Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A re Luleng re le “Baahi ba Nakoana”

A re Luleng re le “Baahi ba Nakoana”

“Kea le eletsa joaloka bajaki le baahi ba nakoana hore le ’ne le ile litakatso tsa nama.”—1 PET. 2:11.

1, 2. Petrose o ne a bua ka bo-mang ha a re “ba khethiloeng,” hona ke hobane’ng ha a ne a re ke “baahi ba nakoana”?

LILEMO tse ka bang 30 ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, moapostola Petrose o ile a ngolla “baahi ba nakoana ba hasa-hasaneng Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia, le Bithynia, ho ba khethiloeng.” (1 Pet. 1:1) Ho hlakile hore ha Petrose a ne a bua ka “ba khethiloeng,” o ne a bolela ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang joaloka eena ’me ba filoe “tsoalo e ncha ho tla tšepong” ea ho busa le Kreste leholimong. (Bala 1 Petrose 1:3, 4.) Empa ke hobane’ng ha ka mor’a moo a ile a re bana ba khethiloeng ke “bajaki le baahi ba nakoana”? (1 Pet. 2:11) Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re lokela ho thahasella see, le hoja ho e-na le Lipaki tse seng kae feela tse ipolelang hore ke batlotsuoa, kapa ba khethiloeng?

2 Ho ne ho loketse ho sebelisa poleloana e reng “baahi ba nakoana” ho batlotsuoa ba lekholong la pele la lilemo. Joaloka masala a ntseng a phela kajeno, ba ne ba ke ke ba phela ka ho sa feleng lefatšeng. Moapostola Pauluse, eo e neng e le karolo ea “mohlatsoana,” o ile a re: “Ha e le rōna, boahi ba rōna bo teng maholimong, e leng sebaka seo ho sona ka tabatabelo re boetseng re letetseng mopholosi, Morena Jesu Kreste.” (Luka 12:32; Bafil. 3:20) Kaha ‘boahi ba batlotsuoa bo maholimong,’ ha ba e-shoa ba siea lefatše ba fumana bophelo bo molemo haholo ba ho se shoe maholimong. (Bala Bafilipi 1:21-23.) Ha e le hantle ho ka boleloa hore ke “baahi ba nakoana” lefatšeng le tlas’a taolo ea Satane.

3. Joale ho hlaha potso efe mabapi le “linku tse ling”?

3 Empa ho thoe’ng ka “linku tse ling”? (Joh. 10:16) Na Mangolo ha a tšepise hore li tla phela lefatšeng  ka ho sa feleng? Ka sebele leo e tla ba lehae la tsona la ka ho sa feleng! Leha ho le joalo, ho ka boleloa hore hona joale le tsona ke baahi ba nakoana. Ka kutloisiso efe?

“PŌPO EOHLE E NTSE E TSOELA PELE HO BOBOLA”

4. Baeta-pele ba lefatše ha ba khone ho thibela eng?

4 Hafeela lefatše le khopo la Satane le ntse le lumeletsoe ho ba teng, batho bohle ho akarelletsa le Bakreste, ba tla tsoela pele ho hlokofatsoa ke liphello tsa borabele ba Satane khahlanong le Jehova. Baroma 8:22 e re: “Rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” Ho sa tsotellehe hore na baeta-pele ba lefatše, bo-rasaense le batho ba fanang ka liphallelo ba ikemiselitse hakae, ha ba khone ho thibela seo.

5. Ho tloha ka 1914, batho ba limilione ba nkile bohato bofe, hona hobane’ng?

5 Kahoo, ho tloha ka 1914, batho ba limilione ba ikhethetse ho ba bafo ba Morena oa Molimo ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste. Ha ba lakatse ho ba karolo ea tsamaiso ea Satane. Ba hana ho tšehetsa lefatše la Satane. Ho e-na le hoo, ba sebelisa matla le matlotlo a bona ho tšehetsa ’Muso oa Molimo, ka ho etsa mesebetsi e amanang le oona.—Bar. 14:7, 8.

