Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsoelang Pele le Phela Joaloka Baahi!

Tsoelang Pele le Phela Joaloka Baahi!

Tsoelang Pele le Phela Joaloka Baahi!

“Le itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo.”—BAFIL. 1:27.

U KA ARABA JOANG?

Ke bo-mang bao e ka bang baahi ba ’Muso oa Molimo?

Ke’ng eo re lokelang ho e etsa mabapi le puo, histori le melao ea ’Muso oa Molimo?

Baahi ba ’Muso oa Molimo ba bontša joang hore ba rata melao ea Molimo?

1, 2. Ke hobane’ng ha keletso eo Pauluse a ileng a e fa batho ba neng ba le phuthehong ea Filipi e ne e le ea bohlokoa haholo?

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a khothalletsa phutheho ea Filipi hore e “itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo.” (Bala Bafilipi 1:27.) Poleloana ea Segerike eo Pauluse a e sebelisitseng ho fetolela lentsoe “itšoare” e ka boela ea fetoleloa e le “ho phela joaloka baahi.” Poleloana eo e ne e le ea bohlokoa haholo ho batho ba neng ba le phuthehong ea Filipi. Hobane’ng? Hobane ho bonahala eka Filipi e ne e le o mong oa metse eo baahi ba eona ba neng ba fuoe tokelo ea ho ba baahi ba Roma. Baahi ba Roma ba neng ba lula Filipi le libakeng tsohle tse neng li busoa ke ’Muso oa Roma ba ne ba le motlotlo ka ho ba baahi ba naha eo ’me molao oa Roma o ne o ba sireletsa ka tsela e ikhethang.

2 Litho tsa phutheho ea Filipi li ne li e-na le lebaka la hore li be motlotlo. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste bao ba tlotsitsoeng hore boahi ba bona bo “maholimong.” (Bafil. 3:20) E ne e se baahi ba ’muso feela oa batho, empa e ne e le baahi ba ’Muso oa Molimo. ’Muso oa Molimo o ile oa ba fa tšireletso le melemo eo ho neng ho se ’muso o ka ba fang tsona.—Baef. 2:19-22.

3. (a) Ke bo-mang ba nang le monyetla oa ho ba baahi ba ’Muso oa Molimo? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong see?

3 Keletso ea Pauluse e reng ‘le phele joaloka baahi,’ e sebetsa haholo ho batho ba tla busa le Kreste leholimong. (Bafil. 3:20) Empa e ka ’na ea sebetsa le ho batho bao e tla ba bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla phela lefatšeng. Hobane’ng? Hobane Bakreste bohle ba inehetseng ba sebeletsa Morena a le mong, e leng Jehova, ’me ba lokela ho phela ka melao e tšoanang. (Baef. 4:4-6) Kajeno, batho ba sebetsa ka thata hore ba tšoanelehe ho ba baahi ba naha e ruileng. Kahoo, re lokela ho nka monyetla oa ho ba baahi ba ’Muso oa Molimo e le oa bohlokoa haholo! E le hore re tle re ananele tokelo eo haholo, a re ke re bapiseng lintho tse ling tse hlokahalang hore motho a tšoanelehe ho ba moahi oa mebuso ea batho le tse hlokahalang hore a tšoanelehe ho ba moahi oa ’Muso oa Molimo. Re tla boela re tšohle lintho tse tharo tseo re lokelang ho li etsa haeba re batla ho lula re e-na le tlotla ea ho ba baahi ba ’Muso oa Molimo.

