Nalane ea Rōna
Filimi “e sa Lebaleheng” e Ileng ea Fihla ka Nako e Nepahetseng
“RURI HA E LEBALEHE!” Ke tsela eo batho ba bangata ba ileng ba hlalosa filimi ea “Creation Drama” ka eona. E ile ea fihla ka nako e nepahetseng ’me batho ba ileng ba e shebella ha baa ka ba e lebala. Ka sebele, “Creation Drama” e ile ea fana ka bopaki bo matla eaba ea tlotlisa Jehova nakoana pele puso ea Hitler e hlorisa bahlanka ba Jehova ba neng ba lula Europe ka sehlōhō. Empa “Creation Drama” e ne e le eng?
Ka 1914 ntlo-khōlō ea bahlanka ba Jehova e Brooklyn, New York, U.S.A., e ile ea lokolla filimi ea “Photo-Drama of Creation.” E ne e le filimi e nkang lihora tse robeli ea li-slide le litšoantšo tse tsamaeang, tse nang le mebala le molumo. “Photo-Drama” e ile ea shebelloa ke batho ba limilione lefatšeng lohle. Ka 1914 ho ile ha lokolloa filimi e ’ngoe e khutšoanyane e bitsoang “Eureka Drama.” Empa ka bo-1920, li-slide, lifilimi le thepa e ’ngoe e neng e sebelisoa li ne li se li senyehile haholo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ne ba ntse ba batla ho shebella filimi ea “Photo-Drama.” Ka mohlala, baahi ba Ludwigsburg, Jeremane, ba ile ba re, “‘Photo-Drama’ e tla bontšoa neng hape?” Ho ne ho tla etsoa’ng?
E le hore ho boele ho bontšoe “Photo-Drama,” ka bo-1920 baemeli ba lelapa la Bethele ea Magdeburg, Jeremane, ba ile ba reka lifilimi mokhatlong o mong oa litaba Paris, France le li-slide lik’hamphaning tsa litšoantšo tse Leipzig le Dresden. Li ile tsa kopanngoa le li-slide tsa khale tsa “Photo-Drama” tse neng li sa senyeha.
Mor’abo rōna Erich Frost, ea neng a e-na le talenta ea ’mino, o ile a qapa ’mino o neng o tla bapaloa le lifilimi le li-slide tseo. Mantsoe a mang a neng a hlalosa lifilimi le li-slide tseo a ile a nkoa bukeng ea rōna ea Creation. Ke ka lebaka leo “Photo-Drama” e ntlafalitsoeng e ileng ea fuoa lebitso le lecha—e leng “Creation Drama.”
Filimi ena e ncha e ne e ntse e nka nako e lekanang le ea “Photo-Drama”—e leng lihora tse robeli—’me e ne e bontšoa ka mekhahlelo ka matsatsi a latellanang. E ne e bua ka boitsebiso bo thahasellisang ka matsatsi a pōpo, e tšohla histori ea Bibele le ea lefatše ebile e bontša hore bolumeli bo soetsitse batho. “Creation Drama” e ne e bontšoa Austria, Jeremane, Luxemburg le Switzerland hammoho le libakeng tse ling tseo ho neng ho e-na le batho ba buang Sejeremane.
Erich Frost o ile a re: “Ha ho ne ho bontšoa Drama eo, ke ne ke khothalletsa basebetsi-’moho le ’na, haholo-holo ba neng ba le sehlopheng sa ’mino oa liletsa hore nakong ea khefu ba tsamaee moleng o mong le o mong ba fe bamameli libuka le libukana tsa rōna tse babatsehang. Re ile ra tsamaisa lingoliloeng tse ngata ka tsela ena ho feta ka ntlo le ntlo.” Johannes Rauthe, ea neng a hlophisa hore ho bontšoe “Creation Drama” Poland le naheng eo hona joale e seng e le Czech Republic, o re batho ba bangata ba neng ba tla ba ne ba fana ka liaterese tsa bona e le hore ba tle ba eteloe. Liaterese tseo ke tsona tse neng li thusa hore ho etsoe maeto a ho boela a atlehang.
Ho fihlela ka bo-1930, “Creation Drama” e ne e bontšoa liholong tse tletseng tsoete! ’me batho ba bangata litoropong tseo ba ne ba bua ka Lipaki Tsa Jehova. Ka 1933, batho ba ka bang milione ba ne ba se ba shebelletse “Creation Drama,” e neng e hlophisitsoe ke ofisi ea rōna ea lekala e Jeremane. Käthe Krauss o re, “Ka matsatsi a mahlano ao filimi eo e neng e bontšoa ka ’ona, letsatsi le leng le le leng re ne re tsamaea lik’hilomithara tse leshome ho ea le tse leshome ho khutla, re tsamaea har’a meru re theosa re bile re e-hloa likhohlo e le hore feela re il’o e shebella.” Else Billharz o re, “‘Creation Drama’ e ile ea etsa hore ke rate ’nete.”
Alfred Almendinger o re ka mor’a hore ’mè oa hae a shebelle filimi eo, o ne “a thabile hoo a ileng a reka Bibele ’me a batla lentsoe ‘pelekatori.’” Kaha ha aa ka a fumana lentsoe leo ka Bibeleng, o ile a khaotsa ho ea kerekeng eaba oa kolobetsoa. Erich Frost o re, “Batho ba bangata ba ile ba thusoa ke ‘Creation Drama’ hore ba fumane ’nete.”—3 Joh. 1-3.
Nakong eo ho bontšoa ha “Creation Drama” ho fihlang sehlohlolong, Europe e ile ea apareloa ke moea oa Bonazi. Ho qala ka 1933, mosebetsi oa Lipaki o ile oa thibeloa Jeremane. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ha ntoa ea bobeli ea lefatše e lala ka 1945, bahlanka ba Jehova ba Europe ba ile ba hlorisoa haholo. Erich Frost o ile a qeta lilemo tse ka bang robeli a le litlamong. Empa o ile a pholoha ’me hamorao a sebeletsa Bethele Wiesbaden, Jeremane. Ruri e ile ea e-ba ntho e ntle hore “Creation Drama” e sa lebaleheng e fihle ka nako e nepahetseng e le hore e thuse Bakreste ba bangata ba neng ba le haufi le ho thulana le liteko tse neng li tla leka tumelo ea bona hore ba be sebete nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše!—Nalane ea rōna ea Jeremane.