Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Mohlaleng oa Jehova le Jesu oa ho Bontša Mamello

Ithute Mohlaleng oa Jehova le Jesu oa ho Bontša Mamello

“Le nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko.”—2 PET. 3:15.

1. Bahlanka ba bang ba Molimo ba tšepahalang ba ipotsa eng?

KA BOIKOKOBETSO morali e mong oabo rōna ea ’nileng a mamella mathata a mangata ka lilemo tse mashome, o ile a ipotsa, “Na ebe bofelo bo tla fihla ke ntse ke phela?” Batho ba bang ba sebelelitseng Jehova ka nako e telele ba ’nile ba ipotsa potso e tšoanang. Re labalabela nako eo ka eona Molimo a tla etsa hore lintho tsohle li be ncha ’me a felise mathata ’ohle ao re thulanang le ’ona hona joale. (Tšen. 21:5) Le hoja re e-na le mabaka a mangata a ho lumela hore bofelo ba tsamaiso ea Satane bo haufi, ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hore re be le mamello ea ho letela letsatsi leo.

2. Ke lipotso life tseo re tla li tšohla mabapi le mamello ea Molimo?

2 Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore re lokela ho ba le mamello. Joaloka bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng, re tla fumana lintho tseo Molimo a li tšepisitseng haeba re e-na le tumelo e matla ’me ka mamello re letela nako ea hae ea hore a phethahatse litšepiso tseo. (Bala Baheberu 6:11, 12.) Haesale Jehova a e-na le mamello. A ka be a ile a felisa bokhopo nakong efe kapa efe, empa o emetse nako e nepahetseng. (Bar. 9:20-24) Ke hobane’ng ha a e-na le mamello hakaale? Jesu o ’nile a bontša joang hore o na le mamello joaloka Molimo? Re tla rua molemo ofe haeba re loanela ho ba le mamello joaloka Molimo? Likarabo tsa lipotso tsena li tla re thusa hore re be le mamello le tumelo e matla, esita le haeba ho ka bonahala eka Jehova oa lieha.

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A BONTŠA MAMELLO?

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ’nile a bontša mamello mabapi le ho phethahatsa morero oa hae ka lefatše? (b) Jehova o ile a etsa’ng ha ho ne ho e-ba le borabele Edene?

3 Jehova o na le lebaka le utloahalang la hore a bontše mamello. Ke ’nete hore ke eena ea nang le matla a phahameng ka ho fetisisa bokahohleng bohle ka linako tsohle; leha ho le joalo, borabele bo ileng ba e-ba teng Edene  bo ile ba etsa hore ho be le lipotso tsa bohlokoa tse neng li lokela ho arajoa molemong oa bohle ba leholimong le lefatšeng. Jehova o ile a bontša mamello kaha o ne a tseba hore ho ne ho tla nka nako e telele hore lipotso tseo li arajoe ka tsela e phethahetseng. Kaha o tseba liketso le maikutlo a ba leng leholimong le lefatšeng hantle, ho hlakile hore o etsa lintho tse tla re tsoela molemo.—Baheb. 4:13.

4 Morero oa Jehova e ne e le hore litloholo tsa Adama le Eva li tlale lefatše. Ha Satane a ne a thetsa Eva ’me ka mor’a moo Adama a sa mamele Molimo, Molimo ha aa ka a tlohela morero oa hae. Ha aa ka a tsieleha, a etsa liqeto ka lepotlapotla, kapa a phahamisa maikutlo eaba o tela batho. Ho e-na le hoo, o ile a nahana ka tsela eo ka eona a ka finyellang morero oa hae ka batho le ka Lefatše. (Esa. 55:11) E le hore a phethahatse morero oa hae a be a tlose qoso bobusing ba hae, Jehova o ’nile a ithiba a ba a bontša mamello, ’me o ile a leta lilemo tse likete hore likarolo tse ling tsa morero oa hae li phethahale ka tsela e molemo ka ho fetisisa.

