Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Baahi ba Nakoana” ba Momahane Borapeling ba ’Nete

“Baahi ba Nakoana” ba Momahane Borapeling ba ’Nete

“Basele e tla ba lihoai tsa lōna le balemi ba lōna ba morara. Ha e le lōna, le tla bitsoa baprista ba Jehova.”—ESA. 61:5, 6.

1. Batho ba bang ba talima basele joang, empa ke hobane’ng ha seo se fosahetse?

JOALOKAHA ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, batho ba bang ba sebelisa lentsoe “basele” ho bontša hore baa ba nyatsa, ba ba khella fatše ebile baa ba khesa. Ke ho se hlomphe ho nka hore batho ba linaha tsa habo rōna ba phahametse ba linaha tse ling. Ho feta moo, boikutlo bo joalo bo bontša ho hloka tsebo. Buka ea The Races of Mankind e re: “Merabe ea batho, ke bara ba motho hantle feela joalokaha Bibele e bolela.” Hangata bara ba motho ha ba tšoane, empa e sa ntse e le bara ba motho.

2, 3. Jehova o talima basele joang?

2 Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, basele ba teng har’a rōna. Basele ba ne ba le teng le har’a Baiseraele ba boholo-holo, bao selekane sa Molao se neng se entse hore ba be le kamano e khethehileng le Jehova Molimo. Batho bao eseng Baiseraele ba ne ba e-na le litokelo tse fokolang, empa Baiseraele ba ne ba lokela ho ba hlompha le ho ba tšoara ka tsela e hlokang leeme. Ke mohlala o motle hakaakang ho rōna! Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho ba le khethollo kapa leeme. Hobane’ng? Moapostola Petrose o itse: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Lik. 10:34, 35.

3 Basele Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba rua molemo ha ba sebelisana haufi-ufi le matsoalloa a teng. Sena se ne se bontša hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo joalokaha moapostola Pauluse a boletse hamorao ha a ne a botsa potso ena mabapi le Jehova: “Na ke Molimo oa Bajuda feela? Na hase le oa batho ba lichaba? E, hape ke oa batho ba lichaba.”—Bar. 3:29; Joele 2:32.

4. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ha ho na basele ‘Iseraeleng ea Molimo’?

 4 Selekane se secha se ile sa etsa hore phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e nkele Iseraele ea nama sebaka e le sechaba seo Molimo a neng a tla ba le kamano e khethehileng le sona. Ka lebaka leo, e bitsoa “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16) Joalokaha Pauluse a hlalositse, sechabeng sena se secha ‘ha ho na Mogerike kapa Mojuda, lebollo kapa ho se bolle, osele, Moskitha, lekhoba, motho ea lokolohileng, empa Kreste ke lintho tsohle ’me o ho tsohle.’ (Bakol. 3:11) Kahoo, ke ka kutloisiso eo ho neng ho sa tl’o ba le basele phuthehong ea Bokreste.

5, 6. (a) Ho ka ’na ha hlaha potso efe mabapi le Esaia 61:5, 6? (b) “Baprista ba Jehova” le “basele” bao Esaia a buuoang ka bona ke bo-mang? (c) Lihlopha tseo tse peli li tšoana lintlheng life?

5 Ka lehlakoreng le leng, motho e mong a ka ’na a bua ka buka ea Esaia khaolo ea 61, e nang le boprofeta bo phethahalang phuthehong ea Bokreste. Temana ea 6 khaolong eo e bua ka ba tla sebeletsa e le “baprista ba Jehova.” Empa temana ea 5 eona e bua ka “basele” ba tla sebelisana le “baprista” bao. Re lokela ho utloisisa see joang?

