MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) April 2013

Makasine ena e tla re hlalosetsa hore na re ka ithuta Bibele joang e le hore re sebelise bohlale bo tsoang ho Molimo bophelong ba rōna.

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Mexico

Fumana hore na bacha ba bangata ba hlōtse mathata ka tsela efe e le hore ba eketse tšebeletso ea bona ea Bokreste.

Rua Molemo ka Botlalo ha U Bala Bibele

Bibele e tla re tsoela molemo hafeela re ithuta eona re bile re sebelisa seo e se rutang. Ithute kamoo u ka etsang hore ’malo oa hao oa Bibele e be o atlehang kateng.

Sebelisa Lentsoe la Molimo ho Thusa Batho ba Bang le ho Ithusa

Na u nka Bibele e le ea bohlokoa? Ho ithuta 2 Timothea 3:16 ho tla u thusa hore u be le tumelo mphong ena e tsoang ho Jehova.

PALE EA BOPHELO

Lilemo Tse Mashome a Mahlano Tšebeletsong ea Nako e Tletseng Haufi le Arctic Circle

Bala pale ea bophelo ea Aili le Annikki Mattila, ba ileng ba ithuta ho tšepa Jehova ha ba ne ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng Finland leboea.

‘Le Nepisise Lintho Tsa Bohlokoa Haholo’

Re na le tlotla ea ho ba karolo ea mokhatlo oa Molimo oa bokahohleng. Re ka tšehetsa mosebetsi o etsoang ke mokhatlo oo joang kajeno?

‘Le se ke la Khathala’

Ke’ng e tla re thusa hore re tsamaisane le mokhatlo oa Jehova le hore re lule re ntse re cheseha tšebeletsong ea Molimo?

Re U Lome Tsebe?

Jesu o ile a bolela esale pele hore tempele ea Jehova e ne e tla timetsoa ka ho feletseng. Na ho na le mohla tempele ea Jerusalema e ileng ea tsosolosoa ka mor’a 70 C.E.?