LINTHO TSE HLOKAHALANG HORE MOTHO E BE MOAHI

4. Puo e hloekileng ke eng, hona re e “bua” joang?

4 Ithute puo. Mebuso e meng ea batho e batla hore motho ea etsang kōpo ea ho ba moahi oa naha eo a tsebe puo e buuoang haholo naheng eo. Esita le ka mor’a hore batho ba fuoe tokelo ea ho ba baahi ba naha e ’ngoe, ba ka ’na ba qeta lilemo tse ngata ba ntse ba leka ka matla ho bua puo ea naha eo hantle. Ba ka ’na ba ithuta melao ea puo kapele empa ho ka ’na ha nka nako hore ba ithute ho bitsa mantsoe ka tsela e nepahetseng. Ka ho tšoanang, ’Muso oa Molimo o hloka hore baahi ba oona ba ithute seo Bibele e reng ke ‘puo e hloekileng.’ (Bala Sofonia 3:9.) Puo eo ke efe? Ke ’nete e fumanoang ka Bibeleng e mabapi le Molimo hammoho le merero ea hae. Ho ka boleloa hore re bua puo e hloekileng haeba mekhoa ea rōna e lumellana le melao le melao-motheo ea Molimo. Baahi ba ’Muso oa Molimo ba ka ’na ba ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele kapele ’me ba kolobetsoa. Leha ho le joalo, esita le ka mor’a hore ba kolobetsoe ba lokela ho ikitlaetsa hore ba lule ba ntlafatsa tsela eo ba “buang” puo e hloekileng ka eona. Ka tsela efe? E mong le e mong oa rōna o lokela ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele eo a ithutileng eona.

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta lintho tse ngata ka hohle kamoo re ka khonang ka histori ea mokhatlo oa Jehova?

5 Ithute histori. Ho ka ’na ha hlokahala hore motho ea batlang ho ba moahi oa naha e itseng a ithute ho hong ka histori ea ’muso oa naha eo. Ka tsela e tšoanang, e ka ba hantle hore batho ba batlang ho ba baahi ba ’Muso oa Molimo ba ithute sohle seo ba ka se khonang ka ’Muso oo. Nahana ka mohlala oa bara ba Kora, ba neng ba sebeletsa Iseraeleng ea boholo-holo. Ba ne ba rata Jerusalema le sebaka sa eona sa borapeli ba bile ba rata ho bua ka histori ea motse oo. Ba ne ba sa khahloe ke botle ba sebaka seo sa borapeli empa ba ne ba khahloa ke se neng se emeloa ke motse oo le sebaka seo. Jerusalema e ne e le “motse oa Morena e moholo,” e leng Jehova, kaha e ne e le setsi sa borapeli bo hloekileng. Ke hona moo ho neng ho rutoa Molao oa Jehova teng. Jehova o ile a bontša batho ba neng ba busoa ke Morena oa Jerusalema mosa o lerato. (Bala Pesaleme ea 48:1, 2, 9, 12, 13.) Na le uena u labalabela ho ithuta le ho bua ka histori ea karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova? Ha u ntse u ithuta ka mokhatlo oa Molimo le kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng, u tla nka ’Muso oa Molimo e hlile e le ntho ea sebele. U tla ba le takatso e matla ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Jer. 9:24; Luka 4:43.

6. Ke hobane’ng ha e le ntho e utloahalang hore Jehova a lebelle hore re ithute melao le melao-motheo ea ’Muso oa hae re be re e mamele?

6 Tseba melao. Mebuso ea batho e lebeletse hore bafo ba eona ba ithute melao ea naha ba be ba e mamele. Kahoo, hoa utloahala hore ebe Jehova o lebeletse hore re ithute melao le melao-motheo e tataisang bafo bohle ba ’Muso oa hae re be re e mamele. (Esa. 2:3; Joh. 15:10; 1 Joh. 5:3) Hangata melao ea batho e na le liphoso ’me e ka ’na ea se ke ea e-ba le toka. Leha ho le joalo, “molao oa Jehova [oona] o phethahetse.” (Pes. 19:7) Na re thabela molao oa Molimo ’me re bala Lentsoe la hae letsatsi le letsatsi? (Pes. 1:1, 2) Tsela feela eo re ka tsebang molao oa Molimo ka eona ke haeba rōna ka borōna re ithuta oona. Ha ho na motho ea ka re etsetsang sena.

