Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebeletsa Molimo re sa Ikoahlaee

Ho Sebeletsa Molimo re sa Ikoahlaee

‘Ho lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele.’—BAFIL. 3:13.

1-3. (a) Ho ikoahlaea ke eng, hona ho ka ’na ha re ama joang? (b) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Pauluse mabapi le ho sebeletsa Molimo re sa ikoahlaee?

SEROKI se seng se ile sa ngola sa re: “Har’a mantsoe ’ohle a kileng a ngoloa kapa a buuoa, le bohloko ka ho fetisisa, ke le reng: ‘Hoja!’” Seroki seo ke J. G. Whittier, o ne a bua ka lintho tseo re ikoahlaelang tsona, tseo re lakatsang eka re ka khutlela morao ra li etsa hape ’me ra li etsa ka tsela e fapaneng. “Ho ikoahlaea” ke bohloko boo re bo utloang ka lebaka la lintho tseo re li entseng kapa tseo re hlōlehileng ho li etsa, ’me ho ka boela ha bolela “ho lla hape.” Kaofela ha rōna ho na le lintho tseo re ileng ra li etsa tseo re lakatsang eka re ka khutlela morao ra li etsa ka tsela e fapaneng. Ke lintho life tseo u ikoahlaelang tsona?

2 Batho ba bang ba ’nile ba etsa liphoso tse khōlō bophelong ba bona, esita le ho etsa libe tse tebileng. Ba bang ha baa etsa lintho tse mpe hakaalo, empa baa ipotsa hore na ehlile liqeto tse ling tseo ba li entseng bophelong li molemo kapa che. Batho ba bang ba ’nile ba khona ho lebala lintho tseo ba li entseng nakong e fetileng ’me ba itsoella pele ka bophelo. Ba bang ba lula ba utloile bohloko ka lebaka la liqeto tseo ba li entseng ’me ba re, ‘Hoja ke ile ka tseba.’ (Pes. 51:3) Uena? Na u ka rata ho etsa sohle se matleng a hao ho sebeletsa Molimo u sa lulele ho ikoahlaela liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng? Na ho na le mohlala ka Bibeleng oa motho ea ileng a etsa seo? Ka sebele o teng—ke oa moapostola Pauluse.

3 Pauluse o ile a etsa liphoso tse khōlō hammoho le liqeto tse bohlale bophelong ba hae. O ile a ikoahlaela lintho tseo a neng a li entse nakong e fetileng, empa o ile a boela a tsepamisa kelello ea hae tabeng ea ho etsa sohle se matleng a hae ho sebeletsa Molimo. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae mabapi le ho sebeletsa Molimo re sa ikoahlaee.

LINTHO TSEO PAULUSE A IKOAHLAELANG TSONA

4. Pauluse o ile a etsa lintho life nakong e fetileng tseo a ileng a ikoahlaela tsona?

4 Ha Pauluse e ne e sa le mohlankana oa Mofarisi, o ile  a etsa lintho tseo a ileng a ikoahlaela tsona hamorao. Ka mohlala, o ile a etella pele batho ba neng ba hlorisa barutuoa ba Kreste ka sehlōhō. Tlaleho ea Bibele e bolela hore hang-hang ka mor’a hore Setefane a bolaeloe tumelo, “Saule [eo hamorao a ileng a bitsoa Pauluse, o ile] a qala ho tšoara phutheho hampe. A futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ’me, ha a hulanyetsa banna hammoho le basali ntle, o ne a nehelana ka bona chankaneng.” (Lik. 8:3) Setsebi se bitsoang Albert Barnes, se re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho tšoara hampe’ ke “polelo e matla, e bontšang kamoo [Saule] a neng cheseha a bile a halefile kateng ha a ne a hlorisa Bakreste.” Kahoo, Barnes o ile a re, “Saule o ile a halefela kereke joaloka sebata.” Kaha e ne e le Mojuda ea chesehang, Saule o ne a lumela hore ke mosebetsi oo a neng a o filoe ke Molimo hore a felise Bokreste. Kahoo, o ile a tšoara Bakreste ka sehlōhō, “a tletse tšokelo le polao khahlanong le . . . banna le basali,” a leka ho ba felisa.—Lik. 9:1, 2; 22:4. *

