Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 NALANE EA RŌNA

“Ke ne ke Tšoana le Sekolopata”

“Ke ne ke Tšoana le Sekolopata”

NAKONG ea letšolo la ho paka le nkileng matsatsi a robong ka August le September 1929, baboleli ba fetang 10 000 ba ile ba haola le United States. Ba ile ba siela batho libuka le libukana tse 250 000. Har’a bona ho ne ho e-na le baboleli ba nako e tletseng ba ka bang sekete. Ruri ba ne ba eketsehile! Bulletin * e ile ea re ke “taba e hlollang” hore ebe pakeng tsa 1927 le 1929, lenane la bo-pula-maliboho le imenne hararo.

Moruo o ile oa putlama ho elella qetellong ea 1929. Ka Labobeli la li 29 October, 1929, theko ea liabo New York Stock Exchange e ile ea oa ’me seo sa bakela likhoebo mathata lefatšeng ho pota. Libanka tse likete li ile tsa felloa ke chelete. Lipolasi li ile tsa emisa ho sebetsa. Lik’hamphani tse khōlō li ile tsa koaloa. Batho ba limilione ba ile ba felloa ke mosebetsi. Ka 1933, batho 1 000 ba ne ba nkeloa matlo letsatsi le letsatsi United States.

Bo-pula-maliboho ba ile ba etsa’ng boemong boo bo thata? Ba ile ba khetha ho lula lik’haraveneng. Kaha lik’haravene ha li lefelloe rente le lekhetho, seo se ile sa fokoletsa bo-pula-maliboho ba bangata litšenyehelo. * Ha ba e-ea likopanong ba ne ba robala ho tsona ho e-na le ho lefella lihotele. Ka1934, Bulletin e ile ea fana ka polane ea ho etsa lik’haravene tse nyenyane tse etselitsoeng ho thibela serame hape li na le lintho tse hlokahalang tse kang metsi, setofo le bethe e menoang.

Baboleli ba malebaleba likarolong tse ling tsa lefatše ba ile ba iketsetsa lik’haravene. Victor Blackwell o re: “Noe o ne a e-s’o ka a haha areka, ’me le ’na ke ne ke e-s’o ka ke etsa k’haravene.” Empa o ile a e haha.

K’haravene e mothating oa ho tšelisoa nōka nakong ea lipula tse matla India

Avery le Lovenia Bristow ba ne ba e-na le k’haravene. Avery o re: “Ke ne ke tšoana le sekolopata—ke ea hohle le ntlo ea ka.” Ba ha Bristow ba ne ba bula maliboho le Harvey le Anne Conrow, bao k’haravene ea bona e neng e khomarelelitsoe lipampiri leboteng ka sekontiri. Nako le nako ha e tsamaea lipampiri li ne li oela fatše. Avery o re: “Ho ne ho se motho ea kileng a bona k’haravene e kang eo, ebile ha ho motho ea tla ke a bone e tšoanang le eona!” Avery o re leha ho le joalo ba ha Conrow le bara ba bona ba babeli e ne e le “lelapa le thabileng ka ho fetisisa.” Harvey Conrow o re: “Re ne re sa haelloe ke letho, ’me re ikutloa re sireletsehile tšebeletsong ea Jehova le tlas’a tlhokomelo ea hae e lerato.” Hamorao bao ba ha Conrow le bara ba bona ba ile ba ea Sekolong sa Gileade, ’me ba romeloa Peru hore e il’o ba baromuoa teng.

Ba lelapa la Battaino le bona e ne e le bo-pula-maliboho. Ha Giusto le Vincenza ba tseba hore ba lebeletse ngoana, ba ile ba fetola vene ea bona ea Moetso oa A Ford oa 1929 hore ebe k’haravene e ntle e kang “hotele” ho fapana le litente tseo ba neng ba lula ho tsona. Bona hammoho le moralinyana oa bona ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi oo ba o ratang ’me ba pakela Mataliana a lulang United States.

 Batho ba bangata ba ne ba mamela litaba tse molemo, empa batho ba kollang ntsi hanong le ba sa sebetseng ba ne ba sa atise ho ntšetsa lingoliloeng tsa Bibele chelete ea monehelo. Ho e-na le hoo, ba ne ba fana ka lintho tseo bo-pula-maliboho ba ka li sebelisang. Bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba ile ba thathamisa lintho tse 64 tseo ba li filoeng ke batho ba thahasellang. Lethathamo la lintho tseo “le ne le tšoana le la setoko sa lebenkele la mahaeng.”

Fred Anderson o ile a kopana le rapolasi ea neng a batla ho fana ka likhalase tsa mahlo tseo e neng e le tsa ’mè oa hae e le hore a fumane libuka tsa rōna tse ’maloa. Mong’a polasi e latelang o ile a thahasella lingoliloeng tsa rōna, leha ho le joalo a re: “Ha ke na likhalase tsa ho bala.” Empa o ne a khona ho bala libuka tseo hantle ha a roala likhalase tseo tsa moahelani oa hae, ’me o ile a thabela ho ntša monehelo oa libuka le oa likhalase.

Herbert Abbott o ne a tsamaea ka sefe ea likhoho ka koloing ea hae. Ka mor’a hore a fumane likhoho tse tharo kapa tse ’nè, o ne a li isa ’marakeng, a li rekise ebe o ba le chelete ea ho tšela peterole koloing ea hae. O re: “Ka linako tse ling, re ne re sala re se na le sente. Empa ha rea ka ra lumella seo ho re sitisa ho tsoela pele. Ha re e-na le peterole koloing, re ne re tsoela pele ka leeto, re beha tumelo le tšepo ea rōna ho Jehova.”

Batho ba Jehova ba ile ba mamella lilemo tseo tse thata, kaha ba ne ba itšetlehile ka eena ba bile ba e-na le boikemisetso bo matla. Ka letsatsi le leng ha ho ne ho na pula ea sefefo Maxwell le Emmy Lewis ba ile ba tsoa ka k’haraveneng ea bona ’me ha ba qeta ho tsoa feela, sefate sa e oela holimo sa ba sa e khaola ka lehare. Maxwell o re: “Lintho tsena li ne li sa re sitise ka letho, ’me ha ho mohla re kileng ra nahana ho tlohela tšebeletso. Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa, ’me re ne re ikemiselitse ho o etsa.” Maxwell le Emmy ba ile ba tiea matla, ’me ka thuso ea metsoalle ea bona e lerato, ba tsosolosa k’haravene ea bona.

Mehleng ena ea rōna e thata, ka cheseho Lipaki Tsa Jehova tse limilione li bontša moea oo oa ho intša sehlabelo. Feela joaloka bo-pula-maliboho bao ba nakong e fetileng, re ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli ho fihlela Jehova a re ho phethehile.

^ ser. 3 Eo hona joale e bitsoang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.

^ ser. 5 Bo-pula-maliboho ba bangata ba ne ba sa etse mosebetsi oa boipheliso ka nako eo. Ba ne ba fuoa lingoliloeng tsa Bibele ka theolelo, ’me ba iphelisa ka chelete ea monehelo eo ba neng ba e fumana ha ba li fa batho.