Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsa Liqeto ka Bohlale

Etsa Liqeto ka Bohlale

“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.”—LIPROV. 3:5.

1, 2. Na u rata ho etsa liqeto, hona u ikutloa joang ka liqeto tseo u li entseng?

LIQETO! Letsatsi le letsatsi re lokela ho etsa liqeto tse ngata. U ikutloa joang ka liqeto tse tloaelehileng tseo u lokelang ho li etsa? Batho ba bang ba rata ho iketsetsa liqeto linthong tsohle. Ba tsitlella hore ba na le tokelo ea ho iketsetsa liqeto, ’me ha ba batle le ho nahana feela ka taba ea hore ba etsetsoe qeto ke motho e mong. Leha ho le joalo, ho na le batho ba tšabang ho etsa liqeto tse fetang tse tloaelehileng bophelong. Ba bang ba bala libuka tse fanang ka keletso kapa ba ea ho baeletsi ’me mohlomong ba sebelisa chelete e ngata hore feela ba fumane keletso eo ba nahanang hore baa e hloka.

2 Bongata ba rōna rea hlokomela hore lintho tse ling ha li matleng a rōna ebile ha ho letho leo re ka le etsang ka tsona; leha ho le joalo, re ananela taba ea hore likarolong tse ngata tsa bophelo re ka iketsetsa liqeto ho ea ka hore na re batla’ng. (Bagal. 6:5) Ho ntse ho le joalo, mohlomong rea hlokomela hore hase liqeto tsohle tseo re li etsang tse bohlale kapa tse re tsoelang molemo.

3. Ke tataiso efe eo re nang le eona mabapi le ho etsa liqeto, hona ke hobane’ng ha ho se bonolo kamehla ho tseba hore na re lokela ho etsa qeto efe?

3 Kaha re bahlanka ba Jehova, rea thaba hore ebe o re file litaelo tse hlakileng mabapi le lintho tse ngata tsa bohlokoa bophelong. Rea tseba hore haeba re latela tataiso eo, re ka etsa liqeto tse tla thabisa Jehova li be li re tsoele molemo. Leha ho le joalo, re ka ’na ra thulana le maemo kapa litaba tseo ho sa buuoang ka tsona ka ho toba Lentsoeng la Molimo. Joale, re ka tseba joang hore na ke sefe seo re lokelang ho se etsa? Ka mohlala, rea tseba hore ha rea lokela ho utsoa. (Baef. 4:28) Empa ha e le hantle bosholu ke eng? Na hore ntho ke bosholu ho itšetlehile ka boleng ba ntho e nkiloeng, morero oo e nkiloeng ka oona kapa ho itšetlehile ka maemo a mang? Re ka etsa liqeto joang linthong tseo ba bang ba reng ha lia hlaka hantle? Ke eng e ka re tataisang?

 ETSA LIQETO KA KELELLO E HLAPHOHILENG

4. Mohlomong re kile ra fuoa keletso efe nakong ea ha re ne re lokela ho etsa qeto?

4 Ha re bolela hore re lokela ho etsa qeto ea bohlokoa ka taba e itseng, Mokreste ’moho le rōna a ka ’na a re bolella hore re lokela ho e etsa ka kelello e hlaphohileng. Ke ’nete hore eo ke keletso e ntle. Ha Bibele e re hlokomelisa hore re se ke ra nka bohato ka lepotlapotla, e re: “E mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liprov. 21:5) Empa ho etsa liqeto ka kelello e hlaphohileng ho bolela’ng? Na ho bolela feela hore re iphe nako e lekaneng, re nahanisise hantle le ho sebelisa kahlolo e molemo? Lintho tsena tsohle li ka re thusa hore re etse qeto e nepahetseng, empa ho hlokahala se fetang seo haeba re batla ho etsa liqeto ka kelello e hlaphohileng.—Bar. 12:3; 1 Pet. 4:7.

5. Ke hobane’ng ha ka tlhaho re se na likelello tse hlaphohileng ka ho feletseng?

5 Re lokela ho utloisisa hore ha ho motho ea tsoetsoeng a e-na le kelello e hlaphohileng ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ke hobane kaofela ha rōna re tsoetsoe re e-na le sebe ebile re sa phethahala, kahoo re ke ke ra ba le likelello le ’mele e phethahetseng. (Pes. 51:5; Bar. 3:23) Ho feta moo, bongata ba rōna re kile ra ba karolo ea batho bao Satane a ba “foufalitseng” likelello; re ne re sa mamele Jehova re bile re sa latele melao ea hae e lokileng. (2 Bakor. 4:4; Tite 3:3) Kahoo, haeba re etsa liqeto re itšetlehile feela ka seo re nahanang hore se lokile ebile sea utloahala, e ka ’na eaba rea ithetsa, ho sa tsotellehe hore na re nkile nako e kae re nahanisisa ka qeto eo.—Liprov. 14:12.