5. Mamello ea Jehova e etsa hore re fumane litlhohonolofatso life?

5 Lebaka le leng le entseng hore Jehova a mamelle, ke hore o batla ha batho ba bangata ba fumana bophelo bo sa feleng. Hona joale, o etsa litokisetso tsa ho pholosa “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 14; 14:6) Jehova o finyella batho ka mosebetsi oa boboleli oo re o etsang, ’me o ba khothalletsa hore ba ithute ka ’Muso oa hae le ka melao ea hae e lokileng. Molaetsa oa ’Muso ke ‘litaba tse molemo’ ka ho fetisisa tseo batho ba kileng ba li utloa. (Mat. 24:14) Motho e mong le e mong eo Jehova a mo hulang, e ba karolo ea phutheho ea lefatšeng lohle ea metsoalle ea sebele e ratang se nepahetseng. (Joh. 6:44-47) Molimo oa rōna ea lerato o thusa batho ba joalo hore ba amohelehe ho eena. Hape, o ’nile a tsoela pele a khetha batho bao e tla ba litho tsa puso ea hae e leholimong. Ha ba se ba le leholimong, batho bana ba inehetseng ba tla thusa batho ba mamelang hore ba phethahale le hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ho hlakile hore esita le ha a ntse a letile ka mamello, Jehova o ntse a sebetsa ho phethahatsa litšepiso tsa hae—molemong oa rōna.

6. (a) Jehova o ile a bontša mamello ka tsela efe mehleng ea Noe? (b) Jehova o bontša mamello joang mehleng ea rōna?

6 Jehova o na le mamello esita leha batho ba mo halefisa ka hore ba etse lintho tse mpe. Ka mohlala, nahana ka seo a ileng a khetha ho se etsa ka bokhopo bo neng bo le teng pele ho Moroallo. Ka nako eo, lefatše le ne le tletse boitšoaro bo bobe le pefo, ’me “pelo ea [Jehova e ile] ea utloa bohloko” ka lebaka la bobe ba motho. (Gen. 6:2-8) O ne a ke ke a lumella boemo boo hore bo tsoele pele ho ea ho ile, kahoo o ile a etsa qeto ea ho tlisa moroallo holim’a batho ba sa mameleng. Ha “ho se fele pelo ha Molimo ho ne ho letile matsatsing a Noe,” Jehova o ile a etsa litokisetso tsa ho pholosa Noe le ba lelapa la hae. (1 Pet. 3:20) Ka nako e loketseng, Jehova o ile a tsebisa Noe ka qeto ena eaba o mo laela hore a hahe areka. (Gen. 6:14-22) Ho phaella moo, Noe e ne e le “’moleli oa ho loka,” ’me o ile a bolella baahisani ba hae ka timetso e neng e le haufi. (2 Pet. 2:5) Jesu o ile a re mehla ea rōna e tšoana le matsatsi a Noe. Jehova o se a entse qeto ea hore na o tla felisa tsamaiso ena e khopo neng. Ha ho motho ea tsebang hore na “letsatsi leo le hora eo” li tla fihla neng. (Mat. 24:36) Hona joale, Molimo o re file mosebetsi oa hore re lemose batho le hore re ba bolelle hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe.

7. Na Jehova o lieha ho phethahatsa litšepiso tsa hae? Hlalosa.

7 Ho hlakile hore mamello ea Jehova ha e bolele hore o emetse feela hore nako e fete. Ha rea lokela ho nahana hore mamello ea hae e bontša hore ha a ele lintho hloko ebile ha a re tsotelle! Leha ho le joalo, ka sebele ho ka ba thata hore re lule re hopola sena ha re ntse re hōla ’me re utloa bohloko tsamaisong ena e khopo. Re ka ’na ra nyahama  kapa ra bona eka Molimo o lieha ho phethahatsa litšepiso tsa hae. (Baheb. 10:36) Le ka mohla u se ke ua lebala hore o na le mabaka a utloahalang a ho bontša mamello le hore o sebelisa nako ena ka tsela e tla tsoela bahlanka ba hae ba tšepahalang molemo. (2 Pet. 2:3; 3:9) Hape, nahana kamoo Jesu a ileng a bontša mamello joaloka Molimo kateng.

