E ea Lōna e Mpe e Bolele E
“Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.”—MAT. 5:37.
1. Jesu o ile a re’ng ka ho etsa likano tse hlapanyelitsoeng, hona hobane’ng?
KA TLOAELO, ha ho hlokahale hore Bakreste ba ’nete ba etse likano tse hlapanyelitsoeng. Sena ke hobane ba mamela Jesu, ea ileng a re: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E.” Jesu o ne a bolela hore motho o lokela ho phelela lentsoe la hae. O ile a qala taelo eo ka hore a re: “Ho hang u se ke ua hlapanya.” O ile a bua sena ha a ne a nyatsa mokhoa oo batho ba bangata ba neng ba e-na le oona oa hore ba lule ba hlapanya meqoqong ea bona ea letsatsi le letsatsi empa ba sa ikemisetsa ho phetha seo ba se buang. Ka hore ba etse “se fetang” feela ho re E kapa Che ha ba bontša hore na ba ikemiselitse’ng, batho ba joalo ba ka ’na ba bontša hore ha e le hantle ha ba tšepahale ’me ka lebaka leo ba susumetsoa ke “ea khopo.”—Bala Matheu 5:33-37.
2. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho se phoso hore ka linako tse ling motho a etse kano e hlapanyelitsoeng.
2 Na mantsoe a Jesu a bolela hore ho etsa likano ho fosahetse? Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Jehova Molimo le mohlanka oa hae ea lokileng Abrahama, ba ile ba etsa likano tse hlapanyelitsoeng litabeng tsa bohlokoa. Hape, Molao oa Molimo o ne o hloka hore batho ba etse likano tse hlapanyelitsoeng e le hore ba rarolle liqabang tse itseng. (Ex. 22:10, 11; Num. 5:21, 22) Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala hore Mokreste a ikane hore o tla bua ’nete ha a fana ka bopaki lekhotleng la molao. Ka linako tse ling, Mokreste a ka ’na a bona ho hlokahala hore a etse kano e hlapanyelitsoeng ho tiisetsa batho ba bang ka seo a ikemiselitseng ho se etsa kapa e le hore a rarolle bothata bo itseng. Ha e le hantle, ha Jesu a ne a hlapantšoa ke moprista ea phahameng, ha aa ka a hana empa o ile a bua ’nete ka pel’a Lekhotla la Sanhedrine la Bajuda. (Mat. 26:63, 64) Leha ho le joalo, ho ne ho se na motho eo Jesu a neng a lokela ho ikana ho eena. Empa, e le hore a hatise hore molaetsa oa hae ke ’nete, o ne a atisa ho qala lipolelo tsa hae ka ho re: “Kannete-nete ke re ho lōna.” (Joh. 1:51; 13:16, 20, 21, 38) A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng hape mohlaleng oa Jesu, Pauluse le batho ba bang bao E ea bona e ileng ea bolela E.
JESU O RE BEHETSE MOHLALA O MOTLE HAHOLO
3. Ke sefe seo Jesu a ileng a se tšepisa Molimo ha a ne a rapela, hona Ntate oa hae ea leholimong o ile a etsa’ng?
3 “Bona! Ke tlile . . . ho etsa thato ea hao, Molimo.” (Baheb. 10:7) Ka mantsoe ana a bohlokoa, Jesu o ile a itlhahisa ho Molimo e le hore a ka phetha sohle se neng se profetiloe ka Peō e tšepisitsoeng, ho akarelletsa le ho ‘longoa serethe’ ke Satane. (Gen. 3:15) Ha ho na motho ea kileng a ithaopela ho jara boikarabelo bo boima hakaalo. Jehova o ile a bua a le leholimong a bolela hore o tšepa Mora oa hae ka botlalo, le hoja a sa ka a re Jesu a ikane hore o tla tšepahalla tšepiso ea hae.—Luka 3:21, 22.