6 Rea utloisisa hore “baprista ba Jehova” ke Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le kabelo “tsohong ea pele” le bao “e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšen. 20:6) Ho feta moo, ho na le Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Le hoja bana ba sebelisana haufi le ba tla sebeletsa leholimong, bona ke basele ha re bua ka puo ea tšoantšetso. Ba thabela ho tšehetsa “baprista ba Jehova” le ho sebetsa le bona, ’me ka tsela ea tšoantšetso ke “lihoai” le ‘balemi ba bona ba morara.’ Ha e le hantle, ba thusa batlotsuoa ho tlotlisa Molimo ka ho bolela le ho ruta ba bang ’nete. Ka sebele, batlotsuoa le “linku tse ling” ba fumana batho ba tšepahalang ba lakatsang ho sebeletsa Molimo ka ho sa feleng ’me ba ba lisa ka lerato.—Joh. 10:16.

“BAAHI BA NAKOANA” JOALOKA ABRAHAMA

7. Bakreste kajeno ba tšoana le Abrahama le banna ba bang ba tšepahalang ba boholo-holo joang?

7 Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, Bakreste ba ’nete ba tšoana le  basele, kapa baahi ba nakoana lefatšeng lena le khopo la Satane. Ntlheng ena, ba tšoana le banna ba tšepahalang ba boholo-holo—ba akarelletsang Abrahama—bao ho thoeng “e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.” (Baheb. 11:13) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo efe, re ka thabela kamano eo Jehova a neng a e-na le eona le Abrahama. Jakobo o re “‘Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a balloa hoo e le ho loka,’ ’me a bitsoa ‘motsoalle oa Jehova.’”—Jak. 2:23.

8. Abrahama o ile a tšepisoa eng, hona o ile a ikutloa joang ka ho phethahala ha tšepiso eo?

8 Molimo o ile a tšepisa hore ka Abrahama le litloholo tsa hae, malapa ’ohle a lefatše—e seng feela sechaba se le seng—a ne a tla hlohonolofatsoa. (Bala Genese 22:15-18.) Le hoja ho ne ho tla feta nako e telele pele tšepiso eo ea Molimo e phethahala, Abrahama o ile a lula a e-na le tšepo ea hore e tla phethahala. O ile a qeta lilemo tse ngata a lelera le ba ntlo ea hae. Nakong eo eohle, Abrahama o ile a lula e le motsoalle oa Jehova.

9, 10. (a) Re ka etsisa mohlala oa Abrahama ka litsela life? (b) Ke memo efe eo re ka e fetisetsang ho ba bang?

9 Le hoja Abrahama a ne a sa tsebe hore na o tla ema nako e telele hakae pele tšepiso eo e phethahala, o ile a lula a rata Jehova a bile a inehetse ho eena ka tieo. O ne a sa ameha ka hore a fetohe moahi oa naha e itseng. (Baheb. 11:14, 15) Ke habohlokoa hakaakang hore re latele mohlala oa Abrahama ka hore re phele ka tsela e itekanetseng ’me re se ke ra itumella ho tšoenyeha ka ho feteletseng ka lintho tse bonahalang, maemo, kapa lintho tseo re batlang ho li etsa! Ke hobane’ng ha u ka leka ho phela ka tsela eo ho thoeng e tloaelehile tsamaisong ee e haufi le ho fela? Ke hobane’ng ha u ka ba le lerato le matla la lintho tsa nakoana? Joaloka Abrahama, ho na le ho hong ho molemo le ho feta ho re letetseng. Re ikemiselitse ho bontša hore re na le mamello, ebile re letetse ho bona ha seo re se tšepileng se phethahala.—Bala Baroma 8:25.

Na u tla lula u lebeletse ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo joaloka Abrahama?

10 Jehova o ntse a mema batho ba lichaba tsohle hore ba itlhohonolofatse peōng ea Abrahama. Hape, “baprista ba Jehova” ba tlotsitsoeng hammoho le “basele” ba linku tse ling, ba fetisetsa memo eo ho batho lefatšeng lohle ka lipuo tse fetang 600.

