“Ke na le Lōna”
“Ke na le Lōna”
“Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”—DAN. 12:4.
U KA ARABA JOANG?
Mehleng ea kajeno, “tsebo ea ’nete” e phatlalalitsoe joang?
Ke ka tsela efe batho ba amohelang ’nete ba leng “bangata”?
Ke ka litsela life tsebo e nepahetseng e ileng ea etsoa hore e be “ngata”?
1, 2. (a) Re tseba joang hore Jesu o na le bafo ba hae kajeno le hore o tla ba le bona nakong e tlang? (b) Ho ea ka Daniele 12:4, ho tla etsahala’ng haeba re ithuta Mangolo ka hloko?
AK’U nahane u se u le Paradeiseng. Hoseng ho hong le ho hong, u tsoha u khatholohile ebile u qala letsatsi u le mafolofolo. Ha ho na moo ho leng bohloko. Mefokolo eohle eo u kileng ua ba le eona ha e sa le eo. Litho tsohle tsa hao tsa kutlo—e leng tsa ho bona, tsa ho utloa, tsa ho fofonela, tsa ho ama le tsa ho latsoa—li sebetsa hantle. U na le matla, u thabela mosebetsi oa hao, u na le metsoalle e mengata ebile ha u sa na matšoenyeho. Tseo ke litlhohonolofatso tseo u ka li fumanang tlas’a ’Muso oa Molimo. Kreste Jesu, e leng Morena ea khethiloeng ke Molimo, o tla hlohonolofatsa bafo ba hae a be a ba rute tsebo ea Jehova.
2 Jehova o tla ba le bahlanka ba hae ba tšepahalang ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa ho ruta batho lefatšeng lohle nakong e tlang. Molimo le Mora oa hae ba ’nile ba ba le batho ba tšepahalang ka lilemo tse makholo. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a tiisetsa barutuoa ba hae ba tšepahalang hore o tla ba le bona. (Bala Matheu 28:19, 20.) E le hore re be le tumelo e matla ho sena seo Jesu a ileng a se tiisetsa barutuoa ba hae, a re ke re tšohleng polelo e le ’ngoe feela ea boprofeta bo bululetsoeng ke Molimo bo ileng ba ngolloa Babylona ea boholo-holo lilemong tse fetang 2 500 tse fetileng. Mabapi le ‘nako ea bofelo’ eo re phelang ho eona, moprofeta Daniele o ile a ngola a re: “Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Dan. 12:4) Rea utloisisa hore temaneng ena ho “phenya” ho bolela ho ithuta ntho ka hloko. Ruri ho phenya ho joalo ho tla re tlisetsa mahlohonolo a babatsehang! Batho ba ithutang Mangolo ka hloko ba tla hlohonolofatsoa ka ’nete kapa tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Boprofeta bo boetse bo bontša hore batho ba bangata ba tla amohela “tsebo ea ’nete.” Ho feta moo, tsebo eo e tla ba ngata. E tla phatlalatsoa hohle ebile e tla fumaneha habonolo. Ha re ntse re tšohla kamoo boprofeta bona bo phethahetseng kateng, re tla hlokomela hore Jesu o na le barutuoa ba hae kajeno le hore Jehova o khona ho phethahatsa lintho tsohle tseo a li tšepisitseng.
“TSEBO EA ’NETE” EA PHATLALATSOA
3. Ho ile ha etsahala’ng ka “tsebo ea ’nete” ka mor’a lefu la baapostola?
3 Ka mor’a lefu la baapostola, bokoenehi boo ho neng ho boletsoe esale pele hore bo tla ba teng har’a Bakreste ba ’nete, bo ile ba hlaha ’me ba ata joaloka mollo. (Lik. 20:28-30; 2 Bathes. 2:1-3) Ka lilemo tse makholo, esita le batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba se na “tsebo ea ’nete.” Le hoja baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba bolela hore ba lumela Mangolong, ba ne ba ruta lithuto tsa bolumeli tsa bohata—e leng “lithuto tsa bademona” tse hlomphollang Molimo. (1 Tim. 4:1) Batho ka kakaretso ba ne ba sa tsebe ’nete ka Molimo. Lithuto tsa bakoenehi li ne li akarelletsa thuto ea bohata ea hore Molimo ke Boraro-bo-bong, ea hore moea ha o shoe le ea hore meea e meng e hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng.