4. Ke’ng eo Jesu a neng a ikemiselitse ho e etsa e le hore a tiise hore E ea hae e bolela E?
4 Kamehla Jesu o ne a phetha lintho tseo a neng a li ruta ka ho etsa hore E ea hae e bolele E. Ha aa ka a lumella eng kapa eng hore e mo sitise ho phetha mosebetsi oo Ntate oa hae a neng a mo file oona oa hore a bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho etsa batho bohle bao Molimo a neng a ba hulela ho eena barutuoa. (Joh. 6:44) Bibele e hlalosa tsela eo Jesu a ileng a tšepahala ka eona ka mantsoe ana a tsebahalang haholo: “Ho sa tsotellehe hore na litšepiso tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena.” (2 Bakor. 1:20) Ka sebele, Jesu ke mohlala o motle haholo oa motho ea ileng a tšepahalla seo a neng a se tšepisitse Ntate oa hae. Mohlaleng o latelang, re tla bua ka motho ea ileng a sebetsa ka thata ho etsisa mohlala oa Jesu.
PAULUSE E NE E LE MOTHO EA PHELELANG MANTSOE A HAE
5. Moapostola Pauluse o re behetse mohlala ofe?
5 “Ke etse’ng, Morena?” (Lik. 22:10) Ka mantsoe ana, Pauluse, eo ka nako eo e neng e le Saule, o ile a mamela tataiso ea Morena Jesu ea tlotlisitsoeng, ea ileng a hlaha ho eena ponong e le hore a mo thibele ho hlorisa barutuoa ba Kreste. Ka lebaka la sena, ka boikokobetso Saule o ile a bakela tsela eo a neng a phela ka eona, a kolobetsoa ’me a amohela kabelo e khethehileng ea hore a pake ka Jesu lichabeng. Ho tloha ka nako eo, Pauluse o ile a tsoela pele ho bitsa Jesu “Morena” oa hae, ’me o ile a phela ka tsela e lumellanang le tsela eo a neng a mo hlompha ka eona ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae mona lefatšeng. (Lik. 22:6-16; 2 Bakor. 4:5; 2 Tim. 4:8) Pauluse o ne a sa tšoane le batho ba bang bao Jesu a ileng a re ho bona: “Joale, ke hobane’ng ha le mpitsa ‘Morena! Morena!’ empa le sa etse lintho tseo ke li buang?” (Luka 6:46) Ka sebele, Jesu o lebeletse hore batho bohle ba mo nkang e le Morena oa bona, ba phelele mantsoe a bona joaloka moapostola Pauluse.
6, 7. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a lieha ho etela Korinthe hape, hona ke hobane’ng ha batho ba neng ba mo nyatsa-nyatsa ba ne ba se na lebaka la ho belaella botšepehi ba hae? (b) Re lokela ho talima ba khethiloeng hore ba etelle pele har’a rōna joang?
6 Pauluse o ile a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ka cheseho ho pholletsa le Asia Minor le Europe, a theha liphutheho tse ngata a ba a boela a li etela. Ka linako tse ling, o ile a bona ho hlokahala hore a hlapanye hore lintho tseo a neng a li ngotse e ne e le ’nete. (Bagal. 1:20) Ha batho ba bang ba Korinthe ba ne ba qosa Pauluse ka hore ha a tšepahale, o ile a itšireletsa ka ho ngola mantsoe ana: “Ho ka itšetlehoa ka Molimo hore puo ea rōna e lebisitsoeng ho lōna hase E, ’me leha ho le joalo e le Che.” (2 Bakor. 1:18) Ka nako eo a neng a ngola mantsoe ao, Pauluse o ne a tlohile Efese ’me o ile a feta Macedonia ha a ne a le tseleng e eang Korinthe. Qalong, o ne a rerile ho etela Korinthe hape pele a ea Macedonia. (2 Bakor. 1:15, 16) Ka ho tšoanang, le kajeno, ka linako tse ling balebeli ba tsamaeang ba lokela ho fetola lideiti tseo ba etelang liphutheho ka tsona. Liphetoho tse joalo ha li etsoe ka mabaka a sa utloahaleng kapa a boithati empa li etsoa ka lebaka la maemo a tšohanyetso. Pauluse o ne a e-na le lebaka le utloahalang la hore a liehe ho etela Korinthe. O ile a etsa seo molemong oa phutheho. Ka tsela efe?
