Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšoarelanang ka Bolokolohi

Tšoarelanang ka Bolokolohi

“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.”—BAKOL. 3:13.

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba hore na re ikemiselitse hakae ho tšoarela batho ba bang?

LENTSOE la Jehova le re thusa hore re utloisise hore na o talima sebe joang le hore na o nka bohato bofe ha re etsa sebe. Lentsoe la hae le boetse le re bolella hore o ikemiselitse ho re tšoarela. Sehloohong se fetileng, re ithutile hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a tšoarela Davida le Manase. Kaha ba ile ba soabela libe tsa bona e le kannete, ba ile ba li bolela, ba tlohela liketso tsa bona tse khopo ’me ba baka e le kannete. Ka lebaka leo, Jehova o ile a boela a ba amohela.

2 Joale, a re ke re tšohleng taba ea hore na rōna re ikemiselitse hakae ho tšoarela batho ba bang. U nahana hore u ka be u ile ua ba le maikutlo afe ka Manase haeba batho ba se nang molato bao a ileng a ba bolaea ba ne ba akarelletsa beng ka uena? Na u ka be u ile ua tšoarela Manase? Ho loketse hore re ipotse potso eo kajeno kaha re phela lefatšeng le tletseng tlōlo ea molao, mabifi le boithati. Kahoo, ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho loanela ho ba le moea oa ho tšoarela? Hape, haeba u tšoaroa hampe, ke eng e tla u thusa hore u laole maikutlo, u etse lintho ka tsela eo Jehova a neng a ka rata hore u li etse ka eona u be u ikemisetse ho tšoarela batho ba bang?

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO TŠOARELA?

3-5. (a) Jesu o ile a etsa papiso efe ho thusa bamameli ba hae ho utloisisa bohlokoa ba hore ba tšoarele batho ba bang? (b) Papiso ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 18:21-35 e re ruta’ng?

3 Ke habohlokoa hore re ikemisetse ho tšoarela batho ba re fosetsang—ho sa tsotellehe hore na ke litho tsa phutheho ea Bokreste kapa che—e le hore re be le khotso le Jehova, re phelisane ka khotso le litho tsa lelapa, metsoalle hammoho le batho ba bang. Mangolo a bontša hore ho hlokahala hore Mokreste a ikemisetse ho tšoarela batho ba bang ho sa tsotellehe hore na ba mo fosetsa hangata hakae. E le ho re thusa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela batho ba bang,  Jesu o ile a etsa papiso ea lekhoba le neng le kolota mong’a lona.

4 Lekhoba le ne le kolota mong’a lona chelete e lekanang le moputso oa matsatsi a 60 000 000; leha ho le joalo, mong’a lona o ile a hlakola sekoloto seo. Ka mor’a moo, lekhoba leo le ile la tsoa ’me la fumana lekhoba-’moho le lona le neng le le kolota chelete e lekanang le moputso oa matsatsi a 100 feela. Lekhoba leo le kolotang le ile la kōpa hore lekhoba-’moho le lona le se ke la le fella pelo, empa lekhoba leo le neng le sa tsoa hlakoleloa sekoloto se seholo le ile la re lekhoba-’moho le lona le lahleloe chankaneng. Seo se ile sa halefisa mong’a makhoba ao. O ile a re: “Na le uena u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena, joalokaha le ’na ke u hauhetse?” “Mong’a lona, a halefile, a nehelana ka [lekhoba le sa tšoareleng] ho balebeli ba teronko, ho fihlela le ka lefa sohle seo le neng le se kolota.”—Mat. 18:21-34.

Ke sefe seo Jesu a neng a batla hore re ithute sona papisong ee?

5 Ke sefe seo Jesu a batlang hore re ithute sona papisong ee? O ile a qetella ka ho re: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lōna ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lōna.” (Mat. 18:35) Seo Jesu a neng a se bua se hlakile. Libe tseo re li entseng bophelong li bontša hore re ke ke ra khona ho mamela Jehova ka ho phethahetseng. Leha ho le joalo, o ikemiselitse ho re tšoarela le ho lebala liphoso tsa rōna. Kahoo, haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova re lokela ho tšoarela batho ba bang ha ba re fosetsa. Ha Jesu a ne a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng o ile a re: “Etsoe haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.”—Mat. 6:14, 15.

