Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Baiseraele ba ne ba bolaea batlōli ba molao ka ho ba fanyeha thupeng?

Lichaba tse ngata mehleng ea boholo-holo li ne li bolaea batlōli ba itseng ba molao ka ho ba khokhothela thupeng kapa palong. Baroma ba ne ba faselletsa kapa ba khokhothela motho ea joalo thupeng moo a neng a ka ’na a tsoela pele a phela ka matsatsi a ’maloa pele ’mele oa hae o felloa ke matla ka lebaka la bohloko, lenyora, tlala le maemo a leholimo. Baroma ba ne ba nka ho khokhotheloa thupeng e le kahlolo e tlotlollang e lokelang batlōli ba molao ba boemo bo tlaase haholo.

Sechaba sa Iseraele sona se ne se sebetsana le batlōli ba molao joang? Na se ne se ba bolaea ka ho ba fanyeha thupeng? Molao oa Moshe o ne o re: “Haeba motho a etsa sebe se loketsoeng ke kahlolo ea lefu, ’me a bolailoe, ’me u mo fanyehile thupeng, setopo sa hae ha sea lokela ho hlola bosiu bohle thupeng; empa ruri u mo pate letsatsing lona leo.” (Deut. 21:22, 23) Ho hlakile hore nakong eo ho neng ho ngoloa Mangolo a Seheberu, motho ea neng a ahloleloa lefu o ne a bolaoa pele ebe o fanyehoa thupeng kapa sefateng.

Mabapi le sena, Levitike 20:2 e re: “Motho leha e le ofe oa bara ba Iseraele, le mojaki leha e le ofe ea lulang e le mojaki Iseraele, ea fanang ka leha e le ofe oa bana ba hae ho Moloke, ruri o lokela ho bolaoa. Batho ba naha ba lokela ho mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa.” Batho ba neng ba ‘e-na le moea oo ba buisanang le oona kapa moea oa ho bolela lintho esale pele’ le bona ba ne ba bolaoa. Ka tsela efe? Ba ne ba ‘tlepetsoa ka majoe.’—Lev. 20:27.

Deuteronoma 22:23, 24, e re: “Haeba ho e-ba le ngoanana oa moroetsana ea lebelelitsoeng ke monna, ’me monna a mo fumana motseng ’me a robala le eena, le ba tlise hekeng ea motse oo ’me le ba tlepetse ka majoe, ’me ba tla shoa, ngoanana kahobane a sa ka a hoeletsa motseng, le monna kahobane a tlotlolotse mosali oa oa habo. Kahoo u tlose se sebe har’a lōna.” Kahoo, tsela e ka sehloohong eo Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo ba neng ba bolaea motho ea fumanoang a le molato oa tlōlo ea molao e sehlōhō ka eona, e ne e le ho mo tlepetsa ka majoe. *

Ho hlakile hore nakong eo ho neng ho ngoloa Mangolo a Seheberu, motho ea neng a ahloleloa lefu o ne a bolaoa pele ebe o fanyehoa thupeng kapa sefateng

Deuteronoma 21:23 e re “ea fanyehiloeng ke ntho e rohakiloeng ke Molimo.” Ho hlakile hore ho bontša setopo sa motho ea neng a entse lintho tse mpe ea “rohakiloeng ke Molimo,” ho ne ho ama Baiseraele ka tsela e itseng. Ka sebele, ho fanyeha setopo sa motho eo ea bolailoeng thupeng kapa sefateng, e ne e e-ba temoso ho batho ba bang.

^ ser. 6 Litsebi tse ngata lia lumellana hore tlas’a Molao, motlōli oa molao o ne a bolaoa pele a fanyehoa thupeng. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo bontšang hore lekholong la pele la lilemo, Bajuda ba ne ba fanyeha batlōli ba bang ba molao thupeng ba ntse ba phela ebe ba shoella thupeng moo.