka mohlala oa batho ba babeli ba neng ba fapane haholo ba ileng ba inehella tšabo le ho hatelloa ke batho, ’me re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona.

9 ’Musisi oa Moroma e leng Ponse Pilato o ne a tseba hore Jesu o ne a se na molato ’me kamoo ho bonahalang kateng o ne a sa batle ho mo ntša kotsi. Ha e le hantle, Pilato o ile a bolela hore Jesu o ne a sa etsa “letho le tšoaneloang ke lefu.” Leha ho le joalo, Pilato o ile a mo ahlolela lefu. Hobane’ng? Hobane Pilato o ile a inehella khatello ea letšoele. (Luka 23:15, 21-25) Ha bahanyetsi bao ba mo hatella ’me ba batla hore a etse se batloang ke bona, ba ile ba re: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare.” (Joh. 19:12) E ka ’na eaba Pilato o ne a tšaba hore o tla lahleheloa ke maemo a hae—kapa hore o ne a ka ’na a bolaoa—haeba a ne a e-ba ka lehlakoreng la Kreste. Kahoo, o ile a itumella hore a etse thato ea Diabolose.

10. Ke eng e ileng ea etsa hore Petrose a latole Kreste?

10 Moapostola Petrose e ne e le e mong oa metsoalle ea Jesu e haufi. O ile a bolela phatlalatsa hore Jesu e ne e le Mesia. (Mat. 16:16) Petrose o ile a lula a tšepahala ha barutuoa ba bang ba ne ba sa utloisise seo Jesu a neng a se bolela ’me ba Mo furalla. (Joh. 6:66-69) Hape, ha lira tsa Jesu li ne li e-tla ho tla mo tšoara, Petrose o ile a sebelisa sabole ho sireletsa Monghali oa hae. (Joh. 18:10, 11) Leha ho le joalo, hamorao Petrose o ile a tšoha eaba o latola hore o tseba Jesu Kreste. Ka nakoana, moapostola Petrose o ile a tšoasoa ke leraba la ho tšaba batho eaba o lumella tšabo eo hore e mo sitise ho etsa se nepahetseng.—Mat. 26:74, 75.

11. Re ka ’na ra tlameha ho loana le tšusumetso efe e mpe?

11 Kaha re Bakreste, ha rea lokela ho inehela ha re hatelloa hore re etse lintho tse sa khahliseng Molimo. Bahiri kapa batho ba bang ba ka ’na ba re hatella hore re se ke ra tšepahala kapa ba ka ’na ba batla ho re susumelletsa hore re kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Bana ba sekolo ba ka ’na ba tlameha ho tobana le lithaka tsa bona tse lekang ho ba hatella hore ba se ke ba tšepahala ha ba ngola litlhahlobo, ba shebe litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ba tsube, ba sebelise lithethefatsi, ba sebelise joala hampe kapa ba kopanele boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Kahoo, re ka thusoa ke’ng hore re qobe leraba la ho tšaba batho le la ho hatelloa ke batho hore re etse lintho tse sa khahliseng Jehova?

12. Re ka ithuta’ng ho Pilato le Petrose?

12 A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Pilato le oa Petrose. Pilato o ne a e-na le tsebo e fokolang ka Kreste. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore Jesu o ne a se na molato le hore e ne e se motho feela tjee ea tloaelehileng. Empa Pilato o ne a se na boikokobetso a bile a sa rate Molimo oa ’nete. Diabolose o ile a mo tšoasa habonolo a ntse a phela. Petrose o ne a e-na le tsebo e nepahetseng a bile a rata Molimo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a se na boikokobetso, a tšoha a bile a inehela ha a hatelloa. Pele Jesu a tšoaroa, Petrose o ile a ikotla sefuba a re: “Esita le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa, leha ho le joalo ’na nke ke ka khoptjoa.” (Mar. 14:29) Moapostola Petrose a ka be a ile a itokisetsa liteko tseo a neng a tla thulana le tsona haeba a ne a ile a ba le maikutlo ao mopesaleme a neng a e-na le ’ona, kaha o ne a tšepile Molimo o ile a bina a re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?” (Pes. 118:6) Bosiung ba ho qetela A le lefatšeng, Jesu o ile a nka Petrose le baapostola ba bang ba babeli eaba o kenella le bona hare serapeng sa Gethesemane. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Petrose le bo-mphato’ae ba lule ba falimehile, ba ile ba robala. Jesu o ile a ba tsosa eaba o re: “Banna, le lule le lebetse ’me le rapela, e le hore le se ke la kena molekong.” (Mar. 14:38) Empa Petrose o ile a robala hape, ’me hamorao o ile a inehella tšabo le ho hatelloa ke batho.

