Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le Halalelitsoe

Le Halalelitsoe

“Le hlatsoitsoe hore le hloeke, . . . le halalelitsoe.”1 BAKOR. 6:11.

1. Ke liketsahalo life tse tšoenyang tseo Nehemia a ileng a li fumana ha a khutlela Jerusalema? (Sheba setšoantšo se qalong.)

BAAHI ba Jerusalema ba maketse. Hobane’ng? Hobane molichaba ea tummeng hampe o lula ka phaposing ea tempele. Balevi ba lahla kabelo ea bona. Ho e-na le hore baholo ba etelle pele borapeling, ba etsa mesebetsi ea khoebo ka Sabatha. Baiseraele ba bangata ba nyalana le Balichaba. Tsena ke tse ling tsa liketsahalo tse tšoenyang tseo Nehemia a ileng a li fumana ha a khutlela Jerusalema nakoana ka mor’a 443 B.C.E.—Neh. 13:6.

2. Ho ile ha tla joang hore Baiseraele e be sechaba se halalelang?

2 Baiseraele e ne e le sechaba se inehetseng ho Molimo. Ka 1513 B.C.E., Baiseraele ba ne ba chesehela ho etsa lintho ka tsela e lumellanang le thato ea Jehova. Ba ile ba re: “Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.” (Ex. 24:3) Kahoo, Molimo o ile a ba halaletsa kapa a ba khetha hore e be sechaba sa hae. Eo e ne e le tlotla e kaakang! Lilemo tse mashome a mane hamorao, Moshe o ile a ba hopotsa: “Le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna. Ke lōna bao Jehova Molimo oa lōna a le khethileng hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng, har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.”—Deut. 7:6.

3. Boemo ba moea ba Bajuda bo ne bo le joang ha Nehemia a fihla Jerusalema ka lekhetlo la bobeli?

3 Ka masoabi, ho e-s’o ee kae cheseho eo Baiseraele ba neng ba e-na le eona ea ho ba sechaba se halalelang e ile ea fela. Le hoja kamehla ho ne ho ntse ho e-na le batho ba sebeletsang Molimo, hangata Bajuda ka kakaretso ba ne ba amehile ka hore ba bonahale ba halalela kapa ba cheseha ho e-na le ho ameha ka ho etsa thato ea Molimo. Ha Nehemia a fihla Jerusalema ka lekhetlo la bobeli, ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang lekholo masala a tšepahalang a khutlile Babylona ho tla tsosolosa borapeli ba ’nete. Cheseho eo sechaba se neng se e-na le eona bakeng sa lintho tsa moea e ne e boetse e fokotsehile.

4. Re tla tšohla lintlha life tse ka re thusang hore re lule re le batho ba halalelang?

4 Joaloka Baiseraele, kajeno Lipaki Tsa Jehova ka kakaretso  li halalelitsoe ke Molimo. Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le ba “bongata bo boholo” baa halalela, ba khethetsoe tšebeletso e halalelang. (Tšen. 7:9, 14, 15; 1 Bakor. 6:11) Ha ho le ea mong oa rōna ea batlang ho lahleheloa ke boemo ba ho halalela ka pel’a Molimo, joalokaha ho ile ha etsahala ho Baiseraele qetellong. Ke’ng e ka re thusang hore re qobe ho etsahalloa ke seo, e le hore re lule re halalela re bile re sebelisoa tšebeletsong ea Jehova? Thutong ena, re tla tšohla lintlha tse ’nè tse totobatsoang ho Nehemia khaolo ea 13: (1) Ho qoba metsoalle e mebe; (2) ho tšehetsa litokisetso tsa puso ea Molimo; (3) ho etelletsa lintho tsa moea pele; le (4) ho lula u tsebahala hore u Mokreste. A re ke re hlahlobeng lintlha tsena ka bonngoe.

QOBA METSOALLE E MEBE

Nehemia o ile a bontša joang hore o tšepahala ho Jehova? (Sheba serapa sa 5 le 6)

5, 6. Eliashibe le Tobia e ne e le bo-mang, hona e ka ’na eaba ke hobane’ng ha Eliashibe a ne a entse setsoalle le Tobia?