6. Ke hobane’ng ha e se ntho e bonolo ho tšoarela batho ba bang kamehla?

6 U ka ’na ua lumellana le taba ea hore re lokela ho tšoarela batho ba bang, empa mohlomong u bona eka ho ke ke ha e-ba bonolo ho etsa joalo kamehla. Seo se bakoa ke hore hangata re nkoa ke maikutlo ha batho ba bang ba re fosetsa. Motho a ka ’na a halefa, a utloa eka o tsoiloe tlaase, a batla hore toka e phethahatsoe kapa a iphetetse. Ha e le hantle, batho ba bang ba utloa eka ba ke ke ba khona ho tšoarela motho ea ba foselitseng. Haeba u ikutloa ka tsela eo, u ka etsa joang hore u loanele ho ba le moea oa ho  tšoarela oo Jehova a batlang hore re be le oona?

HLAHLOBA MAIKUTLO A HAO

7, 8. Ke’ng e tla u thusa hore u tšoarele batho ba bang haeba ba ile ba u utloisa bohloko ka tsela eo ba ileng ba u tšoara ka eona?

7 Re ka nkoa ke maikutlo haholo ha motho a re foselitse kapa re nahana hore o re foselitse. Nahana ka seo mohlankana e mong a ileng a se etsa, ho latela phuputso e ’ngoe e mabapi le bohale. Mohlankana eo o re: “Ka nako e ’ngoe . . . ha ke ne ke halefile, ke ile ka tsoa ka tlung ’me ka ikana hore nke ke ka hlola ke khutla. E ne e le letsatsi le monate la hlabula, ke ile ka tsamaea tseleng e nyenyane, ho fihlela butle-butle khutso le botle ba naha bo nkokobetsa maikutlo, ’me ka mor’a lihora tse seng kae ke ile ka khutlela hae ke itšoabetse hore ebe ke ile ka halefa hakaalo.” Joalokaha phihlelo ena e bontša, ho ipha nako ea hore re theole maikutlo le hore re talime boemo ka kelello e hlaphohileng ho ka ’na ha re thusa hore re qobe ho etsa lintho ka tsela e bontšang ho se tšoarele eo re tla ikoahlaela eona hamorao.—Pes. 4:4; Liprov. 14:29; Jak. 1:19, 20.

8 Leha ho le joalo, u tla etsa’ng haeba u ntse u utloile bohloko le ka mor’a hore u iphe nako ea hore u theole maikutlo? Leka ho fumana hore na ke hobane’ng ha u ntse u utloile bohloko. Na ke hobane u ile ua tšoaroa ka leeme, kapa mohlomong ka ho hloka tlhompho? Kapa ke hobane u bona eka motho e mong o ne a leka ho u utloisa bohloko ka boomo? Na ntho eo a e entseng e ne e hlile e le mpe hakaalo? Haeba u hlahloba ebile u leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha u ntse u ikutloa joalo, seo se tla u thusa ho hlokomela hore na ke sefe seo u lokelang ho se etsa ho latela Mangolo. (Bala Liproverbia 15:28; 17:27.) Ho nahana ka tsela eo ho ka ’na ha u thusa hore u se ke ua nkoa ke maikutlo ’me u ikemisetse ho tšoarela batho ba bang. Haeba u etsa lintho ka tsela eo, le hoja ho etsa joalo ho ka ba boima, u tla be u lumella lentsoe la Molimo hore le hlahlobe “menahano le boikemisetso ba pelo [ea hao]” le hore le u tataise hore u etsise Jehova ka hore u tšoarele batho ba bang.—Baheb. 4:12.

NA U LOKELA HO UTLOA BOHLOKO?

9, 10. (a) U ka ’na ua etsa joang haeba u nahana hore motho e mong o u foselitse? (b) Haeba u loanela hore u se ke ua potlakela ho utloa bohloko ha motho e mong a u fosetsa ’me u ikemiselitse ho tšoarela, seo se tla u thusa joang?

9 Ho na le lintho tse ngata bophelong tse ka etsang hore motho a halefe. Ka mohlala, e ka ’na eare ha u ntse u khanna koloi motho e mong a batla a thula koloi ea hao. U tla etsa’ng? U ’nile ua bala ka liketsahalo tseo ho tsona mokhanni e mong a ileng a halefa hoo a ileng a hlasela mokhanni e mong. Leha ho le joalo, kaha u Mokreste ho hang u ke ke ua rata ho etsa ntho e joalo.