13. Re ka hlōla khatello ea hore re etse se fosahetseng joang?

13 Mohlala oa Pilato le oa Petrose o ka re ruta thuto e ’ngoe ea bohlokoa: E le hore motho a atlehe ho hlōla khatello, o lokela ho ba le tsebo e nepahetseng, a be le boikokobetso, a rate Molimo a be a tšabe Jehova eseng batho. Haeba tumelo ea rōna e thehiloe tsebong e nepahetseng, re tla bua ka lintho tseo re li lumelang ka sebete le ka kholiseho. Sena se tla re thusa hore re se ke ra inehela ha re hatelloa le hore re se ke ra tšaba batho. Ha rea lokela ho inahana hore re matla ho feta kamoo re hlileng re leng matla kateng. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso re lokela ho lumela hore re hloka matla a tsoang ho Molimo e le hore re tsebe ho hlōla khatello. Re lokela ho rapella moea oa Jehova ’me re etse hore lerato leo re mo ratang ka lona le re susumelletse ho phahamisa lebitso la hae le ho mamela melao ea hae. Ho feta moo, re lokela ho itokisetsa ho thulana le khatello le pele re hlaheloa ke teko. Ka mohlala, ho itokisa esale pele hammoho le ho rapela, ho ka thusa bana ba rōna hore ba arabele ka tsela e nepahetseng ha lithaka tsa bona li ba susumelletsa hore ba etse se fosahetseng.—2 Bakor. 13:7. *

QOBA LERABA LE PITLANG—E LENG HO ITJARISA MOLATO HO TLŌLA TEKANYO

14. Diabolose a ka batla hore re fihlele qeto efe ka liphoso tsa rōna tsa nakong e fetileng?

14 Ka linako tse ling leraba le tšoasang liphoofolo e ka ’na ea e-ba kutu kapa lejoe le boima le phahamisoang ka holim’a tsela moo hangata liphoofolo li fetang le teng. Ha phoofolo e sa hlokomeleng e khoephetsa khoele, e etsa hore kutu kapa lejoe leo le theohe ebe lea e pitla. Ho itjarisa molato ho ka tšoantšoa le mojaro oo o boima o pitlang. Ha re nahana ka phoso eo re ’nileng ra e etsa nakong e fetileng, re ka ’na ra ikutloa re “sithabetse ho isa tekanyong e fetisisang.” (Bala Pesaleme ea 38:3-5, 8.) Satane a ka rata hore re fihlele qeto ea hore Jehova a ke ke a re hauhela ebile re ke ke ra khona ho etsa seo A se batlang.

15, 16. U ka qoba leraba la ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo joang?

15 U ka qoba leraba lee le pitlang joang? Haeba u ile ua etsa sebe se tebileng, nka bohato hona joale u lokise kamano ea hao le Jehova. Buisana le baholo ’me u kōpe hore ba u thuse. (Jak. 5:14-16) Etsa seo u ka se khonang ho lokisa phoso eo. (2 Bakor. 7:11) Haeba u khalemeloa, u se ke ua nyahama. Khalemelo ke pontšo ea hore Jehova oa u rata. (Baheb. 12:6) Ikemisetse hore u se ke ua pheta lintho tse entseng hore u qetelle u entse sebe seo, ’me u phelele boikemisetso boo. Ka mor’a hore u bake ’me u sokolohe, e-ba le tumelo ea hore sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo se ka koahela liphoso tsa hao.—1 Joh. 4:9, 14.

