Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Re ka tima mollo oa ho se laole leleme joang?

Re lokela ho hlahloba lipelo tsa rōna. Ho e-na le hore re tšoaee mor’abo rōna phoso, ke hobane’ng ha re sa hlahlobe hore na ke’ng se re susumelletsang ho etsa joalo? Na re mo tšoaea liphoso hobane re leka ho bontša hore re molemo ho mo feta? Ho feta moo, ho tšoaea ba bang liphoso ho mpefatsa boemo le ho feta.—8/15, leqepheng la 21.

Molao o ile oa bontša hore Molimo o talima basali joang?

Basali ba Baiseraele ba ne ba e-na le bolokolohi bo boholo, ba rutehile. Ba ne ba hlomphuoa, ’me litokelo tsa bona li sireletsoa.—9/1, leqepheng la 5-7.

Ho tla etsahala’ng pele letsatsi la Jehova le fihla?

Ho tla etsoa mohoo oa “khotso le tšireletseho!” Lichaba li tla hlasela “Babylona e Moholo” li be li e felise. Batho ba Jehova ba tla hlaseloa. Ntoa ea Armagedone e tla qala, ebe Satane le bademona ba hae ba liheloa ka mohohlong.—9/15, leqepheng la 4.

Ho se tsebe letsatsi la bofelo ho re ruisa molemo joang?

Ho se tsebe letsatsi kapa hora eo bofelo bo tla tla ka eona ho etsa hore re bontše se hlileng se leng ka lipelong tsa rōna. Ho re fa monyetla oa ho thabisa pelo ea Molimo. Ho re susumelletsa hore re itele ho bile ho re thusa hore re tšepe Molimo le Lentsoe la hae ka ho feletseng. Ho feta moo, ho etsa hore liteko tseo re thulanang le tsona hona joale li matlafatse tumelo ea rōna.—9/15, leqepheng la 24-25.

Re ka sebelisa Genese 3:19 joang ha re bua le motho ea lumelang hore ho na le mollo oa lihele?

Temana ena e re lefung Adama o ne a tla khutlela lerōleng, ha e re o tla ea liheleng.—10/1, leqepheng la 13.

“Linaleli tse supileng” tse ka letsohong la Jesu le letona tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo 1:16, 20 li emela bo-mang?

Li emela balebeli ba tlotsitsoeng empa li ka boela tsa emela balebeli bohle ba phutheho.—10/15, leqepheng la 14.

Lelapa le ka etsa’ng ha le e-na le likoloto?

Banyalani ba lokela ho buisana ka likoloto tsa bona ba sa pate letho ba bile ba khobile matšoafo. Ho ka ba molemo hore ba hlahlobe tsela eo ba rerang ho sebelisa chelete ka eona. Na ba ka eketsa chelete e kenang ka lapeng kapa ba fokotsa litšenyehelo? Ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla qala ka likoloto life, mohlomong ba buisane le batho bao ba ba kolotang. Empa ba lokela ho talima lintho ka tsela ea sebele ’me ba be le pono e nepahetseng ka chelete. (1 Tim. 6:8)—11/1, leqepheng la 19-21.

Jesu o ile a bontša joang hore o ikokobelitse joalokaha ho bontšoa ho Esaia 50:4, 5?

Litemana tseo li re ea nang le “leleme la ba rutiloeng” a ke ke a “retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.” Jesu o ile a bontša boikokobetso ka hore a mamele ka hloko seo Ntate oa hae a mo rutileng sona. Jesu o ne a labalabela a bile a ikemiselitse ho ithuta seo Jehova a neng a mo ruta sona, a ela hloko tsela eo Molimo a ileng a ikokobetsa ka eona ha a ne a bontša mohau ho batho ba baetsalibe.—11/15, leqepheng la 11.

Setempe sa boikhopotso sa Estonia se ile sa fana ka bopaki ba botšepehi ba Lipaki Tsa Jehova joang?

Ka 2007 Poso e Khōlō ea Estonia e ile ea lokolla setempe se bontšang tlhaselo ea Stalin e neng e reretsoe ho timetsa Maestonia. Setempeng sena ho ngotsoe 382, e leng palo ea Lipaki le bana ba tsona tseo ka 1951 li ileng tsa isoa likampong tse hōle tsa mosebetsi o boima Russia.—12/1, leqepheng la 27-28.