7 Nakoana ka mor’a hore Pauluse a rere leeto la hae, o ile a utloa litaba tse seng monate tsa hore phuthehong ea Korinthe, ho ne ho lumelloa ho se utloane le boitšoaro bo bobe. (1 Bakor. 1:11; 5:1) E le hore a lokise bothata boo, o ile a fana ka keletso e matla lengolong la hae la pele leo a ileng a le ngolla Bakorinthe. Kahoo, ho e-na le hore Pauluse a tlohe Efese ka sekepe ’me a ee ka ho toba Korinthe, o ile a etsa qeto ea ho fa barab’abo nako ea hore ba sebelise keletso eo a neng a ba file eona, e le hore mohlang a fihlang, leeto la hae e ka ba le khothatsang haholo. Ha Pauluse a ne a ba tiisetsa hore kannete leo e ne e le lona lebaka le entseng hore a fetole merero ea hae, lengolong la hae la bobeli o ile a ngola a re: “Ke ipiletsa ho Molimo e le paki khahlanong le moea oa ka hore ke ho le qenehela hore ebe ha ke e-s’o tle Korinthe.” (2 Bakor. 1:23) E se eka le ka mohla re ke ke ra tšoana le batho ba neng ba nyatsa-nyatsa Pauluse; ho e-na le hoo, e se eka re ka bontša tlhompho e tebileng ho ba khethiloeng hore ba etelle pele har’a rōna. Ka sebele, e ka ba hantle hore re etsise Pauluse, feela joalokaha le eena a ile a etsisa Kreste.—1 Bakor. 11:1; Baheb. 13:7.
BATHO BA BANG BA ILENG BA BEHA MOHLALA O MOTLE
8. Rebeka o re behetse mohlala ofe?
8 “Ke ikemiselitse ho tsamaea.” (Gen. 24:58) Ka mantsoe ana, Rebeka o ile a araba ’mè oa hae le khaitseli ea hae ha a ne a bontša hore o ikemiselitse ho tloha lelapeng labo letsatsing lona leo a tsamaee lik’hilomithara tse fetang 800 le motho eo a sa mo tsebeng e le hore e il’o ba mosali oa mor’a Abrahama e leng Isaka. (Gen. 24:50-58) E, ea Rebeka e ile ea bolela E ’me e ile ea e-ba mosali ea tšabang Molimo le ea tšepahalang ho Isaka. O ile a lula litenteng bophelo bohle ba hae e le mojaki Naheng e Tšepisitsoeng. O ile a putsoa ka lebaka la botšepehi ba hae ka hore e be e mong oa baholo-holo ba Peō e tšepisitsoeng, e leng Jesu Kreste.—Baheb. 11:9, 13.
9. Ruthe o ile a phelela mantsoe a hae joang?
9 “Che, empa re tla khutlela le uena bathong ba heno.” (Ruthe 1:10) Bahlolohali ba Bamoabe e leng Ruthe le Orpa ba ile ba ’na ba bua mantsoe ao ho matsale oa bona oa mohlolohali, e leng Naomi, ea neng a tloha Moabe a khutlela Bethlehema. Qetellong, ka mor’a hore Naomi a ba phehelle, Orpa o ile a khutlela naheng ea habo. Empa Che ea Ruthe e ile ea bolela Che. (Bala Ruthe 1:16, 17.) O ile a khomarela Naomi ka botšepehi, a siea ba lelapa labo hammoho le bolumeli ba bohata ba Moabe. E ile ea e-ba morapeli oa Jehova ea tšepahalang, ’me o ile a mamella eaba o putsoa ka hore e be e mong oa basali ba bahlano feela bao Matheu a buileng ka bona lelokong la Kreste.—Mat. 1:1, 3, 5, 6, 16.
10. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Esaia o re behetse mohlala o motle?
