Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Pele re tseba ’nete, ’na le mosali oa ka re ne re lumetse hore lingaka li nke mahe a mosali oa ka li a kopanye le peō ea ka ea botona ka laboratoring, kaha re ne re batla ho ba le ngoana. Ha rea ka ra sebelisa mahe ’ohle a emolisitsoeng; a mang a ile a hoamisoa eaba aa bolokoa. Na a lokela ho bolokoa kapa ho lahloa?

Ena ke e ’ngoe ea liqeto tsa bohlokoa litabeng tsa boitšoaro eo banyalani ba lokelang ho e etsa haeba ba khetha ho emolisa mahe a mosali (in vitro fertilization, [IVF]). Banyalani baa ikarabella ka pel’a Jehova mabapi le seo ba khethang ho se etsa. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba molemo ho hlahloba hore na mokhoa ona o sebetsa joang.

Ka 1978, ’mè e mong oa Engelane e bile eena oa pele oa ho ba le ngoana ea emotsoeng ka tsela ena ea maiketsetso. O ne a sa khone ho emola kaha methapo ea hae ea pōpelo e ne e koalehile, ’me peō ea botona e sitoa ho kopana le lehe kapa mahe a hae. Lingaka li ile tsa mo buoa ’me tsa ntša lehe le seng le loketse ho emolisoa, tsa le beha sejaneng sa khalase, eaba li le kopanya le peō ea monna oa hae. Motsoako oo o ile oa kenngoa ka limatlafatsing e le hore o hōle, eaba o kenngoa ka pōpelong ea ’mè eo. Ka mor’a nako o ile a ba le ngoana oa ngoanana. Mokhoa ona le e meng, e tsebahala ka hore ke in vitro (in glass) fertilization, kapa IVF.

Le hoja mekhoa eo IVF e etsoang ka eona e ka ’na ea fapana ho ea ka linaha, ka tloaelo ho etsoa se latelang: ’Mè o fuoa meriana e mo thusang hore a hlahise mahe a mangata. Monna a ka ’na a kōpuoa hore a fane ka peō ea botona ka hore a ipholle setho sa botona. Mahe le peō ea botona e hloekisitsoeng li kopanngoa ka laboratoring. Ho ka etsahala hore ho emolisoe mahe a mangata ebe a qala ho aroha ho hlahisa masea. Ka mor’a hoo e ka bang letsatsi, mahe a emolisitsoeng a hlahlojoa ka hloko e le ho khetholla a bonahalang a e-na le bothata ho a phetseng hantle a tla lumela ho hōla ka pōpelong. Hoo e ka bang letsatsing la boraro, ka tloaelo ho kenngoa mahe a mabeli kapa a mararo a phetseng hantle ka pōpelong ea ’mè, e le ho mo nolofalletsa ho ima. Haeba ’mele oa hae o amohela lehe le le leng kapa a ’maloa, oa ima ’me ho ka lebelloa hore a be le ngoana.

Empa ho etsahala’ng ka mahe a sa sebelisoang, ho akarelletsa le a bonahalang a sa phela hantle hakaalo kapa a senyehileng? Haeba a tloheloa feela, ha a sa tla ba le thuso. Pele seo se etsahala, mahe a sa sebelisoang a ka ’na a hoamisoa ka mokelikeling oa  naetrojene. Hobane’ng? E le hore haeba ’mè a sa ime ka lekhetlo la pele ho ka ’na ha sebelisoa mahe a mang, ka litšenyehelo tse tlaase. Leha ho le joalo, sena se hlahisa lipotso tsa bohlokoa tabeng ea boitšoaro. Joaloka tabeng ea banyalani ba botsitseng potso e ka holimo, banyalani ba bangata ha ba tsebe hore na ba etse’ng ka mahe a hoamisitsoeng. E ka ’na eaba ha ba batle ho ba le bana ba eketsehileng. Batsoali ba ka ’na ba thatafalloa ho ba le ngoana e mong hobane ba hōlile kapa maemo a bona a lichelete a sa ba lumelle. Ba ka ’na ba tšaba likotsi tse amanang le ho ima masea a mangata. * Ho shoa ha molekane e mong ho ka thatafatsa lintho, kapa haeba e mong kapa bobeli ba bona ba kena manyalong a mang. Ha e le hantle, ho ba le mathata a mangata a hlahang, ka lebaka leo, banyalani ba bang ba qeta lilemo ba lefella mahe hore a bolokoe.

Ka 2008, The New York Times e tlalehile hore setsebi se sebetsanang le baimana se boletse hore batsoali ba bangata ba ne ba sa tsebe hore na ba etse’ng ka mahe a sa sebelisoang. Koranta eo e ile ea re: “Naheng ena ho na le bonyane mahe a 400 000 a hoamisitsoeng litleliniking ’me ho ntse ho eketsoa a mang letsatsi le letsatsi . . . Mahe a emolisitsoeng a ka qeta lilemo tse leshome kapa ho feta haeba a hoamisitsoe hantle empa a mang aa senyeha ha a qhibilihisoa.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ntlha ena e etsa hore Bakreste ba nahane taba ena ka ho teba. Hobane’ng?

