Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likhopotso Tsa Jehova Lia Tšepahala

Likhopotso Tsa Jehova Lia Tšepahala

“Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.”—PES. 19:7.

1. Ke lintlha life tseo bahlanka ba Molimo ba li tšohlang khafetsa, ’me ho li tšohla ho re tsoela molemo joang?

HA U ntse u lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, mohlomong u kile ua ipotsa, ‘Na ha re e-s’o ka re tšohla taba ee?’ Haeba e se e le khale u kopanela le phutheho ea Bokreste, ho ka etsahala hore ebe u hlokometse hore lintlha tse ling li tšohloa khafetsa. Hangata lijo tsa rōna tsa moea li akarelletsa ho ithuta ka ’Muso oa Molimo, thekollo, mosebetsi oa ho etsa barutuoa hammoho le litšobotsi tse kang lerato le tumelo. Ha re ithuta lintlha tsena, re thusoa hore re lule re phela hantle tumelong ’me re be “baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.”—Jak. 1:22.

2. (a) Hangata likhopotso tsa Molimo li bolela’ng? (b) Likhopotso tsa Molimo li fapana le tsa batho joang?

2 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khopotso” hangata le bolela melao le litaelo tseo Molimo a li fang bahlanka ba hae. Ho fapana le melao ea batho, eo hangata e lokelang ho hlomathisoa kapa ho ntlafatsoa, kamehla melao ea Jehova e ea tšepahala. Le hoja e meng ea eona e fanoe ka nako e itseng kapa maemong a itseng, ha ho mohla e haelloang kapa e bang le phoso. Mopesaleme o ile a re: “Ho loka ha likhopotso tsa hao ho teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pes. 119:144.

3, 4. (a) Likhopotso tsa Jehova li ka ’na tsa akarelletsa’ng? (b) Haeba Baiseraele ba ne ba li mamela seo se ne se tla ba tsoela molemo joang?

3 Mohlomong u hlokometse hore ka linako tse ling likhopotso tsa Jehova li akarelletsa melaetsa ea temoso. Hangata baprofeta ba Molimo ba ne ba fa sechaba sa Iseraele litemoso. Ka mohlala, nakoana pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a ba lemosa a re: “Itebeleng esere lipelo tsa lōna tsa ekoa, ’me la kheloha eaba le rapela melimo e meng ’me la e inamela, ’me bohale ba Jehova ba le tukela.” (Deut. 11:16, 17) Bibele e bontša hore Molimo o ile a fa bahlanka ba hae likhopotso tse ngata tse molemo.

4 Ka makhetlo a mang a mangata, Jehova o ile a  phehella Baiseraele hore ba mo tšabe, ba mamele lentsoe la hae le hore ba halaletse lebitso la hae. (Deut. 4:29-31; 5:28, 29) Haeba ba ne ba mamela likhopotso tsena, ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.—Lev. 26:3-6; Deut. 28:1-4.

BAISERAELE BA ILE BA ETSA’NG HA BA FUOA LIKHOPOTSO TSA MOLIMO?

5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a loanela Morena Ezekiase?

5 Nakong e moferefere ea bophelo ba Baiseraele, Molimo o ile a phethahatsa litšepiso tsa hae. Ka mohlala, ha Morena Sankeribe oa Moassyria a ne a hlasela Juda ’me a tšosa ka hore o tla tlosa Morena Ezekiase setulong, Jehova o ile a kena lipakeng ka hore a romele lengeloi. Ka bosiu bo le bong feela, lengeloi la Molimo le ile la bolaea “monna e mong le e mong ea sebete” lebothong la Assyria, ka lebaka leo Sankeribe o ile a tlameha ho khutlela hae a soabile. (2 Likron. 32:21; 2 Mar. 19:35) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a loanela Morena Ezekiase? Ke hobane ‘Ezekiase o ile a khomarela Jehova. Ha aa ka a kheloha ho mo latela, empa o ile a tsoela pele a boloka litaelo tsa hae.’—2 Mar. 18:1, 5, 6.

Likhopotso tsa Jehova li ile tsa susumeletsa Josiase hore a emele bolumeli ba ’nete (Sheba serapa sa 6)

6. Morena Josiase o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova?

6 Motho e mong ea ileng a beha mohlala o motle oa ho mamela litaelo tsa Jehova ke Morena Josiase. Ho tloha ha e sa le moshanyana ea lilemo li robeli o ile a “etsa se nepahetseng mahlong a Jehova . . . Ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.” (2 Likron. 34:1, 2) Josiase o ile a bontša hore o tšepa Jehova ka hore a hloekise naha ka ho felisa melimo ea litšoantšo le ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Ka lebaka leo, Molimo o ile a hlohonolofatsa Josiase hammoho le sechaba sohle.—Bala 2 Likronike 34:31-33.