10 “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8) Pele a bua mantsoe ana, Esaia o ile a bona pono e khanyang ea Jehova a lutse teroneng ea Hae ka holim’a tempele ea Iseraele. Ha Esaia a ntse a shebile pono ena e khanyang, o ile a utloa Jehova a re: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Jehova o ne a batla motho ea ka isang molaetsa oa Hae ho batho ba Hae ba neng ba tsoile tseleng. Esaia o ile a phelela mantsoe a hae—E ea hae ile ea bolela E. Ka lilemo tse fetang 46, o ile a sebeletsa e le moprofeta ka botšepehi, a bolela molaetsa o matla oa kahlolo hammoho le litšepiso tse babatsehang tsa ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete.
11. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re phelele mantsoe a rōna? (b) Ke mehlala efe e re lemosang ea batho ba sa kang ba tšepahala?
11 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore mehlala ee e ka holimo e tlalehoe ka Lentsoeng la hae? Hape, taba ea hore E ea rōna e bolele E, ke ea bohlokoa hakae? Bibele e re lemosa ka ho hlaka hore motho ea “se nang ’nete litumellanong” o har’a ba ‘tšoaneloang ke lefu.’ (Bar. 1:31, 32) Faro oa Egepeta, Morena oa Juda e leng Tsedekia le Ananiase le Safira, ba har’a batho ba behileng mohlala o mobe bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng bao E ea bona e sa kang ea bolela E. Kaofela ha bona lintho ha lia ka tsa ba tsamaela hantle ’me ke mehlala e re lemosang.—Ex. 9:27, 28, 34, 35; Ezek. 17:13-15, 19, 20; Lik. 5:1-10.
12. Ke’ng e tla re thusa hore re phelele mantsoe a rōna?
12 Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” re phela har’a batho “ba sa tšepahaleng” le “ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.” (2 Tim. 3:1-5) Re lokela hore ka hohle kamoo re ka khonang, re qobe litloaelo tseo tse mpe. Ho e-na le hoo, re bokane kamehla le batho ba loanelang hore E ea bona e bolele E.—Baheb. 10:24, 25.
E EA HAO EA BOHLOKOA KA HO FETISISA
13. Molateli oa Jesu Kreste o re E, tabeng efe ea bohlokoa?
13 Tšepiso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke e mabapi le boinehelo ba hae ho Molimo. Batho ba batlang ho itatola ’me e be barutuoa ba Jesu, ho na le makhetlo a mararo a khethehileng ao ho ’ona ba nang le monyetla oa ho re E, ha ba botsoa ka boikemisetso ba bona. (Mat. 16:24) Ha baholo ba babeli ba buisana le motho ea batlang ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, motho eo o botsoa potso ena, “Na ka sebele u batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova?” Hamorao, ha motho eo a se a tsoetse pele moeeng ’me a batla ho kolobetsoa, baholo ba tla boela ba kopane le eena ’me ba mo botse potso ena, “Na u inehetse ho Jehova ka thapelo?” Qetellong, letsatsing la kolobetso, motho e mong le e mong ea eang kolobetsong o botsoa potso ena, “Motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste, na u baketse libe tsa hao ’me u inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae?” Kahoo, ka pel’a lipaki, barutuoa bana ba bacha ba re E, mabapi le tšepiso ea bona ea ho sebeletsa Molimo ka ho sa feleng.
14. Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona ha re itlhahloba?
14 Ho sa tsotellehe hore na u sa tsoa kolobetsoa kapa u se u sebelelitse Molimo ka lilemo tse mashome, u lokela ho lula u itlhahloba ’me u ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Na ke etsisa Jesu Kreste ka ho tsoela pele ke etsa hore E ea ka e bolele E, le hore ke phethahatse tšepiso eo ke e entseng ho Jehova? Na ke tsoela pele ke mamela Jesu ka hore ke etse hore mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa ebe oona o tlang pele bophelong ba ka?’—Bala 2 Bakorinthe 13:5.
