MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) May 2013
Makasine ena e hlalosa hore na re ka atleha joang ho phetha mosebetsi oa rōna oa boevangeli e bile e totobatsa litšobotsi tse ka re thusang ho ba le puisano e ntle ka lapeng.
Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bolelle batho litaba tse molemo kajeno? Hona re ka atleha joang ho phetha mosebetsi oa rōna oa boevangeli?
Na U ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?
Sehloohong sena ho tšohloa tsela eo mosebetsi oa rōna oa boboleli le boitšoaro ba rōna bo botle bo hulelang batho ho Molimo ka eona.
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Lichaba tse ngata tsa mehleng ea boholo-holo li ne li bolaea batlōli ba molao ka ho ba fanyeha thupeng kapa palong. Sechaba sa Iseraele ea boholo-holo sona se ne se sebetsana le batlōli ba molao joang?
Matlafatsang Lenyalo la Lōna ka Hore le be le Puisano e Ntle
Puisano e ntle ke ea bohlokoa e le hore banyalani ba thabe lenyalong. Sehloohong sena ho tšohloa litšobotsi tse ka re thusang hore re be le puisano e ntle.
Batsoali, Bana—Buisanang ka Lerato
Ke lintho life tse ka sitisang hore ho be le puisano e ntle? Li ka hlōloa joang?
PALE EA BOPHELO
Lebaka Leo ka Lona Bophelo ba Rōna bo Nang le Morero oa Sebele
Patricia o na le bana ba babeli ba nang le lefu le sa tloaelehang leo ba le futsitseng ho batsoali ka bobeli. Ithute hore na ke hobane’ng ha ba phela bophelo bo nang le morero ho sa tsotellehe mathata ao ba thulanang le ’ona.
Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
Bakreste ba tšepisitsoe lefa lefe la moea, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa Esau o re lemosang?
NALANE EA RONA
Ba Ile ba Ema ba Tiile ka “Hora ea Teko”
Bala hore na ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914 ho ile ha qetella ho entse hore batho ba hlokomele joang hore Liithuti Tsa Bibele ha li nke lehlakore.