Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Motsamaisi ea ka Tšeptjoang!

U Motsamaisi ea ka Tšeptjoang!

“Ha le ba lōna.”—1 BAKOR. 6:19.

1. Batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka bolokolohi?

LILEMONG tse ka bang 2 500 tse fetileng, mongoli oa litšoantšiso oa Mogerike o ile a ngola, a re: “Ha ho na motho ea ka ithaopelang ho jara joko ea bokhoba.” Kajeno batho ba bangata ba tla lumellana le mantsoe ao ba sa tsilatsile. Ha ho buuoa ka bokhoba, motho o nahana ka batho ba hateletsoeng le ba botlamuoeng, bao mosebetsi le boitelo ba bona bo sa ba tsoeleng molemo, empa bo tsoela beng ba bona ba ba hatellang molemo.

2, 3. (a) Makhoba a Kreste kapa bahlanka ba hae ba boemong bofe? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life ka batsamaisi?

2 Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore barutuoa ba hae e ne e tla ba bahlanka ba boemo bo tlaase, kapa makhoba. Bokhoba bona ba Bakreste ba ’nete ha bo ba theole seriti kapa hona ho ba hatella. Makhoba ana a na le boemo bo hlompheng, a ka tšeptjoa ebile aa hlomphuoa. Ka mohlala, hlokomela seo Jesu a ileng a se bua ka “lekhoba” nakoana pele ho lefu la Hae. Kreste o ile a bolela esale pele hore o ne a tla abela “lekhoba le tšepahalang le le masene” mesebetsi e itseng.—Mat. 24:45-47.

3 Habohlokoa ke hore tlalehong e tšoanang le eo, lekhoba le bitsoa “motsamaisi.” (Bala Luka 12:42-44.) Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba phelang kajeno hase litho tsa sehlopha seo sa motsamaisi ea tšepahalang. Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore bahlanka bohle ba Molimo ke batsamaisi. Ba na le boikarabelo bofe? Ba lokela ho bo talima joang? E le hore re fumane karabo, a re hlahlobeng boikarabelo boo batsamaisi ba neng ba e-na le bona mehleng ea boholo-holo.

BOIKARABELO BA BATSAMAISI

4, 5. Batsamaisi ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba e-na le boikarabelo bofe? Fana ka mehlala.

4 Mehleng ea boholo-holo, motsamaisi e ne e atisa  ho ba lekhoba le tšeptjoang le abeloang ho okamela ntlo kapa khoebo ea mong’a lona. Ka tloaelo, batsamaisi ba ne ba e-na le matla a maholo a bolaoli ’me ba fuoa boikarabelo ba ho hlokomela thepa ea lelapa, chelete le ho okamela basebetsi ba bang. Re bona sena tabeng ea Eliezere, ea neng a tšepetsoe ho hlokomela thepa e ngata ea Abrahama. E ka ’na eaba ke eena eo Abrahama a ileng a mo roma Mesopotamia ho ea fumanela mora oa hae Isaka mosali. Ka sebele, eo e ne e le kabelo ea bohlokoa le e tebileng haholo!—Gen. 13:2; 15:2; 24:2-4.

5 Setloho-tloholoana sa Abrahama se bitsoang Josefa se ile sa hlokomela ntlo ea Potifaro. (Gen. 39:1, 2) Ha nako e ntse e ea, Josefa o ile a ba le motsamaisi, eo a ileng a mo abela hore ‘a okamele ntlo ea hae.’ Motsamaisi eo o ile a lokisa lintho e le hore a amohele barab’abo ba Josefa ba leshome. Josefa o ile a mo laela hore a lohe leano la ho ba “utsoisa” senoelo sa silevera. Ho hlakile hore batsamaisi ba ne ba tšeptjoa haholo.—Gen. 43:19-25; 44:1-12.

6. Baholo ba sa tšoaneng ba Bakreste ba na le boikarabelo bofe?

6 Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngola hore balebeli ba Bakreste e lokela ho ba ‘batsamaisi ba Molimo.’ (Tite 1:7) Kaha balebeli ba khethetsoe ho alosa “mohlape oa Molimo,” ba tataisa liphutheho le ho li etella pele. (1 Pet. 5:1, 2) Ke ’nete hore ba na le boikarabelo bo sa tšoaneng. Ka mohlala, balebeli ba bangata ba Bakreste kajeno ba sebeletsa phutheho e le ’ngoe. Balebeli ba tsamaeang ba sebeletsa liphutheho tse ngata. Litho tsa Komiti ea Lekala li hlokomela liphutheho tsohle tse linaheng tse oelang tlas’a lekala. Leha ho le joalo, ho lebeletsoe hore kaofela ba phethe boikarabelo ba bona ka botšepehi, kaha kaofela “ba tla ikarabella” ho Molimo.—Baheb. 13:17.

