U se ke Ua Lumella Letho ho U Sitisa ho Finyella Khanya
“Ea pelo e ikokobetsang o tla finyella khanyeng.”—LIPROV. 29:23, Bibele ea Sesotho.
1, 2. (a) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khanya” le bolela’ng? (b) Re tla tšohla lipotso life sehloohong see?
HA U utloa lentsoe lee “khanya,” u nahana ka eng? Botle bo hlollang ba pōpo? (Pes. 19:1) Thoriso le khanya tse fuoang batho ba ruileng haholo, ba bohlale haholo kapa ba finyeletseng lintho tse khōlō? Ka Mangolong, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khanya,” le fetisa moelelo oa ntho e boima. Mehleng ea boholo-holo—ha chelete e ne e etsoa ka lirafshoa—ho ne ho nkoa hore ha chelete e le boima, ke ea boleng bo phahameng. Ke ka lebaka leo lentsoe le fetoletsoeng e le “khanya” le ka bolelang ntho ea bohlokoa kapa e hlollang.
2 Le hoja re ka khahloa ke matla, boemo kapa botumo boo motho e mong a nang le bona, Molimo eena o khahloa ke eng ho batho? Ha e le hantle, Mangolo a bua ka khanya eo Molimo a e fang batho. Ka mohlala, Liproverbia 22:4 e re: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.” Hape, morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Ikokobetseng mahlong a Jehova, ’me o tla le phahamisa.” (Jak. 4:10) Khanya eo Jehova a e fang batho ke eng? Ke eng e ka re thibelang ho e finyella? Hona re ka thusa batho ba bang joang hore ba finyelle khanya eo?
3-5. Jehova a ka ’na a re isa khanyeng efe?
3 Mopesaleme o ile a bontša hore o tšepa hore Jehova o tla mo tšoara ka letsoho le letona ’me a mo ise khanyeng ea ’nete. (Bala Pesaleme ea 73:23, 24.) Jehova o etsa see joang? O isa bahlanka ba hae ba ikokobelitseng khanyeng ka ho ba tlotla ka litsela tse ngata. O ba hlohonolofatsa ka hore ba utloisise thato ea hae. (1 Bakor. 2:7) O fa batho ba mamelang lentsoe la hae ba bile ba mo hlompha, tlotla ea ho ba le kamano e haufi le eena.—Jak. 4:8.
4 Jehova o boetse o fa bahlanka ba hae letlotlo le khanyang la ho etsa mosebetsi oa boboleli. (2 Bakor. 4:1, 7) Ho feta moo, mosebetsi ona o isa khanyeng. Jehova o etsa tšepiso e latelang ho batho ba sebelisang tlotla ea tšebeletso eo ba nang le eona hore ba mo rorise le hore ba tsoele batho ba bang molemo: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.” (1 Sam. 2:30) Batho ba joalo ba fuoa tlotla ea hore ba iketsetse lebitso le letle ho Jehova, ’me ho ka etsahala hore bahlanka ba bang ba Molimo ba ba bue hantle.—Liprov. 11:16; 22:1.
5 Batho ba ‘tšepang Jehova ’me ba boloka tsela ea hae’ ba tla ba le bokamoso bofe? Ba fuoa tšepiso ena: “[Jehova] o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.” (Pes. 37:34) Ba lebeletse ho fuoa tlotla eo ho seng e ka bapisoang le eona ea ho fumana bophelo bo sa feleng.—Pes. 37:29.
“HA KE AMOHELE THORISO E TSOANG HO BATHO”
6, 7. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba sa ikemisetsa ho beha tumelo ho Jesu?
6 Ke eng e ka ’nang ea re sitisa ho fumana khanya eo Jehova a ikemiselitseng ho re fa eona? Ntho e ’ngoe e ka ’nang ea re sitisa ke ho mamela maikutlo a batho ba se nang kamano e ntle le Molimo. Nahana ka seo moapostola Johanne a ileng a se ngola ka batho ba bang bao e neng e le baeta-pele mehleng ea Jesu; o ile a re: “Ba bangata esita le ho babusi ba hlile ba beha tumelo ho [Jesu], empa ka lebaka la Bafarisi ba ne ba sa bolele hore ba na le tumelo ho eena, e le hore ba se ke ba lelekoa synagogeng; kaha ba ne ba rata thoriso ea batho esita le ho feta thoriso ea Molimo.” (Joh. 12:42, 43) Ho ka be ho ile ha e-ba molemo hore babusi bao ba se ke ba nka menahano ea Bafarisi e le ea bohlokoa haholo.