BAAHI BA ’MUSO OA MOLIMO BA RATA MELAO EA HAE

7. Ke hobane’ng ha baahi ba ’Muso oa Molimo ba mamela melao ea hae?

7 E le hore re lule re le baahi ba ’Muso oa Molimo, ha ho hlokahale hore re tsebe melao ea Molimo feela empa hape re lokela ho e rata. Baahi ba bangata ba mebuso ea batho ba re ba lumellana le melao le litekanyetso tsa naha eo ba phelang ho eona. Leha ho le joalo, haeba ho e-na le molao oo ba sa o rateng ’me ho se na motho ea ba shebileng, baa o tlōla. Hangata, batho bana ke “ba khahlisang batho.” (Bakol. 3:22) Leha ho le joalo, ho na le lebaka le fapaneng le etsang hore baahi ba ’Muso oa Molimo ba mamele melao ea hae. Re rata Jehova. Ke ka lebaka leo re thabelang ho mamela melao ea hae leha ho se na motho ea re shebileng.—Esa. 33:22; bala Luka 10:27.

8, 9. U ka tseba joang haeba u hlile u rata melao ea Molimo?

8 U ka tseba joang haeba u hlile u rata melao ea Molimo? Ka hore u hlahlobe tsela eo u itšoarang ka eona ha u fuoa keletso linthong tseo u bonang eka motho o lokela ho ikhethela ho tsona—tse kang moaparo le boitlhopho. E ka ’na eaba pele u e-ba moahi oa ’Muso oa Molimo u ne u rata ho apara ka tsela e bohlasoa kapa e tsosang takatso. Ha lerato leo u ratang Molimo ka lona le ntse le matlafala, u ile ua ithuta ho apara ka tsela e mo tlotlisang. (1 Tim. 2:9, 10; 1 Pet. 3:3, 4) U ka ’na ua nahana hore hona joale u apara ka tsela e bontšang boitlhompho. Empa u ne u tla etsa’ng haeba moholo a ne a ka u bolella hore tsela eo u aparang ka eona e khopisa bahoeletsi ba bangata ka phuthehong? Na u ne u tla ikemela, u halefe kapa u be manganga? Molao oa motheo oa ’Muso oa Molimo ke hore baahi bohle ba etsise Kreste. (1 Pet. 2:21) Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka mohlala oa Jesu, o ile a ngola a re: “E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha. Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” (Bar. 15:2, 3) E le hore ho be le khotso ka phuthehong, Mokreste ea hōlileng moeeng o lokela ho qoba ho etsa lintho tse ka khopisang batho ba bang.—Bar. 14:19-21.

9 Nahana ka lintho tse peli tsa bohlokoa tseo re lokelang ho ameha ka tsona: e leng maikutlo a rōna ka ho kopanela liphate le ka lenyalo. Batho bao e seng baahi ba ’Muso oa Molimo ba ka ’na ba lumellana le ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang, ba nka hore litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ke boithabiso feela bo seng kotsi, ’me ba nahana hore bofebe le tlhalo ke lintho tseo motho a ka iketsetsang qeto ho tsona. Baahi ba ’Muso oa Molimo ba tlohetse mekhoa e joalo e se nang chebelo-pele le ea boithati. Le hoja qalong Bakreste ba bangata ba ne ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, hona joale ba talima ho kopanela liphate le lenyalo e le limpho tse tsoang ho Molimo. Ba ananela melao ea Jehova e phahameng ’me ba lumela ka lipelo tsohle tsa bona hore batho ba tsoelang pele ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ha ba tšoanelehe ho ba baahi ba ’Muso oa Molimo. (1 Bakor. 6:9-11) Leha ho le joalo, ba boetse baa hlokomela hore pelo e bolotsana. (Jer. 17:9) Kahoo, ba thabela ho fumana litemoso tse tobileng tse ba thusang hore ba lule ba mamela melao ea Molimo e phahameng.

BAAHI BA ’MUSO OA MOLIMO BA ANANELA LITEMOSO

10, 11. Ke litemoso life tse nakong tseo ’Muso oa Molimo o fanang ka tsona, ’me u ikutloa joang ka tsona?

