Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nalane ea Rōna

Ho Kena Leetong le Batho ba Etelang Liphutheho

Ho Kena Leetong le Batho ba Etelang Liphutheho

“HO HANG nke ke ka khona ho ea ka ntlo le ntlo!” Ana ke maikutlo ao batho ba bangata ba bang le ’ona ha ba qala ho ithuta Bibele ’me ba nahana ka ho bolella batho bao ba sa ba tsebeng litaba tse molemo! Leha ho le joalo, motho ea neng a bua mantsoe ao e ne e le sebui sa phatlalatsa se neng se e-na le boiphihlelo ebile e le mosuoe oa Bibele ea etelang liphutheho.

Babali ba bangata ba Zion’s Watch Tower ba neng ba tsoile likerekeng tsa bona, ba ne ba labalabela ho ba le setsoalle le batho ba neng ba nyoretsoe ’nete ea Bibele joaloka bona. Makasine oo o ile oa khothalletsa babali ba oona hore ba batle batho ba bang ba nang le tumelo ea bohlokoa joaloka ea bona ’me ba bokane hammoho kamehla ho ithuta Bibele. Ho tloha ka 1894, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa romela baemeli ba oona ba tsamaeang hore ba e’o kopana le lihlopha tsa batho ba neng ba kōpile ho eteloa. Batho bana ba neng ba etela liphutheho bao hamorao ba ileng ba bitsoa li-pilgrim, e ne e le banna ba nang le boiphihlelo, ba sebetsang ka thata le ba ileng ba khethoa ka lebaka la ho ba bonolo, ho ba le tsebo ea Bibele le ho ba le bokhoni ba ho ruta hammoho le ho bontša botšepehi mabapi le thekollo. Ketelo ea bona e ne e nka letsatsi kapa a mabeli ’me ba ne ba e-ba maphathaphathe haholo. Liithuti tse ngata tsa Bibele li ile tsa qala ho etsa mosebetsi oa tšimo ka hore li abe lipampitšana tse memelang batho puong ea phatlalatsa ea batho bana ba neng ba etela liphutheho. Ka mor’a hore Hugo Riemer eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang a fane ka puo ea hae mantsiboea sekolong, o ile a araba lipotso tsa Bibele ho fihlela ka khitla bosiu. Le hoja a ne a khathetse empa a thabile, o ile a bolela hore seboka seo se tsamaile hantle haholo.

Molula-Qhooa o ile oa bolela hore morero o ka sehloohong oa barab’abo rōna ba etelang liphutheho e ne e le ho matlafatsa “ba ntlo ea tumelo” ka liboka tse neng li tšoareloa malapeng a barab’abo rōna. Liithuti Tsa Bibele tse neng li e-tsoa libakeng tse haufi, li ne li e-tla ho mamela lipuo le lenaneo la lipotso le likarabo. Ka mor’a moo, li ne li thabela botsoalle ba Bokreste. Ha Maude Abbott e ne e sa le ngoananyana, o ile a ba teng puong e ileng ea fanoa hoseng, ’me ka mor’a moo bohle ba ile ba lula tafoleng e khōlō e neng e tekiloe ka jareteng. O re, “Ho ne ho e-na le lijo tse monate tse ngata haholo—ham, nama ea khoho e halikiloeng, bohobe ba mefuta-futa, pie le likuku! Motho e mong le e mong o ile a ja hore a khotsofale ’me hoo e ka bang ka hora ea bobeli re ile ra boela ra bokana ho mamela puo e ’ngoe hape.” Leha ho le joalo, o re, “Ka nako eo motho e mong le e mong o ne a otsela.” Mor’abo rōna e mong eo e neng e le khale a etela liphutheho e leng Benjamin Barton o kile a re, ‘Haeba ke ne ke ile ka ja limenyemenye tsohle tseo ke neng ke li fuoa, e ka be e le khale ke shoele.’ Qetellong lengolo le neng le e-tsoa ntlo-khōlō Brooklyn le ile la eletsa barali babo rōna ba neng ba etsa lintho ka moea o motle hore ho ka ba molemo hore ba fepe batho bao ba neng ba etela liphutheho “lijo tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi” ’me ba ba fe monyetla oa hore ba “robale hantle.”

Batho bana ba etelang liphutheho ba ne ba e-na le bokhoni ba ho ruta le ho sebelisa lichate, litšoantšo le ntho efe kapa efe eo ba neng ba e-na le eona ho etsa hore ntho eo ba buang ka eona e utloahale. Kamehla R. H. Barber o ne a fana ka lipuo ka tsela e thahasellisang. Mor’abo rōna W. J. Thorn ea neng a bua joaloka ntate, o ne a fana ka lipuo “joaloka bapatriareka ba mehleng ea boholo-holo.” Ka letsatsi le leng ha Shield Toutjian a ne a palame koloi ea moetso oa A Ford, o ile a bua ka potlako a re, “Ema!” Ka mor’a moo o ile a tsoa ka koloing eaba o kha lipalesa tsa naha ’me a ruta batho bao a neng a tsamaea le bona thuto e neng e sa reroa ka pōpo ea Jehova.

