Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Na moriri oa Samsone o ile oa mo fa matla?

Moriri oa Samsone ka booona ha oa ka oa mo fa matla. Moriri oa hae o ne o emela kamano e khethehileng eo a neng a e-na le eona le Molimo hobane e ne e le Monazari. Kamano eo e ile ea senyeha ha Delila a ne a kuta moriri oa hae.—4/15, leqepheng la 9.

Ke lintho life tse tharo tse ka etsang hore lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li phele hantle, ha li bapisoa le lipelo tsa rōna tsa sebele?

(1) Phepo. Joalokaha lipelo tsa rōna tsa sebele li hloka lijo tse matlafatsang, re hloka lijo tsa moea tse matlafatsang tse lekaneng. (2) Ho ikoetlisa. Ho etsa mosebetsi oa boboleli ka cheseho ho ka boloka lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li le boemong bo botle. (3) Tikoloho. Re ka fokotsa khatello ea maikutlo ka hore re be har’a balumeli-’moho le rōna ba re tsotellang.—4/15, leqepheng la 16.

Ka mor’a hore molekane e mong a se ke a tšepahala, banyalani ba ka etsa joang hore ba boele ba tšepane?

Ba lokela (1) ho buisana ka botšepehi; (2) ho sebelisana hammoho; (3) ho lahla mekhoa ea khale ’me ba e nkele sebaka ka e mecha; le (4) hore ba tsebe nako ea ho lebala tse fetileng, ba leke ho koala lekhalo le teng pakeng tsa bona.—5/1, leqepheng la 12-15.

Ke hobane’ng ha motho ea fanang ka puo ea lepato a sa lokela ho sebelisa Pesaleme ea 116:15 ho mofu?

Temana eo e re: “Lefu la ba tšepahalang ba hae ke la bohlokoa mahlong a Jehova.” Sena se bolela hore Molimo a ke ke a lumella hore batho bohle ba hae ba tšepahalang ba shoe, kaha o ba nka e le ba bohlokoa. A ke ke a lumella hore batho ba hae ba tšepahalang lefatšeng ba timetsoe e le sehlopha.—5/15, leqepheng la 22.

Barekisi ba libuka e ne e le bo-mang?

Pele ho 1931, poleloana e reng “barekisi ba libuka,” e ne e sebelisoa ho batho bao hona joale ba bitsoang bo-pula-maliboho.—5/15, leqepheng la 31.

Ke lintho life tse bontšang hore Bibele e fapane le libuka tse ling tse ngotsoeng ke batho?

Bibele e na le boprofeta bo bongata bo ’nileng ba phethahala. E tlaleha histori ka ho nepahala eseng litšōmo. E lumellana le saense ’me libuka tsa eona lia lumellana. Ke ea bohlokoa le kajeno.—6/1, leqepheng la 4-8.

“Mebuso ena kaofela” eo ho buuoang ka eona ho Daniele 2:44, ke efe?

Temaneng eo, ho buuoa ka mebuso e tšoantšetsoang ke likarolo tse fapa-fapaneng tsa setšoantšo sa lirafshoa tse sa tšoaneng seo Daniele a ileng a se hlalosa.—6/15, leqepheng la 17.

’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika e ile ea e-ba ’muso oa bosupa o hlahang boprofeteng ba Bibele neng?

’Muso ona oa lefatše o ile oa e-ba teng ha Brithani le United States li ne li sebetsa hammoho ka tsela e ikhethang nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.—6/15, leqepheng la 19.

Ke ka tsela efe Molimo a tšoarelang a bileng a lebalang libe tsa batho ba bakileng?

Ha Jehova a bua ka batho bao a ba ratang, o re: “Ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Jer. 31:34) A ka tšoarela batho libe ka lebaka la sehlabelo sa thekollo. Ha a ba tšoarela, Molimo oa lebala kaha a ke ke a hlola a hopola libe tseo e le hore a ba ahlole ka lebaka la tsona.—7/1, leqepheng la 18.

Ke hobane’ng ha re ka lumela hore mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng e ile ea etsahala?

Hangata mehlolo eo e ne e etsetsoa moo mang le mang a bonang eseng sephiring. E ne e sa rarahana ’me ho ne ho se na lintho tse itseng tse khethehileng tse neng li sebelisoa ho etsa mehlolo. E ne e etsetsoa ho isa thoriso ho Molimo eseng ho batho. Ho ile ha etsoa mehlolo ea mefuta-futa ’me le bahanyetsi ba nakong eo ha baa ka ba belaella taba ea hore e ile ea etsoa. Ana ke mabaka a etsang hore re tšepe litlaleho tsa mehlolo tse hlahang ka Bibeleng.—8/1, leqepheng la 7-8.