Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Phutha Batho ba Hae ba Thabileng

Jehova o Phutha Batho ba Hae ba Thabileng

“Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane le mojaki oa hao.”—DEUT. 31:12.

1, 2. Re tla ithuta’ng ka likopano sehloohong see?

KA LILEMO tse ngata Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa bokana hammoho likopanong tsa machaba le tsa setereke. Ba bangata ba rōna re ’nile ra ba teng liketsahalong tsena tse thabisang, mohlomong re bile ho tse ngata ha lilemo tse mashome li ntse li feta.

2 Lilemong tse likete tse fetileng, sechaba sa Molimo le sona se ’nile sa ba le likopano tse halalelang. Re tla tšohla likopano tseo sechaba sa Molimo se ’nileng sa ba le tsona tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng ’me re bone hore na li tšoana joang le likopano tseo re bang le tsona kajeno, re be re bone hore na re rua molemo joang ka hore re be teng likopanong tseo.—Pes. 44:1; Bar. 15:4.

LIKOPANO TSA BOHLOKOA TSA MEHLENG EA BOHOLO-HOLO LE TSA KAJENO

3. (a) Ke sefe se ileng sa etsahala kopanong ea pele eo sechaba sa Jehova se ileng sa ba le eona e tlalehiloeng ka Bibeleng? (b) Baiseraele ba ne ba bitsoa joang hore ba phuthehe hammoho?

3 Pokano e ileng ea tšoareloa mosikong oa Thaba ea Sinai, ke seboka sa pele se seholo se tlalehiloeng ka Bibeleng seo sechaba sa Molimo se ileng sa ba le sona e le hore se ka fuoa litaelo tse tsoang ho Jehova. Ka sebele e bile ketsahalo ea bohlokoa borapeling bo hloekileng. Ketsahalong eo e thabisang, eo ntle ho pelaelo batho ba neng ba le teng ho eona ba sa kang ba e lebala, Jehova o ile a bontša Baiseraele matla a hae ha a ne a ba fa Molao oa hae. (Ex. 19:2-9, 16-19; bala Exoda 20:18; Deuteronoma 4:9, 10.) Letsatsing leo, kamano ea Baiseraele le Molimo e ile ea fetoha. Nakoana ka mor’a moo, Jehova o ile a hlophisa mokhoa oo sechaba sa hae se neng se tla bokelloa ka oona. O ile a laela Moshe hore a etse literompeta tse peli tsa silevera tseo a neng a tla li sebelisa ho bokella “phutheho eohle” hore e kopane “monyako oa tente ea pokano.” (Num. 10:1-4) Ak’u nahane feela hore na batho ba ne ba thaba hakaakang liketsahalong tsa mofuta oo!

4, 5. Ke hobane’ng ha likopano tse ileng tsa tšoaroa ke Moshe le Joshua e ne e le tsa bohlokoa ka tsela e ikhethang?

 4 Ho ella qetellong ea lilemo tse 40 tseo Baiseraele ba bileng lefeelleng ka tsona, nakong ea bohlokoa ka ho fetisisa ho sechaba seo se neng se sa tsoa thehoa, Moshe o ile a bokella Baiseraele ba habo. Ba ne ba le mothating oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ena e ne e le nako e nepahetseng ea hore Moshe a hopotse bara babo lintho tsohle tseo Jehova a neng a ba etselitse tsona le tseo e neng e le hona a tla ba etsetsa tsona.—Deut. 29:1-15; 30:15-20; 31:30.

