Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tla ba le Khotso Nakong ea Lilemo Tse Sekete—Le ka Mor’a Tsona!

Ho Tla ba le Khotso Nakong ea Lilemo Tse Sekete—Le ka Mor’a Tsona!

“E le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 BAKOR. 15:28.

1. Ke tšepo efe e thabisang eo “bongata bo boholo” bo nang le eona?

AK’U nahane hore na ’muso o matla o lokileng oo morena oa oona a nang le toka a bileng a nang le qenehelo, o ka etsetsa bafo ba oona eng nakong ea lilemo tse sekete! “Bongata bo boholo” bo se nang palo—e leng batho ba tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tla felisa tsamaiso ea hona joale e khopo ka ho feletseng, bo lebeletse liketsahalo tse thabisang.—Tšen. 7:9, 14.

2. Ke mathata afe ao batho ba thulaneng le ’ona lilemong tse 6 000 tse fetileng?

2 Nakong ea lilemo tse 6 000 eo batho ba phetseng ka eona, ho itaola le ho ipusa, ho baketse batho bohloko le mahlomola a maholo. Khale koana Bibele e ile ea re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moek. 8:9) Ke sefe seo re se bonang kajeno? Ntle ho lintoa le ho tsohela mebuso matla, ho na le mathata a utloisang bohloko a bakoang ke bofutsana, maloetse, ho senngoa ha tikoloho, ho fetoha ha maemo a leholimo le mathata a mang. Batho ba boholong pusong ba fane ka temoso ea hore haeba re sa fetole maikutlo a rōna a ho nka eka lintho li ntse Ii itsamaela hantle, liphello e tla ba tse mpe haholo.

3. Puso ea Lilemo Tse Sekete e tla tlisa liphetoho life?

3 Tla’sa puso ea Morena eo e leng Mesia, Jesu Kreste, hammoho le babusi-’moho le eena ba 144 000, ’Muso oa Molimo o tla nka mehato ea ho lokisa tšenyo e entsoeng ho batho le lehaeng la bona, e leng Lefatše. Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, tšepiso ena ea Jehova Molimo e khothatsang e tla phethahala: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:17) Ke liketsahalo life tse babatsehang tse e-s’o bonoe tseo re li lebeletseng? Boprofeta ba Bibele bo ka re thusa ho utloisisa hore na liketsahalo tsena tse babatsehang  tseo re li lebeletseng e tla ba life le hoja li e-s’o ‘bonoe’ kapa li e-s’o etsahale.—2 Bakor. 4:18.

‘BA TLA HAHA MATLO ’ME BA LEME LIRAPA TSA MORARA’

4. Ke mathata afe a bolulo ao batho ba bangata ba nang le ’ona kajeno?

4 Na ho na le motho ea ke keng a rata ho ba le ntlo ea hae, sebaka seo eena le ba lelapa la hae ba ka lulang ho sona ba sireletsehile? Leha ho le joalo, kajeno lefatšeng ho na le mathata a maholo a bolulo. Batho ba penyane litoropong. Ba bangata ba bona ba tlameha ho fumana bolulo ba nakoana mek’huk’hung le litakaneng tsa litoropong. Ha ba na tšepo ea hore ba sa tla ke ba be le matlo a bona.

5, 6. (a) Esaia 65:21 le Mikea 4:4 li tla phethahala joang? (b) Re ka etsa joang hore re fumane tlhohonolofatso eo?

5 Tlas’a ’Muso oa Molimo takatso ea moahi e mong le e mong ea ho ba le ntlo ea hae e tla phethahala, kaha Esaia o ile a profeta a re: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.” (Esa. 65:21) Leha ho le joalo, hase feela hore batho ba na le tšepo ea ho ba le matlo ao e leng a bona. Etsoe kajeno ba bang ba na le matlo a bona, ’me ba ’maloa ba bile ba lula matlong a maholo. Leha ho le joalo, ba lula ba tšohile hore ba ka lahleheloa ke matlo ao ha maemo a bona a lichelete a fetoha kapa ba tšohile hore ba ka ’na ba hlaseloa ke masholu kapa ba hlaheloa ke ho hobe le ho feta. Empa tlas’a ’Muso oa Molimo maemo e tla ba a fapaneng haholo! Moprofeta Mikea o ile a ngola a re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mik. 4:4.