4. Lilemong tsa bo-1870, sehlopha sa Bakreste se ile sa qala ho batlisisa “tsebo ea ’nete” joang?
4 Leha ho le joalo, ka bo-1870—e leng hoo e ka bang lilemo tse mashome a mane pele ‘matsatsi a ho qetela’ a qala—sehlopha sa Bakreste ba tšepahalang sa Pennsylvania, U.S.A., se ile sa kopana e le hore se ithute Bibele ka matla le hore se batlisise “tsebo ea ’nete.” (2 Tim. 3:1) Ba ile ba ipitsa Liithuti Tsa Bibele. E ne e se batho “ba bohlale le ba nang le kelello” bao Jesu a ileng a re ba tla pateloa tsebo. (Mat. 11:25) E ne e le batho ba ikokobelitseng ba neng ba labalabela ho etsa thato ea Molimo e le kannete. Ba ile ba bala Mangolo ka hloko, ba buisana ka ’ona, ba thuisa ka ’ona ba ba ba rapella tataiso ea Molimo. Ba ile ba boela ba bapisa litemana tsa Bibele ’me ba hlahloba libuka tsa batho ba bang ba neng ba entse lipatlisiso tse tšoanang. Butle-butle, Liithuti tseo tsa Bibele li ile tsa utloisisa linnete tse ’nileng tsa patoa ka lilemo tse makholo.
5. Morero oa letoto la lipampitšana tse neng li bitsoa The Old Theology e ne e le ofe?
5 Le hoja Liithuti Tsa Bibele li ne li thabela lintho tseo li neng li ithuta tsona, ha lia ka tsa lumella hore tsebo e ncha eo li neng li e fumane e etse hore li ikhohomose; ebile ha lia ka tsa ikotla sefuba ka hore ebe li ne li phatlalatsa lintho tse ncha. (1 Bakor. 8:1) Ho e-na le hoo, li ile tsa hatisa letoto la lipampitšana tse neng li bitsoa The Old Theology. Morero oa tsona e ne e le ho thusa babali hore ba tsebe linnete tsa Mangolo tse neng li tlalehiloe ka Bibeleng. Pampitšana e hatisitsoeng pele letotong leo, e ile ea fana ka “boitsebiso bo bong boo motho a neng a ka bo bala ha a ithuta Bibele, ka morero oa hore a lahle lineano tsohle tsa batho tsa bohata ’me a fumane thuto ea khale ea Morena oa rōna le ea baapostola.”—The Old Theology, No. 1, April 1889, leq. 32.
6, 7. (a) Ke linnete life tseo re thusitsoeng hore re li utloisise ho tloha ka bo-1870? (b) Ke linnete life tseo ka ho khetheha u thabetseng ho ithuta tsona?
6 Ruri ho fumanoe linnete tse babatsehang haholo ho tloha ha sehlotšoana seo se ne se thehoa lilemong tse fetang 100 tse fetileng! * Linnete tsena hase lithuto tse tepelletsang tseo liithuti tsa thuto ea bolumeli li phehang khang ka tsona. Ke linnete tse thabisang, tse re lokollang, tse etsang hore bophelo ba rōna bo be le morero le tse etsang hore re be le tšepo. Li re thusa hore re tsebe Jehova—re tsebe lerato leo a nang le lona hammoho le merero ea hae. Li boetse li hlalosa hore na Jesu o phetha karolo efe, hore na ke hobane’ng ha a ile a phela mona lefatšeng a ba a shoa le hore na o etsa’ng hona joale. Linnete tsena tsa bohlokoa li senola hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella bokhopo, ke hobane’ng ha re e-shoa, hore na re ka rapela joang le hore na re ka fumana thabo ea ’nete joang.