5 Mohlomong hona kopanong eo, Moshe o ile a bua ka tokisetso e neng e tla ba teng kamehla ea hore sechaba sa Molimo se bokane hammoho ’me se rutoe. Lilemong tse ling le tse ling tsa Sabatha, nakong ea Mokete oa Maphephe, banna, basali, bana hammoho le bajaki ba neng ba phela har’a Baiseraele, ba ne ba lokela ho phutheha hammoho sebakeng seo Jehova a neng a se khethile ‘e le hore ba mamele le hore ba ithute, kaha ba ne ba lokela ho tšaba Jehova ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao.’ (Bala Deuteronoma 31:1, 10-12.) Kahoo, nakong ena eo sechaba sa Molimo se neng se sa tsoa thehoa, ho ne ho hlakile hore se ne se lokela ho bokana hammoho khafetsa e le hore se ithute lentsoe la Jehova le merero ea hae. Nakong eo Baiseraele ba seng ba hapile Naha e Tšepisitsoeng empa ba ntse ba pota-potiloe ke lichaba tsa bahetene, Joshua o ile a bokella Baiseraele kaofela ka sepheo sa hore a ba thuse ho matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho tšepahala ho Jehova. Sechaba se ile sa etsa kano ea hore se tla sebeletsa Molimo.—Josh. 23:1, 2; 24:1, 15, 21-24.

6, 7. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore likopano tsa bahlanka ba Jehova tsa mehleng ee e ’nile ea e-ba tsa bohlokoa?

6 Le mehleng ena ea kajeno, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba tšoara likopano tsa bohlokoa haholo. Likopanong tsena ho ’nile ha phatlalatsoa liphetoho tsa tsela eo lintho li etsoang ka eona ka hare ho mokhatlo le tsela eo re utloisisang Mangolo a itseng ka eona. (Liprov. 4:18) Kopano ea pele e khōlō eo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa e tšoara ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ke e ileng ea tšoareloa Cedar Point, Ohio, U.S.A. ka 1919. Kopanong eo ho ile ha e-ba teng batho ba ka bang 7 000, ’me ho ile ha phatlalatsoa hore bahlanka ba Molimo ba tla kena letšolong la ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Ka 1922, kopanong e ileng ea nka matsatsi a robong e neng e tšoaretsoe sebakeng sona seo, Joseph F. Rutherford o ile a fana ka puo e matla moo a ileng a khothatsa bamameli a re: “Le be lipaki tsa Morena tse tšepahalang le tsa ’nete. Tsoelang pele ntoeng ho fihlela moneketsela o mong le o mong oa Babylona e e-ba lesupi. Phatlalatsang molaetsa hōle le haufi. Lefatše le tlameha ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena le Khosi ea likhosi. Lena ke letsatsi har’a matsatsi ’ohle. Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae ba phatlalatsa. Ka lebaka leo phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Batho ba neng ba le teng kopanong eo hammoho le bahlanka ba Molimo lefatšeng lohle, ba ile ba amohela khothatso eo ka thabo.

7 Ka 1931, kopanong e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa thaba haholo ha li ne li amohela lebitso le lecha la Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a moo, ka 1935, kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., Mor’abo rōna Rutherford o ile a bolela hore na “bongata bo boholo” boo ho Tšenolo ho boleloang hore “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana” ke bo-mang. (Tšen. 7:9-17) Ka 1942, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, Nathan H. Knorr o ile a fana ka puo e hlollang eo sehlooho sa eona se neng se re, “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Puong eo, o ile a bolela hore na “sebata se ’mala o sekareleta” seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo khaolo ea 17 ke eng, a ba a bolela hore ka mor’a ntoa ho tla boela ho boleloe litaba tse molemo haholo.

Kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe New York City, ka 1950

8, 9. Ke hobane’ng ha likopano tse ling e bile tse khothatsang ka ho khetheha?

8 Puo ea Mor’abo rōna Knorr e neng e e-na le sehlooho se reng, “Mathata a Tsosoloso le Keketseho,” ke eona ntho e ileng ea hlahella Kopanong ea Puso ea Molimo e neng e e-na  le sehlooho se reng, “Lichaba Tse Thabileng,” e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio, ka 1946. Ha motho e mong ea neng a le teng kopanong eo a bua ka hore na batho ba ile ba thabela puo eo hakae, o ile a ngola a re: “Ke ile ka ba le tokelo ea hore ebe ke ne ke eme ka mor’a hae sethaleng mantsiboeeng ao, ’me nakong eo a neng a bolela hore na ke mosebetsi ofe o tla etsoa a bile a hlalosa morero oa ho atolosoa ha Bethele ea Brooklyn le fektheri, letšoele leo le leholo le ile la opa liatla le ho feta. Le hoja ke ne ke sa khone ho bona motho le ea mong har’a bamameli, ke ne ke khona ho utloa hore ba thabile.” Batho ba neng ba le teng kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe New York City ka 1950, ba ile ba thabela ho fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, e leng mokhahlelo oa pele oa Bibele ea puo ea kajeno e khutliselitseng lebitso la Molimo sebakeng sa lona se nepahetseng ka Lentsoeng la hae.—Jer. 16:21.

