Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Fumana Katleho ea Sebele Bophelong

Fumana Katleho ea Sebele Bophelong

“U tla atlehisa tsela ea hao ’me . . . u tla etsa ka bohlale.”—JOSH. 1:8.

1, 2. (a) Batho ba bangata ba re motho ea atlehileng ke ea joang? (b) U ka ’na ua etsa’ng e le hore u hlahlobe tsela eo u talimang katleho ka eona?

HO BOLELA’NG ho atleha bophelong? Ha u ka botsa batho potso eo, u tla hlokomela hore ba e araba ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ba bangata ba re motho ea atlehileng ke ea emeng hantle licheleteng, ea nang le tsebo e khethehileng kapa ea rutehileng. Ba bang ba nka hore katleho e tsamaisana le hore na motho o sebelisana hantle hakae le ba lelapa, metsoalle, kapa basebetsi-’moho le eena. Esita le motho ea sebeletsang Molimo a ka ’na a amahanya katleho le boikarabelo boo a nang le bona ka phuthehong kapa seo a se finyellang tšebeletsong.

2 E le hore u bone kamoo u talimang katleho kateng, u ka ’na ua ngola mabitso a batho ba seng bakae bao u nkang hore ba atlehile—ba u khahlang le bao u ba hlomphang. Ba na le litšobotsi life tse hlaheletseng tse tšoanang? Na ba ruile kapa ba tumme? Na ba hlaheletse? Ho araba lipotso tsena ho ka ’na ha senola se ka pelong ea hao, ’me ha ba le tšusumetso e matla linthong tseo u khethang ho li etsa le lipakaneng tseo u li phehellang.—Luka 6:45.

3. (a) Joshua o ne a lokela ho etsa’ng e le hore a atlehise tsela ea hae? (b) Re tlil’o tšohla eng?

3 Hoo ehlileng e leng habohlokoa ke tsela eo Jehova a talimang katleho ka eona, kaha bophelo ba rōna bo itšetlehile ka hore a re amohele. Ha Jehova a ne a fa Joshua boikarabelo bo boima ba hore a etelle Baiseraele pele ho ba isa Naheng e Tšepisitsoeng, o ile a re a bale Molao oa Moshe “bosiu le motšehare” ’me a ele hloko ho phetha se ngotsoeng moo. Molimo o ile a mo tiisetsa, a re: “Ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.” (Josh. 1:7, 8) Ke ’nete hore Joshua o ile a fela a atleha. Ho thoe’ng ka rōna? Re ka tseba joang haeba tsela eo re talimang katleho ka eona e lumellana le eo Molimo a e talimang ka eona? E le hore  re etse seo, a re tšohleng tsela eo banna ba babeli bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba phetseng ka eona.

NA SOLOMONE O NE A ATLEHILE BOPHELONG?

4. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra bolela hore Solomone o ne a atlehile?

4 Solomone o ne a atlehile ka litsela tse ngata tse ikhethang. Hobane’ng? Hobane o ile a qeta lilemo tse ngata a tšaba Jehova a bile a mo mamela, ’me o ile a mo hlohonolofatsa ka ho enneng. Hopola hore ha Jehova a ne a re Solomone a etse kōpo, morena o ile a kōpa hore a fuoe bohlale ba ho tataisa sechaba. Nakoana ka mor’a moo, Molimo o ile a mo hlohonolofatsa ka bohlale le maruo. (Bala 1 Marena 3:10-14.) Bohlale ba hae bo ne bo “le boholo ho feta bohlale ba baahi bohle ba Bochabela le ho feta bohlale bohle ba Egepeta.” Botumo ba Solomone bo ne bo tsebahala “lichabeng tsohle ka hohle.” (1 Mar. 4:30, 31) Ha ho tluoa leruong la hae teng, boima ba khauta eo a neng a e fumana ka selemo e ne e le lithane tse ka bang 25! (2 Likron. 9:13) O ne a ipabola ka ho ba masene litabeng tsa tsamaiso, kaho le khoebong. Ke ’nete hore nakong eo Solomone a neng a tšepahala ho Molimo, o ile a atleha.—2 Likron. 9:22-24.

5. Solomone o ile a etsa qeto efe ka ba atlehileng mahlong a Molimo?

5 Mantsoe ao Solomone a a ngotseng bukeng ea Moeklesia a bontša hore o ne a sa ea le khongoana holimo, a sa nahane hore ke barui kapa batho ba hlaheletseng feela ba atlehileng le ba thabileng. O ile a ngola, a re: “Kea tseba hore ha ho letho le molemo ho bona ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba motho; le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.” (Moek. 3:12, 13) O ile a hlokomela hore motho ea amoheloang ke Molimo, ea nang le kamano e ntle le Eena, o khotsofatsoa ke lintho tsena tse thabisang. Ka nepo, Solomone o ile a re: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moek. 12:13.

