Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le be Sebete​—Jehova o na le Lōna!

Le be Sebete​—Jehova o na le Lōna!

“E-ba sebete ’me u be matla. . . . Jehova Molimo oa hao o na le uena.”—JOSH. 1:9.

1, 2. (a) Ke litšobotsi life tse tla re thusa hore re atlehe ho mamella liteko? (b) U ka hlalosa tumelo joang? Etsa mohlala.

HO SEBELETSA Jehova hoa re thabisa. Leha ho le joalo, re thulana le mathata a hlahelang batho ka kakaretso ebile re ka ’na ra “utloa bohloko ka lebaka la ho loka.” (1 Pet. 3:14; 5:8, 9; 1 Bakor. 10:13) Ho hlokahala hore re be le tumelo le sebete e le hore re atlehe ho mamella liteko tse joalo.

2 Tumelo ke eng? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheb. 11:1) Phetolelo e ’ngoe e re: “Tumelo ke lengolo la tiiso la molao la lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona. Tumelo ke ho kholiseha ka lintho tseo re sa li boneng.” (The Simple English Bible) Haeba setša se ngolisitsoe ka rōna ka molao, re kholisehile hore e fela e le sa rōna. Kaha rea lumela hore kamehla Molimo o phethahatsa litšepiso tsa hae, ho tšoana leha eka re na le lengolo la bohlokoa la tiiso la molao. Re kholisehile ka hohle-hohle hore lintho tseo Molimo a re tšepisang tsona li tla phethahala le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a re bolellang eona ka Lentsoeng la hae ke ’nete, esita le “lintho tseo re sa li boneng.”

3, 4. (a) Sebete ke eng? (b) Ke’ng e ka re thusang hore re be le tumelo e matla le sebete?

3 Sebete ke ho ba le matla a ho bua le ho etsa lintho re sa tšabe letho esita le ha re thulana le mathata kapa maemo a kotsi. Haeba re le sebete, re tla ema re tiile ’me re hloke tšabo, re tla be re ikemisetse ho utloisoa bohloko ka lebaka la lintho tseo re li lumelang.—Mar. 6:49, 50; 2 Tim. 1:7.

4 Kaofela ha rōna re rata ho ba le tumelo le sebete. Empa re tla etsa’ng ha re hlokomela hore ho hlokahala hore re loanele ho ba le tumelo e matla le sebete? Ho na le batho ba likete bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba re behetseng mohlala o motle ka ho bontša litšobotsi tsena. Kahoo, ntho e ’ngoe e ka re thusang hore re be le tumelo e matla le sebete, ke hore re hlahlobe e meng ea mehlala eo.

 JEHOVA O NE A E-NA LE JOSHUA

5. Joshua o ne a hloka’ng e le hore a atlehe mosebetsing oo a neng a o filoe?

5 A re ke re nahaneng ka se ileng sa etsahala lilemong tse 3 500 tse fetileng. Ho se ho fetile lilemo tse 40 Jehova a lokolotse Baiseraele ba limilione botlamuoeng Egepeta, ka letsoho la hae le matla. Ba ne ba eteletsoe pele ke moprofeta Moshe. Joale o se a le lilemo li 120, o sheba Naha e Tšepisitsoeng a le hōle ’me ka mor’a moo, o shoella ka holim’a Thaba ea Nebo. O hlahlangoa ke Joshua, monna ea ‘tletseng moea oa bohlale.’ (Deut. 34:1-9) Baiseraele ba mothating oa ho hapa naha ea Kanana. E le hore Joshua a atlehe ho ba etella pele, o hloka bohlale bo tsoang ho Molimo. Hape, ho tla hlokahala hore a bontše tumelo ho Jehova, a be sebete ’me a be matla.—Deut. 31:22, 23.

6. (a) Ho latela Joshua 23:6, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be sebete? (b) Re ithuta’ng ho Liketso 4:18-20 le Liketso 5:29?