6. Lipaki Tsa Jehova ke bajaki ka kutloisiso efe?

6 Ka sebele, Lipaki Tsa Jehova ke baahi ba bolokang molao linaheng tse fetang 200, empa ho sa tsotellehe hore na li lula hokae, li tšoana le bajaki. Ha li itšunya-tšunye lipolotiking le litabeng tse etsahalang sechabeng letsatsi le letsatsi. Le hona joale, li nka hore ke baahi ba lefatše le lecha la Molimo. Li thabela ho bona hore nako ea hore e be baahi ba nakoana tsamaisong ena ea lintho e senyehileng e fokotseha ka potlako.

Ha re leke ho pholosa lefatše la Satane. Re tsebahatsa lefatše le lecha la Molimo

7. Bahlanka ba Molimo e tla ba baahi ba ka ho sa feleng joang, hona hokae?

7 Haufinyane Kreste o tla sebelisa matla a hae ho timetsa tsamaiso e khopo ea Satane. ’Muso oa Kreste o phethahetseng  o tla felisa sebe le masoabi lefatšeng. O tla tlosa mesaletsa eohle e bonahalang le e sa bonahaleng ea borabele khahlanong le bobusi ba Jehova bo loketseng. Bahlanka ba Molimo ba tšepahalang e tla ba baahi ba ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. (Bala Tšenolo 21:1-5.) Ka nako eo, pōpo “e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:21.

KE’NG SE LEBELETSOENG HO BAKRESTE BA ’NETE?

8, 9. Hlalosa hore na Petrose o ne a bolela’ng ha a re “le ile litakatso tsa nama.”

8 Petrose o hlalosa se lebeletsoeng ho Bakreste ha a re: “Baratuoa, kea le eletsa joaloka bajaki le baahi ba nakoana hore le ’ne le ile litakatso tsa nama, tsona tse tsoelang pele ho loantšana le moea.” (1 Pet. 2:11) Qalong keletso eo e ne e lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, empa e sebetsa le ho linku tse ling tsa Jesu.

9 Litakatso tse ling ha lia fosahala hafeela li khotsofatsoa ka tsela eo ’Mōpi a e laetseng. Ha e le hantle, li natefisa bophelo. Ka mohlala, ho tloaelehile hore motho a lakatse ho thabela lijo le lino tse monate, ho kopanela boikhathollong le ho thabela botsoalle bo hahang. Esita le takatso ea hore motho a kopanele liphate le molekane oa hae e loketse ebile e na le sebaka sa eona. (1 Bakor. 7:3-5) Leha ho le joalo, ka nepo Petrose o ile a totobatsa hore “litakatso tsa nama” tseo a buang ka tsona ke “tse tsoelang pele ho loantšana le moea.” E le ho hlakisa ntlha ena, liphetolelo tse ling tsa Bibele li re ke “litakatso tse litšila” (King James Version) kapa “litakatso tsa boetsalibe” (New International Version). Ho hlakile hore motho o lokela ho loantša takatso efe kapa efe e hananang le morero oa Molimo le e ka senyang kamano ea hae le eena. Ho seng joalo, Mokreste a ka ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.

10. Satane o sebelisa mekhoa efe e meng ho etsa hore Bakreste e be karolo ea lefatše?

10 Sepheo sa Satane ke ho fokolisa boikemisetso ba Bakreste ba ’nete ba ho inka e le “baahi ba nakoana” tsamaisong ea kajeno. O batla hore re rate lintho tse bonahalang, re hoheloe ke boitšoaro bo litšila, re rate botumo, re iketelletse pele linthong tsohle re be re ikhantše ka sechaba sa habo rōna—ana ke maraba a Satane ’me re lokela ho a talima ka tsela eo. Ka ho ikemisetsa ho hanela litakatso tsena tsa nama, re bontša ka ho hlaka hore ha re batle ho ba karolo ea lefatše le khopo la Satane. Re bontša hore re baahi ba lona ba nakoana. Seo re lekang ka matla ho se finyella ke ho ba baahi ba ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.

BOITŠOARO BO BOTLE

11, 12. Ka linako tse ling basele ba talingoa joang, ’me ho ka thoe’ng ka Lipaki Tsa Jehova?

