Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

Bakreste ba lokela ho talima mokhoa oa ho batla tataiso ka ho bula Bibele feela joang?

Mokhoa ona o bolela hore motho o bula Bibele feela, ebe o bala mantsoe a pele ao a kopanang le ’ona, a lumela hore a tla mo fa tataiso eo a e hlokang. Bakreste ba ’nete ha ba batle lipontšo tsa lintho tse tlang. Ho e-na le hoo, ba ithuta Bibele e le hore ba fumane tsebo e nepahetseng le tataiso e tsoang ho Molimo.—12/15, leqepheng la 3.

“Lefatše” le tla feta ke eng?

“Lefatše” le tla feta ke batho ba sa pheleng tumellanong le thato ea Molimo. (1 Joh. 2:17) Lefatše le ke ke la timetsoa ’me le batho ba tšepahalang ba ke ke ba timetsoa.—1/1, leqepheng la 5-7.

Le hoja Abele a shoele, o sa ntse a bua le rōna ka tsela efe? (Baheb. 11:4)

O etsa seo ka mohlala oa hae oa tumelo. Ho na le seo re ka ithutang sona mohlaleng oa hae oa ho bontša tumelo ra ba ra o latela. Mohlala oo a re behetseng oona o ntse o sebetsa le kajeno.—1/1, leqepheng la 12.

Ke likarolong life tsa bophelo moo re lokelang ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella letho ho re suthisetsa hōle le Molimo?

Tse ling tsa likarolo tseo ke: mosebetsi oa rōna oa boipheliso, boikhathollo le boithabiso boo re bo khethang, ho itsoakanya le setho sa lelapa se khaotsoeng, ho sebelisa theknoloji ea kajeno, ho ameha ka bophelo ba rōna bo botle, ho talima chelete ka tsela e fosahetseng le ho nka hore maikutlo kapa maemo a rōna a phahametse a batho ba bang.1/15, leqepheng la 12-21.

Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Moshe oa ho bontša boikokobetso?

Ho e-na le hore Moshe a lumelle bolaoli boo a neng a bo filoe hore bo mo mathele hloohong, o ile a itšetleha ka Molimo. Ha re batle ho lumella bokhoni boo re nang le bona kapa matla a bolaoli ao re a filoeng hore a re mathele hloohong; ho e-na le hoo, re batla ho tšepa Jehova. (Liprov. 3:5, 6)2/1, leqepheng la 5.

Batho ba tsositsoeng ba tla lula hokae?

Palo e lekanyelitsoeng ea batho ba 144 000, e tla lula leholimong. Leha ho le joalo, ba bangata ba tla tsosetsoa lefatšeng ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.3/1, leqepheng la 6.

Hore Baiseraele ba ne ba sa “bolla pelong” ho ne ho bolela’ng? (Jer. 9:26)

Ba ile ba fetohela Molimo ka manganga kahoo, ba ile ba lokela ho tlosa lintho tse neng li etsa hore lipelo tsa bona li se ke tsa mamela—e leng menahano ea bona, lintho tseo ba neng ba li rata kapa merero ea bona e neng e le khahlanong le ea Molimo. (Jer. 5:23, 24)3/15, leqepheng la 9-10.

Jesu e ne e le mohlala oa motho ea ileng a phela bophelo bo nang le morero ka tsela efe?

Morero oa Jesu bophelong e ne e le ho etsa thato ea Molimo. O ne a rata Ntate oa hae ka pelo ea hae eohle a bile a rata batho. Jesu o ne a tseba hore Ntate oa hae o ne a mo rata a bile a mo ananela. Tseo ke lintho tse ka sehloohong tse etsang hore motho a phele bophelo bo nang le morero.4/1, leqepheng la 4-5.

Karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Molimo e akarelletsa’ng?

E akarelletsa Sehlopha se Busang, likomiti tsa makala, balebeli ba tsamaeang, lihlopha tsa baholo, liphutheho le Lipaki ka bomong.4/15, leqepheng la 29.

Ke hobane’ng ha re ke ke ra bolela hore Molimo o ne a le sehlōhō ha a liha likahlolo tsa hae?

Jehova ha a thabele lefu la motho ea khopo. (Ezek. 33:11) Seo Molimo a ileng a se etsa nakong e fetileng se bontša hore pele a tlisa timetso, o fana ka temoso ka tsela e lerato. Sena se re fa tšepo ea hore re ka pholoha likahlolo tsa Molimo tsa nakong e tlang.5/1, leqepheng la 5-6.

Na Baiseraele ba ne ba bolaea batlōli ba molao ka ho ba fanyeha thupeng?

Che. Lichaba tse ling tsa boholo-holo li ne li etsa joalo, empa hase seo Baiseraele ba neng ba se etsa. Nakong ea ha ho ne ho ngoloa Mangolo a Seheberu, batlōli ba molao ba ne ba bolaoa pele, mohlomong ka ho tlepetsoa ka majoe. (Lev. 20:2, 27) Ka mor’a moo, setopo sa motho eo ea bolailoeng se ne se fanyehoa thupeng e le hore e be temoso ho batho ba bang.5/15, leqepheng la 13.

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale hore lefatše le be le khotso?

Le hoja batho ba finyeletse lintho tse babatsehang, ha ba na matla a ho tsamaisa mehato ea bona. (Jer. 10:23) Satane ke eena ea laolang lefatše, kahoo batho ba ke ke ba khona ho etsa hore ho be le khotso. (1 Joh. 5:19)6/1, leqepheng la 16.