6. Ke’ng e ka re thusang hore re loanele ho ba le kelello e hlaphohileng?

6 Le hoja rōna re sa phethahala ’meleng le likelellong, Ntate oa rōna ea leholimong Jehova, o phethahetse ka litsela tsohle. (Deut. 32:4) Hoa thabisa hore ebe o entse hore re khone ho fetola likelello tsa rōna ’me re loanele ho ba le likelello tse hlaphohileng. (Bala 2 Timothea 1:7.) Kaha re Bakreste, re batla ho nahana le ho beha mabaka ka tsela e loketseng le ho nka bohato bo nepahetseng. Re lokela ho ithiba kapa re laole monahano le maikutlo a rōna ’me re etsise tsela eo Jehova a nahanang a ikutloang le ho etsa lintho ka eona.

7, 8. Pheta phihlelo e bontšang hore na motho a ka etsa qeto e nepahetseng joang ho sa tsotellehe ho hula ka thata le ho hatelloa.

7 Nahana ka mohlala ona. Ho tloaelehile hore batho ba sebetsang linaheng tse ling ba romele bana ba bona ba banyenyane hae hore ba il’o hōlisoa ke beng ka bona, ebe batsoali bona ba tsoela pele ho sebetsa. * Mosali e mong eo le eena a neng a sebetsa naheng e ’ngoe o ile a ba le lesea la moshanyana le letle. Nakoana ka mor’a hore a be le ngoana, o ile a qala ho ithuta Bibele ’me a tsoela pele hantle moeeng. Metsoalle le beng ka eena ba ile ba qala ho hatella mosali eo le monna oa hae hore ba ise ngoana hae hore a e’o hōlisoa ke batsoali ba monna. Leha ho le joalo, ha mosali a ntse a ithuta Bibele o le a hlokomela ka ho khetheha hore ho hōlisa ngoana oa hae ke boikarabello boo a bo filoeng ke Molimo. (Pes. 127:3; Baef. 6:4) Na o tla latela tloaelo eo batho ba bangata ba nkang hore e lokile? Kapa o lokela ho latela seo a neng a ithuta sona Bibeleng le hoja se ne se ka ’na sa etsa hore a hule ka thata licheleteng kapa a songoe ke batho? Uena u ne u tla etsa joang ha u ne u le boemong boo?

8 Kaha mosali eo o ne a imetsoe ka lebaka la ho hatelloa ke batho, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova, a kōpa hore a mo tataise. Ka mor’a hore a bue ka taba ena le motho ea neng a mo ruta Bibele hammoho le batho ba bang ka phuthehong, o ile a qala ho utloisisa hore na maikutlo a Jehova ke afe tabeng eo. O ile a boela a hlokomela kamoo seo se neng se ka ama mora oa hae maikutlong kateng ha a ntse a hōla haeba a ne a ka arohanngoa le batsoali ba hae. Ka mor’a hore a hlahlobe taba ena a ipapisitse le seo  Mangolo a se buang, o ile a etsa qeto ea hore a se ke a isa ngoana hae. Monna oa hae o ile a bona kamoo litho tsa phutheho li ileng tsa sebetsa hammoho kateng ho ba thusa le kamoo ngoana oa bona a neng a thabile a bile a phetse hantle kateng. O ile a amohela thuto ea Bibele ’me a qala ho ea libokeng le mosali oa hae.

9, 10. Ho ba le kelello e hlaphohileng ho bolela’ng, hona re ka etsa joang hore re be le eona?

9 Le hoja ona e le mohlala o le mong feela, empa o bontša hore ho sebelisa kelello e hlaphohileng hase feela ho latela seo rōna kapa batho ba bang ba se nahanang kapa seo ba nahanang hore se molemo. Likelello tsa rōna tse sa phethahalang hammoho le lipelo, li ka tšoantšoa le oache e tsamaeang kapele haholo kapa e tsamaeang butle haholo. Haeba re tataisoa ke oache e joalo, re ka kena mathateng a maholo. (Jer. 17:9) Re lokela ho laola likelello le lipelo tsa rōna re sebelisa melao ea Molimo e tšepahalang.—Bala Esaia 55:8, 9.

10 Ho na le lebaka le utloahalang la hore Bibele e re eletse tjena: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Hlokomela mantsoe a reng, “u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” A lateloa ke a reng ‘u ele Jehova hloko.’ Ke Eena eo ka sebele a nang le kelello e hlaphohileng. Kahoo, neng kapa neng ha re lokela ho etsa qeto, re lokela ho batla maikutlo a Molimo ka hore re bale Bibele. Ka mor’a moo, re lokela ho etsa qeto re itšetlehile ka ’ona. Ho etsa joalo e tla be e le ho ba le kelello e hlaphohileng—re tla be re etsisa monahano oa Jehova.