9 Likopano tseo ho tsona Jehova a ’nileng a bokella Lipaki tsa hae tse tšepahalang ka mor’a mahloriso le ho thibeloa ha mosebetsi, le tsona li ne li khothatsa haholo. Adolf Hitler o ne a ikanne hore o tla felisa Lipaki Tsa Jehova Jeremane, empa ka 1955 Lipaki tse 107 000, li ile tsa tlatsa lebala leo masole a hae a neng a machela ho lona, kopanong e neng e tšoaretsoe Nuremberg. Batho ba neng ba le teng kopanong eo ba ile ba sitoa ho thiba meokho ea thabo ho keleketla marameng! Har’a batho ba 166 518 ba neng ba tlile kopanong ea matsatsi a mararo ea “Boinehelo ba Bomolimo,” e neng e tšoaretsoe Poland ka 1989, ho ne ho e-na le baeti ba bangata ba tsoang linaheng tseo pele li neng li bitsoa Soviet Union le Czechoslovakia le ba neng ba tsoa linaheng tse ling tsa Europe Bochabela. Batho ba bang ba ne ba qala ho ba teng sebokeng seo ho nang le batho ba Molimo ba fetang 15 kapa 20. Nahana feela hore na ka 1993 ba ile ba thaba hakaakang Kopanong ea Machaba ea “Thuto ea Bomolimo,” e neng e tšoaretsoe Kiev, Ukraine, moo ho ileng ha kolobetsoa batho ba 7 402—e leng palo e khōlō ka ho fetisisa ea Lipaki Tsa Jehova e kileng ea kolobetsoa.—Esa. 60:22; Hag. 2:7.

10. Ke likopano life tseo u li hopolang ka ho khetheha, hona hobane’ng?

10 Mohlomong ho na le likopano tsa machaba kapa tsa setereke tseo u li hopolang ka ho khetheha. Na u hopola kopano ea ho qala eo u ileng ua ba ho eona, kapa mohlomong eo u kolobelitsoeng ho eona? Tseo e bile liketsahalo tsa bohlokoa borapeling ba hao ho Jehova. Le ka mohla u se ke ua li lebala!—Pes. 42:4.

MEKETE EA SELEMO LE SELEMO E THABISANG

11. Ke mekete efe eo Molimo a neng a lebeletse hore Baiseraele ba be ho eona selemo le selemo?

11 Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba bokane Jerusalema bakeng sa mekete e meraro selemo le selemo—e leng Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, Mokete oa Libeke (oo hamorao o ileng oa bitsoa Pentekonta) le Mokete oa Maphephe. Mabapi le taba ena, Molimo o ile a ba laela a re: “Ka makhetlo a mararo ka selemo e mong le e mong e motona oa hao o tla hlaha ka pel’a sefahleho sa Morena oa ’nete, Jehova.” (Ex. 23:14-17) Ha lihlooho tse ngata tsa malapa li hlokomela hore na mekete ena e ne e le ea bohlokoa hakae borapeling ba tsona ho Jehova, li ile tsa lokisetsa hore litho tsohle tsa malapa a tsona li be teng meketeng eo.—1 Sam. 1:1-7; Luka 2:41, 42.

12, 13. Ho ne ho hlokahala’ng hore Baiseraele ba bangata ba khone ho ba teng meketeng ea selemo le selemo?