7. Ho ne ho etsahala’ng ha Baiseraele ba ne ba sa mamele likhopotso tsa Jehova?

7 Leha ho le joalo, ka masoabi, hase kamehla bahlanka ba Molimo ba ’nileng ba tšepa likhopotso tsa Jehova ka botlalo. Ha lilemo li ntse li feta, ka linako tse ling ba ’nile ba mamela Molimo ha ka linako tse ling ba sa ka ba mo mamela. Ha tumelo ea bona e ne e fokola, hangata ba ne ba ba boemong bona bo boleloang ke moapostola Pauluse, “ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.” (Baef. 4:13, 14) Joalokaha ho boletsoe esale pele, ha ba ne ba sa tšepe likhopotso tsa Molimo ba ne ba kotula litholoana tse bosula.—Lev. 26:23-25; Jer. 5:23-25.

8. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Baiseraele?

8 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Baiseraele? Joaloka Baiseraele, bahlanka ba Molimo kajeno le bona ba fuoa keletso le taeo. (2 Pet. 1:12) Kamehla ha re bala Lentsoe la  Molimo le bululetsoeng, le ka re fa likhopotso. Kaha re na le boikhethelo, re ka khetha ho mamela litaelo tsa Jehova kapa re ka khetha ho etsa seo re se ratang. (Liprov. 14:12) A re ke re tšohleng hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa likhopotso tsa Jehova le hore na ho li mamela ho ka re tsoela molemo joang.

IKOKOBELETSE MOLIMO ’ME U PHELE

9. Ha Baiseraele ba ne ba le lefeelleng Jehova o ile a bontša joang hore o oa ba tšehetsa?

9 Ha Baiseraele ba ne ba kena leetong le ileng la nka lilemo tse 40 ‘lefeelleng le leholo le tšosang,’ Jehova ha aa ka a ba fa lintlha tse tobileng esale pele tsa hore na o ne a tla ba tataisa joang, a ba sireletse joang a be a ba hlokomele joang. Ho ntse ho le joalo, ka makhetlo o ile a bontša hore ba ne ba ka mo tšepa le ho tšepa tataiso ea hae. Jehova o ile a sebelisa topallo ea leru motšehare le mollo bosiu e le ho hopotsa Baiseraele hore o ne a ba tšehetsa ha a ntse a ba tataisa sebakeng seo, seo ho neng ho se bonolo ho tsamaea ho sona. (Deut. 1:19; Ex. 40:36-38) O ile a boela a ba fa litlhoko tsa bona tsa mantlha. “Liaparo tsa bona ha lia ka tsa tsofala, le maoto a bona ha aa ka a ruruha.” Ka sebele “ba ne ba sa haelloe ke letho.”—Neh. 9:19-21.

10. Jehova o tataisa bahlanka ba hae joang kajeno?

10 Kajeno bahlanka ba Molimo ba haufi le ho kena lefatšeng le lecha la ho loka. Na re tšepa hore Jehova o tla fana ka seo re se hlokang e le hore re pholohe “matšoenyeho a maholo”? (Mat. 24:21, 22; Pes. 119:40, 41) Ke ’nete hore Jehova ha a re tataise ka topallo ea leru kapa ka mollo ho re isa lefatšeng le lecha. Empa o sebelisa mokhatlo oa hae ho re thusa hore re lule re falimehile. Ka mohlala, ho ’nile ha buuoa hangata ka hore re imatlafatse moeeng ka hore re be le ’malo oa Bibele oa botho, Borapeli ba Lelapa hammoho le ho ba teng kamehla libokeng le tšebeletsong ea tšimo. Na re entse liphetoho e le hore re mamele tataiso ee? Ha re etsa joalo, seo se tla re thusa hore re be le tumelo e tla re pholosa hore re e’o fihla lefatšeng le lecha.

Ho mamela likhopotso tsa Jehova ho tla re thusa hore re boloke Liholo tsa rōna tsa ’Muso li le maemong a loketseng (Sheba serapa sa 11)

11. Molimo o bontša hore o oa re tsotella ka litsela life?

11 Tataiso eo re ’nileng ra e fuoa ha e re thuse hore re lule re falimehile moeeng feela empa e boetse e re thusa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, e re thusa hore re talime lintho tse bonahalang ka tsela e nepahetseng le hore re be le leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe, ’me seo se etsa hore re se ke ra tšoenyeha ho tlōla. Tataiso eo re e fumaneng mabapi le tsela ea ho apara le ho itlhopha, ho khetha boithabiso bo molemo le ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le hore na motho o tla fumana thuto e kae, le eona e re tsoetse molemo. Hape, nahana ka likhopotso tseo re ’nileng ra li fuoa mabapi le ho etsa hore mahae a rōna, likoloi tsa rōna le Liholo Tsa ’Muso e be tse sireletsehileng hammoho le hore re itokisetse likoluoa. Keletso e joalo e bontša hore Molimo o oa re tsotella.