JESU O BEHILE MOHLALA O MOTLE OA HO BONTŠA MAMELLO JOANG?

8. Jesu o ile a bontša mamello maemong afe?

8 Jesu o etsa thato ea Molimo ’me o ’nile a thabela ho etsa seo ka lilemo tse likete-kete. Ha Satane a ne a fetohela Molimo, Jehova o ile a etsa qeto ea hore Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši o ne a tla tla lefatšeng e le Mesia. Nahana ka mamello eo Jesu a ileng a tlameha ho e bontša ha a ntse a letile ka lilemo tse likete hore nako eo e fihle. (Bala Bagalata 4:4.) Nakong eo, o ne a sa lula feela a sa etse letho; ho e-na le hoo, o ne a phathahane ka mosebetsi oo Ntate oa hae a neng a mo file oona. Qetellong o ile a tla lefatšeng ’me o ne a tseba hore joalokaha ho ne ho profetiloe, o ne a tla bolaoa ke Satane. (Gen. 3:15; Mat. 16:21) Ka mamello o ile a ikokobelletsa ho etsa thato ea Molimo le hoja seo se ne se bolela hore o ne a tla utloa bohloko haholo. O ile a bontša botšepehi bo boholo ka ho fetisisa. O ne a sa inahane boeena feela ’me o ne a ikemiselitse ho utloa bohloko le hoja e ne e le Mora oa Molimo. Re lokela ho latela mohlala oa hae.—Baheb. 5:8, 9.

9, 10. (a) Jesu o ne a ntse a etsa’ng nakong eo a neng a letetse ka mamello hore Jehova a nke bohato? (b) Re lokela ho talima kemiso ea Jehova joang?

9 Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a fuoa matla leholimong le lefatšeng. (Mat. 28:18) O sebelisa matla ao ho phethahatsa morero oa Jehova ho latela kemiso eo Molimo a e behileng. Ka mamello Jesu o ile a lula a letile ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela ka 1914 ha lira tsa hae li ne li behoa joaloka setuloana sa maoto a hae. (Pes. 110:1, 2; Baheb. 10:12, 13) Haufinyane o tla nka bohato ba hore a felise tsamaiso ea Satane. Hona joale, ka mamello Jesu o thusa batho hore ba be le kamano e ntle le Molimo ’me o ba tataisetsa ‘metsing a bophelo.’—Tšen. 7:17.

10 Na ho na le seo u ithutang sona mohlaleng oa Jesu mabapi le tsela eo u lokelang ho talima kemiso ea Jehova ka eona? Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo Ntate oa hae a neng a mo laetse sona; ho ntse ho joalo, o ne a ikemiselitse ho letela nako eo Molimo a neng a e behile. Ha re ntse re letetse hore tsamaiso e khopo ea Satane e felisoe, kaofela ha rōna re lokela ho bontša mamello joaloka Molimo, re se ke ra mo etella pele kapa ra tela hobane re nyahame. Re ka etsa’ng e le hore re be le mamello joaloka Molimo?

RE KA ITHUTA HO BA LE MAMELLO JOALOKA MOLIMO JOANG?

11. (a) Tumelo e amana le mamello ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha re e-na le mabaka a utloahalang a hore re be le tumelo e matla?

11 Pele Jesu a tla lefatšeng, baprofeta hammoho le bahlanka ba bang ba Molimo ba tšepahalang, ba ile ba re behela mohlala oa kamoo esita le batho ba sa phethahalang ba ka mamellang kateng. Tumelo ea bona e ne e amana le mamello eo ba neng ba e bontša. (Bala Jakobo 5:10, 11.) Haeba ba ne ba hlile ba sa lumele seo Jehova a neng a ba boleletse sona—haeba ba ne se na tumelo—na ka mamello ba ka be ba ile ba letela hore Jehova a phethahatse litšepiso tsa hae? Nako le nako, ba ne ba thulana le liteko tsa tumelo tse matla kapa tse tšosang, ba kholisehile hore qetellong Molimo o ne a tla phethahatsa litšepiso tsa hae. (Baheb. 11:13, 35-40) Re na le mabaka a utloahalang le ho feta a hore re be le tumelo e matla, kaha hona joale Jesu o sebeletsa e le “Mophethahatsi oa tumelo ea rōna.” (Baheb. 12:2) O phethahalitse boprofeta a ba a senola merero ea Molimo ka tsela e etsang hore re be le mabaka a utloahalang a hore re be le tumelo.