HO TALIMA KA N’ANE HO MEELI EA NAHA

11. Solomone o ile a re’ng ka batho ba lichaba tse ling?

11 Ha ho khakoloa tempele ka 1026 B.C.E., ebile e le tumellanong le tšepiso ea Jehova ho Abrahama, Solomone o ile a bontša hore batho ba lichaba tsohle ba ne ba tla kopanela ho roriseng Jehova. O ile a etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo, a re: “Le ho osele, eo e seng karolo ea sechaba sa hao sa Iseraele le eo ka sebele a tsoang naheng e hōle ka lebaka la lebitso la hao (etsoe ba tla utloa ka lebitso la hao le leholo le ka letsoho la hao le matla le ka letsoho la hao le otlolohileng), ’me a tla le ho rapela ntlong ena, e se eka u ka mamela u le maholimong, sebaka sa hao sa bolulo se tiisitsoeng, ’me u etse ho ea ka sohle seo osele a hoeletsang ho uena ka sona; e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba lebitso la hao e le hore li u tšabe joalokaha sechaba sa hao sa Iseraele se u tšaba.”—1 Mar. 8:41-43.

12. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba nka hore Lipaki Tsa Jehova ke mekhelo kapa ke “basele”?

12 Osele ke motho oa naha e ’ngoe kapa ea lulang naheng eo a sa tsoalloang ho eona kapa motho ea lulang sechabeng seo e seng sa habo. Ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li leng sona. Li tšehetsa puso  e leholimong, e leng ’Muso oa Molimo oo Kreste a busang ho oona. Kahoo, ha li nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki, le hoja ba bang ba nka hore ke mekhelo.

Mahlong a Jehova, kaofela ha bona hase basele

13. (a) Ke ka kutloisiso efe lentsoe “osele” e leng taba feela ea hore na motho o talima lintho joang? (b) Na qalong Jehova o ne a rerile hore ho be le basele? Hlalosa.

13 Basele ba atisa ho lemohuoa ka lintho tse ba khethollang. Mohlomong ke puo eo ba e buang, meetlo ea bona, tsela eo ba shebahalang ka eona, esita le tsela eo ba aparang ka eona. Leha ho le joalo, seo ehlileng e leng sa bohlokoa ke lintho tseo ba tšoanang le batho ba bang ka tsona, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe. Kahoo, ha e le hantle hore motho ke osele ho mpa ho bolela hore ba bang ba mo talima e le osele hobane a sa tšoane le bona lintlheng tse itseng. Ha re ithuta ho hlokomoloha lintho tsena tseo batho ba sa tšoaneng ka tsona, lentsoe “osele” le felloa ke moelelo. Haeba batho bohle lefatšeng ba ne ba busoa ke mokha o le mong oa lipolotiki kapa ke ’muso o le mong, ho ne ho ke ke ha e-ba le basele ka tsela eo lentsoe lena le sebelisoang ka eona lipolotiking. Ha e le hantle, qalong Jehova o ne a rerile hore batho bohle ba momahane e le lelapa le le leng le tlas’a puso ea hae. Na hona joale ntho e tšoanang le eo e ka etsahala bathong ba lichaba tsohle ho pota lefatše?

14, 15. Lipaki Tsa Jehova e le sehlopha li amohetse eng?

14 Lefatšeng lena le tletseng boithati le bochaba, hoa khatholla ho fumana batho ba khonang ho hlokomoloha meeli ea bochaba. Ke ’nete hore ho thata ho hlōla khethollo. Mothehi oa seteishene sa thelevishene sa CNN ea bitsoang Ted Turner o ile a bua ka batho ba ’maloa bao a sebelitseng le bona, ba nang le bokhoni ba bileng ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng, a re: “Ho kopana le batho bana e bile ho hlollang. Ke hlokometse hore batho bana ba tsoang linaheng tse ling hase ‘basele,’ empa ke baahi-’moho le ’na lefatšeng. Ke ile ka qala ho nka lentsoe ‘osele’ e le le hlabang ’me ka etsa molao oa hore basebetsi ba CNN ba se ke ba le sebelisa ha ba hasa litaba kapa ba buisana ofising. Ho e-na le hoo, ba sebelise poleloana ‘oa machabeng.’”