LIKHOPOTSO LI ILE TSA THUSA BAKRESTE BA PELE HORE BA LULE BA TŠEPAHALA

12. (a) Ke ntho efe eo Jesu a ileng a bua le barutuoa ba hae ka eona ka makhetlo a mangata? (b) Ke ketso efe e bontšang boikokobetso eo Petrose a sa kang a e lebala, ’me e lokela ho re ama joang?

12 Lekholong la pele la lilemo bahlanka ba Molimo ba ne ba fuoa likhopotso kamehla. Ka makhetlo, Jesu o ile a bua le barutuoa ba hae ka bohlokoa ba hore ba loanele ho bontša boikokobetso. Leha ho le joalo, ha aa ka a bolella barutuoa ba hae feela hore ba be le boikokobetso, empa o ile a ba behela mohlala oa hore na ba ka bo bontša joang. Letsatsing la Jesu la ho qetela mona lefatšeng, o ile a bokella baapostola ba hae bakeng sa ho keteka Paseka. Ha baapostola ba hae ba ntse ba e-ja, Jesu o ile a ba hlatsoa maoto—e leng mosebetsi oo ka tloaelo o neng o etsoa ke bahlanka. (Joh. 13:1-17) Ha baa ka ba lebala ketso ena e bontšang boikokobetso. Lilemo tse ka bang 30 hamorao,  moapostola Petrose ea neng a le teng nakong eo ea lijo, o ile a fa balumeli-’moho le eena keletso mabapi le boikokobetso. (1 Pet. 5:5) Mohlala oa Jesu o lokela ho re susumetsa hore kaofela ha rōna re bontše boikokobetso ha re sebelisana le batho ba bang.—Bafil. 2:5-8.

13. Jesu o ile a hopotsa barutuoa ba hae hore ba loanele ho ba le tšobotsi efe ea bohlokoa?

13 Ntho e ’ngoe eo Jesu a ileng a bua le barutuoa ba hae ka eona hangata, ke bohlokoa ba ho ba le tumelo e matla. Ka mor’a hore barutuoa ba hlōlehe ho leleka modemona ho monna e mong, ba ile ba botsa Jesu ba re: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho mo leleka?” Jesu o ile a re: “Ka lebaka la tumelo ea lōna e nyenyane. Etsoe kannete ke re ho lōna, Haeba le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, . . . ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.” (Mat. 17:14-20) Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore tumelo ke tšobotsi ea bohlokoa. (Bala Matheu 21:18-22.) Na re sebelisa menyetla eo re nang le eona ea ho imatlafatsa tumelong ka hore re sebelise tataiso e khothatsang eo re e fuoang likopanong tse khōlō le tse nyenyane hammoho le libokeng tsa Bokreste? Tsena hase lipokano tse thabisang feela empa ke liketsahalo tse re thusang hore re bontše hore re tšepa Jehova.

14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho loanela ho ba le lerato le kang la Kreste kajeno?

14 Mangolo a Segerike a Bakreste a na le likhopotso tse ngata tsa kamoo re ka bontšanang lerato kateng. Jesu o ile a re taelo ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa ke hore motho a ‘rate moahelani oa hae joalokaha a ithata.’ (Mat. 22:39) Ka ho tšoanang, mor’abo Jesu e leng Jakobo o ile a re lerato ke “molao oa borena.” (Jak. 2:8) Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Baratuoa, ha ke le ngolle taelo e ncha, empa taelo ea khale eo le bileng le eona ho tloha tšimolohong.” (1 Joh. 2:7, 8) Johanne o ne a bolela’ng ha a bua ka “taelo ea khale”? O ne a bua ka taelo ea ho rata batho ba bang. Taelo eo e ne e le ea “khale” kaha Jesu o ne a fane ka eona lilemo tse mashome pejana, “ho tloha tšimolohong.” Empa e ne e boetse e le “ncha” ka kutloisiso ea hore e ne e hloka hore barutuoa ba be le lerato le bontšang boitelo le neng le ka ’na la ba thusa maemong a macha ao ba neng ba tla tobana le ’ona. Kaha re barutuoa ba Kreste, na ha re ananele litemoso tse re thusang hore re qobe ho bontša moea oa boithati o atileng haholo lefatšeng kajeno, o ka re sitisang ho bontša lerato ho baahisani?