10 Mebuso ea batho e ka ’na ea lemosa batho ka lijo tse itseng le meriana e ka ba kulisang. Ho hlakile hore hase lijo tsohle le meriana eohle e fosahetseng. Empa haeba ntho e itseng e ka bonahala e le kotsi, ’muso o ka ’na oa fana ka litemoso tse loketseng e le hore o sireletse baahi ba oona. Haeba ’muso o sa ka oa etsoa joalo, o ne o tla be o le molato oa ho se tsotelle baahi ba oona. Ka ho tšoanang, ’Muso oa Molimo o fana ka litemoso tse nakong mabapi le likotsi tse tobileng tsa boitšoaro le tse ka re hlahelang moeeng. Ka mohlala, Inthanete e thusa batho hore ba buisane, ba ithute ba be ba ithabise. Mokhatlo oa Molimo o sebelisa Inthanete ’me o finyella lintho tse ngata tse molemo ka eona. Leha ho le joalo, Liwebsaete tse ngata Inthaneteng li ka beha boitšoaro le bomoea ba rōna kotsing. Ho hlakile hore Liwebsaete tse bontšang litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li ka beha bomoea ba baahi ba ’Muso oa Molimo kotsing. Ka lilemo tse mashome, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se ’nile sa re lemosa ka Liwebsaete tse joalo. Ruri re ananela litemoso tseo tse re tsoelang molemo moeeng!

11 Lilemong tsa morao tjena, ho na le Liwebsaete tse ling tse ratoang haholo—li ka re tsoela molemo haeba re le hlokolosi ha re li sebelisa. Empa Liwebsaete tsena tseo ho thoeng ke Liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, le tsona li ka ba kotsi haholo. Li ka etsa hore motho a tloaelane le batho ba babe. (1 Bakor. 15:33) Kahoo, ha ho makatse hore ebe mokhatlo oa Molimo o fane ka litemoso tse loketseng mabapi le ho sebelisa Liwebsaete tseo. Na u se u balile lingoliloeng tsohle tsa morao-rao tse hatisitsoeng ke lekhoba le tšepahalang tse buang ka ho sebelisa Liwebsaete tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona? Ruri e ne e tla ba booatla ho sebelisa Liwebsaete tseo re sa bala lingoliloeng tseo! * Seo se ne se tla tšoana le ho noa moriana o matla u sa bala molaetsa oa temoso o ngotsoeng botlolong.

12. Ke hobane’ng ha ho se mamele litemoso e le booatla?

12 Ho hlakile hore batho ba sa mameleng litemoso tse fanoang ke lekhoba le tšepahalang ba ipeha kotsing ebile ba beha le batho bao ba ba ratang kotsing. Batho ba bang ba lemaletse ho shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso kapa ba entse boitšoaro bo bobe ebe ba ithetsa ka ho nahana hore Jehova a ke ke a bona seo ba se etsang. Ruri ke booatla ho nahana hore re ka patela Jehova lintho tseo re li etsang! (Liprov. 15:3; bala Baheberu 4:13.) Molimo o batla ho thusa batho bao ’me o susumetsa baemeli ba hae ba lefatšeng hore ba leke ho ba thusa. (Bagal. 6:1) Leha ho le joalo, feela joalokaha mebuso ea batho e ka amoha motho ea entseng lintho tse itseng tokelo ea ho ba moahi oa naha, Jehova o tla amoha batho ba tlōlang melao ea hae ba sa bake tokelo ea hore e be baahi ba ’Muso oa hae. * (1 Bakor. 5:11-13) Leha ho le joalo, Jehova o mohau. Batho ba bakang ’me ba fetola tsela eo ba itšoarang ka eona ba ka ba le kamano e ntle le Jehova ’me ba lula e le baahi ba ’Muso oa Molimo. (2 Bakor. 2:5-8) Ruri ke tlotla ho sebeletsa Morena ea lerato hakaalo!