5. Hlalosa hore na ke’ng e ileng ea etsa hore Saule a khaotse ho hlorisa balateli ba Jesu ’me a qale ho paka ka Kreste.

5 E ne le morero oa Saule hore a ee Damaseka, a ntše barutuoa ba Jesu malapeng a bona ka ntšoe li sa fohloa ’me a ba hulanyetse Jerusalema ho ea ahloloa ke lekhotla la Sanhedrine. Leha ho joalo, o ile a hlōleha kaha o ne a loantšana le Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Baef. 5:23) Ha Saule a le tseleng e eang Damaseka, Jesu o ile a hlaha ho eena ’me Saule o ile a foufatsoa ke khanya ea mohlolo. Ka mor’a moo, Jesu o ile a re Saule a ee Damaseka ’me a letele tataiso e ’ngoe. Rea tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo.—Lik. 9:3-22.

6, 7. Ke’ng e bontšang hore Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a entse liphoso tse khōlō?

6 Mekhoa ea Pauluse e ile ea fetoha hang ka mor’a hore e be Mokreste. Ho e-na le hore e be sera se mabifi sa Bakreste, e ile ea e-ba ’muelli ea chesehang oa bona. Leha ho le joalo, hamorao o ile a re: “Ka ho hlakileng, le ile la utloa ka boitšoaro ba ka pele Bojudeng, hore ka ho feteletseng ke ile ka ’na ka hlorisa phutheho ea Molimo le ho e ripitla.” (Bagal. 1:13) Hamorao ha a ne a ngolla Bakorinthe, Bafilipi hammoho le Timothea, o ile a boela a bua ka lintho tseo a neng a ikoahlaela tsona. (Bala 1 Bakorinthe 15:9; Bafil. 3:6; 1 Tim. 1:13) Pauluse o ne a se motlotlo ho ngola ka lintho tseo a neng a li entse, le teng ha aa ka a etsa eka lintho tseo li ne li sa etsahala. O ne a hlokomela hore o ne a entse liphoso tse khōlō.—Lik. 26:9-11.

7 Setsebi se seng sa Bibele e leng Frederic W. Farrar, se ile sa bontša hore ha re nahana ka tsela e sehlōhō eo Pauluse a ileng a hlorisa Bakreste ka eona, re ka khona ho utloisisa bohloko boo a ileng a bo utloa le kamoo e ka ’nang eaba ba bang ba ile ba mo nyatsa kateng. Ha Pauluse a ne a etela liphutheho tse fapaneng, e ka ’na eaba barab’abo rōna ba neng ba qala ho kopana le eena, ba ne ba re, ‘Oo! Ke uena Pauluse, ke uena ea neng a re hlorisa!’—Lik. 9:21.

8. Pauluse o ile a ikutloa joang ka mohau le lerato tseo Jehova le Jesu ba ileng ba mo bontša tsona, hona seo se re ruta’ng?

8 Leha ho le joalo, Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a khona ho etsa tšebeletso ea hae ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo. O ile a bua ka tšobotsi eo ea Molimo ka makhetlo a ka bang 90 mangolong a hae a 14—ho feta mongoli leha e le ofe oa Bibele. (Bala 1 Bakorinthe 15:10.) Pauluse o ile a ananela ka ho tebileng tsela eo a ileng a bontšoa mohau ka eona, ’me o ne a batla ho etsa bonnete ba hore mosa o sa tšoanelang oo Molimo a neng a mo bontšitse oona e ne e se oa lefeela. Kahoo, o ile a ‘sebetsa ho feta’ baapostola ba bang. Mohlala oa Pauluse o bontša ka ho hlaka hore haeba re bolela libe tsa rōna ’me re fetola tsela eo re phelang ka eona, Jehova o ikemiselitse ho hlakola esita le libe tse tebileng motheong  oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Ruri ena ke thuto e molemo ho mang kapa mang ea thatafalloang ke ho lumela hore sehlabelo sa Kreste se ka mo tsoela molemo! (Bala 1 Timothea 1:15, 16.) Le hoja Pauluse e ne e le mohlorisi ea mabifi oa Kreste, o ile a ngola a re: “Mora oa Molimo . . . [o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” (Bagal. 2:20; Lik. 9:5) Ka sebele, Pauluse o ile a ithuta ho sebeletsa Molimo a sa ikoahlaee ka ho feteletseng. Na le uena ke seo u ithutileng sona?