7 Hona joale re khona ho utloisisa boprofeta bo ’nileng ba lula e le “sephiri” ka lilemo tse ngata, boo e leng hona bo phethahalang nakong ena ea bofelo. (Dan. 12:9) Boprofeta bona bo akarelletsa bo fumanoang Mangolong ’ohle a Bibele, haholo-holo Likosepeleng le bukeng ea Tšenolo. Jehova o boetse o re thusitse hore re utloisise le liketsahalo tseo re neng re ke ke ra li bona ka mahlo—tse kang ho behoa ha Jesu teroneng, ntoa e ileng ea qhoma leholimong le ho liheloa ha Satane tlaase lefatšeng. (Tšen. 12:7-12) Molimo o boetse o re thusitse hore re utloisise le lintho tseo re khonang ho li bona—tse kang lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, khaello ea lijo hammoho le batho ba sa tšabeng Molimo ba etsang hore mehla ea hona joale e be “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—2 Tim. 3:1-5; Luka 21:10, 11.
8. Ke mang eo re mo tlotlisang ka lebaka la lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng?
8 Ha ho thata hore re utloisise seo Jesu a ileng a se bolella barutuoa ba hae, ha a ne a re: “Ho thaba mahlo a bonang lintho tseo le li bonang. Etsoe ke re ho lōna, Baprofeta ba bangata le marena a mangata ba ile ba lakatsa ho bona lintho tseo le li bonang empa ha baa ka ba li bona, le ho utloa lintho tseo le li utloang empa ha baa ka ba li utloa.” (Luka 10:23, 24) Re tlotlisa Jehova Molimo ka hore ebe o ile a re thusa hore re bone re be re utloe lintho tseo. Hape, ruri re motlotlo ka hore ebe “mothusi,” e leng moea o halalelang oa Molimo, o ile oa romeloa hore o tataisetse balateli ba Jesu “’neteng eohle”! (Bala Johanne 16:7, 13.) E se eka kamehla re ka ananela “tsebo ea ’nete” ’me re e bolelle batho ba bang!
“BA BANGATA” BA AMOHELA “TSEBO EA ’NETE”
9. Ke khoeletso efe e ileng ea etsoa makasineng oa Molula-Qhooa ka April 1881?
9 Ka April 1881, lilemo tse ka tlaase ho tse peli ka mor’a hore ho hatisoe Molula-Qhooa oa pele, makasine ena e ile ea etsa khoeletso ea hore ho hlokahala baboleli ba litaba tse molemo ba 1 000. Sehlooho seo se ne se re: “Batho ba ka khonang ho fana ka halofo ea nako ea bona kapa ho feta hore ba etse mosebetsi oa Morena, re etsa tlhahiso ea hore ba latele moralo . . . , o latelang: Hore ba ee metseng le metsaneng, ho latela matla a bona, ba sebetsa e le Barekisi ba Libuka kapa Baboleli ba Evangeli, e le hore ba ee libakeng tsohle ho ea batla Bakreste ba batlang ’nete ka tieo, ’me ba bangata le tla ba fumana ba chesehela ho sebeletsa Molimo, empa eseng ho ea ka tsebo; le ba tsebise hore Ntate oa Rōna o na le mohau o moholo, le hore lentsoe la Hae le molemo.”
10. Batho ba ile ba etsa’ng ha ho ne ho etsoa khoeletso ea hore ho hlokahala baboleli ba kamehla ba litaba tse molemo?
10 Khoeletso eo e ile ea bontša hore Liithuti Tsa Bibele li ne li hlokomela hore mosebetsi oa bohlokoa oo Bakreste ba ’nete ba lokelang ho o etsa ke ho bolela litaba tse molemo. Empa kaha ka nako eo ke batho ba makholo a seng makae feela ba neng ba e-tla libokeng tsa Liithuti Tsa Bibele, hase batho ba bangata kamoo ba neng ba nahanne kateng ba ileng ba amohela memo eo. Leha ho le joalo, ha batho ba bangata ba ne ba qeta ho bala pampitšana kapa makasine, ba ne ba bona ’nete ’me hang-hang ba amohela khoeletso eo. Ka mohlala, ka 1882 ka mor’a hore ’mali e mong oa London, Engelane, a bale Molula-Qhooa le bukana e hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele, o ile a ngola a re: “Ke kōpa le nthuse hore na ke re’ng ha ke bolela litaba tse molemo le hore na ke li bolele joang e le hore ke phethahatse mosebetsi o halalelang oo Molimo a batlang hore o phethoe.”