15 Lefatšeng ho pota, ke Lipaki Tsa Jehova feela e le sehlopha tse amohetseng tsela eo Molimo a nahanang lintho ka eona. Kaha li ithutile ho talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona, li khonne ho ntša bochaba likelellong le maikutlong. Ho e-na le ho se tšepe batho ba lichaba tse ling, ho ba belaella, kapa esita le ho ba hloea, li ithutile ho rata lintho tse ba khethollang le bokhoni ba bona. Na u ee u nahane ka taba ee le  kamoo e u thusitseng kateng ha u sebelisana le ba bang?

LEFATŠE LE SE NANG BASELE

16, 17. Ho phethahala ha Tšenolo 16:16 le Daniele 2:44 ho u ama joang?

16 Haufinyane lichaba tsohle tsa kajeno li tla tobana le Jesu Kreste le mabotho a hae a leholimo ntoeng ea ho qetela ha li loantša bobusi ba Molimo, eleng ntoa eo ‘ka Seheberu e bitsoang Har–Magedone.’ (Tšen. 16:14, 16; 19:11-16) Lilemong tse fetang 2 500 tse fetileng, moprofeta Daniele o ile a bululeloa hore a bolele esale pele se tla etsahalla mebuso ea batho e hanyetsang morero oa Molimo, ’me a ngola a re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Dan. 2:44.

17 Ak’u nahane kamoo ho phethahala ha boprofeta boo ho tla u ama kateng. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le meeli e entsoeng ke batho kajeno, eo ha e le hantle e etsang hore motho e mong le e mong e be osele. Litšobotsi kapa litsela tse sa tšoaneng tseo batho ba etsang lintho ka tsona li tla bontša feela ho se tšoane ho babatsehang ha pōpo ea Molimo. Ho lebella lintho tseo tse thabisang ho lokela ho re susumelletsa hore kaofela ha rōna re etse sohle seo re ka se khonang ho tsoela pele re rorisa le ho hlompha ’Mōpi oa rōna, e leng Jehova Molimo.

Na u letetse ka thabo nako eo ka eona ho ke keng ha hlola ho e-ba le meeli ea batho, ’me ho se na “basele”?

18. Ho sa tsoa etsahala liphetoho life tse bontšang hore batho ba ka phela ba sa talimane e le “basele”?

18 Na ke ntho e sa utloahaleng ho lumela hore phetoho eo e tla etsahala lefatšeng lohle? Che. Ho fapana le seo, hoa utloahala ho lumela hore e tla etsahala. Har’a Lipaki Tsa Jehova lentsoe “osele” ha le sa na moelelo o mokaalo, kaha ha lia ameha hakaalo ka hore na batho ke ba lichaba life. Ka mohlala, li sa tsoa kopanya liofisi tsa makala tse ’maloa ka morero oa ho bebofatsa tsamaiso le ho ntlafatsa tsela eo mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o etsoang ka eona. (Mat. 24:14) Moo molao o lumelang, mekoallo ea bochaba e ile ea hlokomolohuoa ha liofisi tsa makala li kopanngoa. Sena le sona ke bopaki ba hore Jesu Kreste e le ’Musi ea loketseng ea behiloeng teroneng ke Jehova o tlosa mekoallo e arolang batho, ’me haufinyane o tla ‘phetha tlhōlo ea hae’!—Tšen. 6:2.

19. Puo e hloekileng ea ’nete e thusitse Lipaki Tsa Jehova ho etsa eng?

19 Le hoja Lipaki Tsa Jehova e le batho ba lichaba tse ngata, ba buang lipuo tse sa tšoaneng, li leka ka matla ho sebelisa puo e hloekileng ea ’nete. Sena se etsa hore li be bonngoeng bo ke keng ba senngoa. (Bala Sofonia 3:9.) Lelapa lena la machaba le phela tsamaisong ena e khopo ea lintho, empa hase karolo ea eona. Hona joale tsela eo lelapa lena le momahaneng ka eona e bontša hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng le se nang basele. Joale bohle ba phelang, ba tla lumela hore mantsoe a buka e qotsitsoeng pejana ke ’nete ha e re: “Merabe ea batho, ke bara ba motho hantle feela joalokaha Bibele e bolela.”—The Races of Mankind.