16 Batho ba bang ba tsoela pele ho itjarisa molato oa libe tseo ba li tšoaretsoeng. Haeba sena se etsahala ho uena, hopola hore Jehova o ile a tšoarela Petrose hammoho le baapostola ba bang ha ba ile ba furalla Mora oa Hae ea ratoang nakong eo a neng a ba hloka haholo. Jehova o ile a tšoarela motho eo ka lebaka la boitšoaro bo bobe a ileng a lelekoa phuthehong ea Korinthe empa hamorao a ile a baka. (1 Bakor. 5:1-5; 2 Bakor. 2:6-8) Lentsoe la Molimo le bua ka batho ba ileng ba etsa libe tse tebileng, ba ileng ba baka eaba Molimo oa ba tšoarela.—2 Likron. 33:2, 10-13; 1 Bakor. 6:9-11.

17. Thekollo e ka re tsoela molemo joang?

17 Jehova o tla u tšoarela a be a lebale liphoso tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng haeba u bakile e le kannete u bile u amohela mohau oa hae. Le ka mohla u se ke ua nahana hore sehlabelo sa Jesu sa thekollo se ke ke sa koahela libe tsa hao. Ho nahana joalo e tla be e le ho tšoasoa ke le leng la maraba a Satane. Ho sa tsotellehe seo Diabolose a batlang hore u se lumele, thekollo e ka koahela libe tsa batho bohle ba ileng ba etsa sebe eaba baa baka. (Liprov. 24:16) Ho bontša tumelo thekollong ho ka u thusa hore u imolohe moroalong oa ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo ’me ho ka u fa matla a hore u sebeletse Molimo ka pelo ea hao eohle, ka kelello ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.—Mat. 22:37.

RE TSEBA MERERO EA SATANE

18. Re ka qoba maraba a Diabolose joang?

18 Satane ha a na taba le hore na re tšoasoa ke leraba lefe, seo a se batlang feela ke hore a re tšoase. Kaha re tseba merero ea Satane, re ka qoba hore a re qhekelle. (2 Bakor. 2:10, 11) Re ke ke ra tšoasoa ke maraba a hae haeba re rapella bohlale ba hore re tsebe ho hlōla liteko. Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” (Jak. 1:5) Re lokela ho etsa lintho tse tumellanong le lithapelo tsa rōna ka hore re etse thuto ea botho kamehla le ka hore re etse seo Lentsoe la Molimo le reng re se etse. Lintho tse re thusang ho ithuta Bibele tseo re li fuoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene li re hlokomelisa ka maraba a Diabolose li bile li re thusa hore re a qobe.

19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho hloea se sebe?

19 Ho rapela le ho ithuta Bibele ho ka re thusa hore re rate se molemo. Leha ho le joalo, e boetse ke habohlokoa hore re hloee se sebe. (Pes. 97:10) Re ka qoba litakatso tsa boithati haeba re nahana ka mathata ao li ka re bakelang ’ona. (Jak. 1:14, 15) Haeba re ithuta ho hloea se sebe ’me re rata se setle, lintho tseo Satane a li sebelisang ho leka ho re tšoasa li ke ke tsa re hohela hobane re tla li hloea.

20 Ruri re leboha Molimo haholo hore ebe o re thusa hore re se ke ra qhekelloa ke Satane! Jehova o re lopolla “ho ea khopo” ka thuso ea moea oa Hae o halalelang, ka Lentsoe la Hae le ka mokhatlo oa Hae. (Mat. 6:13) Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore na ke ka tsela efe re ka qobang maraba a mang a mabeli ao Diabolose a ’nileng a atleha ho a sebelisa ho tšoasa bahlanka ba Molimo ba ntse ba phela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 E ka ba hantle hore batsoali ba tšohle le bana ba bona lebokose le nang le sehlooho se reng, “Seo U ka se Etsang ha U Hatelloa ke Lithaka” se hlahang bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, leqepheng la 132-133. Boitsebiso bona bo ka tšohloa Borapeling ba Lelapa ba mantsiboea.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ho se laole leleme ho ka baka mathata ka phuthehong

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

U ka itlhohlolla moroalo oa ho itjarisa molato ho tlōla tekanyo