12. Re ka matlafatsa tumelo ea rōna joang?

12 Ke mehato efe eo re ka e nkang ho matlafatsa  tumelo ea rōna, e le hore re tle re be le mamello? Ntho ea bohlokoa ke hore re latele litaelo tsa Molimo. Ka mohlala, nahana ka mabaka ao u nang le ’ona a etsang hore ’Muso o tle pele bophelong ba hao. Na u ka etsa boiteko bo matla ba hore u sebelise keletso e ho Matheu 6:33? Seo se ka ’na sa bolela hore u lokela ho eketsa nako eo u e qetang tšebeletsong kapa u etse liphetoho likarolong tse itseng tsa bophelo ba hao. U se ke ua hlokomoloha tsela eo Jehova a seng a hlohonolofalitse boiteko ba hao ka eona ho tla fihlela joale. E ka ’na eaba o u thusitse hore u khanne thuto e ncha ea Bibele kapa o u thusitse hore u be le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bala Bafilipi 4:7.) Kahoo, ha u ntse u nahanisisa ka melemo eo uena ka bouena u e fumaneng ka ho latela litaelo tsa Jehova, u tla hlokomela hore ke habohlokoa haholo hore u be le mamello.—Pes. 34:8.

13. Ke papiso efe e bontšang kamoo tumelo ea rōna e ka etsang hore re be le mamello kateng?

13 Re ka tšoantša sena le se etsahalang temong ha sehoai se lema, se jala peō se bile se kotula. Nako le nako ha sehoai se fumana chai, se ikemisetsa le ho feta hore se jale selemong se latelang. Ho hlakile hore se tla tlameha ho letela nako ea kotulo ka mamello, empa seo se ke ke sa se thibela hore se jale peō, mohlomong se ka ba sa lema masimo a mangata ho feta ao se neng se a lemme selemong se fetileng. Se na le tšepo ea hore se tla kotula. Ka ho tšoanang, ha re ithuta litaelo tsa Jehova, re li latela ’me li re tsoela molemo, re tla tšepa Jehova le ho feta. Tumelo ea rōna e hōla ka tsela e tšoanang ’me ho bonolo ho letela litlhohonolofatso tseo re tsebang hore re tla li fumana.—Bala Jakobo 5:7, 8.

Ho ba le mamello joaloka Molimo ho tla u thusa hore u etelletse ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hao, e le hore u fumane mahlohonolo!

14, 15. Re lokela ho talima mahlomola a batho joang?

14 Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang e le hore re be le mamello ke ho talima lefatše le boemo boo re leng ho bona ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. Ka mohlala, nahana kamoo a talimang mahlomola a batho  kateng. Jehova o ’nile a bona ha batho ba utloa bohloko ka nako e telele, ’me sena se mo utloisa bohloko. Empa ha aa lumella seo hore se mo sitise ho etsa se nepahetseng. O ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a tl’o “qhaqha mesebetsi ea Diabolose” le ho felisa mathata ’ohle ao Satane a a baketseng batho. (1 Joh. 3:8) Ha e le hantle, Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle ka ho sa feleng. Kahoo, ha re batle hore tsamaiso ena e khopo ea Satane e fokolise tumelo ea rōna. Ha rea lokela ho fela pelo mabapi le hore na Jehova o tla nka bohato neng. E se eka re ka ba le tumelo litšepisong tsa Molimo. Jehova o se a entse qeto ea hore na o tla felisa bokhopo neng ’me o tla nka bohato ka nako e nepahetseng.—Esa. 46:13; Nah. 1:9.