11, 12. (a) Rōna hammoho le barekisi ba libuka re na le sepheo sefe se tšoanang? (b) Barekisi ba libuka ba ne ba theha “lihlopha,” kapa liphutheho joang?
11 Ka 1885, ho ne ho se ho e-na le Liithuti Tsa Bibele tse ka bang 300 tse neng li etsa mosebetsi oa ho rekisa libuka. Baboleli bao
ba kamehla ba ne ba e-na le sepheo seo le rōna re nang le sona kajeno—e leng sa ho etsa batho barutuoa ba Jesu Kreste. Leha ho le joalo, tsela eo ba neng ba sebetsa ka eona e ne e fapane le eo re sebetsang ka eona. Kajeno, re ithuta Bibele le motho a le mong ka nako, ’me re fana ka thuto e loketseng motho eo. Joale ebe re memela seithuti sa Bibele hore se tle libokeng tsa phutheho e se ntse e thehiloe. Mehleng ea khale, barekisi ba libuka ba ne ba tsamaisa libuka ebe ba bokana hammoho le batho ba thahasellang e le hore ba ka ithuta Mangolo e le sehlopha. Ho e-na le hore ba ithute le batho ka bo-mong, ba ne ba theha “lihlopha,” kapa liphutheho.12 Ka mohlala, ka 1907, sehlopha se seng sa barekisi ba libuka se ile sa haola le motse o itseng ho fumana hore na ke batho bafe ba neng ba se ba ntse ba e-na le libuka tsa Millennial Dawn (tseo hape ho neng ho thoe ke Studies in the Scriptures). Molula-Qhooa o ile oa re: “Ho ne ho tšoaroa seboka se senyenyane lelapeng la e mong oa batho bana [ba thahasellang]. Morekisi e mong oa Libuka o ile a qeta letsatsi lohle la Sontaha a bua le bona ka Morero oa Molimo oa Linako, ’me Sontaha se latelang o ile a ba khothalletsa hore ba tšoare liboka kamehla.” Ka 1911, barab’abo rōna ba ile ba fetola mokhoa ona. Basebeletsi ba khethehileng ba tsamaeang ba 58 ba ile ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa naheng ea United States le ea Canada. Bara bana babo rōna ba ne ba fumana mabitso le liaterese tsa batho ba thahasellang ba neng ba tlil’o mamela lipuo tseo ebe ba lokisetsa hore batho bao ba kopane hammoho lelapeng la e mong e le hore ba thehe “lihlopha” tse ncha. Ka 1914, ho ne ho se ho e-na le liphutheho tse 1 200 tsa Liithuti Tsa Bibele lefatšeng lohle.
13. Ke’ng e u khahlang ka tsela eo “tsebo ea ’nete” e atileng kateng kajeno?
13 Kajeno, ho na le liphutheho tse ka bang 109 400 lefatšeng lohle, ’me bara le barali babo rōna ba ka bang 895 800 ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho. Hona joale hoo e ka bang batho ba limilione tse robeli ba amohela “tsebo ea ’nete” ’me ba e sebelisa bophelong ba bona. (Bala Esaia 60:22.) * Sena sea hlolla, kaha Jesu o ile a bolela esale pele hore barutuoa ba hae ba ne ba “tla hlouoa ke batho bohle” ka lebaka la lebitso la hae. O ile a boela a bolela hore balateli ba hae ba ne ba tla hlorisoa, ba kenngoe lichankaneng ba be ba bolaoe. (Luka 21:12-17) Ho sa tsotellehe khanyetso ea Satane, bademona ba hae hammoho le khanyetso ea batho, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba atleha haholo ho phetha thōmo ea bona ea ho etsa batho barutuoa. Kajeno, ba bolela litaba tse molemo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona,” merung e teteaneng, libakeng tse letseng leqhoa, lithabeng, mahoatateng, metseng e meholo le libakeng tse hōle. (Mat. 24:14) Mosebetsi ona o ka be o sa phethoa ntle le thuso ea Molimo.