6 Ha re nahana ka tšepo eo e babatsehang, ke sefe seo re lokelang ho se etsa? Ke ’nete hore kaofela ha rōna re hloka matlo a bolulo a loketseng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore re ikitlaelletse ho ba le ntlo eo re labalabelang ho ba le eona hona joale—mohlomong ka hore re be re ikimetse ka likoloto—na e ne e ke ke ea e-ba hantle hore re tsepamise likelello tsa rōna ho seo Jehova a re tšepisang sona? Hopola mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Luka 9:58) Jesu o ne a e-na le matla le bokhoni ba ho ikahela kapa ho fumana ntlo e ntle ho feta motho ofe kapa ofe. Ke hobane’ng ha a sa ka a etsa joalo? Ho hlakile hore Jesu o ne a sa batle hore ho be le ntho e ka mo sitisang ho etelletsa ’Muso pele bophelong ba hae. Na re ka latela mohlala oa hae ka hore re be le leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe—re se ke ra lumella lintho tse bonahalang hore e be tsona tse tlang pele bophelong ba rōna ’me tsa re bakela matšoenyeho?—Mat. 6:33, 34.

“PHIRI LE KONYANA LI TLA FULA HAMMOHO”

7. Morero oa Jehova e ne e le hore batho ba be le kamano efe le liphoofolo?

7 Ha Jehova a ne a bōpa lintho lefatšeng, o ile a qetella ka batho. Jehova o ile a bolella Mosebetsi oa hae ea Hloahloa, e leng Mora oa hae oa letsibolo morero oa hae o khethehileng, ha a ne a re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna, ’me ba laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tse ruuoang le lefatše lohle le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng.” (Gen. 1:26) Kahoo, Adama le Eva ba ile ba fuoa taelo ea hore ba hlokomele liphoofolo le hore ba li buse, ’me qetellong batho bohle ba ne ba tla ba le matla ao.

8. Ke boitšoaro bofe boo hangata liphoofolo li bo bontšang kajeno?

8 Na ho ka hla ha khoneha hore batho ba laole liphoofolo tsohle ’me ba phele le  tsona ka khotso? Batho ba bangata ba na le kamano e haufi haholo le liphoofolo tsa bona tsa lapeng tse kang lintja le likatse. Leha ho le joalo, na ba na le kamano e tšoanang le liphoofolo tse hlaha? Tlaleho e ’ngoe e re: “Litsebi tsa saense tse ’nileng tsa phela le liphoofolo tse hlaha tsa ba tsa ithuta ka tsona, li hlokometse hore liphoofolo tsohle tse anyesang li na le maikutlo.” Ke ’nete hore re ee re bone liphoofolo li tšoha kapa li halefa ha li hlaseloa, empa na li ka khona ho bontša lerato? Tlaleho eo e tsoela pele ka ho re: “Ke nakong eo liphoofolo li hōlisang malinyane a tsona moo li bontšang tšobotsi eo li ipabolang ka eona—e leng ho bontša lerato le mofuthu.”

9. Ke liphetoho life tseo re ka li lebellang mabapi le liphoofolo?

9 Kahoo, ha rea lokela ho makala ha Bibele e bolela hore ho tla ba le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo. (Bala Esaia 11:6-9; 65:25.) Hobane’ng? Hopola hore ha Noe le ba lelapa la hae ba ne ba e-tsoa ka arekeng ka mor’a Moroallo, Jehova o ile a re ho bona: ‘Sebōpuoa se seng le se seng se phelang sa lefatše se tla tsoela pele ho le tšaba le ho le tšoha.’ Seo se ne se tla etsahala e le hore liphoofolo li itšireletse. (Gen. 9:2, 3) Na Jehova o ne a ke ke a khona ho tlosa tšabo eo e le hore morero oa hae oa qalong o phethahale? (Hos. 2:18) Ruri batho ba tla phela lefatšeng nakong eo ba tla thaba haholo!

“O TLA HLAKOLA MEOKHO EOHLE”

10. Ke hobane’ng ha ho tloaelehile hore batho ba lle?

10 Ha Solomone a ne a bona “liketso tsohle tsa khatello tse ntseng li etsoa tlas’a letsatsi,” o ile a hooa a re: “Bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi.” (Moek. 4:1) Kajeno maemo aa tšoana haeba ha a mabe le ho feta. Na ho na le motho har’a rōna ea e-s’o ka a lla? Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka ’na ra tšolla meokho ea thabo. Leha ho le joalo, hangata motho o lla hobane pelo ea hae e utloile bohloko.