5 Bala Nehemia 13:4-9. Kaha re pota-potiloe ke lintho tse ka re susumetsang hampe, ha ho bonolo hore re lule re halalela. Ak’u nahane ka Eliashibe le Tobia. Eliashibe e ne e le moprista ea phahameng ’me ho ka etsahala hore ebe Tobia e ne e le Moammone e bile e le mohlanka oa boemo bo tlaase pusong ea Persia e neng e laola Judea. Tobia le bo-mphato’ae ba ne ba le khahlanong le boiteko ba Nehemia ba ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 2:10) Baammone ba ne ba sa lumelloa ho kena mabaleng a tempele. (Deut. 23:3) Kahoo, ke hobane’ng ha moprista ea phahameng a ne a ka lumella monna ea kang Tobia hore a lule sebakeng sa ho jela se ka tempeleng?

6 Ho bonahala Tobia le Eliashibe ba ne ba amana. Tobia le mor’a hae Johanane ba ne ba nyetse basali ba Bajuda, ’me Bajuda ba bangata ba ne ba bua Tobia hantle. (Neh. 6:17-19) Setloholo sa Eliashibe, Manase, o ne a nyetse morali oa Sanbalate, e leng Mosamaria eo e neng e le e mong oa metsoalle ea Tobia ea hlooho ea khomo. (Neh. 13:28) E ka ’na eaba ke ka lebaka la maqhama ana a lelapa Moprista ea Phahameng Eliashibe, a ileng a itumella hore a susumetsoe ke motho ea sa lumelang, oa mohanyetsi. Empa Nehemia o ile a bontša ho tšepahala ho Jehova ka hore a lahlele thepa eohle ea Tobia ka ntle ho sebaka sa ho jela se ka tempeleng.

7. Baholo hammoho le batho ba bang ba qoba ho silafatsa boemo ba bona ba ho halalela ka pel’a Jehova joang?

7 Kaha re batho ba inehetseng ho Molimo, kamehla re lokela ho tšepahala ho Jehova pele ho ntho tsohle. Haeba re sa khomarele melao ea hae e lokileng, re ke ke ra lula re halalela ka pel’a hae. Ha rea lokela ho lumella maqhama a lelapa hore e be a bohlokoa ho feta melao-motheo ea Bibele. Baholo ba Bakreste ba tataisoa ke monahano oa Jehova, eseng maikutlo kapa menahano ea bona. (1 Tim. 5:21) Baholo ba ela hloko hore ba qobe ho etsa ntho leha e le efe e ka silafatsang boemo ba bona ka pel’a Molimo.—1 Tim. 2:8.

8. Bahlanka bohle ba Jehova ba inehetseng ba lokela ho hopola eng mabapi le metsoalle?

8 Re lokela ho hopola hore “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakor. 15:33) Ba bang ba beng ka rōna ba ka ’na ba re susumetsa hampe. Eliashibe o ne a behetse sechaba mohlala o motle ka hore a tšehetse Nehemia ka botlalo mosebetsing oa ho tsosolosa marako a Jerusalema. (Neh. 3:1) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, ho totobetse hore ka lebaka la tšusumetso e mpe ea Tobia le ba bang, Eliashibe o ile a etsa lintho tse ileng tsa mo silafatsa ka pel’a Jehova. Metsoalle e metle e re khothalletsa hore re phehelle mesebetsi e molemo ea Bokreste, e kang ho bala Bibele, ho ea libokeng tsa Bokreste le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Re ba rata beng ka rōna ba re susumetsang ho etsa se nepahetseng haholo ebile rea ba ananela.