7. Re tseba joang hore ka tsela e itseng, Bakreste bohle ke batsamaisi?

7 Empa re ka re’ng ka Bakreste ba bang ba bangata ba tšepahalang bao e seng balebeli? Moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste bohle, a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.” (1 Pet. 1:1; 4:10) Ka mosa oa hae o sa tšoanelang, Molimo o file e mong le e mong oa rōna limpho, bokhoni, kapa litalenta tseo re ka li sebelisang ho thusa balumeli-’moho le rōna. Ka lebaka leo, bohle ba sebeletsang Molimo ke batsamaisi, ’me seo se ba tlisetsa tlhompho, se etsa hore ba tšeptjoe ebile se ba fa boikarabelo.

RE BA MOLIMO

8. Re lokela ho hopola molao-motheo ofe oa bohlokoa?

8 Joale re tl’o hlahloba melao-motheo e meraro eo joaloka batsamaisi re lokelang ho nahana ka eona. Oa pele: Kaofela ha rōna re ba Molimo ’me re ikarabella ho eena. Pauluse o ile a re: “Ha le ba lōna, kaha le ile la rekoa ka theko,” e leng mali a sehlabelo sa Kreste. (1 Bakor. 6:19, 20) Kaha re ba Jehova, re tlameha ho boloka litaelo tsa hae, ’me ha li boima. (Bar. 14:8; 1 Joh. 5:3) Re boetse re ba makhoba a Kreste. Ho tšoana le batsamaisi ba boholo-holo, re fuoa bolokolohi bo bongata—empa bolokolohi ba rōna bo na le meeli. Re lokela ho phetha boikarabelo ba rōna kamoo re laetsoeng kateng. Ho sa tsotellehe hore na re na le litokelo life tsa tšebeletso, re ntse re le bahlanka ba Molimo le ba Kreste.

9. Jesu o ile a etsa papiso efe ho bontša kamano ea monghali le lekhoba?

9 Jesu o re thusa ho utloisisa kamano ea monghali le lekhoba. Ka nako e ’ngoe o ile a bolella barutuoa ba hae ka lekhoba le fihlang hae ka mor’a ho qeta letsatsi  le le mosebetsing. Na mong’a lona o re: “Tloo mona hang-hang ’me u otle ka lehlakore tafoleng”? Che. Empa o re: “Ntokisetse ho hong hore ke je lijo tsa ka tsa shoalane, u apare foreskoto ’me u ntšebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho noa, ’me ka mor’a moo u ka ja oa noa.” Jesu o ile a hlalosa papiso ee joang? O ile a re: “Kahoo le lōna, ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’”—Luka 17:7-10.

10. Ke’ng e bontšang hore Jehova o ananela boiteko ba rōna ba ho mo sebeletsa?

10 Ke ’nete hore Jehova o ananela boiteko ba rōna ba ho mo sebeletsa. Bibele ea re tiisetsa, e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) Ha ho mohla Jehova a batlang hore re etse seo re ke keng ra khona ho se etsa. Ho feta moo, ntho leha e le efe eo a reng re e etse e molemong oa rōna ’me ha ho mohla e leng boima haholo. Leha ho le joalo, tumellanong le papiso ea Jesu, lekhoba ha le ikhahlise, ha le eteletse thato ea lona pele. Taba ke hore ha re inehela ho Molimo, re khetha ho eteletsa thato ea hae pele. Na u lumellana le seo?

SEO JEHOVA A SE HLOKANG HO RŌNA KAOFELA

11, 12. Kaha re batsamaisi, re lokela ho bonahatsa tšobotsi efe, hona re lokela ho qoba eng?