Banyalani ba Bakreste ba tobaneng le mathata a hlahisoang ke IVF ba ka nahana ka se etsahalang boemong bo latelang. Mokreste a ka ’na a tlameha ho etsa qeto ea hore na ho etsoe’ng ka moratuoa ea kulelang lefu ’me a phelisoa ke mechine, ka mohlala a kentsoe mochineng o mo thusang ho hema. Bakreste ba ’nete ba lakatsa hore baratuoa ba bona ba fuoe tlhokomelo ea meriana; ’me tumellanong le Exoda 20:13 le Pesaleme ea 36:9, ba nka bophelo e le ba bohlokoa. Tsoha! (ea Senyesemane) ea May 8, 1974, e ile ea re: “Kaha ba lakatsang ho phela ka melao-motheo  ea Bibele ba hlompha pono ea Molimo ka khalalelo ea bophelo, ’me ba hlompha matsoalo a bona ebile ba mamela melao ea naha, ba ke ke ba thusa ho qetela motho ea kulang haholo,” e leng ho bolaea mokuli ka boomo. Empa maemong a mang, ntho feela e etsang hore mokuli a lule a phela ke hobane a kentsoe mochineng. Litho tsa lelapa li lokela ho etsa qeto ea hore na a tsoele pele a le mochineng kapa che.

Ke ’nete hore boemo bona ha bo tšoane le ba banyalani ba khethileng ho sebelisa IVF, eaba ho bolokoa mahe a sa sebelisoang. Ntho e ’ngoe eo ho ka ’nang ha thoe ba e etse ke ho ntša mahe a hoamisitsoeng ka mokelikeling oa naetrojene, e le hore a qhibilihe. Ha a le ka ntle ho sehatsetsi, mahe ao aa qhibiliha ’me aa senyeha. Banyalani ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla lumella seo kapa che.—Bagal. 6:7.

Kaha banyalani ba khethile ho sebelisa IVF e le hore mosali a ime ’me mohlomong ba be le ngoana, ba ka ’na ba khetha ho jara litšenyehelo tsa ho boloka mahe ao a hoamisitsoeng kapa ba khetha ho a sebelisa nakong e tlang ha ba batla ho ba le ngoana e mong. Empa banyalani ba bang ba ka khetha ho emisa ho lefella litšenyehelo tsa ho boloka mahe a hoamisitsoeng, hobane ba nka hore a bolokiloe feela ka motsoakong oa maiketsetso. Bakreste ba tobaneng le qeto ena ba lokela ho sebelisa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele, ’me baa ikarabella ka pel’a Molimo. Ba lokela ho ikemisetsa ho ba le matsoalo a hloekileng, ’me ka nako e tšoanang ba nahanela matsoalo a ba bang.—1 Tim. 1:19.

Bakreste ba tobaneng le qeto ena ba lokela ho sebelisa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele, ’me baa ikarabella ka pel’a Molimo

Setsebi se seng sa bongaka se hlokometse hore banyalani ba bangata “ba ne ba ferekane ba bile ba amehile ka ho teba ka boikarabelo ba ho etsa qeto ea hore na ba etse joang ka mahe [a hoamisitsoeng].” Se ile sa phetha ka ho re: “Ho bonahala ho banyalani ba bangata, ho se na qeto e nepahetseng.”

Ho hlakile hore Bakreste ba ’nete ba nahanang ka ho sebelisa IVF, ba lokela ho nahana ka liphello tse tebileng tse tlisoang ke mokhoa ona. Bibele ea eletsa: “Motho ea seli o bona kotsi, a e balehe; ea se nang tsebo o hahamalla pele, a be a e’o oela.”—Liprov. 22:3, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Batho ba babeli ba sa nyalanang ba ithutang Bibele ba batla ho kolobetsoa, empa ba sitoa ho ngolisa lenyalo la bona ka molao kaha monna ha a na tumello ea molao ea ho ba mojaki. ’Muso ha o lumelle mojaki ea seng molaong ho tiisa lenyalo. Na ba ka saena Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala, ebe ka mor’a moo baa kolobetsoa?

Seo se ka ’na sa bonahala eka ke tharollo, empa hase tsela ea Mangolo ea ho rarolla bothata ba bona. E le hore re utloisise lebaka la seo, a re qaleng ka ho hlahloba morero oa Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala, hore na e etselitsoe’ng, e sebetsa joang le hore na e ka ’na ea sebetsa maemong afe.

Tokomane ena ke phatlalatso e saenoang ke banyalani bao ka lebaka le boletsoeng ka tlaase mona, ba haneloang ho tiisa lenyalo ’me ba e saena ka pel’a lipaki. Tokomaneng eo ba itlama hore ba tla tšepahala e mong ho e mong le hore ba tla ngolisa lenyalo la bona ka molao ha monyetla o hlaha. Phutheho e tla nka hore ba itlamme ka pel’a Molimo le batho hore ba tla tšepahala e mong ho e mong, kahoo ho tla tšoana le ha ba tiisitse lenyalo ka pel’a ba boholong.