6. Mohlala oa Solomone o re ruta eng ka katleho ea sebele?

6 Solomone o ile a qeta lilemo a tsamaea tšabong ea Molimo. Re bala hore o ile “a tsoela pele ho rata Jehova ka ho tsamaea litaelong tse hlomamisitsoeng tsa ntat’ae Davida.” (1 Mar. 3:3) Na u nka seo e le katleho ea sebele? Molimo o ile a laela Solomone hore a hahe tempele e ntle le hore a ngole libuka tse tharo tsa Bibele, ’me a fela a etsa joalo. Le hoja re ke ke ra lebella ho etsa lintho tseo Solomone a li entseng, mohlala oa ha a ne a tšepahala ho Molimo o lokela ho re bontša tsela eo re lokelang ho lekanyetsa katleho ea sebele ka eona le kamoo re ka e finyellang kateng. Tabeng ena, hopola hore Solomone o ile a ngola ka pululelo hore lintho tseo batho ba bangata kajeno ba nkang hore li bontša katleho—e leng leruo, bohlale, botumo le matla—ke tsa lefeela. Ha e le hantle, lintho tseo ha li na thuso, ke “ho lelekisa moea.” Na ha u e-s’o hlokomele hore ba ratang leruo ba labalabela ho fumana le eketsehileng? ’Me ba atisa ho tšoenyeha ka leo ba nang le lona. Ho feta moo, ka le leng maruo a bona a tla fetela ho ba bang.—Bala Moeklesia 2:8-11, 17; 5:10-12.

7, 8.  Solomone o ile a bontša ho se tšepahale joang, hona phello ea e-ba efe?

7 U boetse ua tseba hore qetellong Solomone o ile a khaotsa ho lula a tšepahala. Lentsoe la Molimo le re: “Nakong ea ho tsofala ha Solomone basali ba hae ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng; ’me pelo ea hae e ne e sa fella ho Jehova Molimo oa hae joaloka pelo ea ntat’ae Davida. . . . Solomone a qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova.”—1 Mar. 11:4-6.

8 Jehova o ile a halefa ka nepo, ’me a re ho Solomone: “Ka lebaka la hore . . . ha ua boloka selekane sa ka le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng tseo ke u laetseng tsona,  ruri ke tla hahola ’muso ho uena, ’me ka sebele ke tla o fa mohlanka oa hao.” (1 Mar. 11:11) E bile ho utloisang bohloko hakaakang! Le hoja Solomone a ile a atleha ka litsela tse ngata, ha nako e ntse e ea o ile a soabisa Jehova. Solomone o ile a hlōleha ntlheng ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong—e leng ho tšepahala ho Molimo. E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Na ke ikemiselitse ho sebelisa seo ke ithutang sona bophelong ba Solomone e le hore ke atlehe?’

BOPHELO BO ATLEHILENG E LE KANNETE

9. Ho ea ka pono ea lefatše, na Pauluse o ne a atlehile? Hlalosa

9 Bophelo ba moapostola Pauluse bo ne bo fapane hōle le ba Morena Solomone. Pauluse o ne a se na terone e entsoeng ka manaka a tlou ebile a sa je le marena. Ho e-na le hoo, ka linako tse ling o ne a lapa, a nyoroa, a hatsela a bile a hloka liaparo. (2 Bakor. 11:24-27) Ka mor’a hore a amohele Jesu e le Mesia, Pauluse o ile a nkoa e se oa bohlokoa bolumeling ba Sejuda. Ho e-na le hoo, baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ile ba mo hloea. O ile a koalloa chankaneng, a shapuoa, a otloa ka melamu a ba a tlepetsoa ka majoe. Pauluse o ile a lumela hore eena le Bakreste-’moho le eena ba ile ba hlapaoloa, ba hlorisoa le ho nyelisoa. “Re fetohile ba tšoanang le lithōle tsa lefatše, lilahloa tsa lintho tsohle, ho fihlela joale.”—1 Bakor. 4:11-13.