10 Ruri ho ka ba molemo hore u ke u eme hanyenyane, u nahanisise ka boemo boo. Mohlomong le uena u jara molato ka tsela e itseng hobane ho na le ntho e ileng ea u sitisa ho tsepamisa mohopolo tseleng. Kapa e ka ’na eaba koloi ea mokhanni eo e mong e bile le mathata. Seo re ithutang sona tabeng ena ke hore re ka ’na ra fokotsa bohale kapa ho utloisoa bohloko ke liphoso tsa batho ba bang haeba re leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba entse phoso e joalo le ha re hlokomela hore re ka ’na ra se ke ra tseba mabaka ’ohle a bakileng phoso eo, le hore re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang. Moeklesia 7:9 e re: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.” U se ke ua utloa bohloko. Ka linako tse ling re ka ’na ra nahana hore motho o entse ntho ka boomo ho re utloisa bohloko, athe o mpa a e entse ka lebaka la ho se phethahale kapa ho bile le ho se utloisisane. Kahoo, e ka ba hantle hore u hopole hore e ka ’na eaba ha u tsebe mabaka ’ohle a etsang hore motho a etse kapa a bue ntho e itseng, ’me u ikemisetse ho tšoarela ba bang ka lerato. U tla thaba haholo haeba u ka khona ho etsa sena.—Bala 1 Petrose 4:8.

 ‘E SE EKA KHOTSO EA LŌNA E KA KHUTLELA HO LŌNA’

11. Re lokela ho ikutloa joang ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela molaetsa oa rōna kapa che?

11 U ka laola maikutlo joang haeba motho a u buisa hampe tšebeletsong ea tšimo? Ha Jesu a ne a romela baboleli ba 70, o ile a ba bolella hore ba lakaletse ntlo e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e etela khotso. Jesu o ile a re: “Haeba motsoalle oa khotso a le teng, khotso ea lōna e tla lula ho eena, empa haeba a le sieo, e tla khutlela ho lōna.” (Luka 10:1, 5, 6) Rea thaba ha batho ba mamela ha re le tšebeletsong ea tšimo, kaha molaetsa oo re ba bolellang oona o ka ba tsoela molemo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling batho ha ba re amohele ka khotso. Ha ho le joalo re tla etsa’ng? Jesu o ile a re khotso eo re neng re e lakaletsa ntlo eo e khutlele ho rōna. Ha e le hantle, re lokela ho tloha ntlong e ’ngoe le e ’ngoe re e-na le khotso, ho sa tsotellehe hore na batho ba re tšoara joang. Haeba re utloa bohloko ha batho ba re halefisa, re ke ke ra lula re e-na le khotso.

12. Ho latela mantsoe a Pauluse a ho Baefese 4:31, 32, ke sefe seo re lokelang ho se etsa?

12 Loanela hore u be le khotso maemong ’ohle, eseng ha u le tšebeletsong ea Bokreste feela. Ha e le hantle, ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang ha ho bolele hore u lumellana le boitšoaro ba bona bo fosahetseng kapa u nka hore ha bo utloise batho ba bang bohloko. Leha ho le joalo, ho tšoarela ba bang ho bolela hore u se ke ua ba jara ka pelo ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba li entseng le hore u lule u e-na le khotso. Ha batho ba bang ba lula ba nahana ka lintho tse utloisang bohloko le ka hore na ba ile ba tšoaroa hampe hakae, ba etsa hore boitšoaro ba batho ba bang bo ba amohe thabo. U se ke ua lumella menahano e joalo hore e u laole. Hopola hore u ke ke ua thaba haeba u jara batho ba bang ka pelo. Kahoo, tšoarela batho ba bang!—Bala Baefese 4:31, 32.

ETSA LINTHO KA TSELA E KHAHLISANG JEHOVA

13. (a) Mokreste o “bokella mashala a mollo” hloohong ea sera sa hae ka tsela efe? (b) Haeba re bontša bonolo ha batho ba re halefisa seo se ka hlahisa litholoana life?

13 Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa eka u ka thusa motho ea u foselitseng hore a utloisise melao ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “‘Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.’ U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Bar. 12:20, 21) Ha u le bonolo esita le haeba batho ba u halefetse, ba ka ’na ba fetola maikutlo a bona ’me ba ba mosa. Haeba u bontša hore u nahanela motho ea u fosetsang, ua mo qenehela—ebile u mo utloela bohloko—u ka ’na ua mo thusa hore a ithute linnete tsa Bibele. Ho sa tsotellehe hore na motho o u tšoara joang, liketso tsa hao tse bonolo le tse mosa li ka etsa hore a ipotse hore na ke hobane’ng ha u fapane le batho ba bang.—1 Pet. 2:12; 3:16.