11 Temaneng ea 12, Petrose o tsoela pele ho hlalosa se lebeletsoeng ho “baahi ba nakoana” ba Bakreste ha a re: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.” Ka linako tse ling basele, e leng baahi ba nakoana naheng eo e seng ea habo bona, baa sonngoa. Ba ka ’na ba talingoa e le linokoane, hobane feela ba sa tšoane le baahelani ba bona. Mohlomong tsela eo ba buang, ba etsang lintho, ba aparang ka eona esita le eo ba shebahalang ka eona e fapane le ea baahi ba moo. Empa  ha ba etsa mesebetsi e metle, ka mantsoe a mang ba itšoere hantle, sena se bontša hore taba ea hore ke mekhelo ha e na motheo.

12 Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete ba fapana le baahelani ba bona ka litsela tse itseng, mohlomong ka tsela eo ba buang ka eona kapa boithabiso boo ba bo khethang. Hangata tsela eo ba aparang ka eona le eo ba itlhophang ka eona ea ba khetholla sechabeng. Ka linako tse ling, lintho tsena tse ba khethollang li entse hore batho ba sa ba tsebeng ba ba qose ka hore ke baetsi ba bobe. Leha ho le joalo, ba bang ba ka rorisa tsela eo ba phelang ka eona.

13, 14. Ke joang bohlale ‘bo pakoang ke mesebetsi ea bona hore bo lokile’? Hlalosa.

13 Boitšoaro ba rōna bo botle bo ka khutsisa batho ba re nyatsang ntle ho mabaka. Esita le Jesu, e leng eena feela motho ea kileng a tšepahala ho Molimo ka ho phethahetseng, o ile a qosoa ka bohata. Ba bang ba ne ba re ke “motho oa monyollo le ea ineheletseng ho noa veine, motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe.” Ha e le hantle, tsela e bohlale eo a neng a sebeletsa Molimo ka eona e ile ea bontša hore batho baa mo etselletsa ha ba re ke moetsi oa bobe. Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Mat. 11:19) Ho joalo le kajeno. Ka mohlala, batho ba bang ba ahelaneng le bara le barali babo rōna ba sebeletsang Bethele ea Selters, Jeremane, ba nka hore ke batho ba makatsang. Empa ramotse oa moo o ile a ba buella a re: “Lipaki tse lulang moo li iphelela ka tsela ea tsona, ’me ha li tšoenye motho.”

’Nete ea Bibele e kopantse lelapa lena la Russia

14 Ho sa tsoa fihleloa qeto e tšoanang ka Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow, Russia. Ho ’nile ha etsoa liqoso tse ’maloa tsa bohata khahlanong le tsona. Eaba ka June, 2010, Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho le Strasbourg, Fora, le etsa qeto e reng: “Lekhotla le fumane hore ha ho na molao o emelang [Moscow] ka ho itšunya-tšunya ha eona tokelong ea mokōpi ea ho ba le bolokolohi ba bolumeli le ea ho bokana hammoho. Makhotla a Russia ha aa ka a fana ka bopaki ‘bo utloahalang le bo lekaneng’ ho bontša hore mokōpi” o molato, ka mohlala hore o qhala malapa, o khothalletsa batho ho ipolaea kapa ho hana phekolo ea meriana. Kahoo, “makhotla a naha a ne a lihile kahlolo e boima haholo kaha molao oa naha ha o tenyetsehe ebile kotlo eo ha e lekane le tlōlo e entsoeng.”

BOIKOKOBETSO BO LOKETSENG

15. Bakreste ba ’nete lefatšeng lohle ba latela molao-motheo ofe oa Bibele?

15 Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow—ha e le hantle, lefatšeng lohle—li phetha taelo e ’ngoe e fuoeng Bakreste eo Petrose a buileng ka eona ha a re: “Ka lebaka la Khosi ipeheng tlas’a pōpo e ’ngoe le e ’ngoe e motho: ebang ke morena joalokaha e le ea phahameng kapa babusisi.”  (1 Pet. 2:13, 14) Le hoja Bakreste ba ’nete e se karolo ea lefatše lena le khopo, ba ikokobelletsa ba boholong pusong ka ho rata “maemong a bona a lekanyelitsoeng,” ho latela kamoo Pauluse a laetseng kateng.—Bala Baroma 13:1, 5-7.