BAAHI BA ’MUSO OA MOLIMO BA NKA THUTO E LE EA BOHLOKOA

13. Baahi ba ’Muso oa Molimo ba bontša joang hore ba nka thuto e le ea bohlokoa?

13 Mebuso e mengata ea batho e sebetsa ka thata ho ruta baahi ba eona. E hlophisa likolo tse rutang batho ho bala le ho ngola le tse rutang batho mesebetsi. Baahi ba ’Muso oa Molimo ba ananela likolo tseo ’me ba ikitlaelletsa ho ithuta ho bala, ho ngola le mesebetsi e tla ba thusa hore ba iphelise. Ba ananela thuto eo ba e fumanang joaloka baahi ba ’Muso oa Molimo le ho feta. Jehova o sebelisa phutheho ea Bokreste ho ruta batho ho bala le ho ngola. Batsoali ba khothalletsoa hore ba balle bana ba bona ba banyenyane. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, lekhoba le tšepahalang le hatisa maqephe a mangata a lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng makasineng ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Haeba u bala maqephe a ’maloa ka letsatsi u tla khona ho li bala kaofela ka nako e etsang khoeli, ’me u tla be u tsamaisana le mocha ona oa bohlokoa oa thuto ea ’Muso oa Molimo.

14. (a) Ke koetliso efe eo re e fumanang? (b) Ke litlhahiso life tse mabapi le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea tseo u ’nileng ua thabela ho li sebelisa?

14 Beke le beke, baahi ba ’Muso oa Molimo ba koetlisoa libokeng tsa bona tsa phutheho. Ka mohlala, ka lilemo tse fetang mashome a tšeletseng, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ’nile sa thusa liithuti sekolong seo hore e be mesuoe e hloahloa ea Lentsoe la Molimo. Na u ngolisitse sekolong see? Lilemong tsa morao tjena, lekhoba le tšepahalang le ’nile la khothalletsa batho ka ho khetheha hore ba be le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea beke e ’ngoe le e ’ngoe. Tokisetso ena e etsa hore malapa a momahane. Na u se u kile ua sebelisa litlhahiso tse hlahang lingoliloeng tsa rōna? *

15. Ke tokelo efe e khōlō ka ho fetisisa eo re nang le eona?

15 Baahi ba mebuso ea batho ba thaotha batho libakeng tsa sechaba hore ba tšehetse mokhatlo o itseng oa lipolotiki, ba ka ba ba ea le ka ntlo le ntlo. Baahi ba ’Muso oa Molimo ba tšehetsa ’Muso oo ka mafolofolo lefatšeng lohle ka ho bolela litaba tse molemo literateng le ka ntlo le ntlo. Ha e le hantle, joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng se ithutoang, Molula-Qhooa, o tsebahatsang ’Muso oa Jehova, hona joale ke oona makasine o ajoang ka ho fetisisa lefatšeng lohle! E ’ngoe ea litokelo tse khōlō ka ho fetisisa tseo re nang le tsona ke ea ho bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo. Na u kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo?—Mat. 28:19, 20.

16. U ka bontša joang hore u moahi ea molemo oa ’Muso oa Molimo?

16 Haufinyane ’Muso oa Molimo e tla ba oona feela o tla busa lefatše. O tla hlokomela likarolo tsohle tsa bophelo ba batho ba letsatsi le letsatsi, ha o na ho ba hlokomela moeeng feela. Na u tla ba moahi ea molemo oa ’Muso oa Molimo nakong eo? Hona joale ke nako ea hore u bontše hore ho tla fela ho be joalo. Liqetong tsohle tseo u li etsang letsatsi le letsatsi, etsa lintho tsohle ho tlotlisa Jehova ’me ka tsela eo u bontše hore u tsoela pele u le moahi ea molemo oa ’Muso oa Molimo.—1 Bakor. 10:31.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Ka mohlala, sheba Tsoha! ea July 2011, leqepheng la 24-27; ea August 2011, leqepheng la 10-13; le ea February 2012, leqepheng la 3-9.

^ ser. 14 Sheba Molula-Qhooa, oa August 15, 2011, leqepheng la 6-7 le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2011, leqepheng la 3-6.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Na u mamela litemoso tse thehiloeng Bibeleng mabapi le ho sebelisa Inthanete?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Na joaloka bara ba Kora, u rata borapeli bo hloekileng le histori ea bona?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea bo ka le thusa uena le ba lelapa la hao hore le be baahi ba molemo ba ’Muso oa Molimo