15. Morero oa Jesu o ka sehloohong ha a ne a le lefatšeng e ne e le ofe?

15 Jesu o ne a thahasella batho. Re bona lerato leo a neng a e-na le lona ha a phekola ba kulang le ba fokolang le ha a ne a tsosa bafu. Leha ho le joalo, morero oa Jesu o ka sehloohong e ne e se ho phekola batho.  Mosebetsi oo a neng a o etsa oa ho ruta le ho bolela o ne o ruisa batho molemo ka ho sa feleng. Ka tsela efe? Ka mohlala, rea tseba hore batho bao Jesu a ileng a ba phekola kapa a ba tsosa bafung lekholong la pele la lilemo ba ile ba tsofala ’me qetellong ba shoa, empa ba ileng ba amohela molaetsa oo a neng a o ruta ba na le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng.—Joh. 11:25, 26.

16. Mosebetsi oa ho ruta ka ’Muso le ho etsa barutuoa o pharalletse hakae kajeno?

16 Mosebetsi oa ho bolela oo Jesu a ileng a o qala lekholong la pele la lilemo o pharalletse le ho feta kajeno. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mat. 28:19) Ka sebele ba ile ba etsa mosebetsi oo, ’me le rōna re ntse re o etsa! Lipaki Tsa Jehova tse mahlahahlaha tse ka holimo ho limilione tse supileng li phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka cheseho linaheng tse fetang 230, ’me li ithuta Bibele kamehla le batho ba limilione. Mosebetsi ona oa ho bolela ke bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela.

TŠEPA JEHOVA KAJENO

17. Ke keletso efe eo Pauluse le Petrose ba ileng ba fana ka eona?

17 Ho hlakile hore likhopotso li ile tsa thusa Bakreste ba pele hore ba lule ba tiile tumelong. Nahana hore na e tlameha ebe Timothea o ile a khothala hakaakang ha moapostola Pauluse eo e neng e le motšoaruoa Roma ka nako eo a ne a re ho eena: “U ’ne u tšoare mohlala oa mantsoe a phelisang hantle ao u a utloileng ho ’na.” (2 Tim. 1:13) Ka mor’a hore a khothatse Bakreste hore ba be le litšobotsi tse kang mamello, lerato la bara ba motho le boitšoaro, moapostola Petrose o ile a re: “Kamehla ke tla le hopotsa lintho tsena, le hoja le li tseba ’me le tsepame ’neteng.”—2 Pet. 1:5-8, 12.

18. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba talima likhopotso tseo ba ileng ba li fuoa joang?

18 Ka sebele, mangolo a ileng a ngoloa ke Pauluse le Petrose a ne a fetisa “lipolelo tse ileng tsa buuoa pele ke baprofeta ba halalelang.” (2 Pet. 3:2) Na barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba khopeha ha ba fuoa tataiso e joalo? Ha baa ka ba khopeha, kaha seo e ne e le pontšo ea lerato la Molimo le ileng la ba thusa hore ba ‘hōle moseng o sa tšoanelang le tsebong ea Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.’—2 Pet. 3:18.

19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa likhopotso tsa Jehova, hona seo se re tsoela molemo joang?

19 Kajeno, re na le mabaka a mangata a ho tšepa likhopotso tsa Jehova tse fumanoang Lentsoeng la hae le sa foseng, Bibele. (Bala Joshua 23:14.) Ka har’a eona, re fumana histori ea kamoo Molimo a ileng a sebelisana le batho ba sa phethahalang kateng ka lilemo tse likete. Litlaleho tsena li ile tsa ngoloa hore li re tsoele molemo. (Bar. 15:4; 1 Bakor. 10:11) Re bone ha boprofeta ba Bibele bo phethahala. Boprofeta bo ka tšoantšoa le likhopotso tse boletsoeng esale pele. Ka mohlala, batho ba limilione ba phallela borapeling bo hloekileng ba Jehova, joalokaha ho ile ha profetoa hore ho tla etsahala “karolong e qetellang ea matsatsi.” (Esa. 2:2, 3) Maemo a ntseng a mpefala le ho feta a lefatše le ’ona a phethahatsa boprofeta ba Bibele. Ho feta moo, joalokaha ho boletsoe, ho pharalla ha mosebetsi oa ho bolela ho etsoang lefatšeng lohle ho phethahatsa mantsoe a Jesu ka ho toba.—Mat. 24:14.

20 Tlaleho ea tsela eo ’Mōpi oa rōna a ileng a sebelisana le batho ka eona nakong e fetileng e etsa hore re mo tšepe. Na e re tsoela molemo? Re lokela ho ba le tumelo likhopotsong tsa hae. Sena ke sona seo Rosellen a ileng a se etsa. O re: “Nakong ea ha ke qala ho tšepa Jehova ka ho feletseng, ke ile ka qala ho bona ka ho hlaka ha a ntšehetsa le ho ’matlafatsa.” E se eka ho mamela likhopotso tsa Jehova ho ka re tsoela molemo le rōna.