Mosebetsi oa ho etela liphutheho o ne o e-na le mathata a ’ona, haholo-holo ho batho ba neng ba le lilemong tse mahareng kapa ba neng ba se ba li fetile. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea bonahala e le boima haholo ho ba bang ke ha ho ne ho fetoloa hore na ba tsepamise likelello mosebetsing ofe. Joale ba ne ba lebeletsoe hore ba etelle pele mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Molula-Qhooa oa Senyesemane oa March 15, 1924, o ile oa bolela hore “o mong oa mesebetsi e ka sehloohong” ea Bakreste ba ’nete ke “ho paka ka ’muso. Batho ba etelang liphutheho ba romeloa ka sepheo sona sena.”

Leha ho le joalo, ho bonahala batho ba bang ba neng ba etela liphutheho ba ne ba sa batle phetoho ena, kaha ba ile ba tlohela mosebetsi oa ho etela liphutheho, ba bang ba neng ba sa khotsofala ba ile ba ba ba ithehela liphutheho tsa bona. Robie D. Adkins o re motho e mong ea neng a etela liphutheho ’me e le sebui se hloahloa o ile a bua ka pelo e bohloko a re: “Ntho eo ke e tsebang ke ho bua ke le sethaleng. Nke ke ka khona ho ea ka ntlo le ntlo!” Mor’abo rōna Adkins o re: “Ke ile ka boela ka mo bona kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio ka 1924. O ne a bonahala a sa thaba ho hang ’me o ne a eme a le mong tlas’a moriti oa sefate se senyenyane, a hloname har’a barab’abo rōna ba bangata ba neng ba thabile. Haesale ke qetela ho ’mona ka nako eo. Nakoana ka mor’a moo o ile a tlohela mokhatlo.” Leha ho le joalo, “barab’abo rōna ba bangata ba thabileng bona ba ne ba feta ba nkile libuka ba li isa likoloing tsa bona,” ho ne ho totobetse hore ba ne ba ikemiselitse ho ea bolela ka ntlo le ntlo.—Lik. 20:20, 21.

Batho ba bangata ba neng ba etela liphutheho ba ile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa bona le hoja mohlomong ba ne ba ntse ba tšohile joaloka batho bao ba neng ba rometsoe ho bona hore ba ba koetlise. Mabapi le mosebetsi oa ho paka ka ntlo le ntlo, motho ea neng a etela liphutheho ea buang Sejeremane e leng Maxwell G. Friend (Freschel) o ile a ngola a re, “Karolo ena e etsa hore motho a thabele mosebetsi oa ho etela liphutheho haholo.” John A. Bohnet eo le eena a neng a etela liphutheho, o ile a bolela hore barab’abo rōna ka kakaretso ba ile ba amohela ka liatla tse peli taba ea hore ba tsepamise likelello mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ho ea ka eena, batho ba bangata “ba ne ba chesehela ho ba ka pele-pele moleng oa ntoa.”

Ha lilemo li ntse li feta, barab’abo rōna ba tšepahalang ba neng ba etela liphutheho ba ’nile ba khothatsa bara le barali babo rōna haholo. Norman Larson eo e leng Paki ea khale o ile a re, “Ha ke sa le moshanyana ke ile ka hlokomela hore barab’abo rōna ba etelang liphutheho ba ne ba li tsoela molemo haholo. Ba ile ba ntšusumetsa hore ke latele tsela e nepahetseng.” Ho tla fihlela kajeno, barab’abo rōna bao ba itetseng ba sebeletsang e le balebeli ba tsamaeang ba thusa balumeli-’moho le bona hore ba re, “Re ka khona ho ea ka ntlo le ntlo!”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]

Re ne re thaba haholo ha motho ea etelang liphutheho a ne a fihla!

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ka 1905 Benjamin Barton o ne a lokela ho ea libakeng tse 170

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Walter J. Thorn o ne a etela liphutheho ’me ka lerato o ne a bitsoa “Ntate” kaha o ne a e-na le botho bo kang ba Kreste ’me eka ke ntate

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

J. A. Browne o ile a romeloa Jamaica hoo e ka bang ka 1902 hore a e’o matlafatsa le ho khothatsa lihlotšoana tse 14

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Mosebetsi oa ho etela liphutheho o ile oa matlafatsa batho tumelo, oa tiisa bonngoe ba Bokreste ’me oa thusa bara le barali babo rōna hore ba be haufi le mokhatlo