6 E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba matlafatsoa ke bohlale, sebete le tumelo tseo Joshua a ileng a li bontša nakong e telele eo ba e nkileng ha ba hapa naha ea Kanana. Leha ho le joalo, ho phaella tabeng ea ho ba sebete ha ba le ntoeng, ho ne ho boetse ho hlokahala hore Baiseraele ba be sebete e le hore ba ka mamela Molimo. Qetellong ea bophelo ba hae, mantsoeng a hae a ho qetela, Joshua o ile a re: “Le be sebete haholo ho boloka le ho etsa sohle se ngotsoeng bukeng ea molao oa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la e kheloha ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali.” (Josh. 23:6) Le rōna ho hlokahala hore re be sebete e le hore re mamele Jehova ka linako tsohle. Sena se akarelletsa linako tseo ka tsona batho ba hlokang hore re etse lintho tse khahlanong le thato ea Molimo. (Bala Liketso 4:18-20; 5:29.) Haeba re tšepa Jehova ’me re rapella tataiso ea hae, o tla re thusa hore re bontše sebete ka tsela eo.

RE KA ATLEHISA TSELA EA RŌNA JOANG?

7. E le hore Joshua a be sebete a be a atlehe o ne a lokela ho etsa’ng?

7 E le hore re be sebete ho etsa thato ea Molimo, re lokela ho ithuta Lentsoe la hae re be re sebelise seo re ithutang sona. Ke sona seo Jehova a ileng a bolella Joshua hore a se etse ha e ne e e-ba mohlahlami oa Moshe. O ile a re: “U be sebete ’me u be matla haholo ho hlokomela ho etsa ka molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona. . . . Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona; etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.” (Josh. 1:7, 8) Joshua o ile a mamela keletso eo ’me ‘tsela ea hae e ile ea atleha.’ Haeba le rōna re etsa joalo, re tla ba sebete le ho feta re be re atlehe ha re sebeletsa Molimo.

Temana ea rōna ea selemo ea 2013: “E-ba sebete ’me u be matla. . . . Jehova Molimo oa hao o na le uena.”—Joshua 1:9

8. Temana ea selemo ea 2013 e nkiloe lengolong lefe, ’me u nahana hore mantsoe a lengolo leo a tla u thusa joang?

8 E tlameha ebe Joshua o ile a matlafala haholo ha a utloa Jehova a boela a re: “E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.” (Josh. 1:9) Jehova o boetse o na le rōna. Kahoo, a re se keng ra ‘haroha letsoalo kapa ra tšoha’ ho sa tsotellehe liteko tseo re thulanang le tsona. Mantsoe ao re a thahasellang haholo ke a reng: “E-ba sebete ’me u be matla. . . . Jehova Molimo oa hao o na le uena.” Mantsoe ao a fumanoang ho Joshua  1:9, a khethiloe hore e be temana ea selemo ea 2013. Ka sebele, likhoeling tse tlang re tla matlafatsoa ke mantsoe ao hammoho le mantsoe le mehlala ea batho ba ileng ba bontša tumelo le sebete.

KA SEBETE BA ILE BA KHETHA HO ETSA THATO EA MOLIMO

9. Rahaba o ile a bontša tumelo le sebete ka litsela life?

9 Ha Joshua a ne a romela lihloela tse peli Kanana, Rahaba oa seotsoa o ile a li pata eaba o lahlisa lira tsa tsona mohlala. Ka lebaka la liketso tsa hae tse bontšang tumelo le sebete, eena hammoho le ba lelapa labo ba ile ba pholosoa ha motse oa Jeriko o ne o timetsoa ke Baiseraele. (Baheb. 11:30, 31; Jak. 2:25) Ho hlakile hore Rahaba o ile a tlohela tsela eo a neng a phela ka eona ea boitšoaro bo bobe e le hore a khahlise Jehova. Batho ba bang bao e seng e le Bakreste, ba ile ba bontša tumelo le sebete ba ba ba etsa liphetoho tse tšoanang e le hore ba khahlise Molimo.