7 Qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a hlokomela ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba sa mo amohele ba bile ba sa behe tumelo ho eena. (Bala Johanne 5:39-44.) Sechaba sa Iseraele se ne se ile sa lebella ho fihla ha Mesia ka tjantjello ka lilemo tse makholo. Ha Jesu a ne a qala ho ruta, e ka ’na eaba batho ba bang ba ile ba hlokomela hore ho latela boprofeta ba Daniele, nako e behiloeng ea ho hlaha ha Kreste e ne e se e fihlile. Likhoeli tse seng kae pejana, ha Johanne Mokolobetsi a ne a etsa mosebetsi oa boboleli, batho ba bangata ba ne ba re: “Na ekaba mohlomong ke eena Kreste?” (Luka 3:15) Joale Mesia eo esale ba mo lebella o ne a le har’a bona ’me a ruta. Empa batho ba neng ba tseba Molao ba ile ba hlōleha ho mo amohela. Ha Jesu a bontša lebaka la seo o ile a ba botsa a re: “Le ka lumela joang, ha le rorisana ’me le sa batle thoriso e tsoang ho eo e leng eena feela Molimo?”
8, 9. U sebelisa mohlala oa leseli, bontša kamoo thoriso kapa khanya e tsoang ho batho e ka re sitisang ho fumana thoriso kapa khanya e tsoang ho Molimo kateng.
8 Re ka bona kamoo thoriso e tsoang ho batho kapa khanya, e ka re sitisang kateng ho fumana thoriso kapa khanya e tsoang ho Molimo ka ho bapisa khanya le leseli. Bokahohle ba rōna bo tsotehang bo khanya haholo. Na u sa hopola ha u ne u shebile leholimo le hlakileng bosiu ’me u bona linaleli tse likete-kete? “Khanya ea linaleli” ea hlolla. (1 Bakor. 15:40, 41) Leha ho le joalo, ha u sheba leholimo u le seterateng sa motse o moholo o khantšitsoeng ka mabone a mangata u bona’ng? Mabone a motse o moholo a etsa hore ho be thata ho bona khanya e tsoang linaleling tseo tse hōle! Na see se etsahala hobane leseli le tsoang maboneng a seterateng, mabaleng a maholo a lipapali le mehahong, le le matla kapa le le letle ho feta khanya ea linaleli? Che! Sena se etsahala hobane leseli la mabone a motse le haufi haholo le rōna ’me le re sitisa ho bona pōpo ea Jehova. E le hore re khone ho bona khanya e hlollang e sebakeng sa leholimo bosiu, re lokela hore ka tsela e itseng re sire leseli la maiketsetso.
9 Ka tsela e tšoanang, khanya kapa thoriso e tsoang ho batho e ka etsa hore khanya e tsoang ho Jehova e bonahale e se na thuso. Batho ba bangata ba sitoa ho amohela molaetsa oa ’Muso hobane ba tšaba hore na metsoalle kapa beng ka bona ba ka ’na ba ba le maikutlo afe ka bona. Empa na takatso ea ho fumana thoriso kapa khanya e tsoang ho batho e ka ama esita le bahlanka ba inehetseng ba Molimo? A re re mohlankana e mong o abetsoe ho sebetsa tšimo sebakeng seo a tsejoang haholo ke batho ba motse empa a e-s’o itsebahatse e le Paki ea Jehova. Na o tla tšoha ebe o cha ntši? Kapa ho tla etsahala’ng haeba motho a songoa ha a phehella lipakane tsa ho sebeletsa Molimo? Na o tla lumela hore liqeto tseo a li etsang li susumetsoe ke batho ba se nang maikutlo a matle ka ho sebeletsa Molimo? Kapa a re re mohlomong Mokreste o entse sebe se tebileng. Na o tla pata sebe sa hae hobane a tšaba hore o tla lahleheloa ke boikarabelo ba hae ka phuthehong kapa hobane a sa batle ho soabisa batho bao a ba ratang? Ntlheng ena ea ho qetela, haeba maikutlo a hae a ka sehloohong e le ho lokisa kamano ea hae le Jehova, o tla ‘bitsa banna ba baholo ba phutheho’ ’me a kōpe thuso.—Bala Jakobo 5:14-16.
10. (a) Ho ameha ho tlōla ka hore na batho ba bang ba re talima joang ho ka re sitisa ho talima lintho ka tsela e nepahetseng joang? (b) Haeba re ikokobelitse re ka kholiseha ka eng?
10 Ho ka ’na ha etsahala hore nakong eo re bonang eka re hōla moeeng, molumeli-’moho le rōna a re eletse. Keletso ea hae e etsoang ka sepheo se setle e ka ’na ea re tsoela molemo haeba re sa leke ho itšireletsa ka lebaka la boikhohomoso, ho sireletsa botumo ba rōna kapa ho batla ho itokafatsa. Kapa a re re u etsa mosebetsi o itseng le molumeli-’moho le uena. Na u tla tšoenyeha ka hore na ha u sebelitse ka thata ebile u fane ka litlhahiso tse ntle ke mang ea fumanang thoriso ka lebaka la seo? Haeba u iphumana u le ho bo bong ba boemo boo, u lokela ho kholiseha hore “ea moea o ikokobelitseng o tla fumana thoriso.”—Liprov. 29:23.