14. Ho sa tsotellehe hore na motho o u tšoere hampe hakae, ke hobane’ng ha u sa lokela ho mo jara ka pelo?

14 Maemong a mang, e ke ke ea e-ba hantle hore re etse setsoalle le batho ba itseng. Batho bana ba akarelletsa bao e neng e le lintho tsa phutheho ba ileng ba etsa sebe ’me ba se ke ba baka eaba baa khaoloa. Haeba motho ea joalo a u utloisitse bohloko, ho ka ’na ha e-ba thata haholo hore u mo tšoarele, le haeba a bakile, kaha bohloko boo motho a bo utloang maikutlong bo nka nako ho fola. Maemong a joalo, e ka ba hantle hore u tsoele pele ho rapela Jehova hore a u thuse ho loanela ho tšoarela motho eo ea bakileng. Etsoe u ke ke ua tseba se ka pelong ea motho e mong. Jehova ke eena ea se tsebang. O hlahlobisisa seo motho a leng sona ka hare-hare ’me ha a felle baetsalibe pelo. (Pes. 7:9; Liprov. 17:3) Ke ka lebaka leo Mangolo a reng: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle.  Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Bar. 12:17-19) Na u ka ahlola motho e mong ka tsela e nepahetseng? Che. (Mat. 7:1, 2) Empa u ka kholiseha hore Molimo o ahlola ka toka.

15. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra lula re halefetse batho ba re fosetsang?

15 Haeba u thatafalloa ke ho tšoarela motho ea bakileng ea u tšoereng hampe, ntho e ka u thusang ke hore u hopole hore motho eo le eena o sebetsana le boemo bo boima haholo. Joaloka rōna, le eena o tsoetsoe a sa phethahala. (Bar. 3:23) Jehova o utloela batho bohle ba sa phethahalang bohloko. Kahoo, ke hantle hore re rapelle motho ea re foselitseng. Haeba re mo rapella re ke ke ra lula re mo halefetse. Hape, mantsoe a Jesu a totobatsa hore ha rea lokela ho jara batho ba re tšoarang hampe ka pelo; o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.”—Mat. 5:44.

16, 17. U lokela ho etsa’ng haeba baholo ba Bakreste ba etsa qeto ea hore moetsalibe o bakile, hona hobane’ng?

16 Ho latela thato ea Jehova, baholo ba Bakreste ba filoe boikarabelo ba ho sebetsa liphoso tse etsahalang ka phuthehong. Bara bana babo rōna ha ba tsebe lintho tsohle joaloka Molimo, empa ba leka ho etsa liqeto ba itšetlehile ka seo Bibele e se bolelang le ka thuso ea moea o halalelang. Kahoo, ha ba rapela Jehova hore a ba thuse ho etsa liqeto, re ka kholiseha hore liqeto tseo li lumellana le tsela eo Jehova a nahanang ka eona.—Mat. 18:18.

Ho hlokahala hore Mokreste a ikemisetse ho tšoarela batho ba bang

17 Maemong a kang ana re lokela ho bontša botšepehi. Ha baholo ba etsa qeto ea hore motho o bakile, na u tla mo tšoarela u be u mo bontše hore u ntse u mo rata? (2 Bakor. 2:5-8) Ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho etsa seo, haholo-holo haeba motho eo o ne a u foselitse kapa a foselitse mong ka uena. Leha ho le joalo, ha u tšepa Jehova u bile u tšepa tsela eo a sebetsang litaba ka eona a sebelisa phutheho, u tla etsa se nepahetseng. U tla bontša hore e hlile u tšoarela batho ba bang ka bolokolohi.—Liprov. 3:5, 6.

18. U ka fumana melemo efe haeba u tšoarela batho ba bang ka bolokolohi?

18 Litsebi tsa mafu a kelello li hlokometse hore ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang ho re tsoela molemo. Ho re thusa hore re thabe kaha ha re jare batho ka pelo ebile ha re lule re koatile. Hape, ho re thusa hore re be le likamano tse ntle le batho ba bang. Empa, haeba re sa ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang, re ka kula ’me ra ba le khatello ea kelello. Sena se ka etsa hore ho be thata ho sebelisana le batho ba bang. Tlhohonolofatso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e fumanang haeba re ikemiselitse ho tšoarela ba bang, ke ho ba le kamano e ntle le Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova.—Bala Bakolose 3:12-14.