10. Ruthe o ile a khetha ho emela borapeli ba ’nete maemong afe, ’me o ile a hlohonolofatsoa joang?

10 Ka mor’a lefu la Joshua, Ruthe oa Momoabe le eena o ile a emela borapeli ba ’nete ka sebete. Kaha e ne e le mohlolohali eo monna oa hae e neng e le Moiseraele, ho ka etsahala hore ebe ho na le seo a neng a se tseba ka Jehova. Matsal’ae oa mohlolohali e leng Naomi, o ne a lula naheng ea Moabe empa o ile a etsa qeto ea ho khutlela motseng oa Iseraele oa Bethlehema. Ha ba le tseleng, Naomi o ile a phehella Ruthe hore a khutlele ho batho ba habo, empa Ruthe o ile a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena . . . Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Ruthe o ne a hlile a tiile. Hamorao, Ruthe o ile a nyaloa ke mong ka Naomi ea bitsoang Boaze, ’me ba ile ba ba le ngoana oa moshanyana, eaba qetellong Ruthe e ba moholo-holo oa Davida le oa Jesu. Ka sebele, Jehova o hlohonolofatsa batho ha ba bontša tumelo le sebete.—Ruthe 2:12; 4:17-22; Mat. 1:1-6.

BA BANGATA BA ILE BA BEHA BOPHELO BA BONA KOTSING!

11. Jehojada le mosali oa hae Josheba ba ile ba bontša sebete joang, ’me seo ba ileng ba se etsa se ile sa finyella eng?

11 Re ba sebete le ho feta ’me tumelo ea rōna e ba matla ha re hlokomela hore Molimo o tšehetsa batho ba etsang thato ea hae le ba sireletsang bara le barali babo bona. Ka mohlala, nahana ka Moprista ea Phahameng e leng Jehojada le mosali oa hae Josheba. Ka mor’a lefu la Morena Akazia, ’ma’e e leng Athalia, o ile a bolaea batho bohle ba leloko la borena ba neng ba setse ntle le Joase eaba o ikhapela borena. Jehojada le Josheba ba ile ba ipeha kotsing ka hore ba pholose mora oa Akazia e leng Joase ’me ba mo pate ka lilemo tse tšeletseng. Selemong sa bosupa, Jehojada o ile a phatlalatsa hore Joase ke morena ’me a fana ka taelo ea hore Athalia a bolaoe. (2 Mar. 11:1-16) Hamorao, Jehojada o ile a tšehetsa Morena Joase ha a ne a lokisa tempele. Ha Jehojada a ne a e-shoa a le lilemo li 130, o ile a patoa le marena “hobane o ne a entse ntho e ntle Iseraele le ho Molimo oa ’nete le ntlong ea Hae.” (2 Likron. 24:15, 16) Ho feta moo, sebete seo Jehojada le mosali oa hae ba ileng ba se bontša, se ile sa etsa hore leloko la borena la Davida leo Mesia a neng a tla tsoa ho lona le sireletsoe.

12. Ebede-meleke o ile a bontša sebete joang?

12 Ebede-meleke eo e neng e le ofisiri ka tlung ea Morena Tsedekia, o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka lebaka la Jeremia. Morena o ne a nehelane ka Jeremia ho likhosana tsa Juda, tseo ka bohata li ileng tsa mo qosa ka hore o ne a hlohlelletsa bofetoheli ’me tsa mo akhela ka lemeneng le nang le seretse e le hore a shoe. (Jer. 38:4-6) Ebede-meleke o ile a kōpa hore Morena Tsedekia a thuse Jeremia. Leha ho le joalo, seo Ebede-meleke a ileng a se etsa se ne beha bophelo ba hae kotsing kaha batho ba bangata ba ne ba hloile Jeremia. Tsedekia o ile a lumela ho thusa Jeremia ’me a bolella Ebede-meleke hore a nke banna ba 30 ba e’o mo pholosa. Molimo o ile a sebelisa moprofeta Jeremia ho tiisetsa Ebede-meleke hore o ne a tla pholoha ha Babylona e hlasela Jerusalema. (Jer.  39:15-18) Molimo o putsa batho ba bontšang sebete e le hore ba etse thato ea hae.

