Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali, Bana—Buisanang ka Lerato

Batsoali, Bana—Buisanang ka Lerato

“Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.”—JAK. 1:19.

1, 2. Hangata batsoali ba ikutloa joang ka bana ba bona ’me bana ba ikutloa joang ka batsoali, empa ka linako tse ling ke bothata bofe boo ba thulanang le bona?

“HAEBA u ne u tseba hore batsoali ba hao ba tl’o shoa hosane, ke ntho efe eo u neng u ka rata ho ba bolella eona haholo-holo?” Eo ke potso e ileng ea botsoa bana ba makholo ba United States. Ho e-na le ho tsepamisa likelello mathateng a teng pakeng tsa bona le batsoali kapa linthong tseo ba ileng ba fapana ka maikutlo ho tsona, bana ba etsang karolo ea 95 lekholong ba ile ba bolela hore ba ne ba tla re ho batsoali: “Ke kōpa le ntšoarele” hape “ke le rata haholo.”—For Parents Only, e ngotsoeng ke Shaunti Feldhahn le Lisa Rice.

2 Ka kakaretso, bana ba rata batsoali ba bona ’me batsoali le bona ba rata bana ba bona. Sena se etsahala haholo malapeng a Bakreste. Le hoja batsoali le bana ba labalabela ho ba le kamano e haufi, ka linako tse ling ho ba thata hore ba buisane. Esita leha batsoali le bana ba buisana ba phutholohile, ke hobane’ng ha ba qoba ho bua ka lintho tse ling ka ho feletseng? Ke lintho life tse ka sitisang hore ho be le puisano e ntle? Li ka ’na tsa hlōloa ka tsela efe?

U se ke ua lumella litšitiso le ho itšehla thajana hore li etse hore ho se ke ha e-ba le puisano lelapeng la hao

“LE ITHEKELE” NAKO EA HO BUISANA

3. (a) Ke hobane’ng ha malapa a mangata a thatafalloa ke ho ba le puisano e ntle? (b) Ke hobane’ng ha litho tsa malapa a mehleng ea Iseraele ea boholo-holo li ne li khona ho qeta nako li le ’moho?

3 Malapa a mangata a hlokometse hore ha ho bonolo ho fumana nako e lekaneng ea hore a buisane ka lintho tse a tsoelang molemo. Empa mehleng ea pele ho ne ho se joalo. Moshe o ile a laela bo-ntate ba Baiseraele a re: ‘U lokela ho ruta mora oa hao mantsoe a Molimo ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.’ (Deut. 6:6, 7) Bana ba ne ba qeta letsatsi lohle ba e-na le ’mè oa bona lapeng kapa ba e-na le ntate oa bona masimong kapa sebakeng seo a sebeletsang ho sona. Batsoali le bana ba ne ba qeta nako e ngata ba le ’moho ba bile ba  buisana. Ka hona, batsoali ba ne ba khona ho tseba litlhoko tsa bana ba bona, lintho tseo ba li ratang hammoho le botho ba bona. Ka ho tšoanang, bana ba ne ba e-na le nako le monyetla o motle oa ho tseba batsoali ba bona hantle.

4. Ke hobane’ng ha kajeno malapeng a mangata ho le thata hore batsoali ba buisane le bana ba bona?

4 Ruri bophelo bo fetohile kajeno! Linaheng tse ling bana ba qala ho ea sekolong sa tlhokomelo ea bana ba sa le banyenyane haholo, ka linako tse ling ba le lilemo li peli feela. Bo-ntate le bo-’mè ba bangata ba sebetsa hōle le malapa a bona. Nakong e nyenyane eo batsoali ba bang ’moho le bana, nako ea ho buisana e jeoa ke lik’homphieutha, thelevishene le lisebelisoa tse ling tsa elektronike. Maemong a mangata, bana le batsoali ba phela bophelo bo fapaneng hōle; ekare ke batho ba sa tsebaneng ho hang. Ho ka etsahala hore ba se ke ba khona ho buisana ka tsela e ba tsoelang molemo.

5, 6. Batsoali ba bang ba ‘ithekela’ nako joang e le hore ba be le bana ba bona?