11. Ke tlaleho efe ea Bibele e u amang pelo haholo?

11 Hopola liketsahalo tse ngata tse amang maikutlo tseo re balileng ka tsona ka Bibeleng. Ha Sara a ne a hlokahala a le lilemo li 127, “Abrahama [o ile] a bokollela Sara le ho mo llela.” (Gen. 23:1, 2) Ha Naomi a ne a salisa lingoetsi tsa hae tse peli hantle, li ile ‘tsa qala ho phahamisa mantsoe tsa lla,’ ka mor’a moo ‘tsa phahamisa mantsoe ’me tsa lla hape.’ (Ruthe 1:9, 14) Ha Morena Ezekiase a ne a kulela lefu, o ile a rapela Molimo ’me a “qala ho lla haholo,” e leng seo ho bonahalang se ile sa ama Jehova. (2 Mar. 20:1-5) Na ho na le motho ea sa angoeng ke tlaleho ea ha Petrose a ne a latola hore o tseba Jesu? Ha Petrose a utloa mokoko o lla, o ile a ‘tsoela ka ntle ’me a lla habohloko.’—Mat. 26:75.

12. ’Muso oa Molimo o tla imolla batho ka tsela efe?

12 Ka lebaka la lintho tse bohloko tse re hlahelang—ebang ke tse khōlō kapa tse nyenyane—batho ba hloka matšeliso le ho imolloa. Ke sona seo Puso ea Lilemo Tse Sekete e tla se etsetsa bafo ba eona: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšen. 21:4) Hoa thabisa ho tseba hore ho siama, ho bokolla le bohloko li ke ke tsa hlola li e-ba teng, empa ho thabisang le ho feta ke hore Molimo o tšepisa hore o tla felisa sera se seholo sa batho e leng lefu. See se tla phethahala joang?

‘BOHLE BA MABITLENG A KHOPOTSO BA TLA TSOA’

13. Ho tloha ha Adama a ne a etsa sebe, lefu le amme batho joang?

13 Ho tloha ha Adama a ne a etsa sebe, lefu le ’nile la busa batho. E ’nile ea e-ba sera sa batho se sa hlōloeng, ha ho na motho ea ka le qobang, ’me le baketse batho  ho sareloa ho hoholo le mahlomola. (Bar. 5:12, 14) Ha e le hantle, ka lebaka la “ho tšaba lefu,” batho ba limilione ba ‘tlas’a bokhoba bophelo bohle ba bona.’—Baheb. 2:15.

14. Ho tla etsahala’ng ha lefu le felisoa?

14 Bibele e bua ka nako ea ha “e le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakor. 15:26) Ho na le lihlopha tse peli tseo sena se tla li tsoela molemo. Ho ka etsahala hore “bongata bo boholo” bo phelang hona joale bo pholohele lefatšeng le lecha bo e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Athe batho ba libilione ba seng ba hloibitsoe ke lefu bona ba ka khona hore ba tsosoe bafung. Nahana feela hore na e tla ba thabo e kaakang ha batho ba tla pholohela lefatšeng le lecha ba amohela ba tsohang bafung! Ha re bala ka hloko litlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba tsositsoeng bafung, re tla utloisisa hore na ho tla ba joang ha batho ba tsosoa bafung nakong e tlang.—Bala Mareka 5:38-42; Luka 7:11-17.

15. U ka ’na ua etsa’ng ha u bona motho eo u mo ratang a tsosoa bafung?

15 Nahana ka lipoleloana tsena tse reng, “ba hlolloa haholo” ’me “ba qala ho tlotlisa Molimo.” Mohlomong haeba u ne u le teng liketsahalong tseo le uena u ka be u ile ua ikutloa ka tsela e tšoanang. Ka sebele, re tla thaba haholo re be re nyakalle ha re bona baratuoa ba rōna ba tsoha bafung. Mohlomong ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Joh. 5:28, 29) Ha ho le ea mong oa rōna ea kileng a bona ha ntho e joalo e etsahala; ho hlakile hore e tla ba e ’ngoe ea “lintho tse sa bonoeng” tse hlollang ka ho fetisisa.

MOLIMO E TLA BA “LINTHO TSOHLE HO E MONG LE E MONG”

16. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho bua ka cheseho ka mahlohonolo a e-s’o bonoe? (b) Pauluse o ile a re’ng ha a khothatsa Bakreste ba Korinthe?