13. Baheberu ba bararo ba ile ba bontša sebete joang, ’me se etsahetseng ho bona se re ruta’ng?

13 Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., bahlanka ba bararo ba Jehova ba Baheberu, ba ile ba fuoa bopaki bo hlakileng ba hore Molimo o putsa batho ba bontšang tumelo le sebete. Morena Nebukadnezare o ile a bokella bahlomphehi ba Babylona ’me a ba laela hore ba rapele setšoantšo se se lelele sa khauta. Motho ofe kapa ofe ea neng a ke ke a etsa joalo, o ne a tla bolaoa ka hore a lahleloe ka sebōping sa mollo. Ka tlhompho Baheberu bao ba bararo ba ile ba re ho Nebukadnezare: “Molimo oa rōna eo re mo sebeletsang o tla khona ho re pholosa. O tla re pholosa sebōping se tukang sa mollo le letsohong la hao, morena. Empa haeba ho se joalo, u tsebe, morena, hore melimo ea hao hase eona eo re e sebeletsang, ’me setšoantšo sa khauta seo u se emisitseng re ke ke ra se rapela.” (Dan. 3:16-18) Tsela e hlollang eo Baheberu bao ba bararo ba ileng ba pholosoa ka eona e hlalositsoe ka ho hlaka ho Daniele 3:19-30. Le hoja re ka ’na ra se ke ra tšosoa ka hore re tla bolaoa ka ho akheloa ka sebōping sa mollo, re thulana le liteko tse lekang botšepehi ba rōna ’me re ka kholiseha hore Molimo o tla re hlohonolofatsa haeba re bontša tumelo le sebete.

14. Ho latela Daniele khaolo ea 6, Daniele o ile a bontša sebete joang, ’me seo se ile sa hlahisa litholoana life?

14 Daniele o ile a bontša tumelo le sebete ha lira tsa hae li ne li susumetsa Morena Dariuse hore a ntše taelo e reng, “mang kapa mang ea etsang kōpo e matla ho molimo leha e le ofe kapa motho ka matsatsi a mashome a mararo haese ho uena, morena, o lokela ho lahleloa ka sekoting sa litau.” Hang ha Daniele a tseba hore morena o ne a saenne tokomane, o ile “a kena ka tlung ea hae, ’me, lifensetere tsa kamore ea hae e marulelong li ne li bulehetse nģ’a Jerusalema bakeng sa hae, esita le ka makhetlo a mararo ka letsatsi o ne a khumama ka mangole ’me a rapela le ho fana ka thoriso ka pel’a Molimo oa hae, joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.” (Dan. 6:6-10) Daniele eo ea sebete o ile a qetella a lahletsoe ka sekoting sa litau—empa Jehova o ile a mo pholosa.—Dan. 6:16-23.

15. (a) Akuila le Prisilla ba behile mohlala ofe o bontšang tumelo le sebete? (b) Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 13:34 a bolela’ng, ’me Bakreste ba bangata ba bontšitse lerato le joalo joang?

15 Akuila le Prisilla ba ile ba ‘ipeha kotsing bakeng sa moea oa Pauluse,’ empa Bibele ha e hlalose hore na ba entse seo maemong afe. (Lik. 18:2; Bar. 16:3, 4) Ka sebete ba ile ba etsa se tumellanong le mantsoe a Jesu ha a ne a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile.” (Joh. 13:34) Ho latela Molao oa Moshe, motho o ne a lokela ho rata moahisani oa hae joalokaha a ithata. (Lev. 19:18) Empa taelo eo Jesu a ileng a fana ka eona e ne e le “ncha” kaha e ne e bolela hore re lokela  ho rata batho ba bang hoo re ka bang ra ba shoela joalokaha Jesu le eena a re shoetse. Bakreste ba bangata ba ile ba ‘ipeha kotsing’ e le hore ba sireletse bara le barali babo bona hore ba se ke ba ntšoa kotsi kapa ba bolaoa ke lira.—Bala 1 Johanne 3:16.

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa ikemisetsa ho latola tumelo ea bona

16, 17. Balateli ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thulana le teko efe ea tumelo, ’me teko eo e tšoana joang le eo Bakreste ba bang ba mehleng ee ba ileng ba thulana le eona?