Pauluse o ile a ithuta ho sebeletsa Molimo a sa ikoahlaee

NA HO NA LE LINTHO TSEO U IKOAHLAELANG TSONA?

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha bahlanka ba bang ba Jehova ba ikoahlaea? (b) Ke eng e phoso ka hore motho a lule a tšoenyehile ka lintho tseo a li entseng nakong e fetileng?

9 Na ho na le lintho tseo u li entseng tseo hona joale u ikoahlaelang tsona? Na u sentse matla le nako ea hao u hahamalla lintho tse se nang thuso? Na ho na le ntho eo u kileng ua e etsa e ileng ea utloisa batho ba bang bohloko? Kapa e ka ’na eaba u ikutloa u le molato ka lebaka la ntho e ’ngoe e itseng. Potso ke hore na u tla etsa’ng ka taba eo?

10 Batho ba bangata ba lula ba tšoenyehile! Ha motho a lula a tšoenyehile, seo se ka etsa hore a nyahame, a tepelle a be a utloe bohloko. Seo se ka boetse sa mo qeta matla. Na ho tšoenyeha ho ka rarolla mathata? Che, ho ke ke ha a rarolla! Na ho na le moo u ka eang haeba u ntse u tapa-tapa nģ’a e le ’ngoe? Ho e-na le ho tšoenyeha, u lokela ho etsa sohle se matleng a hao ho rarolla bothata. Kōpa tšoarelo ho motho eo u mo sitetsoeng ’me le boele le bōpe khotso. Nahana hore na ke hobane’ng ha u ile ua etsa ntho eo e mo khopisitseng e le hore u ka qoba ho etsa phoso e tšoanang hape. Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na ua tlameha ho mamella liphello tsa liphoso tsa hao. Empa ho lula u tšoenyehile ho ka ’na ha u sitisa ho sebeletsa Molimo ka pelo ea hao eohle. Ho lula u tšoenyehile ho ke ke ha u thusa ka letho!

11. (a) Re ka fumana mohau oa Jehova le mosa oa hae o lerato joang? (b) Ho latela Bibele, ke sefe seo re lokelang ho se etsa e le hore re se ke ra lula re tšoenyehile ka liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng?

11 Batho ba bang ba lumella liphoso tseo  ba li entseng nakong e fetileng hore li ba nyahamise hoo ba qetellang ba ipona ba se na thuso mahlong a Molimo. Ba ka ’na ba ikutloa eka ha ba tšoanelehe hore Molimo a ba hauhele, mohlomong hobane ba entse liphoso tse khōlō kapa ba li entse ka makhetlo. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho sa tsotellehe lintho tseo ba li entseng nakong e fetileng, ba ka baka, ba fetoha ’me ba kōpa tšoarelo. (Lik. 3:19) Jehova a ka ba hauhela a ba a ba bontša mosa o lerato joalokaha a ile a etsa ho batho ba bangata. Ka mosa Jehova o tla tšoarela motho e mong le e mong ea ikokobelitseng, ea tšepahalang a bile a bakela libe tsa hae. Molimo o ile a tšoarela Jobo, ea ileng a re: “Ke baka [“ke ikoahlaea,” ftn, NW.] ke le lerōleng le moloreng.” (Jobo 42:6) Kaofela ha rōna re lokela ho latela tsela eo Molimo a reng re ka fumana khotso kelellong ka eona; o re: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” (Liprov. 28:13; Jak. 5:14-16) Kahoo, re ka bolella Molimo liphoso tsa rōna, ra rapela hore a re tšoarele ra ba ra nka bohato ba hore re lokise liphoso tseo. (2 Bakor. 7:10, 11) Haeba re entse lintho tsena, re ka fumana mohau ho Ea ‘tšoarelang ka tsela e khōlō.’—Esa. 55:7.