15. Ke likarolong life tsa bophelo moo u lokelang ho etsa hore E ea hao e bolele E?
15 E le hore re phelele kano ea rōna ea boinehelo re boetse re lokela ho tšepahala linthong tse ling tsa bohlokoa. Ka mohlala: Na u se u kene lenyalong? Kahoo, tsoela pele u hlompha kano ea bohlokoa eo u e entseng ea hore u tla rata le ho hlokomela molekane oa hao. Na u kile ua saena tumellano ea khoebo kapa ua tlatsa foromo ea kōpo ea ho etsa tšebeletso e itseng ka phuthehong kapa mokhatlong oa Molimo? Kahoo, u lokela ho tšepahalla seo u tšepisitseng hore u tla se etsa. Na u amohetse memo ea motho oa maemo a tlaase ea ho ea lijong? Kahoo, u lokela ho phelela mantsoe a hao le haeba motho e mong oa maemo a holimo a ka u mema. Na u tšepisitse motho eo u mo fumaneng tšebeletsong ea ntlo le ntlo hore u tla khutlela ho eena ho mo thusa ho tsoela pele moeeng? Kahoo, u lokela ho etsa sohle seo u ka se khonang hore E, ea hao e bolele E, ’me Jehova o tla hlohonolofatsa mosebetsi oa hao oa boboleli.—Bala Luka 16:10.
MOPRISTA OA RŌNA EA PHAHAMENG LE MORENA OA RŌNA O RE TSOELA MOLEMO
16. Re lokela ho etsa’ng haeba re sa khona ho phetha seo re neng re tšepisitse hore re tla se etsa?
16 Bibele e bolela hore kaha ha rea phethahala, “kaofela re khoptjoa hangata,” haholo-holo mabapi le tsela eo re sebelisang leleme ka eona. (Jak. 3:2) Re lokela ho etsa’ng ha re hlokomela hore ha rea khona ho phetha seo re neng re itse re tla se etsa? Molaong oo Molimo a neng a o file Baiseraele, ho ne ho e-na le tokisetso e bontšang mohau e ka etsoang haeba motho a ne a le molato oa ‘ho bua a sa nahana ka molomo oa hae.’ (Lev. 5:4-7, 11) Ho boetse ho na le tokisetso e lerato ho Bakreste bao e bang ba ka etsa sebe se joalo. Haeba re bolella Jehova hore re entse sebe se joalo, ka mohau o tla re tšoarela ka Moprista oa rōna ea Phahameng e leng Jesu Kreste. (1 Joh. 2:1, 2) Leha ho le joalo, e le hore re lule re amoheloa ke Molimo, re lokela ho etsa lintho tse bontšang hore re bakile ka hore re se ke ra tloaela ho etsa libe tse joalo le ka hore re etse sohle seo re ka se khonang ho lokisa tšenyo efe kapa efe e ka bakoang ke ho bua re sa nahana. (Liprov. 6:2, 3) Ho ka ba molemo hore re nahanisise pele re etsa litšepiso tseo re ka ’nang ra hlōleha ho li phetha.—Bala Moeklesia 5:2.
17, 18. Ke bokamoso bofe bo babatsehang boo batho ba ikitlaelletsang hore E ea bona e bolele E, ba tla bo fumana?
17 Ruri barapeli bohle ba Jehova ba tsoelang pele ba ikitlaelletsa hore E ea bona e bolele E, ba tla ba le bokamoso bo babatsehang! Batho ba 144 000 ba tlotsitsoeng, ba tla fumana bophelo ba ho se shoe leholimong, moo “ba tla busa le [Jesu ’Musong oa hae] e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšen. 20:6) Athe batho ba bang ba limilione tse se nang palo ba tla rua molemo ’Musong oa Kreste ’me ba tla phela lefatšeng la paradeise. Lefatšeng leo, ba tla thusoa hore ba phethahale ’meleng le kelellong.—Tšen. 21:3-5.
18 Haeba re ka lula re tšepahala tekong ea ho qetela nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo Tse Sekete, re ke ke ra hlola re e-ba le lebaka la ho belaella seo batho ba bang ba re bolellang sona. (Tšen. 20:7-10) E ea motho e mong le e mong e tla be e bolela E, ’me Che ea hae e bolela Che. Motho e mong le e mong ea tla beng a phela ka nako eo, o tla etsisa Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong e leng Jehova “Molimo oa ’nete,” ka ho phethahetseng.—Pes. 31:5.