KOETLISA MATLA A HAO A HO LEMOHA

11. Ke’ng e ka re thusang hore re etse liqeto tse bohlale?

11 Ho ithuta ho etsa liqeto tse bohlale le ho li latela ha ho itlele habonolo feela. Sena e ka ba bothata haholo-holo ho batho ba sa tsoa qala ho ithuta ’nete kapa ba qalang ho nka mehato e bontšang ho tsoela pele moeeng. Leha ho le joalo, batho bana bao Bibele e reng ke bana moeeng, ho ka khoneha hore ba tsoele pele hantle. Nahana kamoo ngoana a ithutang ho tsamaea kateng. Ntho e mo thusang hore a se ke a oa ke hore a tataee, ’me a etse seo khafetsa. E le hore batho bao e ntseng e le bana moeeng  ba etse liqeto tse bohlale, ho hlokahala hore ba etse boiteko bo tšoanang. Hopola hore moapostola Pauluse o ile a hlalosa batho ba hōlileng ka ho feletseng e le “bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” Mantsoe a reng “ka tšebeliso” le “koetliselitsoeng,” ka bobeli a bontša ho etsa boiteko bo tsoelang pele ’me seo ke sona seo batho ba bacha linneteng ba lokelang ho se etsa.—Bala Baheberu 5:13, 14.

Ha re etsa khetho e nepahetseng linthong tseo re li etsang letsatsi le letsatsi re koetlisa matla a rōna a ho lemoha (Sheba serapa sa 11)

12. Re ka loanela ho ba le bokhoni ba ho etsa liqeto tse bohlale joang?

12 Joalokaha ho boletsoe pejana, letsatsi le letsatsi re lokela ho etsa liqeto tse ngata tse khōlō le tse nyenyane. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, karolo e ka holimo ho 40 lekholong ea liketso tsa rōna hase lintho tseo re li etsang ka boomo kapa tseo re li nahanneng esale pele, empa ke litholoana tsa litloaelo tse metseng ka metso. Ka mohlala, mohlomong hoseng ho hong le ho hong u etsa qeto ea hore na u tla apara’ng. U ka ’na ua bona seo e le ntho e sa reng letho, ’me ua se ke ua nahana hakaalo ka eona, haholo-holo ha u tatile. Empa ke habohlokoa ho nahana hore na liaparo tsa hao li loketse mohlanka oa Jehova kapa che. (2 Bakor. 6:3, 4) Ha u reka liaparo, u ka ’na ua nahana ka hore na ke tsa setaele sefe kapa hore na li fesheneng, empa na li na le seriti ebile ha li bitse haholo? Ho etsa khetho e nepahetseng litabeng tsena ho ka koetlisa matla a rōna a ho nahana, e leng se ka re thusang hore re etse qeto e nepahetseng litabeng tse tomanyana.—Luka 16:10; 1 Bakor. 10:31.

LOANELA HO BA LE TAKATSO EA HO ETSA SE NEPAHETSENG

13. Ke’ng eo ho hlokahalang hore re e etse e le hore re ka khomarela liqeto tseo re li entseng?

13 Le haeba re ka etsa qeto e nepahetseng, ho ka ’na ha e-ba thata hore re e khomarele ka linako tsohle. Ka mohlala, batho ba bang ba batlang ho khaotsa ho tsuba ba ka ’na ba hlōleha hobane ba se na boikemisetso bo lekaneng. Ntho e hlokahalang ke hore motho a ikemisetse ho latela tsela eo a e khethileng. Batho ba bang ba nka hore boikemisetso bo tšoana le mosifa. Ha re o sebelisa kapa re o koetlisa haholoanyane, o tla ba matla le ho feta. Ha re o sebelisa seoelo, o tla fokola. Joale, ke’ng e ka re thusang hore re be le boikemisetso re be re bo matlafatse e le hore re khomarele tsela eo re e khethileng re be re phele ka eona? Re ka thusoa ke ho batla thuso ea Jehova.—Bala Bafilipi 2:13.

14. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ba le matla a hore a etse seo a neng a tseba hore o lokela ho se etsa?

14 Pauluse o ne a tseba bonnete ba sena ka lebaka la se ileng sa etsahala ho eena. Ka lekhetlo le leng o ile a re: “Ho lakatsa [ho] teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo.” O ne a tseba seo a neng a batla ho se etsa kapa seo a neng a lokela ho se etsa, empa ka linako tse ling ho ne ho e-ba le se mo thibelang ho se etsa. O ile a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” Na ho ne ho se na seo a ka se etsang? Che. O ile a re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Bar. 7:18, 22-25) O ile a boela a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafil. 4:13.