TŠEHETSA LITOKISETSO TSA PUSO EA MOLIMO

9. Boemo e ne e le bofe tempeleng, hona Nehemia o ile a beha bo-mang molato ka see?

9 Bala Nehemia 13:10-13. Ho bonahala  eka nakong eo Nehemia a neng a khutlela Jerusalema, batho ba ne ba ntša menehelo e fokolang haholo tempeleng. Ka lebaka la ho se fumane thuso, Balevi ba ne ba tlohela kabelo ea bona ebe ba il’o sebetsa masimong a bona. Nehemia o ile a beha batlatsi ba ’musi molato ka lebaka la boemo boo. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba sa phethe mesebetsi ea bona. E ka ’na eaba ba ne ba sa bokelle karolo ea leshome e tsoang ho sechaba kapa ba ne ba sa e fetisetse tempeleng, joalokaha ba ne ba abetsoe ho etsa seo. (Neh. 12:44) Kahoo, Nehemia o ile a nka bohato ba hore ho bokelloe karolo ea leshome. O ile a khetha banna ba tšepahalang hore ba okamele libaka tsa polokelo tsa tempele le mosebetsi oa ka moso oa ho aba karolo ea leshome.

10, 11. Batho ba Molimo ba na le tlotla efe ea ho tšehetsa borapeli ba ’nete?

10 Na ho na le seo re ka ithutang sona tabeng ee? Hantle haholo, etsoe re hopotsoa hore re na le tokelo ea ho tlotlisa Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa. (Liprov. 3:9) Ha re fana ka menehelo hore re tšehetse mosebetsi oa hae, re mpa feela re fa Jehova seo ha e le hantle e seng e ntse e le sa hae. (1 Likron. 29:14-16) Re ka ’na ra nahana hore ha re na ho hokaalo hoo re ka fanang ka hona, empa haeba re e-na le takatso ea ho fana, kaofela ha rōna re ka kenya letsoho.—2 Bakor. 8:12.

11 Ka lilemo tse ngata, lelapa le leng le leholo le ne le mema banyalani ba hōlileng ba bo-pula-maliboho ba khethehileng hore ba tl’o ja le lona hanngoe ka beke. Le hoja lelapa leo le ne le e-na le bana ba robeli, ’mè oa teng o ne a atisa ho re, “Ho eketsa lipoleiti tse peli feela e ne e boetse e le eng tafoleng e teketsoeng batho ba leshome?” Lijo tsa beke le beke li ka ’na tsa bonahala e le ntho e sa reng letho, empa bo-pula-maliboho bao ba ne ba ananela haholo kamohelo e mofuthu eo ba neng ba e bontšoa! Ka lehlakoreng le leng, le bona ba ne ba tlisetsa lelapa leo tlhohonolofatso. Lipolelo tse khothatsang le liphihlelo tsa bo-pula-maliboho bao li ile tsa susumetsa bana ba lelapa leo hore ba tsoele pele moeeng. Hamorao, kaofela ha bona ba ile ba ba tšebeletsong ea nako e tletseng.

12. Banna ba khethiloeng ka phuthehong ba beha mohlala ofe o motle?

12 Ntho e ’ngoe eo re ithutang eona ke hore: Joaloka Nehemia, kajeno banna ba khethiloeng ba etella pele ho tšehetsa litokisetso tsa puso ea Molimo. Ba bang ka phuthehong ba rua molemo mohlaleng oa bona. Baholo ba boetse ba etsisa moapostola Pauluse tabeng ena. O ile a tšehetsa borapeli ba ’nete a ba a fana ka tataiso e molemo. Ka mohlala, o ile a fana ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le kamoo ho ka ntšoang menehelo.—1 Bakor. 16:1-3; 2 Bakor. 9:5-7.

 ETELLETSA LINTHO TSA MOEA PELE

13. Bajuda ba bang ba ne ba hlompholla Sabatha joang?

13 Bala Nehemia 13:15-21. Haeba re itumella hore re phathahane ka lintho tse bonahalang, kamano ea rōna le Molimo e ka senyeha butle-butle. Ho ea ka Exoda 31:13, Sabatha ea beke le beke e ne e hopotsa Baiseraele hore ke sechaba se halalelitsoeng. Letsatsi la Sabatha le ne le lokela ho behelloa ka thōko bakeng sa borapeli ba lelapa, ho rapela le ho thuisa ka Molao oa Molimo. Leha ho le joalo, ho batho ba bang ba mehleng ea Nehemia, letsatsi la Sabatha le ne le ntse le itšoanela le a mang. Batho ba ne ba sa re letho ka borapeli. Ha Nehemia a hlokomela se etsahalang, o ile a laela hore liheke tsa motse li koaloe ha letsatsi le likela letsatsing la botšelela e le ho leleka bahoebi ba balichaba pele Sabatha e qala.