11. Re lokela ho ikutloa joang botebong ba pelo ha batho ba re rorisa, hona hobane’ng?
11 Balebeli hammoho le batho ba ‘hahamallang’ ho ba balebeli, le bona ba lokela ho ba hlokolosi ka ho batla thoriso ea batho. (1 Tim. 3:1; 1 Bathes. 2:6) Morab’o rōna o lokela ho etsa’ng haeba a babatsoa ka mosebetsi o motle oo a o entseng? Ho ka etsahala hore ebe a ke ke a itlhomela sefika joaloka Morena Saule. (1 Sam. 15:12) Leha ho le joalo, na oa hlokomela hore o khonne ho etsa seo hobane a thusitsoe ke Jehova le hore nakong e tlang o tla atleha feela haeba Molimo a ntse a tsoela pele ho mo thusa le ho mo hlohonolofatsa? (1 Pet. 4:11) Tsela eo re ikutloang ka eona botebong ba pelo ha batho ba bang ba re rorisa e bontša hore na ha e le hantle ke thoriso ea mang eo re e batlang.—Liprov. 27:21.
“LE LAKATSA HO PHETHA LITAKATSO TSA NTAT’A LŌNA”
12. Ke’ng e ileng ea etsa hore Bajuda ba bang ba se ke ba mamela Jesu?
12 Ntho e ’ngoe e ka re sitisang ho fumana khanya kapa thoriso ea Molimo ke litakatso tsa rōna. Litakatso tse fosahetseng li ka etsa hore ho hang re se ke ra utloa ’nete. (Bala Johanne 8:43-47.) Jesu o ile a bolella Bajuda ba bang hore ha baa ka ba mamela molaetsa oa hae hobane ba ne ba ‘lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a bona Diabolose.’
13, 14. (a) Bafuputsi ba re boko ba rōna bo etsa’ng ha batho ba bua? (b) Taba ea hore na re khetha ho mamela mang e itšetlehile ka eng?
13 Ka linako tse ling, re utloa feela lintho tseo re batlang ho li utloa. (2 Pet. 3:5) Jehova o re bōpile re e-na le bokhoni bo hlollang ba hore re iphapanyetse lerata leo re sa le hlokeng. Ak’u khutse hanyenyane ’me u bone hore na ke melumo e mekae e ikhethang eo u ka e utloang hona joale. Ho ka etsahala hore ebe e meng ea eona u ne u sa e hlokomele nakoana e seng kae e fetileng. Le hoja boko ba hao bo e-na le bokhoni ba ho utloa melumo eo e fapa-fapaneng, bo ne bo u thusa hore u tsepamise kelello nthong e le ’ngoe. Empa ho thata hore re etse joalo haeba re mametse batho ba bang ha ba bua. Bafuputsi ba fumane hore re ka khona ho mamela motho a le mong feela ka nako. Sena se bolela hore ha batho ba babeli ba bua le uena ka nako e le ’ngoe, u tlameha ho khetha hore na u tla mamela ofe. Motho eo u tla mo khetha ke eo u hlileng u batlang ho mo mamela. Bajuda ba neng ba batla ho etsa litakatso tsa ntat’a bona e leng Diabolose, ha baa ka ba mamela Jesu.
14 Re fumana melaetsa e tsoang ‘ntlong ea bohlale’ le ‘ntlong ea ea hlokang kelello.’ (Liprov. 9:1-5, 13-17) Ho ka boleloa hore bohlale le ho hloka kelello li lula li re hoeletsa, ’me seo se re fa monyetla oa hore re khethe. Ke memo efe eo re tla e amohela? Karabo ea rōna e itšetlehile ka hore na re batla ho etsa thato ea mang. Linku tsa Jesu li mamela lentsoe la hae ’me lia mo latela. (Joh. 10:16, 27) Li “ka lehlakoreng la ’nete.” (Joh. 18:37) “Ha li tsebe mantsoe a basele.” (Joh. 10:5) Batho bao ba ikokobelitseng ba finyella khanya.—Liprov. 3:13, 16; 8:1, 18.