15. Ho nka bohato kapa ho se bo nke ho ka ama batho ba amehang joang?

15 Ho hlakile hore e le hore re thabise Molimo, re lokela ho nka bohato. Hopola mantsoe ao Elia a ileng a a bua ho barapeli ba Baale le Baiseraele ba bakoenehi Thabeng ea Karmele ha a ne a re: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng? Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.” (1 Mar. 18:21) Bara ba Iseraele ba ne ba tseba seo ba lokelang ho se etsa, empa ba ne ba ‘qeaqea’ ho etsa qeto. Ho fapana le hoo, lilemo pejana Joshua o ile a beha mohlala o motle ha a ne a bolella Baiseraele a re: “Haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo  le tla mo sebeletsa . . . Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” (Josh. 24:15) Boikemisetso ba hae bo ile ba beha litholoana life? Joshua hammoho le ba ileng ba ba ka lehlakoreng la hae ba ile ba hlohonolofatsoa ka ho lula Naheng e Tšepisitsoeng, e leng “naha e phallang lebese le mahe a linotši.”—Josh. 5:6.

ETSA LIQETO TSE BOHLALE ’ME U HLOHONOLOFATSOE

16, 17. Bontša hore na ke melemo efe e ka fumanoang ka ho etsa liqeto tse lumellanang le thato ea Molimo.

16 Nahana ka phihlelo ea mehleng ea rōna. Mora e mong oabo rōna ea nyetseng ea sa tsoa kolobetsoa, o na le bana ba bararo ba banyenyane. Ka letsatsi le leng, mosebetsi-’moho le eena o ile a mo khothalletsa hore ba il’o batla mosebetsi k’hamphaning e ’ngoe e lefang haholo e bileng e fanang ka melemo e meng ho basebetsi. Mor’abo rōna o ile a nahana a ba a rapela ka taba eo. Qalong, o ne a khethile mosebetsi ona le hoja o sa lefe hantle e le hore a se ke a sebetsa mafelo-beke, e leng se neng se tla mo fa monyetla oa ho ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa boboleli le lelapa la hae. O ile a lemoha hore haeba a ka amohela mosebetsi oo o mocha ho ne ho tla nka nako e telele hore a be le kemiso ea mofuta oo. U ka be u ile ua etsa joang?

17 Ka mor’a hore mor’abo rōna a nahane ka hore na qeto eo e ne e tla ama kamano ea hae le Jehova joang, ha aa ka a amohela mosebetsi oo o lefang hantle. Na u nahana hore o ile a ikoahlaela qeto eo? Le hanyenyane. O ne a nka hore litlhohonolofatso tsa moea li molemo ho feta melemo eo eena le ba lelapa la hae ba neng ba ka e fumana ha a amohela chelete e ngata. Eena le mosali oa hae ba ile ba ba motlotlo haholo ha morali oa bona e moholo ea lilemo li leshome a ne a ba bolella hore o rata batsoali ba hae, o rata bara le barali babo rōna ebile o rata Jehova haholo. O ile a re o batla ho inehela ho Jehova ’me a kolobetsoe. Ruri e tlameha ebe o ile a ananela haholo mohlala oa ntate oa hae o motle oa ho etelletsa borapeli ba Jehova pele bophelong ba hae!

Etsa liqeto tse bohlale ’me u fumane thabo har’a bahlanka ba Molimo (Sheba serapa sa 18)

18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etse liqeto tse bohlale letsatsi le letsatsi?

18 Feela joalokaha Moshe a ile a etella Baiseraele pele lefeelleng, Jesu Kreste le eena o ’nile a tataisa bahlanka ba Molimo tsamaisong ena ea lintho ea Satane ka lilemo tse ngata. E le Joshua e Moholo, Jesu o mothating oa ho timetsa tsamaiso ena e bolileng ’me a tataise balateli ba hae ho kena lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la ho loka. (2 Pet. 3:13) Kahoo, ena hase nako ea hore re boele tseleng eo re neng re nahana ka eona pele, litloaelong tsa rōna tsa khale, boitšoarong ba rōna ba khale hammoho le ho hahamalla lipakane tsa rōna tsa pele. Ke nako ea hore re utloisise hantle hore na Molimo o batla hore re phele joang. (Bar. 12:2; 2 Bakor. 13:5) E se eka liqeto le lintho tseo u khethang ho li etsa letsatsi le letsatsi li ka bontša hore u mofuta oa motho o tšoaneloang ke hore Molimo a mo hlohonolofatse ka ho sa feleng.—Bala Baheberu 10:38, 39.

^ ser. 7 Lebaka le leng la tloaelo ena ke hore nkhono le ntate-moholo ba ikhantše ka litloholo tsa bona ho metsoalle le ba leloko.