12. (a) Mohlala oa Davida o re ruta hore re etse’ng haeba re tšoenngoa ke letsoalo le molato? (b) Jehova o ikutloa a soabile ka tsela efe, ’me ho tseba seo ho ka re thusa joang? (Sheba lebokose.)

12 Thapelo ke tsela e matla eo Molimo a ka re thusang ka eona. Davida o ile a ntša maikutlo a hae ha a ne a rapela ka tsela e bontšang tumelo, ’me thapelo eo ea hae e tlalehiloe bukeng ea Lipesaleme. (Bala Pesaleme ea 32:1-5.) Joalokaha Davida a boletse, ho leka ho hatella letsoalo la hae le molato ho ile ha mo nyahamisa! Kamoo ho bonahalang kateng, kaha o ile a pata phoso ea hae, o ile a sotleha maikutlong le ’meleng a ba a felloa ke thabo. Ke’ng e ileng ea thusa Davida hore a tšoareloe a be a imolohe? Ntho e ileng ea mo thusa ke hore o ile a bolella Molimo libe tsa hae. Jehova o ile a araba lithapelo tsa Davida ’me a mo matlafatsa e le hore a tsoele pele a etsa se nepahetseng. Ka tsela e tšoanang, haeba u rapela ka tieo, u ka kholiseha hore Jehova o tla mamela thapelo ea hao e tsoang botebong ba pelo. Haeba u tšoenngoa ke liphoso tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng, li lokise ka hohle kamoo u ka khonang kateng ’me u lumele ha Jehova a u tiisetsa hore o u tšoaretse!—Pes. 86:5.

NAHANA KA BOKAMOSO

13, 14. (a) Ke’ng eo re lokelang ho ameha haholo ka eona hona joale? (b) Ke lipotso life tse ka re susumetsang hore re itlhahlobe?

13 Ke ’nete hore ho na le seo re ka ithutang sona linthong tse etsahetseng nakong e fetileng, empa ha rea lokela ho lula re tšoenyehile ka tsona. Kahoo, ho e-na le hore re tšoenyehe ka lintho tse fetileng, re lokela ho nahana ka lintho tse etsahalang hona joale le ka bokamoso. Ke sefe seo re se etsang hona joale, kapa seo re sa se etseng, seo ka mor’a lilemo tse itseng re ka ikoahlaelang sona? Na ke sebeletsa Molimo ka botšepehi  e le hore ke tle ke se ke ka ikoahlaea ka moso?

14 Kaha matšoenyeho a maholo a haufi, ha re batle ho lula re tšoenyehile ebe re ntse re re: ‘Na nka be ke ile ka eketsa tšebeletso ea ka ho Molimo? Ke hobane’ng ha ke ne ke sa be pula-maliboho ha ke ne ke e-na le monyetla oa ho etsa joalo? Ke’ng e ileng ea nthibela hore ke hahamalle ho ba mohlanka ea sebeletsang? Na ke ile ka etsa boiteko bo matla ba hore ke apare botho bo bocha? Na ke motho oa mofuta oo Jehova a o batlang lefatšeng la hae le lecha?’ Ho e-na le hore re tšoenyehe feela ka lipotso tseo tse fatang maikutlo, re lokela ho li sebelisa ho itlhahloba e le hore re tiise hore re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea Jehova. Ho seng joalo, re ka tsoela pele re phela ka tsela e tla etsa hore re ikoahlaee le ho feta.—2 Tim. 2:15.

U SE KE UA IKOAHLAELA NAKO EO U E QETILENG U SEBELETSA MOLIMO

15, 16. (a) Batho ba bangata ba entse boitelo bofe e le hore ba etelletse tšebeletso ea Molimo pele bophelong ba bona? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikoahlaela boitelo bofe kapa bofe boo re ileng ra bo etsa e le hore re etelletse tšebeletso ea Molimo pele?