16 Joaloka Jesu, ka sebete Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba rapela Jehova feela. (Mat. 4:8-10) Ba ile ba hana ho chesa libano ho tlotla moemphera oa Roma. (Sheba setšoantšo.) Daniel P. Mannix o ile a ngola a re: “Ke Bakreste ba ’maloa haholo ba ileng ba latola tumelo ea bona, le hoja ka tloaelo aletare e nang le mollo o tukang e ne e behoa lebaleng bakeng sa bona. Se neng se hlokahala feela e ne e le hore motšoaruoa a fafatse bohashana ba libano lelakabeng la mollo ebe o fuoa Setifikeiti sa Sehlabelo ’me a lokolloe. O ne a boetse a hlalosetsoa ka hloko hore o ne a sa rapele moemphera; o ne a mpa feela a amohela tšoaneleho ea bomolimo ea moemphera joaloka hlooho ea naha ea Roma. Leha ho le joalo, hoo e batlang e le Bakreste kaofela ba ne ba sa sebelise monyetla oo oa ho pholoha.”—Those About to Die.

17 Bakreste ba mehleng ea kajeno ba neng ba koalletsoe likampong tsa mahloriso tsa Manazi ba neng ba ka ’na ba bolaoa, ka makhetlo a mangata ba ile ba fuoa monyetla oa ho lokoloha ka hore ba saene tokomane e bontšang hore ba latola Jehova. Empa ke ba seng bakae feela ba ileng ba e saena. Nakong ea tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe o mong Rwanda haufinyane tjena, Lipaki tsa Matutsi le Mahutu li ile tsa sireletsana, le hoja li ne li ka ’na tsa bolaoa. Liteko tse joalo li hloka hore batho ba be le tumelo le sebete.

HOPOLA HORE JEHOVA O NA LE RŌNA!

18, 19. Ke mehlala efe eo ho builoeng ka eona ka Bibeleng ea batho ba ileng ba bontša tumelo le sebete e ka re thusang hore re khone ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli?

18 Hona joale re na le tlotla ea ho etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo Molimo a kileng a o fa batho bao e leng bahlanka ba hae—e leng oa ho bolela molaetsa oa ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Ruri re ananela mohlala oo Jesu a re behetseng oona oo ho se nang o tšoanang le oona! O ile “a qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) Joaloka eena, ho hlokahala hore re be le tumelo le sebete e le hore re bolele molaetsa oa ’Muso. Molimo a ka re thusa hore re be sebete joaloka Noe, eo e neng e le “’moleli oa ho loka” ea sebete ‘lefatšeng la batho ba se nang bomolimo’ le neng le le haufi le ho timetsoa ka moroallo oa lefatše lohle.—2 Pet. 2:4, 5.

19 Thapelo e re thusa hore re khone ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ha balateli ba bang ba Kreste ba neng ba hlorisoa ba ne ba rapella hore ba khone ho ‘bolela lentsoe la Molimo ka sebete,’ Molimo o ile a arabela thapelo eo ea bona. (Bala Liketso 4:29-31.) Haeba mohlomong u tšaba ho bolela ka ntlo le ntlo, Jehova o tla arabela lithapelo tsa hao ha u kōpa hore a u thuse hore u be le tumelo e matla le sebete.—Bala Pesaleme ea 66:19, 20. *

20. Ke thuso efe eo rōna bahlanka ba Jehova re e fumanang?

20 Ha ho bonolo ho etsa thato ea Molimo lefatšeng lena le khopo. Leha ho le joalo, ha rea lahloa kherehloa. Molimo o na le rōna. Mora oa hae eo e leng Hlooho ea phutheho, le eena o na le rōna. Lipaki Tsa Jehova tse fetang 7 000 000 lefatšeng lohle, le tsona li na le rōna. E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele re bontša tumelo re bile re bolela litaba tse molemo re ntse re hopola temana ea rōna ea selemo ea 2013 e reng: “E-ba sebete ’me u be matla. . . . Jehova Molimo oa hao o na le uena.”—Josh. 1:9.

^ ser. 19 Sheba Molula-Qhooa oa February 15, 2012, sehloohong se reng, “U be Sebete ’me U be Matla Haholo” ho fumana mehlala e meng ea batho ba ileng ba bontša sebete.