14, 15. (a) Ke sefe se ka etsahalang ka rōna haeba re sa ipehele meeli litabeng tsa khoebo? (b) Re ka kena phomolong ea Molimo joang?

14 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Nehemia? Ntho e ’ngoe eo re ithutang eona ke hore re lokela ho ipehela meeli litabeng tsa khoebo. Ho seng joalo, re ka ’na ra faposoa habonolo—kapa ra ba pelo li peli—haholo-holo haeba re rata mosebetsi oa rōna oa boipheliso. Hopola temoso ea Jesu mabapi le ho sebeletsa benghali ba babeli. (Bala Matheu 6:24.) Le hoja Nehemia a ne a eme hantle licheleteng, o ile a sebelisa nako ea hae joang ha a le Jerusalema? (Neh. 5:14-18) Ho e-na le hore a batle menyetla ea ho hoebisana le Batyre kapa batho ba bang, o ile a ikakhela ka setotsoana hore a thuse barab’abo le ho etsa lintho tse neng li tlatsetsa khalaletsong ea lebitso la Jehova. Ka ho tšoanang, kajeno baholo ba Bakreste le bahlanka ba sebeletsang ba tsepamisa maikutlo tabeng ea ho etsa lintho tse ruisang phutheho molemo ’me balumeli-’moho le bona ba ba ratela seo. Ka lebaka leo, ho na le lerato, khotso le tšireletseho har’a batho ba Molimo.—Ezek. 34:25, 28.

15 Le hoja Bakreste ba sa laeloe hore ba boloke Sabatha ea beke le beke, Pauluse o re bolella hore “ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo.” O ile a phaella ka ho re: “Motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae.” (Baheb. 4:9, 10) Kaha re Bakreste, re ka kena phomolong ea Molimo ka hore re bontše kutlo ka ho sebetsa tumellanong le morero oa hae o tsoelang pele. Na uena le ba lelapa la hao le etelletsa pele borapeli ba lelapa, ho ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo bophelong ba lōna? Re ka ’na ra lokela ho tiisa ka hanong ha re bua le mohiri oa rōna kapa bao re hoebisanang le bona, haholo-holo haeba ba sa hlomphe lintho tsa moea tseo re li nkang e le tsa bohlokoa. Ha e le hantle, re ka ’na ra lokela hore re ‘koale liheke tsa motse ’me re leleke Batyre’ e le hore re etelletse pele lintho tse halalelang le ho tsepamisa maikutlo ho tsona. Kaha re halalelitsoe, re lokela ho ipotsa, ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke khethetsoe ho etsa tšebeletso ea Jehova?’—Mat. 6:33.

LULA U TSEBAHALA HORE U MOKRESTE

16. Boemo ba sechaba ba ho tsebahala e le batho ba halalelang bo ne bo le kotsing joang mehleng ea Nehemia?

16 Bala Nehemia 13:23-27. Mehleng ea Nehemia, banna ba Baiseraele ba ne ba nyala basali ba balichaba. Ha Nehemia a ne a etetse Jerusalema ka lekhetlo la pele, o ile a re banna bohle ba hōlileng ba saene tumellano ea ho itlama hore ba ke ke ba nyala basali ba bahetene. (Neh. 9:38; 10:30) Leha ho le joalo, lilemo tse seng kae ka mor’a moo, o ile a fumana hore banna ba Bajuda ba ne ba sa nyala basali ba balichaba feela, empa ba ne ba bile ba le mothating oa ho lahleheloa ke boemo ba bona ba ho tsebahala e le sechaba sa Molimo se halalelitsoeng! Bana ba basali bao ba balichaba ba ne ba sa tsebe ho bala Seheberu kapa ho se bua. Ha ba se ba hōlile, na ba ne ba tla itsebahatsa e le Baiseraele? Kapa na ba ne ba tla nka hore ke Baashdode, Baamone, kapa Bamoabe? Ha ba sa tsebe Seheberu, na ebe ba ne ba tla utloisisa  Molao oa Molimo? Ba ne ba tla tseba Jehova joang ’me ba khethe ho mo sebeletsa ho e-na le ho sebeletsa melimo ea bohata eo bo-’m’a bona ba neng ba e rapela? Ho ne ho hlokahala hore ho nkoe bohato ka tieo le ka potlako ’me Nehemia o ile a etsa joalo.—Neh. 13:28.