15 Nakong ena e boima ea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho, re ka ’na ra thulana le mathata a ikhethang a tla leka tumelo ea rōna. Ho e-na le hore re halefe ha re hlaseloa ka mabifi kapa baratuoa ba rōna ba utloa bohloko, re lokela ho ikemisetsa ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Kaha ha rea phethahala, ha ho bonolo ho etsa seo. Leha ho le joalo, hopola seo Jesu a ileng a se etsa, joalokaha se tlalehiloe ho Matheu 26:39.E bale.

16. Re lokela ho qoba ho etsa’ng nakong ee e setseng?

16 Ntho e ’ngoe e re sitisang hore re be le mamello joaloka Molimo, ke ho ba le maikutlo a hore, re se re tla boka ha li oroha. Seo se bolela’ng? Ha e le hantle, motho ea sa kholisehang hore bofelo bo haufi a ka ’na a iketsetsa litokisetso tsa hae, hobane a nahana hore mohlomong litšepiso tsa Jehova li ka ’na tsa se ke tsa phethahala. Ka mantsoe a mang, a ka ’na a re, ‘Ke tla leta ke bone hore na Jehova o tla hle a phethahatse seo a se boletseng.’ Kahoo, a ka ’na a leka ho iketsetsa botumo lefatšeng lena, a batla ho ikemela licheleteng ho e-na le hore a behe ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hae, kapa a tšepa thuto e phahameng e le hore a tle a phele hamonate. Leha ho le joalo, na ha e le hantle seo hase bopaki ba hore motho eo ha a na tumelo? Hopola hore Pauluse o re khothallelitse hore re etsise batho ba tšepahalang ba ileng ba amohela litšepiso tse tsoang ho Jehova “ka tumelo le ho se fele pelo.” (Baheb. 6:12) Jehova o se a entse qeto ea ho felisa tsamaiso ena e khopo, ’me a ke ke a siuoa ke nako. (Hab. 2:3) Pele nako eo e fihla, re lokela ho qoba ho sebeletsa Jehova ho phetha molao feela. Ho e-na le hoo, re lokela ho lula re falimehile ’me re bolele litaba tse molemo ka mafolofolo, e leng eona ntho e tla etsa hore re khotsofale haholo hona joale.—Luka 21:36.

MAMELLO E TLISETSA BATHO MAHLOHONOLO AFE?

17, 18. (a) Ke monyetla ofe oo re nang le oona ha re ntse re letile ka mamello? (b) Re tla fumana mahlohonolo afe ha re bontša mamello hona joale?

17 Ho sa tsotellehe hore na re sebelelitse Molimo ka likhoeli tse ’maloa kapa ka lilemo tse mashome, re batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Ho se fele pelo ho re thusa hore re mamelle ho fihlela re pholoha, ho sa tsotellehe hore na tsamaiso ena e saletsoe ke nako e kae. Hona joale Jehova o re fa monyetla oa ho bontša hore re na le tšepo e feletseng liqetong tsa hae le hore re ikemisetse ho utloa bohloko ka lebaka la lebitso la hae, haeba ho hlokahala. (1 Pet. 4:13, 14) Molimo o boetse o re fa koetliso e tla re thusa hore re be le mamello e hlokahalang e le hore re tle re pholohe.—1 Pet. 5:10.

18 Jesu o na le matla ’ohle leholimong le lefatšeng, ’me ha ho letho le ka mo sitisang ho u sireletsa hafeela u lula u tšepahala. (Joh. 10:28, 29) Ha ho na lebaka la hore u tšabe bokamoso kapa lefu. Ba mameletseng ho isa bofelong ba tla pholoha. Kahoo, re lokela ho etsa bonnete ba hore ha re lumelle lefatše hore le re thetse ’me le etse hore re khaotse ho itšetleha ka Jehova. Ho e-na le hoo, re lokela ho ikemisetsa ho matlafatsa tumelo ea rōna ’me re sebelise nako eo Molimo a mameletseng ka eona, ka bohlale.—Mat. 24:13; bala 2 Petrose 3:17, 18.