16 Ka sebele, batho ba tla lula ba tšepahala ho  Jehova linakong tsena tse mahlonoko, ba tla ba le bokamoso bo hlollang! Le hoja litlhohonolofatso tse khōlō li e-s’o bonoe, ho lula re nahana ka tsona ho tla re thusa hore re tsepamise likelello linthong tseo e leng tsa bohlokoa e le kannete ’me re qobe ho hoheloa ke lintho tsa tsamaiso ena ea hona joale ea lintho tse fetang kapele. (Luka 21:34; 1 Tim. 6:17-19) E se eka nakong ea thuto le borapeli ba lelapa, ha re qoqa le balumeli-’moho le rōna le ha re bua le batho bao re ithutang Bibele le bona, re ka bua ka cheseho ka tšepo e hlollang eo re nang le eona. Sena se tla re thusa hore re lule re hopola lintho tsena ka ho hlaka. Moapostola Pauluse o ile a etsa joalo ha a ne a khothatsa Bakreste-’moho le eena. Mantsoe a hae a ile a ba thusa hore ba nahane ka lintho tse tla etsahala qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ak’u nahane ka bohlokoa ba mantsoe a Pauluse a fumanoang ho 1 Bakorinthe 15:24, 25, 28.E bale.

17, 18. (a) Jehova e ne e le “lintho tsohle ho e mong le e mong” joang tšimolohong? (b) Jesu o tla etsa joang e le hore ho boele ho be le khotso?

17 Ha ho na mantsoe a ka hlalosang hore na bophelo bo tla ba joang qetellong ea lilemo tse sekete ho feta mantsoe a na a reng, “e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.” Seo se bolela’ng? Nahana ka nako eo Adama le Eva e neng e le karolo ea lelapa la Jehova le phelang ka khotso serapeng sa Edene. Jehova, e leng ’Musi oa Bokahohle, o ne a busa libōpuoa tsohle tsa hae tsa mangeloi le batho ka ho toba. Li ne li khona ho bua le eena ka ho toba li bile li mo rapela ’me eena o ne a li hlohonolofatsa. E ne e le “lintho tsohle ho e mong le e mong.”

Ha Jesu a se a phethile mosebetsi oa hae joaloka Morena, ka boikokobetso o tla khutlisetsa ’Muso ho Ntate oa hae

18 Satane o ile a senya khotso eo ha a ne a susumetsa batho hore ba fetohele bobusi ba Jehova. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1914, ’Muso oa Mesia o ’nile oa nka bohato ba ho etsa hore ho boele ho be le khotso hape. (Baef. 1:9, 10) Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, lintho tse hlollang tseo hona joale li sa “bonoeng” li tla phethahala. Joale ho tla latela “bofelo,” e leng qetello ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ka mor’a moo ho tla etsahala’ng? Le hoja Jesu a filoe “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” ha a rate maemo. Ha aa ikemisetsa ho ikhapela boemo ba Jehova. Ka boikokobetso o “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae.” O tla sebelisa boemo ba hae bo ikhethang “thorisong ea Molimo.”—Mat. 28:18; Bafil. 2:9-11.

19, 20. (a) Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla bontša joang hore na ba amohela bobusi ba Jehova kapa che? (b) Ke lintho life tse babatsehang tseo re tla li thabela nakong e tlang?

19 Ka nako eo, bafo ba ’Muso oa Molimo ba lefatšeng ba tla be ba se ba phethahetse. Ba tla latela mohlala oa Jesu ’me kaha ba ikokobelitse, ba tla amohela bobusi ba Jehova ba sa qobelloe. Ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore ba batla ho etsa seo ka hore ba atlehe ho feta tekong ea ho qetela. (Tšen. 20:7-10) Ka mor’a moo, marabele ’ohle—a batho le a libōpuoa tsa moea—a tla timelletsoa ruri. Ka sebele eo e tla ba nako ea thabo le nyakallo e khōlō! Lelapa lohle la bokahohleng le tla rorisa Jehova ka thabo, ’me Jehova e tla ba “lintho tsohle ho e mong le e mong.”—Bala Pesaleme ea 99:1-3.

20 Na lintho tse hlollang tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa, li tla u susumelletsa hore u tsepamise kelello u be u etse boiteko ba hore u etse thato ea Molimo? Na u ka qoba ho khelosoa ke tšepo ea bohata le boiketlo boo lefatše la Satane le fanang ka tsona? Na u tla matlafatsa boikemisetso ba hao ba hore u tšehetse bobusi ba Jehova? E se eka liketso tsa hao li ka bontša hore u ikemiselitse ho etsa seo ka ho sa feleng. Ha u etsa joalo, u tla ba le tokelo ea ho thabela khotso le nala ka lilemo tse sekete esita le ho feta moo!