Thusa bana ba hao hore ba be le kamano e haufi le Jehova (Sheba serapa sa 17 le 18)

17. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba be le kamano e haufi le Jehova?

17 Kajeno, re lokela ho nka bohato bo loketseng e le hore re thuse bana ba rōna hore ba itsebahatse e le Bakreste. Batsoali, ipotseng, ‘Bana ba ka ba tseba ho bua “puo e hloekileng” ea ’nete ea Mangolo hakae? (Sof. 3:9) Na lintho tseo bana ba ka ba buang ka tsona li bontša hore ba susumetsoa ke moea oa Molimo kapa oa lefatše?’ U se ke ua potlakela ho nyahama haeba u hlokomela hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa teng. Ho ithuta puo ho nka nako e telele, haholo-holo ha motho a pota-potiloe ke lintho tse mo sitisang. Bana ba hao ba thulana le khatello e matla ea hore ba se ke ba tšepahala. Ka lebaka leo, sebelisa nako ea Borapeli ba Lelapa le menyetla e meng u sa fele pelo ho thusa bana ba hao hore ba be le kamano e matla le Jehova. (Deut. 6:6-9) Totobatsa melemo ea hore ba lule ba fapane le lefatše la Satane. (Joh. 17:15-17) Ikitlaelletse ho ba finyella lipelo.

18. Ke hobane’ng ha batsoali ba Bakreste ba le boemong bo botle ka ho fetisisa ba ho thusa bana ba bona hore ba inehele ho Jehova?

18 Qetellong, ngoana e mong le e mong o tla iketsetsa qeto ea hore na o tla sebeletsa Molimo kapa che. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tseo batsoali ba ka li etsang. Lintho tsena li akarelletsa ho ba behela mohlala o motle, ho ba behela meeli e hlakileng le ho tšohla le bona litholoana tsa liqeto tseo ba li etsang. Batsoali, ke lōna ba boemong bo botle ka ho fetisisa ba ho thusa bana ba lōna hore ba inehele ho Jehova. Ba hloka thuso ea lōna e le hore ba lule ba tsebahala e le Bakreste le hore ba sireletse boemo boo. Ho hlakile hore kaofela ha rōna re lokela ho itebela hore re se ke ra lahleheloa ke ‘liaparo tsa rōna tsa ka ntle’ tsa tšoantšetso—e leng litšobotsi le melao ea boitšoaro tse re khethollang re le balateli ba Kreste.—Tšen. 3:4, 5; 16:15.

HO HOPOLOA “BAKENG SA SE MOLEMO”

19, 20. Re ka etsa joang hore Jehova a re hopole “bakeng sa se molemo”?

19 Motho e mong ea phetseng mehleng ea Nehemia ke moprofeta Malakia, ea ileng a bolela hore “buka ea khopotso [e ile] ea qala ho ngoloa . . . bakeng sa ba tšabang Jehova le bakeng sa ba nahanang ka lebitso la hae.” (Mal. 3:16, 17) Ha ho mohla Molimo a tla lebala batho ba mo tšabang le ba ratang lebitso la hae.—Baheb. 6:10.

20 Nehemia o ile a rapela a re: “Molimo oa ka, u nkhopole bakeng sa se molemo.” (Neh. 13:31) Joaloka Nehemia, mabitso a rōna a tla ba ka bukeng ea Molimo ea khopotso haeba re tsoela pele ho qoba metsoalle e mebe, re tšehetsa litokisetso tsa puso ea Molimo, re etelletsa lintho tsa moea pele re bile re sireletsa boemo ba rōna ba ho tsebahala re le Bakreste. A re ‘’neng re inonye hore na re tumelong.’ (2 Bakor. 13:5) Haeba re boloka kamano ea rōna e halalelang le Jehova, o tla re hopola “bakeng sa se molemo.”