“TSEBO EA ’NETE” E BA “NGATA”
14. Libuka le limakasine li entse hore “tsebo ea ’nete” e phatlalatsoe ka ho pharalletseng hakae?
14 “Tsebo ea ’nete” e ’nile ea e-ba ngata
ka lebaka la batho ba bangata ba phatlalatsang litaba tse molemo. E boetse ea e-ba ngata ka lebaka la likhatiso tse kang libuka le limakasine. Ka July 1879, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hatisa khatiso ea pele ea makasine ea Molula-Qhooa, ’me ka nako eo e ne e bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Feme e ’ngoe ea khoebo e ile ea hatisa limakasine tseo tse 6 000 ’me li ile tsa hatisoa ka Senyesemane feela. Mor’abo rōna Charles Taze Russell ea neng a le lilemo li 27, o ile a khethoa hore e be mohlophisi oa makasine eo, ’me Liithuti Tsa Bibele tse hlano tse hōlileng moeeng li ne li sebetsa le eena e le bangoli. Hona joale Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 195. Ke makasine e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng lohle, ’me ho ajoa limakasine tse 42 182 000 khatiso ka ’ngoe. O lateloa ke makasine oabo oona e leng Tsoha! eo ho ajoang limakasine tse 41 042 000 ka lipuo tse 84. Ho feta moo, ho hatisoa libuka le Libibele tse ka bang limilione tse 100 selemo le selemo.15. Mosebetsi oa rōna oa khatiso o tšehetsoa joang ka lichelete?
15 Mosebetsi ona o moholohali o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. (Bala Matheu 10:8.) Seo se makatsa batho ba khoebong ea khatiso ba tsebang hore na mechine ea khatiso, pampiri, enke le thepa e ’ngoe li ja chelete e kae. Mor’abo rōna ea sebetsang lefapheng le rekang thepa ea khatiso o re: “Bahoebi ba etelang litsi tsa rōna tsa khatiso ba makatsoa ke hore ebe litsi tseo tse sebelisang theknoloji ea morao-rao, tse khonang ho hatisa lingoliloeng tse ngata, li tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Ba boetse ba khahloa ke hore ebe bara le barali babo rōna ba sebetsang Bethele e sa le batho ba bacha ebile ba thabile.”
TSEBO EA MOLIMO E TLA TLALA LEFATŠE
16. Ke hobane’ng ha Jehova a entse hore “tsebo ea ’nete” e be ngata?
16 Jehova o entse hore “tsebo ea ’nete” e be ngata kaha thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Jehova o batla hore batho ba tsebe ’nete e le hore ba tle ba mo rapele ka tsela e nepahetseng ’me a ba hlohonolofatse. Ka hore ebe Jehova o ile a etsa hore “tsebo ea ’nete” e phatlalatsoe, o ile a bokella masala a tšepahalang a Bakreste ba tlotsitsoeng. O boetse o bokella “bongata bo boholo” bo tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,” bo nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng.—Tšen. 7:9.
17. Keketseho ea barapeli ba ’nete e bontša’ng?
17 Keketseho ea barapeli ba ’nete e bileng teng lilemong tse 130 tse fetileng e bontša hore Molimo le Morena oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste, haesale ba ntse ba e-na le bahlanka ba Jehova ba lefatšeng—ka hore ba ba tataise, ba ba sireletse, ba ba hlophise ba be ba ba rute. Keketseho eo e boetse e tiisa hore litšepiso tsa Jehova tsa nako e tlang li tla phethahala. “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esa. 11:9) Ruri batho ba tla hlohonolofatsoa haholo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 6 U tla rua molemo haeba u ka shebella DVD ea Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 1: Li Tsoa Lefifing le ea Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 2: Li Khantša Leseli.
^ ser. 13 Sheba buka ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II, leqepheng la 320.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Liithuti Tsa Bibele tsa pele e ne e le batho ba ikokobelitseng ba neng ba labalabela ho etsa thato ea Molimo ka tieo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jehova o ananela boiteko ba hao ba ho phatlalatsa “tsebo ea ’nete” ea Molimo