16, 17. (a) Ke’ng se bontšang hore ha re khahlanong le mebuso? (b) Baeta-pele ba bang ba lipolotiki ba hlokometse eng?

16 Ha Lipaki Tsa Jehova li itšoara joaloka “baahi ba nakoana” tsamaisong ena ea lintho ha li etse seo ka morero oa ho ipelaetsa pusong ka lenyele; ebile ha li hanyetse kapa hona ho kena-kenana le liqeto tseo ba bang ba li etsang litabeng tsa lipolotiki kapa tsa kahisano. Lipaki Tsa Jehova ha li tšoane le malumeli a mang kaha li qoba ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. Ha ho mohla li lekang ho laela ba boholong hore ba tsamaise naha joang. Ha li luke khotso kapa hona ho tsoa ’muso tlaase!

17 Bakreste ba hlompha ba boholong, hobane ba mamela keletso ea Petrose e reng, “Le be le tlhompho bakeng sa morena.” (1 Pet. 2:17) Ka linako tse ling, ba boholong ba ile ba lumela hore ha ba na mabaka a ho tšoenyeha ka Lipaki Tsa Jehova. Ka mohlala, ralipolotiki oa Mojeremane ea bitsoang Steffen Reiche, eo e neng e le letona seterekeng sa Brandenburg ’me hamorao ea e-ba setho sa paramente ea Jeremane o ile a re: “Boitšoaro ba Lipaki Tsa Jehova ha li ne li le likampong le lichankaneng bo ile ba bontša litšobotsi tseo kajeno joaloka nakong e fetileng, e leng tsa bohlokoa bakeng sa hore naha eo e ipusang e tsoele pele ho ba teng, e leng ho hanyetsa SS ka tieo le ho bontša batšoaruoa ba bang mosa. Moahi e mong le e mong oa naha ea rōna o lokela ho ba le litšobotsi tsena, kaha sechaba sa habo rōna se tsoela pele ho tšoara basele hammoho le batho ba mekha e meng ea lipolotiki kapa ba sa tšoaneng le bona ka maikutlo ka tsela e sehlōhō.”

LI BONTŠANA LERATO

18. (a) Ke hobane’ng ha ho le bonolo hore re be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna? (b) Batho ba bang bao e seng Lipaki ba hlokometse eng?

18 Moapostola Petrose o ile a re: “Le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna, le tšabe Molimo.” (1 Pet. 2:17) Lipaki Tsa Jehova li tšaba ho halefisa Molimo ’me sena se li susumelletsa ho etsa thato ea hae. Li thabela ho ba hammoho le bara le barali babo tsona ba lefatšeng lohle ha li sebeletsa Jehova. Kahoo ho bonolo hore li “be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” Lerato le joalo la bara ba motho le sa tloaelehang bathong ba kajeno ba baithati, le makatsa bao e seng Lipaki. Ka mohlala, mosebeletsi e mong oa kh’amphani ea Amerika ea bohahlauli o ile a makalla tsela eo bara le barali babo rōna ba neng ba bontšana lerato ka eona kopanong ea machaba ea Jeremane ka 2009. O boletse hore lilemong tsohle tseo a tsamaisitseng bahahlauli ka tsona, ha a e-s’o bone ntho e tjena. Hamorao, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a re: “O ne a utloahala a hloletsoe a bile a thabile ha a bua ka rōna.” Na kopanong eo u bileng ho eona, u kile ua utloa batho ba buang joalo ka Lipaki?

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

19 Lipaki Tsa Jehova li bontša ka litsela tsohle tse boletsoeng ka holimo le ka tse ling hore ke “baahi ba nakoana” tsamaisong ea kajeno ea Satane. Hape li ikemiselitse hore ka thabo li tla lula li etsa joalo. Tšepo ea tsona ea hore haufinyane e tla ba baahi ba ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo e na le motheo o tiileng. Na u lebeletse seo ka thabo?