Ho ne ho bonahala eka lintho li tsamaela Saule hantle ho ea ka pono ea batho

10. Ke hobane’ng ha ho ne ho ka ’na ha bonahala eka Pauluse o hanne menyetla ea hore a atlehe?

10 Ha moapostola Pauluse e sa le mohlankana a bitsoa Saule, ho ne ho bonahala eka lintho li mo tsamaela hantle. Mohlomong o ne a hlahetse lelapeng la maemo, a rutiloe ke Gamaliele, tichere e hlomphehang, ’me hamorao o ile a ngola a re: “Ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka.” (Bagal. 1:14) Saule o ne a tseba Seheberu le Segerike, a na le tokelo ea ho ba moahi oa Roma, e leng se neng se mo fa litokelo tse itseng tseo ba bang ba neng ba li khalla. Haeba a ne a khethile ho hahamalla katleho linthong tsa lefatše, mohlomong a ka be a ile a hlahella ka mahetla le ho ema hantle licheleteng. Ho e-na le hoo, o ile a khetha tsela eo ba bang—mohlomong le beng ka eena—ba neng ba nka hore ke booatla bo feletseng. Hobane’ng?

11. Ke lintho life tsa bohlokoa tseo Pauluse a ileng a li ananela, hona hobane’ng?

11 Pauluse o ne a rata Jehova ’me a batla ho amoheloa ke eena ho feta ho ba le maruo le ho hlahella bathong. Kaha Pauluse o ne a se a e-na le tsebo e nepahetseng ea ’nete, o ile a ananela bohlokoa ba thekollo, tšebeletso ea Bokreste le tšepo ea ho phela leholimong—e leng lintho tseo lefatše ka kakaretso le li hlokomolohang. Pauluse o ile a hlokomela hore ho na le taba e lokelang ho rarolloa. Satane o ne a itse a ka furallisa  batho hore ba se ke ba sebeletsa Molimo. (Jobo 1:9-11; 2:3-5) Ho sa tsotelle hore na Pauluse o ne a tobane le liteko life, o ne a ikemiselitse ho tšepahala ho Molimo, le ho mamella borapeling ba ’nete. Sena hase seo batho ba lefatše ba ikemiselitseng ho se etsa e le hore ba atlehe.

Pauluse o ne a atlehile e le kannete

12. Ke hobane’ng ha u khethile ho beha tšepo ea hao ho Molimo?

12 Na u na le boikemisetso bo tšoanang le ba Pauluse? Le hoja ka linako tse ling ho se bonolo ho tšepahala, rea tseba hore ho re tlisetsa tlhohonolofatso ea Jehova ’me ho etsa hore a re amohele, e leng sona se atlehisang motho e le kannete. (Liprov. 10:22) Re rua molemo hona joale, ’me ka sebele re ka lebella litlhohonolofatso nakong e tlang. (Bala Mareka 10:29, 30.) Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a ho se behe tšepo ea rōna ‘maruong a sa tsitsang, empa re e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’ Re ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore re ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’ (1 Tim. 6:17-19) Ha e le hantle, re ka kholiseha hore ha re hetla morao ka mor’a lilemo tse lekholo, esita le tse sekete kapa ho feta, re tla khona ho re, “Ka sebele, ke ile ka khetha lintho tse lebisang katlehong ea sebele!”

MOO LETLOTLO LA HAO LE LENG TENG

13. Jesu o ile a fana ka keletso efe mabapi le ho bokella matlotlo?

13 Jesu o ile a bua sena ka matlotlo: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.”—Mat. 6:19-21.

14. Ke hobane’ng ha e le booatla ho hahamalla matlotlo a lefatše?

14 Hase chelete feela eo e ka bang letlotlo la motho lefatšeng. Ha e le hantle, matlotlo a ka ’na a akarelletsa ntho leha e le efe eo Solomone a ileng a ngola ka eona e amanang le tsela eo batho ba talimang katleho ka eona—e leng botumo, bophahamo, kapa matla. Jesu o ile a bua mantsoe a tšoanang le ao Solomone a a buileng bukeng ea Moeklesia—a bontša hore matlotlo a lefatše ha a tšoarelle. Mohlomong joalokaha u hlokometse lefatšeng ka bophara, matlotlo a joalo aa fela ebile motho a ka lahleheloa ke ’ona habonolo. Moprofesa F. Dale Bruner o ile a bua se latelang, ha a ngola ka matlotlo a joalo: “Hoa tsebahala hore monono ke moholi ke mouoane. Kajeno motho ke khalala, hosane o tsoha e se e le motho feela. Motho ea emeng hantle licheleteng selemong sena, selemong se tlang o oele. . . . [Jesu] o rata batho. O ba khothalletsa hore ba qobe masisa-pelo a tlisoang ke khanya ea nakoana. Ha e tšoarelle. Jesu ha a batle hore barutuoa [ba hae] ba soetsehe. ‘Letsatsi le letsatsi, lefatše le fetohela motho ea neng a le okametse.’” Le hoja batho ba bangata ba lumellana le mantsoe ao, ke ba bakae ba a lumellang hore a fetole tsela eo ba phelang ka eona? Ho thoe’ng ka uena?