“A BOLELA KHANYA BAKENG SA LŌNA”
15. Matšoenyeho a Pauluse a ne “a [ka] bolela khanya” bakeng sa batho ba bang ka tsela efe?
15 Ho ba le mamello ha re etsa thato ea Jehova ho thusa batho ba bang hore ba finyelle khanya. Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Efese o ile a re: “Ke le kōpa hore le se ke la tela ka lebaka la matšoenyeho ana a ka molemong oa lōna, kaha a bolela khanya bakeng sa lōna.” (Baef. 3:13) Matšoenyeho a Pauluse a ne “a bolela khanya” bakeng sa Baefese ka tsela efe? Ka hore ebe Pauluse o ne a ikemiselitse ho tsoela pele a sebeletsa barab’abo ho sa tsotellehe matšoenyeho, o ile a bontša Baefese hore tlotla eo ba neng ba e-na le eona hobane e le Bakreste e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Haeba Pauluse a ne a ile a tela ha a thulana le matšoenyeho, seo se ka be se ile sa fana ka maikutlo a hore kamano ea bona le Jehova, tšebeletso ea bona le tšepo ea bona e ne e se lintho tsa bohlokoa. Ho mamella ha Pauluse ho ile ha phahamisa Bokreste, ha bontša hore motho o lokela ho itella ho ba morutuoa.
16. Pauluse o ile a thulana le matšoenyeho afe Lystra?
16 Nahana hore na cheseho le mamello ea Pauluse li ile tsa ama batho ba bang joang. Liketso 14:19, 20 e re: “Bajuda ba fihla ba tsoa Antioke le Ikoniamo ’me ba susumetsa bongata boo, ’me ba tlepetsa Pauluse ka majoe eaba ba mo hulela ka ntle ho motse [oa Lystra], ba nahana hore o shoele. Leha ho le joalo, ha barutuoa ba mo lika-liketsa, a tsoha eaba o kena motseng. Letsatsing le hlahlamang a tloha le Barnabase ho ea Derbe.” Nahana batho ba u siile ba nahana hore u shoele, ebe letsatsi le latelang u nka leeto la lik’hilomithara tse 100 u sa tsamaee ka lipalangoang tsa sejoale-joale!
17, 18. (a) Ho ka etsahala hore ebe Timothea o ile a latela haufi-ufi matšoenyeho a Pauluse ha a ne a le Lystra ka tsela efe? (b) Mamello ea Pauluse e ile ea susumetsa Timothea joang?
17 Na Timothea e ne e le e mong oa “barutuoa” ba ileng ba thusa Pauluse? Tlaleho ea Liketso ha e bolele taba eo ka ho toba, empa ho ka etsahala hore ebe o ne a le teng. Nahana ka seo Pauluse a ileng a se ngolla Timothea lengolong la hae la bobeli, o ile a re: “U latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo, . . . mofuta oa lintho tse ileng tsa nketsahalla Antioke [ho lelekoa motseng], Ikoniamo [ba leka ho mo betsa ka majoe], Lystra [ba mo tlepetsa ka majoe], mofuta oa mahloriso ao ke a mameletseng; leha ho le joalo Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.”—2 Tim. 3:10, 11; Lik. 13:50; 14:5, 19.
18 Timothea o ile a ‘latela liketsahalo tseo haufi-ufi’ ’me o ne a tseba hantle ka mamello ea Pauluse. Sena se ile sa susumetsa Timothea haholo. Ha Pauluse a ne a etetse Lystra, o ile a fumana hore Timothea e ne e le Mokreste ea behang mohlala o motle ’me “o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo.” (Lik. 16:1, 2) Ha nako e ntse e ea, Timothea o ile a tšoaneleha hore a fuoe boikarabelo bo matla ka phuthehong.—Bafil. 2:19, 20; 1 Tim. 1:3.
19. Mamello ea rōna e ka susumetsa ba bang joang?
19 Haeba re bontša mamello ha re etsa thato ea Molimo, seo se ka susumetsa ba bang ka tsela e tšoanang—haholo-holo bacha bao boholo ba bona e tla ba bahlanka ba Molimo ba bohlokoa haholo. Bacha baa sheba le ho ithuta hore na re buisana le batho joang ha re le tšebeletsong ea tšimo haholo-holo hore na re etsa’ng ha re thulana le maemo a boima. Pauluse o ile a “tsoela pele ho mamella lintho tsohle” e le hore bohle ba lulang ba tšepahala ‘ba ka fumana poloko hammoho le khanya.’—2 Tim. 2:10.
20. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re batla khanya kapa thoriso e tsoang ho Molimo?
20 Na joale ha rea lokela ho tsoela pele re ‘batla thoriso e tsoang ho eo e leng eena feela Molimo’? (Joh. 5:44; 7:18) Ka sebele re lokela ho etsa joalo! (Bala Baroma 2:6, 7.) Jehova o fana ka “bophelo bo sa feleng ho ba batlang khanya.” Ho feta moo, ha re ‘mamella mosebetsing o molemo,’ seo se ka thusa ba bang hore ba lule ba tšepahala ho fihlela ba fumana bophelo bo sa feleng. Kahoo, u se ke ua lumella letho ho u sitisa ho finyella khanya eo Molimo a fanang ka eona.