5 Na u ka khona ho ‘ithekela’ nako linthong tse ling e le hore u e qete le ba lelapa la hao? (Bala Baefese 5:15, 16.) Malapa a mang a lumellana hore a fokotse nako eo a e qetang a shebelletse thelevishene kapa a sebelisa k’homphieutha. A mang a leka hore a je a le hammoho bonyane hanngoe ka letsatsi. Ruri tokisetso ea borapeli ba lelapa e fana ka monyetla o motle oa hore batsoali le bana ba be le kamano e haufi le hore ba buisane ka lintho tsa moea ba khobile matšoafo! Ho behella ka thōko nako e ka etsang hora kapa ho feta ka beke bakeng sa borapeli ba lelapa ke bohato bo botle, empa ho boetse ho na le lintho tse ling tseo malapa a lokelang ho li etsa e le hore a iphe monyetla oa hore a buisane ka lintho tse tebileng. E le hore litho tsa malapa li tsebe ho etsa seo, li lokela ho buisana kamehla. Pele ngoana oa hao a ea sekolong, bua mantsoe a mo khothatsang, tšohla temana ea letsatsi kapa u rapele le eena. Ho etsa seo ho ka mo thusa haholo ha a le sekolong.

6 Batsoali ba bang ba ’nile ba fetola tsela eo ba phelang ka eona e le hore ba tsebe ho qeta nako e ngata ba e-na le bana ba bona. Ka mohlala, Laura, * e leng ’mè ea nang le  bana ba babeli ba banyenyane, o ile a tlohela mosebetsi ka lona lebaka leo. O re: “Hoseng re ne re tsoa re tatile re ea mosebetsing bana ba ea sekolong. Mantsiboea ha ke khutlela hae, ke ne ke fumana bana ba ka ba se ba robetse, ba robalitsoe ke motho ea ba hlokomelang. Kaha ke ile ka tlohela mosebetsi, re ile ra tlameha ho phela ka chelete e fokolang, empa hona joale kea tseba hore na bana ba ka ba nahana joang le hore na mathata a bona ke afe. Kea mamela hore na ba re’ng ha ba rapela ’me ke khona ho ba tataisa, ho ba khothatsa le ho ba ruta.”

LE “POTLAKELE HO UTLOA”

7. Ke ntho efe eo batsoali le bana ba tletlebang ka eona?

7 Ka mor’a hore bangoli ba buka ea For Parents Only ba buisane le bacha ba bangata, ba ile ba hlokomela ntho e ’ngoe e sitisang litho tsa lelapa hore li buisane. Ba re: “Ntho e ka sehloohong eo bana ba tletlebang ka eona ka batsoali ke hore, ‘Ha ba mamele.’” Bothata boo ha se ba batsoali feela. Hangata batsoali le bona ba tletleba ka ntho e tšoanang ka bana ba bona. E le hore litho tsa lelapa li tsoele pele li buisana ka bolokolohi, li lokela ho mamela—li mamelane e le kannete.—Bala Jakobo 1:19.

8. Batsoali ba ka mamela bana ba bona e le kannete joang?

8 Batsoali, na ehlile le mamela bana ba lōna? Ho ka ’na ha e-ba thata hore le ba mamele haeba le khathetse kapa le nahana hore ntho eo ba batlang ho bua ka eona hase ea bohlokoa. Empa ntho e bonahalang e se ea bohlokoa ho uena, e ka ’na eaba ke ea bohlokoa haholo ho ngoana oa hao. Ho ‘potlakela ho utloa’ ho bolela hore u se ke ua mamelisisa feela ha ngoana oa hao a bua empa hore u ele hloko le tsela eo a buang ka eona. Tsela eo ngoana a buang ka eona le tsela eo a shebahalang ka eona kapa a tsamaisang litho tsa ’mele ka eona, e ka u thusa ho hlokomela hore na ngoana o ikutloa joang. Ho botsa lipotso le hona ke habohlokoa. Bibele e re: “Maikutlo a motho a joaloka seliba se tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla a kha.” (Liprov. 20:5, Today’s English Version) Temoho le temohisiso li hlokahala haholo ha u leka hore bana ba hao ba ntše maikutlo a bona ka litaba tseo ho seng bonolo ho buisana ka tsona.

9. Ke hobane’ng ha bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona?

9 Bana, na le mamela batsoali ba lōna? Lentsoe la Molimo le re: “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” (Liprov. 1:8) Hopola hore batsoali ba hao baa u rata ebile ba u lakaletsa katleho, ka lebaka leo, ho molemo hore u ba mamele u be u ba hlomphe. (Baef. 6:1) Ho bonolo hore u mamele batsoali ba hao haeba le khona ho buisana hantle ebile u tseba hore baa u rata. Bolella batsoali ba hao hore na u ikutloa joang. Sena se tla ba thusa hore ba u utloisise. ’Nete ke hore le uena u lokela ho leka ho ba utloisisa.