Ke hobane’ng ha ho etsoa Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala, hona e ka etsoa neng? Jehova o thehile lenyalo ’me o le nka e le la bohlokoa. Mora oa hae o ile a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:5, 6; Gen. 2:22-24) Jesu o ile a phaella a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola [boitšoaro bo litšila ba ho kopanela  liphate], ’me a nyala e mong oa feba.” (Mat. 19:9) Kahoo lebaka feela la Mangolo leo motho a ka hlalang ka lona ke “bohlola,” e leng boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Ka mohlala, haeba monna a kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hae, mosali oa hae ea se nang molato a ka etsa qeto ea hore na a mo hlale kapa che. Haeba a khetha ho mo hlala, o lokolohile ho nyaloa ke e mong.

Leha ho le joalo, linaheng tse ling, haholo-holo nakong e fetileng, kereke e ka sehloohong e ne e hana ho latela ntlha ena e boletsoeng ka ho hlaka ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, e ne e ruta hore ho ke ke ha fanoa ka lengolo la tlhalo boemong leha e le bofe. Kahoo, libakeng tseo kereke e nang le tšusumetso e matla ho tsona, molao oa naha o ne o hanela tlhalo, esita leha ho na le lebaka le utloahalang leo Jesu a le boletseng. Linaheng tse ling, batho ba lumelloa ho hlala, empa ho etsa seo ho nka nako, ebile ke taba e rarahaneng. Seo se ka ’na sa nka lilemo tse ngata-ngata. Ho joalokaha eka kereke kapa ’muso o ‘sitisa’ seo Molimo a se amohelang.—Lik. 11:17.

Ka mohlala, batho ba batlang ho nyalana ba ka ’na ba lula naheng eo batho ba sa khoneng kapa ho le thata hore ba hlale, mohlomong ho bile ho nka lilemo. Haeba ba entse boiteko bohle ba hore e mong a hlalane le molekane oa hae oa pele ebile ba tšoaneleha mahlong a Molimo hore ba ka nyalana, ba ka ’na ba saena Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala. Ena ke tokisetso e mosa e entsoeng ke phutheho ea Bokreste hore e sebelisoe linaheng tseo. Empa ha ea lokela ho sebelisoa linaheng tse ngata tseo batho ba ka khonang ho hlala, esita le haeba ho etsa seo ho hloka chelete e ngata kapa ho le thata.

Ba bang ka ho se utloisise, ba ’nile ba kōpa ho saena Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala ho e-na le hore ba sokole, le hoja ba lula linaheng tseo batho ba lumeletsoeng ho hlala.

Monna le mosali bao ho buoang ka bona potsong ena, ba se ba ntse ba lula ’moho le hoja ba sa nyalana. Ho ea ka Mangolo, ka bobeli ba lokolohile; ha ho ea tlamelletsoeng ho molekane e mong. Empa monna ke mojaki ea seng molaong, ’me ’muso o ke ke oa tiisa lenyalo la motho ea joalo. (Linaheng tse ngata ba boholong ba lumela ho nyalisa batho esita le haeba a le mong kapa ka bobeli ba se na tumello ea bojaki.) Naheng ena eo ba lulang ho eona, batho ba lumelletsoe ho hlala. Kahoo, ha baa lokela ho saena Phatlalatso ea Boitlamo ba ho Tšepahala. Hlokomela hore tabeng ea batho bana, ha ho ea lokelang ho hlala molekane e mong empa a haneloa ho mo hlala. Ka bobeli ba lokolohile hore ba ka nyalana. Empa kaha monna ha a na tumello ea bojaki, ba ka etsa’ng hore ba nyalane? Ba ka ’na ba ea naheng e ’ngoe eo boemo ba hae bo ke keng ba ba sitisa ho nyalana. Kapa ba ka ’na ba khona ho nyalana le hona naheng eo ba lulang ho eona haeba monna a leka ho fumana tumello ea molao ea hore a lule moo.

Ha e le hantle, batho bana ba ka etsa hore ba phele ka tsela e lumellanang le melao ea Molimo le ea Cesare. (Mar. 12:17; Bar. 13:1) Re tšepa hore ba tla etsa joalo. Ka mor’a moo ba ka ’na ba tšoanelehela ho kolobetsoa.—Baheb. 13:4.

^ ser. 6 Ho etsahala’ng haeba ho bonahala eka lesea e tla ba sehole kapa masea a hōla a le mangata ka pōpelong? Ho bolaea lesea ka boomo le e-s’o tsoaloe ke ho ntša mpa. Ha ho sebelisoa mokhoa ona oa IVF, ho tloaelehile hore ’mè a ime masea a mangata (a mabeli, a mararo, kapa ho feta), e leng ho tlisang likotsi tse eketsehileng tse kang hore ’mè a pepe pele ho nako le ho lahleheloa ke mali. ’Mè ea immeng masea a mangata a ka ’na a khothalletsoa ho fokotsa a mang ka ho bolaea le le leng kapa a ’maloa. Hoo e tla be e le ho ntša mpa, e leng ho bolaea.—Ex. 21:22, 23; Pes. 139:16.