15. Re lokela ho ikitlaelletsa ho hahamalla katleho ea mofuta ofe?

 15 Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ’nile ba ruta hore ho hahamalla katleho ho fosahetse le hore batho ha baa lokela ho etsa boiteko leha e le bofe ba ho atleha. Leha ho le joalo, hlokomela hore Jesu o ne a sa nyatse boiteko bohle ba ho atleha. Ho e-na le hoo, o ne a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba tsepamise maikutlo a bona tabeng e ’ngoe, a ba eletsa hore ba bokelle ‘matlotlo a sa feleng leholimong.’ Sepheo sa rōna se ka sehloohong e lokela ho ba ho ikitlaelletsa ho atleha ka tsela eo Jehova a talimang katleho ka eona. Ha e le hantle, mantsoe a Jesu a re hopotsa hore re na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na re hahamalla eng. ’Nete ke hore re tla hahamalla se ka lipelong tsa rōna, seo re nkang hore ke sa bohlokoa.

16. Re ka ba le kholiseho e feletseng ho eng?

16 Haeba re batla ho khahlisa Jehova, re ka kholiseha hore o tla re fa lintho tseo re li hlokang. A ka ’na a re lumella hore ka nakoana re lape kapa re nyoroe, joaloka moapostola Pauluse. (1 Bakor. 4:11) Leha ho le joalo, re ka ba le kholiseho e feletseng keletsong e bohlale ea Jesu: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mat. 6:31-33.

FUMANA KATLEHO HO EA KA PONO EA MOLIMO

17, 18. (a) Katleho ea sebele e itšetlehile ka eng? (b) Katleho ha ea itšetleha ka eng?

17 Ntlha ea bohlokoa ke hore: Ho atleha ha rōna e le kannete ha hoa itšetleha ka seo re se finyellang kapa boemo ba rōna sechabeng. Ho feta moo, katleho ea sebele ha e lekanyetsoe ka ho ba le boikarabelo bo itseng ka phuthehong ea Bokreste. Empa tlhohonolofatso e joalo e ka amahanngoa le motheo oa sebele oa katleho, e leng ho mamela le ho tšepahala ha rōna ho Molimo, ea re tiisetsang hore: “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala.” (1 Bakor. 4:2) ’Me re lokela ho lula re tšepahala. Jesu o ile a re: “Ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Mat. 10:22) Na hase ’nete hore ha motho a pholosoa, seo ke bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore o atlehile?

18 Ho latela lintlha tse ka holimo, ua hlokomela hore ho tšepahala ho Molimo ha ho amane le ho hlahella, ho ruteha, ho ema hantle licheleteng, kapa ho ba le maemo sechabeng; kapa hona hore ho itšetlehile ka ho ba bohlale, ho ba le talenta kapa bokhoni. Ho sa tsotellehe hore na re ka ’na ra iphumana re le boemong bofe, re ka tšepahala ho Molimo. Bahlanka ba bang ba Molimo ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ruile, ba bang ba futsanehile. Ka ho utloahalang, Pauluse o ile a eletsa ba ruileng “hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana.” Ba ruileng le ba futsanehileng ba ne “ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Tim. 6:17-19) Hoa tšoana le kajeno. Kaofela ha rōna re na le boikarabelo le monyetla o tšoanang: Re lokela ho lula re tšepahala ’me re “rue mesebetsing e metle.” Haeba re lula re tšepahala, re tla atleha mahlong a ’Mōpi ’me re tla thabela ho tseba hore rea mo khahlisa.—Liprov. 27:11.

19. U ikemiselitse ho etsa’ng e le hore u atlehe?

19 U ka ’na ua sitoa ho laola maemo a hao ka ho feletseng, empa u ka laola tsela eo u sebetsanang le ’ona ka eona. Ikitlaelletse ho tšepahala ho sa tsotellehe maemo ao u tobanang le ’ona. U ke ke ua ikoahlaea. Kholiseha hore Jehova o tla u hlohonolofatsa ka ho enneng—hona joale le ka ho sa feleng. Lula u hopola mantsoe a Jesu ho Bakreste ba tlotsitsoeng: “U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšen. 2:10) Eo ruri ke katleho ea sebele!