 12 Nahana feela hore na ho ne ho hlokahala’ng hore lelapa la Moiseraele le khone ho nka leeto leo. Ka mohlala, Josefa le Maria ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 100 ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema. U nahana hore u ne u tla nka nako e kae ho phetha leeto leo u tsamaea le bana ba banyenyane? Tlaleho ea ha Jesu a ne a ile Jerusalema ha e sa le moshanyana, e bontša hore batho ba amanang hammoho le metsoalle, ba ne ba ka ’na ba tsamaea hammoho ha ba nka maeto a joalo. E tlameha ebe ba ne ba thabela ho tsamaea hammoho, ho lokisa lijo le marobalo a loketseng libakeng tseo ba sa li tloaelang. Leha ho le joalo, ho bonahala eka ho nka leeto leo ho ne ho se kotsi, ke kahoo le hoja Jesu a ne a le lilemo li 12, a ileng a fuoa bolokolohi bo itseng. E tlameha ebe bacha ba ne ba lula ba hopola nako eo!—Luka 2:44-46.

13 Nakong eo Baiseraele ba neng ba qhalakane ka ntle ho meeli ea naha ea habo bona, batho ba neng ba tla meketeng ena ba ne ba e-tsoa lichabeng tse ngata. Ka Pentekonta ea 33 C.E., Bajuda hammoho le batho ba neng ba sokolohetse Bojudeng ba neng ba ananela borapeli ba bona, ba ne ba nka leeto ho ea Jerusalema ba e-tsoa libakeng tse kang Italy, Libya, Kreta, Asia Minor le Mesopotamia.—Lik. 2:5-11; 20:16.

14. Baiseraele ba ile ba rua molemo joang ka hore ebe ba ne ba e-ba teng meketeng e neng e tšoaroa selemo le selemo?

14 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa le eo Baiseraele ba tšepahalang ba neng ba e thabela ka maeto a ho ea meketeng eo, e ne e le ho rapela Jehova hammoho le batho ba bang ba likete ba neng ba mo rata. Mekete eo e ne e ama batho ba neng ba e-ba teng ho eona joang? Re ka fumana karabo litaelong tseo Jehova a ileng a li fa bahlanka ba hae mabapi le Mokete oa Maphephe, ha a ne a re: “U thabe nakong ea mokete oa hao, uena le mora oa hao le morali oa hao le lekhoba la hao le lekhabunyane la hao le Molevi le mojaki le moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali, ba leng ka har’a liheke tsa hao. U tla keteka mokete oa Jehova Molimo oa hao ka matsatsi a supileng sebakeng seo Jehova a tla se khetha, hobane Jehova Molimo oa hao o tla u hlohonolofatsa lihlahisoeng tsohle tsa hao le mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao, ’me u thabe feela.”—Deut. 16:14, 15; bala Matheu 5:3.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO ANANELA LIKOPANO TSA KAJENO?

15, 16. U ile ua tlameha ho itela ka tsela efe e le hore u be teng likopanong? Ke hobane’ng ha u sa ikoahlaele seo u ileng ua se etsa?

15 Ruri mehlala ena ea lipokano tsa mehleng ea boholo-holo e behela bahlanka ba Molimo ba kajeno mohlala o motle haholo! Le hoja ho na le lintho tse ngata tse ’nileng tsa fetoha lilemong tse makholo tse fetileng, ho na le lintho tsa bohlokoa tse mabapi le likopano tse sa fetohang. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, batho ba ne ba itela e le hore ba tsebe ho ba teng likopanong. Batho ba bangata le bona baa itela kajeno. Leha ho le joalo, ba thabela ho etsa boitelo boo kaha baa tseba hore likopano li ba tsoela molemo. Likopano e ne e le liketsahalo tsa bohlokoa tse hahang batho moeeng ’me ho ntse ho le joalo le kajeno. Boitsebiso le kutloisiso eo re e fumanang likopanong, li re thusa hore re lule re e-na le kamano e haufi le Molimo. Likopano li re susumelletsa hore re sebelise seo re ithutang sona, li re thusa ho qoba mathata li bile li re khothalletsa hore re lule re tsepamisitse likelello linthong tse tla re khatholla ho fapana le tse tla re imetsa.—Pes. 122:1-4.