10. Re ithuta’ng tlalehong ea Bibele e buang ka Roboame?

10 U lokela ho ba hlokolosi mabapi le ho mamela keletso ea lithaka tsa hao. Li ka ’na tsa u bolella seo u se batlang, empa keletso ea tsona e ka ’na ea se ke ea u thusa ho hang. Ha e le hantle, e ka ba ea u kenya kotsing. Kaha bacha ha ba bohlale ebile ha ba na boiphihlelo joaloka batho ba baholo, boholo ba bona ba ka ’na ba se ke ba lemoha hore na ha nako e ntse e ea litholoana tsa lintho tse ling tseo ba li etsang e tla ba life. Hopola mohlala oa mora oa Morena Solomone ea bitsoang Roboame. Ha e ne e e-ba morena oa Iseraele, ho ka be ho ile ha e-ba molemo hore a mamele keletso ea banna ba baholo. Ho e-na le hoo, o ile a mamela keletso e booatla ea banna ba bacha bao a neng a hōtse le bona. Kahoo, bafo ba hae ba bangata ba ne ba se ba sa mo tšehetse. (1 Mar. 12:1-17) Ho e-na le ho latela mohlala o mobe oa Roboame, etsa boiteko ba ho lula u buisana le batsoali ba hao ka bolokolohi. Ba bolelle maikutlo a hao. Mamela keletso ea bona ’me u nke malebela ho bona.—Liprov. 13:20.

11. Ho ka etsahala’ng haeba batsoali ba sa etse hore bana ba nolofalloe ho bua le bona?

11 Batsoali, haeba le sa batle hore bana  ba lōna ba batle keletso ho lithaka tsa bona, etsang hore ba nolofalloe ho bua le lōna. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li ka tlaase ho 20 o ile a ngola a re: “Ha ke qala ke bua ka lebitso la moshanyana feela batsoali ba ka ha ba sa phutholoha. Seo se etsa hore le ’na ke se ke ka hlola ke phutholoha ’me ke ba leqe ho tsoela pele.” Morali e mong oabo rōna e mocha o ile a ngola a re: “Bacha ba bangata ba batla keletso ea batsoali ba bona, empa haeba batsoali ba sa ba nkele hloohong, bana ba tla batla keletso ho batho ba bang ba ba nkelang hloohong, esita le ho ba se nang boiphihlelo.” Haeba u ikemiselitse ho mamela bana ba hao nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba batlang ho bua le uena ka eona ebile u ba bontša qenehelo, ho ka etsahala hore ebe ba tla u phetlela sefuba ’me ba mamele tataiso ea hao.

LE “LIEHE HO BUA”

12. Seo batsoali ba se etsang ha bana ba bua le bona se ka etsa hore bana ba sitoe ho bua le bona joang?

12 Ntho e ’ngoe e etsang hore bana ba sitoe ho bua le batsoali ba bona ke ha batsoali ba nkoa ke maikutlo ba bile ba nka lintho tseo bana ba ba bolellang tsona hampe. Hoa utloahala hore batsoali ba Bakreste ba batla ho sireletsa bana ba bona. ‘Matsatsing ana a ho qetela’ ho tletse lintho tse ngata tse kotsi—moeeng le nameng. (2 Tim. 3:1-5) Leha ho le joalo, seo batsoali ba se nkang e le ho sireletsa bana, bana bona ba ka ’na ba nka e le ho fetelletsa lintho.

13. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba potlakela ho ntša maikutlo?

13 E ka ba hantle hore batsoali ba se ke ba potlakela ho ntša maikutlo a bona. Ke ’nete hore ha ho bonolo ho khutsa ha bana ba u bolella ntho e nyahamisang. Empa ke habohlokoa hore u mamele ka hloko pele u araba. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” (Liprov. 18:13) Haeba u lula u khobile matšoafo u tla utloa lintho tse ngata ’me bana ba hao ba tla tsoela pele ba bua. U lokela ho utloa litaba kaofela pele u ka khona ho fana ka thuso. Motho a ka ’na a bua “puo e hlaha” ka lebaka la ho ferekana. (Jobo 6:1-3) Kaha le batsoali ba nang le lerato, mamelang e le hore le fumane kutloisiso ’me le sebelise leleme ho folisa.

14. Ke hobane’ng ha bana ba lokela ho lieha ho bua?

14 Bana, le lōna le lokela ho ‘lieha ho bua,’ le se ke la potlakela ho ba khahlanong le seo batsoali ba lōna ba se buang kaha Molimo o ba file boikarabelo ba ho le koetlisa. (Liprov. 22:6) Ho ka etsahala hore ebe ba ile ba thulana le maemo ao le thulanang le ’ona hona joale. Ho feta moo, ba ikoahlaela liphoso tseo ba ileng ba li etsa ha ba sa le bacha ’me ba batla ho le sireletsa e le kannete hore le se ke la etsa liphoso tse tšoanang. Kahoo, le lokela ho nka batsoali ba lōna e le metsoalle eseng lira; e le baeletsi, eseng batho ba khahlanong le lōna. (Bala Liproverbia 1:5.) “Hlompha ntat’ao le ’m’ao,” ’me u ba bontše hore ua ba rata joalokaha le bona ba u rata. Seo se tla ba nolofalletsa hore ba u ‘hōlise ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’—Baef. 6:2, 4.