11 Molao-motheo oa bobeli: Kaha re batsamaisi, kaofela ha rōna re latela melao e tšoanang. Ke ’nete hore boikarabelo bo bong bo fuoa ba seng ba kae ka phuthehong ea Bokreste. Empa kaofela ha rōna re fuoe boikarabelo bo tšoanang. Ka mohlala, kaha re barutuoa ba Kreste le Lipaki tsa Jehova, re laetsoe hore re ratane. Jesu o ile a re lerato ke letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Joh. 13:35) Empa ha re rate barab’abo rōna feela. Re ikitlaelletsa ho bontša hore re rata bao e seng balumeli-’moho le rōna. Sena ke seo kaofela ha rōna re ka se etsang le seo re lokelang ho se etsa.

12 Re boetse re lokela ho itšoara hantle. Re batla ho qoba boitšoaro le mekhoa e nyatsuoang ka Lentsoeng la Molimo. Pauluse o ile a re: “Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakor. 6:9, 10) Bonneteng, re lokela ho leka ka matla hore re phele tumellanong le melao e lokileng ea Molimo. Ho etsa seo hase tšenyo ea nako, kaha ho re tlisetsa melemo e mengata, e akarelletsang ho phela ka tsela e tlatsetsang bophelong bo botle, e ntlafatsang litšebelisano tsa rōna le ba bang le e re thusang ho ba le kamano e ntle le Molimo.—Bala Esaia 48:17, 18.

13, 14. Bakreste bohle ba fuoe boikarabelo bofe, hona re lokela ho bo talima joang?

13 Hape, hopola hore motsamaisi o na le mosebetsi oo a lokelang ho o etsa. Le rōna re na le oona. Re fuoe mpho ea bohlokoa—e leng tsebo ea ’nete. Molimo o lebeletse hore re bolelle ba bang ’nete eo. (Mat. 28:19, 20) Pauluse o ile a re: “Motho a ke a re lekanye re le ba leng ka tlaasana ho Kreste le batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo.” (1 Bakor. 4:1) Pauluse o ne a lemoha hore ho ba motsamaisi ho akarelletsa ho sireletsa ka hloko “liphiri tse halalelang” le ho li bolella ba bang ka botšepehi joalokaha Monghali Jesu Kreste a laetse.—1 Bakor. 9:16.

14 Etsoe ha re bolella ba bang ’nete re bontša hore rea ba rata. Ke ’nete hore maemo a Bakreste ha a tšoane. Re ke ke ra finyella se lekanang tšebeletsong. Jehova o utloisisa seo. Habohlokoa ke hore re  etse sohle seo re ka se khonang. Ka tsela eo re bontša hore re rata Molimo le baahelani ba rōna ka lerato le se nang boithati.

A re phetheng ka botšepehi seo re se abetsoeng

BOHLOKOA BA HO TŠEPAHALA

15-17. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore motsamaisi a tšepahale? (b) Jesu o ile a bontša joang liphello tsa ho se tšepahale?

15 Molao-motheo oa boraro o amanang haufi le e ’meli e seng e boletsoe ke ona: Re lokela ho tšepahala. Motsamaisi a ka ’na a ba le litšobotsi tse ngata tse ntle le bokhoni, empa ha li na thuso haeba a se na boikarabelo kapa a sa tšepahale ho mong’a hae. E le hore motho e be motsamaisi ea atlehileng, ho hlokahala hore a tšepahale. Hopola hore Pauluse o ile a re: “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala.”—1 Bakor. 4:2.

16 Ha ho pelaelo hore haeba re tšepahala, re tla putsoa. Haeba re sa tšepahale, re tla kotula litholoana tse babang. Re bona molao-motheo ona papisong ea Jesu ea litalenta. Makhoba ao ka botšepehi a ileng a “etsa khoebo” ka chelete ea mong’a ’ona a ile a babatsoa ’me a putsoa ka ho enneng. Lekhoba le sa kang la etsa mosebetsi oo mong’a lona a neng a le abetse oona le ile la ahloloa ka hore “le khopo,” ‘lea noaboloha’ ’me ‘ha le na molemo.’ La amohuoa talenta eo le neng le e fuoe ’me la lahleloa ka ntle.—Bala Matheu 25:14-18, 23, 26, 28-30.

17 Ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a bontša liphello tsa ho se tšepahale. O ile a re: “Motho ea itseng o ne a ruile ’me a e-na le motsamaisi, eaba o qosoa ho eena ka hore o senya thepa ea hae. Kahoo a mo bitsa ’me a re ho eena, ‘Ke eng see seo ke se utloang ka uena? Nehelana ka tlaleho ea botsamaisi ba hao, kaha u ke ke ua hlola u tsamaisa ntlo ena.’” (Luka 16:1, 2) Kaha motsamaisi eo o ne a hafalitse ka  thepa ea mong’a hae, o ile a mo leleka. Re ithuta thuto e matla hakaakang ho see! Ka sebele re batla ho etsa ka botšepehi seo re se laetsoeng.

