Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qoba ho Sebelisa Bibele ka Tsela ea Tumela-khoela

Qoba ho Sebelisa Bibele ka Tsela ea Tumela-khoela

“LENTSOE la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheb. 4:12) Ka mantsoe ao moapostola Pauluse o ile a totobatsa hore lentsoe la Molimo le na le matla a ho ama lipelo le ho fetola bophelo ba batho.

Taba ea hore molaetsa oa Bibele o na le matla, e ile ea sothoa ha bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele bo mela ka metso ka mor’a lefu la baapostola. (2 Pet. 2:1-3) Ha nako e ntse e ea, baeta-pele ba kereke ba ile ba qala ho ruta hore Lentsoe la Molimo le na le matla a boselamose. Moprofesa Harry Y. Gamble o ile a ngola ka “tsela eo mangolo a Bokreste a sebetsang ka mohlolo ka eona.” O re lekholong la boraro la lilemo, mongoli oa lithuto tsa Bokreste ea bitsoang Origen o ile a bolela hore “ho utloa mantsoe a halalelang ka bohona ho molemo: haeba mantsoe a boselamose a bohetene a na le matla, hakaakang ka mantsoe a Molimo a ka mangolong.” John Chrysostom oa ho elella qetellong ea lekholo la bone la lilemo, o ile a re “diabolose a ke ke a ba le sebete sa ho ea ntlong eo ho nang le Kosepele ho eona.” O ile a boela a tlaleha hore ba bang ba roala mantsoe a Likosepele molaleng e le thatho e matla. Moprofesa Gamble o ile a tsoela pele ho re Augustine, eo e neng e le setsebi sa bolumeli sa Mok’hatholike, “o ne a nka hore ha motho a tšoeroe ke hlooho, o lokela ho sama Kosepele ea Johanne”! Kahoo mangolo a Bibele a ile a sebelisetsoa ho etsa mehlolo. Na u nka hore Bibele ke thatho, kapa khoeetsa ea mahlohonolo, e ka u sireletsang bobeng?

Mohlomong tsela e tloaelehileng haholo eo batho ba sebelisang Bibele hampe ka eona ke hore ba e bule feela, ebe ba bala mantsoe a pele ao ba kopanang le ’ona, ba lumela hore a tla ba fa tataiso eo ba e hlokang. Ka mohlala, ho ea ka Moprofesa Gamble, ka lekhetlo le leng ha Augustine a utloa ngoana oa moahelani a re: “Nka u bale, nka u bale,” Augustine o ile a nka seo e le taelo ea Molimo ea hore a bule Bibele ’me a bale mantsoe a pele ao a kopanang le ’ona.

Na u tseba batho bao ha ba le bothateng ba rapelang Molimo ebe ba bala temana ea pele eo ba kopanang le eona ha ba bula Bibele, ba lumela hore e tla ba rarollela bothata? Le hoja e ka ’na eaba ba etsa sena ka sepheo se setle, ena hase tsela eo Bakreste ba lokelang ho batla tataiso ka eona ka Mangolong.

Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore o tla ba romela “mothusi, moea o halalelang.” O ile a tsoela pele a re: “O tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” (Joh. 14:26) Ka lehlakoreng le leng, ho batla tataiso ka ho bula Bibele feela, ha ho hloke hore motho a tsebe Mangolo.

Mokhoa ona le e meng ea ho sebelisa Bibele ka tsela ea tumela-khoela o tloaelehile. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le nyatsa ho batla lipontšo tsa se tlang. (Lev. 19:26; Deut. 18:9-12; Lik. 19:19) “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla,” empa re lokela hore re tsebe ho le sebelisa. Tsebo e nepahetseng ea Bibele ke eona e ntlafatsang bophelo ba batho, eseng ho sebelisa Bibele ka tsela ea tumela-khoela. Tsebo e joalo e thusitse batho ba bangata hore ba itšoare hantle, ba tlohele mekhoa e mebe ba be ba matlafatse kamano ea bona le Mongoli oa Bibele.