LE “LIEHE HO HALEFA”

15. Ke eng e tla re thusa hore re se ke ra felloa ke mamello le hore re se ke ra halefela batho bao re ba ratang?

15 Hase hangata re bontšang mamello ha re sebetsana le batho bao re ba ratang. Ha moapostola Pauluse a ngolla “bahalaleli le barab’abo rōna ba tšepahalang ba bonngoeng le Kreste ba leng Kolose,” o ile a re: “Lōna banna, le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla. Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakol. 1:1, 2; 3:19, 21) Pauluse o ile a eletsa Baefese a re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baef. 4:31) Ho loanela ho ba le tiisetso, bonolo le boitšoaro—e leng litšobotsi tsa tholoana ea moea oa Molimo—ho tla re thusa hore re  lule re khobile matšoafo esita leha re le tlas’a khatello.—Bagal. 5:22, 23.

16. Jesu o ile a khalemela barutuoa ba hae joang, hona ke hobane’ng ha see e le ntho e tsotehang?

16 Nahana ka mohlala oa Jesu. Nahana hore na o ne a e-na le khatello e kae maikutlong lijong tsa ho qetela tsa shoalane tseo a ileng a li ja le baapostola ba hae. Jesu o ne a tseba hore ka mor’a lihora tse ’maloa o ne a tla shoa lefu le bohloko le hore o ne a tla shoa butle. Taba ea hore lebitso la Ntate oa hae le halaletsoe le hore batho ba pholosoe e ne e itšetlehile ka hore a lule a tšepahala. Leha ho le joalo, nakong eo ea lijo, ho ile “ha tsoha phehisano e chesang har’a [baapostola] ka hore na ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” Jesu ha aa ka a ba omanya kapa a ba halefela. Ho e-na le hoo, ka bonolo o ile a ba behela mabaka. Jesu o ile a ba hopotsa hore ke bona ba mo khomaretseng litekong tsa hae. Le hoja Satane a ne a batla ho ba sefa joaloka koro, Jesu o ile a bontša hore o ne a e-na le tšepo ea hore ba tla lula ba tšepahala. O ile a ba a etsa selekane le bona.—Luka 22:24-32.

Na u mamela bana ba hao ka hloko?

17. Ke eng e tla thusa bana hore ba lule ba khobile matšoafo?

17 Ho hlokahala hore bana le bona ba khobe matšoafo. Haholo-holo ha ba fihla lilemong tsa bocha, bana ba ka ’na ba ba le maikutlo a hore batsoali ba bona ba ba tataisa hobane ba sa ba tšepe. Le hoja ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka ho joalo, hlokomela hore batsoali ba hao ba amehile ka uena hobane ba u rata. Ha u ba mamela u khobile matšoafo ebile u sebelisana le bona, ba tla u hlompha ebile ba tla u nka u le motho ea nang le boikarabelo. Boitšoaro bo joalo bo ka etsa hore ba u fe bolokolohi bo bongata likarolong tse itseng tsa bophelo. Ho bontša boitšoaro ke bohlale. Maele a bohlale a re: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse ho fihlela qetellong.”—Liprov. 29:11.

18. Lerato le etsa hore batho ba be le puisano e ntle joang?

18 Kahoo, batsoali hammoho le bana ba ratehang, le se ke la nyahama haeba le sa buisane le litho tsa malapa a lōna le phutholohile ka tsela eo le neng le ka rata hore le phutholohe ka eona. Tsoelang pele le ntlafatsa tsela eo le buisanang ka eona le be le tsoele pele le tsamaea ’neteng. (3 Joh. 4) Lefatšeng le lecha, batho ba phethahetseng ba tla sebelisana hantle, ba tla utloana ’me ho ke ke ha e-ba le liqabang. Leha ho le joalo, hona joale kaofela ha rōna re etsa lintho tseo re ikoahlaelang tsona hamorao. Kahoo, u se ke ua ba leqe ho kōpa tšoarelo. U tšoarele batho ba bang ka bolokolohi. ‘Kopanang hammoho ka tumellano leratong.’ (Bakol. 2:2) Lerato le matla. ‘Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.’ (1 Bakor. 13:4-7) Tsoelang pele le loanela ho ba le lerato, ’me le tla ba le puisano e ntle e tla etsa hore lelapa la lōna le thabe le be le tlotlise Jehova.

^ ser. 6 Lebitso le fetotsoe.