Korea Boroa

16 Kamehla batho ba bang teng likopanong baa thaba. Tlaleho e buang ka kopano e khōlō e ileng ea tšoaroa ka 1946 e ile ea re: “E ne e le ntho e thabisang ho bona lipaki tse likete li lutse hamonate, ho thabisang le ho feta e ne e le ho mamela sehlopha se seholo sa ’mino oa liletsa se tsamaisana le mantsoe a letšoele le leholo ho etsa hore sebaka seo ho neng ho kopanoe ho sona se lume ka lipina tsa ’Muso tse thabisang tse rorisang Jehova.” Tlaleho eo e ile ea phaella ka ho re: “Lefapha la Baithaopi le ile la ngolisa batho ba neng ba tla sebetsa mafapheng ’ohle, ba neng ba batla feela ho sebeletsa lipaki-’moho le bona  ka thabo.” Na le uena u kile ua thabela ho ba kopanong ea setereke kapa ea machaba?—Pes. 110:3; Esa. 42:10-12.

17. Tsela eo likopano li hlophisoang ka eona e fetotsoe joang morao tjee?

17 Ho na le liphetoho tse entsoeng mabapi le tsela eo likopano li hlophisoang ka eona. Ka mohlala, bahlanka ba bang ba Molimo ba ntse ba hopola nako ea ha likopano li ne li nka matsatsi a robeli! Ho ne ho e-na le lenaneo la hoseng, la motšehare le la mantsiboea. Hangata ho ne ho e-ba le tšebeletso ea tšimo lenaneong. Ka linako tse ling, lenaneo le ne le qala ka hora ea borobong hoseng ’me le fela ka hora ea borobong bosiu. Baithaopi ba ne ba sebetsa ka thata ba bile ba sebetsa nako e telele hore ba lokisetse ba tlileng kopanong lijo tsa hoseng, tsa motšehare le tsa mantsiboea. Hona joale matsatsi a kopano a fokolitsoe, ’me malapa le batho ka bomong ba itokisetsa lijo e le hore ba tsebe ho tsepamisa likelello lenaneong le ba fepang ka lijo tsa moea.

Mozambique

18, 19. Ke karolo efe ea lenaneo la kopano eo u e lebellang ka tjantjello, hona hobane’ng?

18 Ho na le lintho tse lulang li le teng lenaneong la kopano tseo re li lebellang ka tjantjello. Lipuo tse fanoang likopanong hammoho le lingoliloeng tse ncha tse lokolloang, ke ‘lijo tsa moea tse tlang ka nako e tšoanetseng,’ ’me li re thusa hore re utloisise boprofeta ba Bibele le lithuto tsa eona. (Mat. 24:45) Hangata lingoliloeng tse lokolloang likopanong li thusa batho ba lipelo li ntle hore ba utloisise linnete tsa Mangolo. Litšoantšiso tse thehiloeng Bibeleng li khothalletsa batho ba bacha hammoho le ba baholo ho itlhahloba hore na ba sebeletsa Jehova ka sepheo sefe le ho itebela hore ba se ke ba susumetsoa ke tsela eo batho ba lefatše lena ba sa tšabeng Molimo ba nahanang ka eona. Puo ea kolobetso le eona e fa bohle monyetla oa ho hlahloba hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba bona le ho thabela ho bona batho ba bang ba bontša boinehelo ba bona ho Jehova.

19 Likopano e ’nile ea e-ba karolo ea borapeli bo hloekileng ka lilemo tse likete. Li re thusa hore re thabe le hore re lule re tšepahala ho Jehova le nakong ea mathata, ebile li re khothalletsa hore re eketse tšebeletso ea rōna. Likopano tsa mofuta oo li susumetsa batho moeeng, li ba fa monyetla oa ho kopana le metsoalle e mecha, ho ananela mokhatlo oa lefatše lohle oa bara ba motho ebile ke tsela e ka sehloohong eo Jehova a e sebelisang ho hlokomela le ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae. Ka sebele, e ka ba hantle hore e mong le e mong oa rōna a hlophise litaba tsa hae e le hore a tsebe ho ba teng lenaneong lohle la kopano e ’ngoe le e ’ngoe.—Liprov. 10:22.