NA RE LOKELA HO IPAPISA LE BA BANG?

18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ipapisa le ba bang?

18 E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Ke talima boikarabelo ba ka joang?’ Re ka ’na ra ba le mathata ha re ipapisa le ba bang. Bibele ea re eletsa: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.” (Bagal. 6:4) Ho e-na le ho bapisa seo re se etsang le seo ba bang ba se etsang, re lokela ho ameha ka seo re ka khonang ho se etsa. Sena se tla re thusa hore re se ke ra ikhohomosa le hore re se ke ra nyahama. Ha re ntse re itlhahloba, re lokela ho elelloa hore maemo aa fetoha. Mohlomong ha re sa khona ho etsa lintho tseo re neng re tloaetse ho li etsa pele ka lebaka la ho kula, botsofali kapa maemo a mang. Ka lehlakoreng le leng, re ka ’na ra khona ho etsa se fetang seo re se etsang hona joale. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha re sa leke ho ntlafatsa?

19. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba re sa fuoe tokelo e itseng?

19 Ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e hlahloba ke hore na re labalabela ho ba le boikarabelo bofe. Ka mohlala, mor’abo rōna a ka ’na a lakatsa ho sebeletsa e le moholo ka phuthehong kapa ho fana ka lipuo likopanong. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tšoanelehele ho fuoa litokelo, empa ha rea lokela ho nyahama haeba re sa fumane likabelo tseo re neng re lakalitse ho li fumana. Ka mabaka ao re ka ’nang ra se ke ra a utloisisa, re ka ’na ra fuoa litokelo tse itseng ka mor’a nako eo re neng re lebeletse ho li fuoa ka eona. Hopola hore ho ne ho bonahala eka Moshe o se a loketse ho etella Baiseraele pele ho ba ntša Egepeta, empa o ile a tlameha ho ema lilemo tse 40 pele a ka etsa seo. Sena se ile sa mo fa nako e lekaneng hore a hlaolele litšobotsi tseo a lokelang ho ba le tsona e le hore a etelle pele sechaba se melala e sataletseng le sa marabele.—Lik. 7:22-25, 30-34.

20. Re ka ithuta eng phihlelong ea Jonathane?

20 Ka linako tse ling, re ka ’na ra se ke ra fuoa tokelo e itseng. Sena se ile sa etsahalla Jonathane. E ne e le mora oa Saule ’me kahoo a le mocheng oa ho ba morena oa Iseraele. Empa Molimo o ile a khetha Davida, e monyenyane haholo ho eena, hore e be morena. Jonathane o ile a etsa’ng? O ile a amohela seo ’me a tšehetsa Davida le hoja seo se ne se mo beha kotsing. O ile a re ho Davida: “U tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena.” (1 Sam. 23:17) Na u bona ntlha moo? Jonathane o ile a amohela boemo boo, ’me ho fapana le ntate oa hae, ha aa ka a honohela Davida. Ho e-na le ho honohela likabelo tseo ba bang ba li fuoeng, kaofela ha rōna re lokela ho ameha ka ho phetha boikarabelo boo re bo fuoeng. Re ka kholiseha hore lefatšeng le lecha, Jehova o tla re fa lintho tse loketseng tseo bahlanka bohle ba hae ba li lakatsang.

21. Re lokela ho talima boikarabelo ba rōna joang?

21 A re hopoleng hore joaloka batsamaisi ba tšepahalang, ha re bokhobeng bo utloisang bohloko bo tsejoang ka khatello le lillo. Ba rōna bo fapane hōle le boo. Re thabela ho ba boemong bo hlomphehang haholo, re abetsoe mosebetsi o ke keng oa hlola o phetoa oa ho bolela litaba tse molemo matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Ha re ntse re etsa seo, re na le bolokolohi bo boholo ba ho ikhethela hore na re phetha boikarabelo ba rōna joang. Kahoo, a re beng batsamaisi ba tšepahalang. E se eka re ka ananela tokelo ea rōna ea ho sebeletsa ’Mōpi e moholo ka ho fetisisa bokahohleng.