Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molula-Qhooa o Ngotsoeng ka Senyesemane se Nolofalitsoeng​—O Ngoletsoe’ng?

Molula-Qhooa o Ngotsoeng ka Senyesemane se Nolofalitsoeng​—O Ngoletsoe’ng?

KA LILEMO tse mashome banna le basali lefatšeng lohle ba ’nile ba ananela boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng bo hatisoang Molula-Qhooeng ba ba ba rua molemo ho bona. Ka July 2011, ho ile ha hatisoa Molula-Qhooa o ithutoang ka Senyesemane se nolofalitsoeng. Tokollo eo e ile ea re: “Re tla hatisa Molula-Qhooa oa Senyesemane se nolofalitsoeng ka nako e etsang selemo e le hore ho bonoe hore na o tsamaea joang.”

Joale, re thabela ho le tsebisa hore re entse qeto ea ho tsoela pele re o ho hatisa. Ho feta moo, ha nako e ntse e ea ho tla ba le khatiso e nolofalitsoeng ka Sefora, Sepanishe le Sepotoketsi.

LEBAKA LA HORE BATHO BA E ANANELE

Ka mor’a hore batho ba bangata ba Solomon Islands ba fumane khatiso ena e nolofalitsoeng, ba ile ba re: “Hona joale barab’abo rōna ba utloisisa Molula-Qhooa hantle.” E mong o ile a ngola lengolo a re: “Nako eo motho a neng a e qeta a sheba mantsoe le litlhaloso tsa ’ona, hona joale o e sebelisetsa ho utloisisa mangolo a qotsitsoeng le hore na a amana joang le se rutoang.”

“Nako eo motho a neng a e qeta a sheba mantsoe le litlhaloso tsa ’ona, hona joale o e sebelisetsa ho utloisisa mangolo a qotsitsoeng le hore na a amana joang le se rutoang”

Motho e mong oa United States ea nang le lengolo la koleche o re: “Ke qetile lilemo tse 18 ke bua ke bile ke ngola puo e thata e neng e utloisisoa ke batho ba rutehileng feela. Ke  ile ka tloaela ho bua le ho nahana ka tsela e rarahaneng ho feta tekano. Ke ile ka elelloa hore ho hlokahala ke fetole mokhoa oo ke nahanang le ho bua ka oona.” Hona joale ha e se e le ’moleli oa litaba tse molemo ea atlehang o re: “Molula-Qhooa o nolofalitsoeng o nthusitse haholo. Puo ea oona ke mohlala oa kamoo nka hlalosang lintho ka tsela e bonolo kateng.”

Morali’abo rōna oa Engelane ea kolobelitsoeng ka 1972 o ile a ngola tjena ka Molula-Qhooa o ithutoang oa Senyesemane se nolofalitsoeng: “Ha ke bala khatiso ea pele ke ne ke utloa eka Jehova o lutse pel’a ka a behile letsoho la hae lehetleng la ka ’me re e bala hammoho. Ho ne ho le joalokaha eka ntate o lutse betheng ea ngoana o mo balla pale e mo koeetsang e le hore a robale.”

Morali’abo rōna oa Bethele ea United States ea kolobelitsoeng lilemong tse 40 tse fetileng, o ile a re ka linako tse ling khatiso ena e nolofalitsoeng e mo fa leseli le lecha. Ka mohlala, lebokoseng le reng “Mantsoe a Mang aa Hlalosoa” le tokollong ea September 15, 2011, le ile la hlalosa ‘leru la Lipaki’ le hlahang ho Baheberu 12:1 ka mantsoe ana: “Ba ne ba le bangata hoo ba neng ba ke ke ba baloa.” O ile a re: “Sena se ile sa etsa hore ke utloisise temana ena hantle.” Ha a bua ka seboka sa beke le beke, o ile a re: “Esita le haeba ngoana a bala likarabo tsa hae ka ho toba khatisong e nolofalitsoeng, mantsoe a tsona ha a tšoane le a tokollo ea Molula-Qhooa e tloaelehileng eo ba bangata ba e tšoarang. Kahoo likarabo tsa ngoana li hlabolla bamameli.”

Morali’abo rōna e mong oa Bethele o re: “Ke lebella ka thabo ho utloa ha bana ba phuthehong ba araba. Khatiso ea Molula-Qhooa o nolofalitsoeng  e ba thusa hore ba arabe ka kholiseho. Likarabo tsa bona lia nkhothatsa.”

Morali’abo rōna e mong ea kolobelitsoeng ka 1984 o ile a bontša hore o ananela khatiso e nolofalitsoeng ha a re: “Ke nka hore e ngoletsoe ’na. Ka sebele e etsa hore ke utloisise seo ke se balang. Hona joale ke ikutloa ke e-na le sebete sa ho araba Thutong ea Molula-Qhooa.”

THULUSI EO BATSOALI BA E NKANG E LE LETLOTLO

’Mè oa moshemane ea lilemo li supileng o ile a re: “Re ne re atisa ho nka nako e telele re mo hlalosetsa lipolelo tse ngata ha re lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, ’me seo se ne se khathatsa.” Khatiso ea Molula-Qhooa o nolofalitsoeng e ba thusitse joang? O re: “Ke makatsoa ke hore o khona ho bala lirapa ebile o utloisisa seo a se balang. Kaha ho sebelisitsoe mantsoe a bonolo le lipolelo tse khutšoanyane, seo ha se mo ferekanye. O qalile ho iphumanela likarabo tseo a tla fana ka tsona libokeng ke sa mo thuse, ’me o tsepamisa mohopolo ho fihlela thuto e fela.”

“Ke makatsoa ke hore o khona ho bala lirapa ebile o utloisisa seo a se balang”

’Mè oa ngoanana ea lilemo li robong o re: “Pele re ne re tlameha ho mo thusa ho fumana likarabo. Hona joale o iphumanela tsona. Ke ka seoelo re lokelang ho qeta nako re mo hlalosetsa se ngotsoeng. Kaha boitsebiso boo ha bo mo thatafalle, hona joale o thabela ho kopanela Thutong ea Molula-Qhooa.”

BANA BA IKUTLOA JOANG?

Bana ba bangata ba nka hore khatiso ea Molula-Qhooa o nolofalitsoeng e etselitsoe bona ka ho khetheha. Rebecca ea lilemo li 12 o ile a etsa kōpo e latelang: “Ke kōpa hore le tsoele pele ho hatisa Molula-Qhooa ona o mocha!” A boela a re: “Ke rata karolo e reng ‘Mantsoe a Mang aa Hlalosoa.’ E bonolo ho bana.”

Nicolette ea lilemo li supileng o ikutloa ka tsela e tšoanang, o re: “Ke ne ke thatafalloa ho utloisisa Molula-Qhooa. Hona joale ke khona ho araba khafetsa ho se na motho ea nthusang.” Emma ea lilemo li robong o re: “E re thusitse haholo le ngoan’eso ea lilemo li tšeletseng. Re khona ho e utloisisa! Rea leboha!”

Ho hlakile hore ba bangata ba rua molemo khatisong ena ea Molula-Qhooa o ngotsoeng ka mantsoe le lipolelo tse bonolo. E finyella se hlokahalang ’me e tla tsoela pele ho hatisoa hammoho le khatiso e tloaelehileng eo e bileng tokisetso e molemo ho tloha ka 1879.