15 Na u itetse e le hore u be tšebeletsong ea nako e tletseng? Mohlomong u ile ua tela mosebetsi o hlamatsehang kapa khoebo e atlehileng, ua nolofatsa bophelo ba hao e le hore u be le nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova. Kapa mohlomong u ile ua etsa qeto ea hore u lule u le lesoha, kapa haeba u lenyalong u ile ua tela ho ba le bana e le hore u tsebe ho etsa tšebeletso eo u neng u ke ke ua khona ho e etsa haeba u le lenyalong kapa u e-na le bana—e kang tšebeletso ea Bethele, mosebetsi oa machaba oa kaho, mosebetsi oa potoloho kapa tšebeletso ea boromuoa. Na u lokela ho ikoahlaela qeto eo ha ele moo u ntse u hōla u le tšebeletsong ea Jehova? Na u lokela ho ikutloa eka ho ne ho sa hlokahale hore ebe u entse boitelo bo joalo kapa hore u ile ua bo etsa ka nako e fosahetseng? Che, ha ua lokela ho ikutloa ka tsela eo!

16 U entse qeto eo hobane u rata Jehova haholo le hobane u labalabela ho thusa batho ba bang ba batlang ho mo sebeletsa. Ha ua lokela ho nahana hore lintho li ka be li u tsamaetse hantle ho feta haeba u ne u sa ka ua etsa qeto eo. U lokela ho thabela qeto eo u e entseng haholo. U ile ua khetha ho sebeletsa Jehova ka tsela e molemo ka ho fetisisa ho latela maemo a hao. A ke ke a lebala boitelo ba hao. Bophelong ba sebele boo e leng hona bo tlang, o tla u hlohonolofatsa ho feta ka tsela eo u ka e lekanyang!—Pes. 145:16; 1 Tim. 6:19.

KAMOO RE KA SEBELETSANG MOLIMO RE SA IKOAHLAEE

17, 18. (a) Ke molao-motheo ofe o thusitseng Pauluse hore a sebeletse Molimo a sa ikoahlaee? (b) U ikemiselitse ho latela mohlala oa Pauluse joang?

17 Ke molao-motheo ofe oo Pauluse a ileng a ithuta oona o ileng oa mo thusa hore a sebeletse Molimo a sa ikoahlaee? Joalokaha phetolelo ea J. B. Phillips e bontša, Pauluse o ile a ngola a re: “Ke tlohela lintho tse etsahetseng nakong e fetileng ’me ke otlolotse matsoho ke hahamalla linthong tse ka pele ke habile ho finyella sepheo.” (Bala Bafilipi 3:13, 14.) Pauluse ha aa ka a lula a nahana ka lintho tse fosahetseng tseo a ileng a li etsa ha a ne a le Bolumeling ba Sejuda. Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa matla a hae kaofela ho loanela hore a tšoanelehe ho fumana moputso oa nako e tlang e leng bophelo bo sa feleng.

18 Kaofela ha rōna ho na le seo re ka ithutang sona mantsoeng ao a Pauluse. Ho e-na le ho ngongoreha ka lintho tsa nako e fetileng tseo re ke keng ra li fetola, re lokela ho hahamalla linthong tse ka pele. Ke ’nete hore re ke ke ra lebala liphoso tseo re li entseng nakong e fetileng, empa ha rea lokela ho lula re itjarisa molato ka lebaka la tsona. Re ka loanela ho lebala lintho tse etsahetseng nakong e fetileng ’me re sebeletse Molimo ka hohle kamoo re ka khonang kateng hona joale re be re lebelle bokamoso bo khanyang!

^ ser. 4 Hangata Bibele e bolela hore basali ba ne ba le har’a batho ba neng ba hlorisoa ke Saule. Sena se bontša hore basali ba ne ba phetha karolo ea bohlokoa mosebetsing oa boboleli lekholong la pele la lilemo, joalokaha ba etsa kajeno.—Pes. 68:11.